Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/08 maq. 13-15
  • Ho Fihla ha Likereke Tahiti

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fihla ha Likereke Tahiti
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lilekane le Bo-Ariʽi
  • Molao oa Pomare
  • Ho Kenella Lipolotiking
  • Karolo e Phethoang ke Khoebo
  • Na e ne e le Tšokoloho ea Sebele?
  • Melemo e Tlisitsoeng ke Seo
  • Baromuoa ba Romeloa “Karolong e Hole-hole ea Lefatše”
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Ho Etsa Barutuoa ba ’Nete Kajeno
    Tsoha!—1995
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Baromuoa—Ke Eng Seo ba Lokelang ho ba Sona?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 8/08 maq. 13-15

Ho Fihla ha Likereke Tahiti

KA MONGOLI OA TSOHA! TAHITI

LILEMONG tse qetellang tsa lekholo la bo18 la lilemo moea oa boevangeli o ile oa qala ho foka Europe. Brithani, William Carey eo e neng e tla ba moromuoa o ile a susumetsa Maprostanta ka ho ipiletsa ho ’ona hore a bolele evangeli libakeng tseo e e-s’o ka e boleloa ho tsona, ho akarelletsa Tahiti. Carey o ne a susumelitsoe ke taelo ea Jesu ho balateli ba hae ea hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Matheu 28:19, 20) Ka 1802, mongoli oa Lefora, François-Auguste-René de Chateaubriand ea ngotseng buka e bitsoang Le Génie du christianisme (Tšobotsi e Khethollang Bokreste) e ileng ea rekoa haholo, le eena o ile a susumetsa Mak’hatholike hore a be le moea oa boevangeli.

Nakoana ka mor’a moo ho ile ha hlaha mekhatlo ea baromuoa ba Mak’hatholike le ba Maprostanta. Ka 1797, Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ile oa romela baromuoa ba 29, Tahiti. Ka 1841, Mak’hatholike a ipitsang Picpus Fathers a ile a fihla, ’me lilemo tse tharo hamorao ha fihla ba Kereke ea Mamomone. Empa ka mor’a nakoana, ba bangata ba bona ba ile ba etsa se fapaneng le seo ba se tletseng moo, e leng ho ruta batho Bibele eaba ba kenella lipolotiking le khoebong. Ke hobane’ng ha ba ile ba etsa see?

Lilekane le Bo-Ariʽi

Qalong batho ba ne ba sa amohele lithuto tsa baromuoa ba Maprostanta. Mongoli e mong o bolela hore “molaetsa oa bona o ne o bua haholo ka mollo oa lihele le sebabole ho e-na le ho bua ka ho bontša qenehelo le lerato la boahelani.” Ntle ho moo, ka mor’a nakoana baboleli bao ba ile ba hlokomela hore ho ne ho se motho ea batlang ho kolobetsoa hore e be Mokreste pele ho bo-ariʽi, kapa marena, ba neng ba boetse ba li hula pele bolumeling. Kahoo, baromuoa ba ile ba etsa qeto ea hore ba shebane haholo le baeta-pele bao.

Morena e mong ea bitsoang Pomare II, o ile a amohela baromuoa ka ho khetheha, a shebile hore a ka etsa selekane le bona litabeng tsa khoebo le tsa sesole. Le bona ba ne ba nka hore Pomare a ka ba thusa hore ba finyelle sepheo sa bona. Ho feta moo, ho tloha qalong baromuoa ba ne ba e-na le tšusumetso e itseng kaha e ne e le bakena-lipakeng ho batho ba Tahiti le basesisi ba neng ba atisa ho reka thepa ea bona.

Kaha Pomare o ne a nahana hore baromuoa ba tla mo thusa hore a finyelle sepheo sa hae sa lipolotiki le sa hore a reke libetsa tseo a neng a li batla, o ile a bontša ho thahasella molaetsa oa bona a ba a kōpa ho kolobetsoa ka 1811. Selemong se latelang, o ile a ngola lengolo leo a kōpang hore a kolobetsoe. Leha ho le joalo, ho ile ha feta lilemo tse robeli baromuoa ba ntse ba hana kōpo ea hae, ba nka hore ke bohlale ho bona pele hore na o tla hle a phele ka melao ea Bibele ea boitšoaro kapa che.

Khabareng, Pomare o ile a atleha ho iketsa morena eo ho seng ea qothisanang lehlokoa le eena sehlekehlekeng sa Tahiti le tse ling tse haufi, tseo ha li kopana kaofela li etsang Lihlekehleke Tsa Society. O ile a boela a kōpa hore a kolobetsoe. Qetellong ka 1819, baromuoa ba ile ba lumela.

Seo se ile sa tlisa liphetoho hang-hang. Le pele ho feta lilemo tse hlano, hoo e batlang e le baahi bohle ba Lihlekehlekeng Tsa Society, Lihlekehlekeng tse ka bophirimela tsa Tuamotu le ba karolong e ’ngoe ea Lihlekehleke Tsa Austral ba ne ba se ba ipitsa Bakreste.

Molao oa Pomare

“Tšokoloho” ea khohola-koqo ea baahi ba lihlekehlekeng tseo e ile ea etsa hore ho hlokahale melao e mecha le litloaelo tse ncha ho nkela tsa khale sebaka. Pomare o ile a kōpa baromuoa hore ba mo thuse ntlheng eo. E ne e le khale baromuoa ba batla ho fetola meetlo ea batho ba moo le ho fokotsa matla a morena. Kahoo baromuoa ba ile ba amohela kōpo ea Pomare ’me ba etsa melao eo buka e ’ngoe e reng e ne e kopantse “melao e molaong oa motheo oa Brithani, melao e ka mangolong le eo ka tloaelo e lateloang linaheng tsa Bokreste.” Ka mor’a hore melao eo e hlahlojoe ka makhetlo ’me e lokisoe, morena o ile a e amohela e le melao ea pele ea Tahiti e ngotsoeng. E ile ea bitsoa Molao oa Pomare.

Molao oa Pomare e ile ea e-ba mohlala o lateloang ke lihlekehleke tse ling tsa boahelani, tseo le tsona li ileng tsa latela melao e tšoanang. Molao oo o ne o qobella batho ho boloka Sabatha; o bile o bontša likotlo tse lokelang ho fuoa ba febang, ba kenang lenyalong le leng empa ba ntse ba e-na le balekane, ba utsoang le ba iketsang marabele; ’me o laela hore motho a ahloleloe lefu ha a bolaile kapa a bolaile lesea. Mefuta eohle ea boithabiso bo litšila e ne e hanetsoe.

Ho Kenella Lipolotiking

Buka e bitsoang Where the Waves Fall e re baromuoa ba Maprostanta “ba ne ba kene ka matla lipolotiking sehlekehlekeng seo. Ho phaella ho haseng evangeli, ba ne ba boetse ba rala litaba tsa sesole, e le baeletsi ho tsa khoebo, litsebi litabeng tsa lipolotiki ebile e le baetsi ba molao le ba molao oa motheo.” Baromuoa ba Mamomone le ba Mak’hatholike le bona ba ne ba laola hoo e ka bang litaba tsohle tsa sechaba le tsa lipolotiki lihlekehlekeng tseo ba neng ba le ho tsona. Moromuoa e mong oa Momomone sehlekehlekeng sa Tubuai le Lihlekehlekeng Tsa Austral, o ile a re: “Kereke ke eona e laolang puso. . . . Ke ’na tona-khōlō sehlekehlekeng sena.” Lihlekehlekeng Tsa Gambier, Mak’hatholike le ’ona a ne a e-na le matla a tšoanang, ’me moruti e mong e ne e le letona la ’muso moo.

Rahistori Claire Laux o re ho fapana le hore baromuoa ba shebane le ho ruta batho Bibele, “ba ile ba khetha ho hasa evangeli ea lipolotiki.” Ba ne ba nka hore ka tsela ena ba tla atleha ho finyella ka potlako seo ba neng ba se batla. Ka ho etsa seo, baromuoa ba ile ba etsa se khahlanong le seo ba boholong kerekeng ba neng ba ba laetse sona. Ho fihlela le kajeno, bolumeli bo ntse bo keneletse ka matla lipolotiking, French Polynesia.

Karolo e Phethoang ke Khoebo

Moprofesa Niel Gunson oa Univesithi ea Canberra, Australia, o re baromuoa ba bang “ba ile ba kenella lipolotiking e le hore ba finyelle merero ea bona ea khoebo.” Baromuoa ba bangata e ne e le bahoebi—ba rekisa likepe, ba li hirisa ba bile ba li etsa. Ba bang ba ne ba e-na le masimo, ba lema arrowroot, kofi, k’hothone, ’moba le koae.

Baromuoa ba ile ba atleha khoebong hoo ka lilemo tse 25 ba neng ba tsamaisa khoebo pakeng tsa Australia le Tahiti, ka ho khetheha ba rekisa nama ea kolobe e omisitsoeng ka letsoai le oli ea kokonate. Leha ho le joalo, baromuoa ba bang ba ne ba khathatsehile ka sena ’me ba kōpa Mokhatlo oa Baromuoa oa London hore o rarolle qaka ena. Ba bang ba ne ba nka hore ho hlokahala hore ba kene khoebong e le hore ba finyelle sepheo sa bona sa bolumeli. Ka tsela efe?

Ho tloha ha baromuoa ba fihla, ba ’nile ba khahla baahi ba lihlekehlekeng ka tsebo ea bona ea mosebetsi oa matsoho le ka thepa eo ba e etsang. Kaha baromuoa ba ne ba lumela hore “ho hlabolla” batho ho ne ho tla etsa hore ba thabe haholoanyane, ba ile ba ba khothalletsa hore ba sebetse ka thata le hore ba phehelle maruo, ba bile ba fana ka maikutlo a hore ha motho a ruile seo se bontša hore Molimo o mo hlohonolofalitse.

Na e ne e le Tšokoloho ea Sebele?

Rahistori oa Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ile a ngola hamorao hore ho sokoloha ha baahi ba lihlekehlekeng tsena ka potlako le hona ka bongata “ho ne ho sa susumetsoe ke hore ba batla ho etsa se lokileng le hore ba sokolohile lipelong.” Gunson o re ho sokoloha ha batho ba Tahiti ho ne ho “mpa ho bonahatsa feela seo Pomare II a se batlang, ’me ho thehiloe litloaelong (eseng lithutong) tsa bolumeli tsa baromuoa ba Manyesemane.”

Batho ba bangata ba Tahiti e ile ea e-ba Bakreste ka lebitso feela, ’me ka mor’a lilengoana bohetene ba boea sekoele bo se bo bitsoa bolumeli ba Mamaia. Khosatsana e hlahlamang teroneng e ile ea amohela borapeli ba Mamaia, bo lumellang boitšoaro bo hlephileng, ’me bo kopantse lithuto tsa Bokreste le tsa setso.

Lihlopha tsa Boprostanta, tse akarelletsang Machache, Macalvine le Mamethodiste, li ne li ngangisana ka lintho tse ngata, ’me Maprostanta a hloeane le Mak’hatholike. Buka e bitsoang The Cambridge History of the Pacific Islanders e re: “Baahi bao ba lihlekehlekeng ba ne ba bona hore likereke li ruta lithuto tse tšoanang, ’me ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba reng ke bana ba motho ba loantšana ka sehlōhō joalo.” Ka mohlala, ha baromuoa ba babeli ba Mak’hatholike ba fihla Tahiti, ba ile ba lelekoa hang-hang ka taelo ea eo e neng e kile ea e-ba moromuoa ea hlaheletseng oa Moprostanta. Sena se ile sa baka qhoebeshano e ileng ea batla e lebisa Brithani le Fora ntoeng. Qetellong, Brithani e ile ea lumellana le Fora tabeng ea hore Tahiti e lokela ho ba tlas’a “tšireletso” ea Fora.

Melemo e Tlisitsoeng ke Seo

Ka lehlakoreng le leng, baromuoa ba bangata ba pele ka cheseho ba ile ba tlatsetsa tabeng ea hore batho ba ithute ho bala le ho ngola ’me ba thusa ho felisa ho bolaoa ha masea, malimo le ho etsa mahlabelo ka batho. Le hoja e ka ’na eaba baromuoa ba bang ba ne ba tiisitse letsoho haholo, ba ile ba leka ho ntlafatsa boitšoaro ba batho ba lihlekehlekeng.

Mpho ea bohlokoahali eo baromuoa ba faneng ka eona e bile ho fetoleloa ha Bibele ka Setahiti. Ho feta moo, seo se ile sa etsa hore batho ba tsebe lebitso la Molimo, leo le kajeno le ntseng le tsebahala hohle lihlekehlekeng tseo.a—Pesaleme ea 83:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba sehlooho se reng “Batho ba sa Rutehang ba Fetolela Bibele,” Molula-Qhooeng oa July 1, 2003.

[Lebokose mo leqepheng la 5]

“Ha le Karolo ea Lefatše”

Mantsoe ao a builoeng ke Jesu Kreste, ke molao-motheo o tataisang balateli ba hae ba ’nete. (Johanne 15:19) Ha e le hantle, molao-motheo oo ke oa bohlokoa haholo ho bona, hoo Jesu a ileng a rapela Molimo, a re: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Kahoo, Jesu ha aa ka a kenella lipolotiking, kapa hona ho li sebelisa e le tsela ea hore a fumane barutuoa. O ile a boela a nyatsa ho lelekisa leruo—e leng tsela e ’ngoe e bontšang moea oa lefatše. Ho e-na le hoo, o ile a khothalletsa batho hore ba phele ka tsela e itekanetseng, ba amehe haholo ka ho bokella maruo a moea. (Matheu 6:22-24, 33, 34) Balateli ba hae ba ’nete ba etsisa mohlala oa hae.

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 13]

Ba amohela baromuoa ba pele, ka 1797

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

The Granger Collection, New York

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 14]

Moromuoa le basokolohi ba Tahiti hoo e ka bang ka 1845

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 14]

Morena Pomare II

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]

Tahiti le motse-moholo, Papeete

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo courtesy of Tahiti Tourisme

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 14]

Left: Photo by Henry Guttmann/​Getty Images; right: Collection du Musée de Tahiti et de ses Îles, Punaauia, Tahiti

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela