Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/15 maq. 29-31
  • Origen—Lithuto Tsa Hae li Ile Tsa Ama Kereke Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Origen—Lithuto Tsa Hae li Ile Tsa Ama Kereke Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Chesehela Kereke
  • ‘Ho Fetela ka Nģ’ane ho Lintho Tse Ngoliloeng’
  • O Ahloloa Hore ke Mokhelohi
  • “Seo ka Bohata se Bitsoang ‘Tsebo’”
  • Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng—Tšepo e Fumanoeng Bocha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Khopolo Ena e Kena Bojudeng, Bokreste-’mōtoaneng le Boislamong
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Bo-ntate ba Kereke—Na ke Babuelli ba ’Nete ea Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Filosofi Ea Bagerike Na e Ile ea Ntlafatsa Bokreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/15 maq. 29-31

Origen—Lithuto Tsa Hae li Ile Tsa Ama Kereke Joang?

Jerome, mofetoleli oa Bibele ea Selatine ea Vulgate, o ile a rorisa moruti oa thuto ea bolumeli oa lekholong la boraro la lilemo Origen, ka hore e ne e le “moeta-pele ea hlomphehang ka ho fetisisa oa Kereke ka mor’a Baapostola.” Empa hase e mong le e mong ea neng a hlompha Origen ka mokhoa o joalo. Ba bang ba ne ba mo talima e le mohloli oa bobe oo ho oona ho hlahileng bokhelohi. Mantsoe a mongoli e mong oa lekholong la bo17 la lilemo a tlalehile bahanyetsi ba Origen ba bua ka matla ba re: “Thuto ea hae ea bolumeli ka kakaretso ha e na kelello ebile e kotsi, ke chefo e bolaeang ka bomenemene e kang ea Noha, eo a e tlatsitseng lefatšeng.” Ha e le hantle, lilemo tse makholo a mararo ka mor’a lefu la hae, ho ile ha phatlalatsoa ka molao hore Origen ke mokhelohi.

KE HOBANE’NG ha Origen a ile a hlomphuoa le ho nyatsoa? O bile le tšusumetso efe tsoelo-peleng ea thuto ea bolumeli ea kereke?

Ho Chesehela Kereke

Origen o ile a tsoaloa hoo e ka bang ka 185 C.E. motseng oa Egepeta oa Alexandria. O ne a rutehile ka ho feletseng ka thuto ea lingoliloeng ea Segerike, empa ntat’ae, Leonides, o ile a mo qobella ho etsa boiteko bo lekanang ba ho ithuta Mangolo. Ha Origen a le lilemo li 17, moemphera oa Roma o ile a beha molao o neng o hlalosa hore ho fetola bolumeli ke tlōlo ea molao. Ntat’a Origen o ile a isoa teronkong hobane o ne a fetohile Mokreste. Ka lebaka la cheseho ea bocha, Origen o ne a ikemiselitse ho ba le eena teronkong le ho shoela tumelo hammoho le eena. Ha a bona sena, ’m’a Origen o ile a pata liaparo tsa hae e le ha a mo thibela ho tloha hae. Origen o ile a ngolla ntat’ae a mo kōpa ka tieo, a re: “Etsa bonnete ba hore ha u fetole monahano oa hao ka lebaka la rōna.” Leonides ha aa ka a fetola monahano oa hae ’me o ile a bolaoa, a tlohela lelapa la hae le le lesitsi. Empa Origen o ne a se a ithutile ka ho lekaneng hore a ka tšehetsa ’m’ae le baena ba hae ba tšeletseng ka hore a rute Segerike.

Boikemisetso ba moemphera enoa e ne e le ho thibela ho nama ha Bokreste. Kaha molao oa hae o ne o sa tobisoa ho liithuti feela empa o ne o tobisitsoe le ho matichere, matichere ’ohle a thuto ea bolumeli ea Bokreste a ile a baleha Alexandria. Ha batho bao e seng Bakreste ba batlang thupelo ea Mangolo ba ipiletsa ho Origen e mocha, o ile a nka mosebetsi ona e le thōmo e tsoang ho Molimo. Liithuti tsa hae tse ngata li ile tsa shoela tumelo, tse ling tsa tsona le pele li qeta lithuto tsa tsona. Ka ho ipeha kotsing e khōlō, Origen o ile a khothatsa liithuti tsa hae phatlalatsa, ebang e ne e le ka pel’a moahloli, teronkong, kapa ha li tla tloha li bolaoa. Rahistori oa lekholong la bone la lilemo Eusebius o tlaleha hore ha liithuti tsena li ne li isoa moo li neng li tla bolaeloa teng, “ka sebete se seholo” Origen “o ne a li lumelisa ka kako.”

Origen o ile a tobana le khalefo ea batho ba bangata bao e neng e se Bakreste, ba neng ba mo nka a ikarabella bakeng sa ho sokoloha le ho bolaoa ha metsoalle ea bona. Ka makhetlo a mangata o ne a phonyoha tlhaselo ea mahoohoo le lefu le mabifi. Le hoja a ne a tlameha hore a hlome a hlomolle e le hore a ka phema ba mo phehellang, Origen ha aa ka a tlohela lithuto tsa hae. Sebete le boinehelo bo bokaalo li ile tsa hapa maikutlo a Demetrius, mobishopo oa Alexandria. Kahoo, ha Origen a le lilemo li 18 feela, Demetrius o ile a mo etsa mookameli oa sekolo oa thupelo ea bolumeli Alexandria.

Qetellong, Origen e ile ea e-ba setsebi se tsebahalang le mongoli ea hloahloa. Ba bang ba bolela hore o ngotse libuka tse 6 000, le hoja ho ka etsahala hore ebe sena e mpa e le ho fetelletsa lintho. O tumme haholo ka Hexapla, e leng khatiso ea tonanahali ea meqolo e 50 ea Mangolo a Seheberu. Origen o ile a hlophisa Hexapla ka likarolo tse tšeletseng tse lekanang tse fupereng: (1) taba e ngotsoeng ea Seheberu le ea Searame, (2) taba eo e ngotsoeng ea Seheberu le Searame e boetse e ngotsoe ka Segerike, (3) phetolelo ea Akuila ea Segerike, (4) phetolelo ea Symmachus ea Segerike, (5) Septuagint ea Segerike, eo Origen a ileng a e nchafatsa hore e lumellane hantle haholoanyane le taba e ngotsoeng ea Seheberu, le (6) phetolelo ea Segerike ea Theodotion. Setsebi sa Bibele John Hort o ile a ngola: “Ka ho tsoaka litaba tse ngotsoeng, Origen o ne a leka ho hlakisa litemana tse ngata tseo ho tsona ’mali oa Segerike a neng a ka ema hlooho kapa a khelosoa haeba a ne a e-na le Septuagint feela.”

‘Ho Fetela ka Nģ’ane ho Lintho Tse Ngoliloeng’

Leha ho le joalo, moea oa pherekano ea bolumeli oa lekholong la boraro la lilemo o ile oa ama tsela eo Origen a neng a ruta Mangolo ka eona. Le hoja e ne e le hona Bokreste-’mōtoana bo qalang, bo ne bo se bo ntse bo tšoaelitsoe ke litumelo tseo e seng tsa Mangolo, le likereke tsa bona tse ngata li ne li ruta lithuto tsa bolumeli tse sa tšoaneng.

Origen o ile a amohela tse ling tsa lithuto tsena tseo e seng tsa Mangolo, ’me a re ke lithuto tsa baapostola. Empa o ne a ikutloa a lokolohile hore a ka batla tsebo e eketsehileng ka lipotso tse ling. Ka nako eo liithuti tsa hae tse ngata li ne li loana le litsekisano tsa filosofi tse neng li le teng ka nako eo. E le ha a leka ho li thusa, Origen o ile a ithuta ka hloko lihlopha tsa bo-rafilosofi ba neng ba tšoaetsa likelello tsa liithuti tsa hae tse nyenyane. O ile a leka ho fa liithuti tsa hae likarabo tse khotsofatsang bakeng sa lipotso tsa tsona tsa filosofi.

E le ha a leka ho lumellanya Bibele le filosofi, Origen o ile a itšetleha ka matla ho fetoleleng Mangolo ka mokhoa o fanang ka maikutlo a hore a na le tlhaloso e patehileng. O ne a nka hore kamehla Mangolo a na le tlhaloso ea moea empa e seng ea sebele. Joalokaha setsebi se seng se ile sa hlalosa, sena se ile sa fa Origen “monyetla oa hore a kenye ka Bibeleng likhopolo leha e le life tse hanyetsanang le Bibele empa e le tse lumellanang le mokhoa oa hae oa thuto ea bolumeli, ha ka nako e tšoanang a ntse a bolela (’me ntle ho pelaelo a nahana ka tieo) hore ke mofetoleli ea chesehang le ea tšepahalang oa likhopolo tsa Bibele.”

Lengolo leo Origen a ileng a le ngolla se seng sa liithuti tsa hae le fana ka kutloisiso ea monahano oa hae. Origen o ile a re Baiseraele ba ile ba etsetsa tempele ea Jehova lijana ka khauta eo ba neng ba e nkile Egepeta. Ketsahalong ena o ile a fumana tlhaloso e patehileng e mo tšehetsang hore a sebelise filosofi ea Bagerike ha a ruta Bokreste. O ile a ngola: “Lintho tseo bara ba Iseraele ba ileng ba li nka Egepeta li ile tsa ba tsoela molemo hakaakang, e leng lintho tseo Baegepeta ba neng ba sa ka ba li sebelisa ka tsela e loketseng, empa tseo Baheberu, ba tataisoa ke moea oa Molimo, ba ileng ba li sebelisa tšebeletsong ea Molimo.” Ka tsela ena Origen o ile a khothalletsa liithuti tsa hae ho “nka ntho leha e le efe filosofing ea Bagerike e neng e tla sebetsa e le tsela ea thupelo kapa motheo bakeng sa Bokreste.”

Mokhoa ona o sa lekanyetsoang oa ho hlalosa Bibele o ile oa etsa hore ho be thata ho khetholla lipakeng tsa thuto ea Bokreste le filosofi ea Bagerike. Ka mohlala, bukeng ea hae e bitsoang On First Principles, Origen o ile a hlalosa Jesu e le ‘Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea ileng a hlaha, empa a se na qalo.’ ’Me o ile a phaella ka ho re: ‘Moloko oa hae ke o se nang qalo le qetello le o sa feleng. O entsoe Mora ka sebōpeho sa Molimo eseng ka ho fumana phefumoloho ea bophelo kapa ka ketso e ’ngoe e ka thōko.’

Origen ha aa ka a fumana khopolo ena ka Bibeleng, hobane Mangolo a ruta hore Mora oa Jehova ea tsoetsoeng a ’notši ke “letsibolo la pōpo eohle” le “tšimoloho ea pōpo ea Molimo.” (Bakolose 1:15; Tšenolo 3:14) Ho ea ka rahistori oa Bibele Augustus Neander, Origen o ile a finyella khopolo ea hae ea “moloko o se nang qalo le qetello” ka “thuto ea hae ea filosofi sekolong sa Plato.” Ka tsela ena, Origen o ile a tlōla molao-motheo ona oa Mangolo o reng: “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.”—1 Bakorinthe 4:6.

O Ahloloa Hore ke Mokhelohi

Lilemong tsa hae tse qalang e le tichere, Sinoto ea Alexandria e ile ea amoha Origen boprista. Mohlomong sena se etsahetse hobane Mobishopo Demetrius a ne a honohela botumo ba hae bo neng bo ntse bo hōla. Origen o ile a fallela Palestina, moo botumo ba hae joaloka mosireletsi oa thuto ea Bokreste bo ileng ba lula bo hloka meeli ’me ke hona moo a ileng a tsoela pele e le moprista. Ha e le hantle, ha “bokhelohi” bo qaleha Bochabela, ho ile ha batloa thuso ea hae bakeng sa ho kholisa babishopo ba fosang hore ba boele ba iphaphathe le thuto e tloaelehileng. Ka mor’a lefu la hae ka 254 C.E., lebitso la Origen le ile la nyelisoa ka mokhoa o khethehileng. Hobane’ng?

Ka mor’a hore Bokreste ka lebitso e be bolumeli bo hlahelletseng, seo kereke e neng e se amohela e le thuto e tloaelehileng se ile sa hlalosoa ka ho toba haholoanyane. Kahoo, meloko e latelang ea baruti ba thuto ea bolumeli ha ea ka ea amohela tse ngata tsa lipono tsa filosofi tsa Origen tseo e neng e le tse inahaneloang le tseo ka linako tse ling e neng e le tse sa nepahalang. Ka lebaka leo lithuto tsa hae li ile tsa tsosa liphehisano tse matla ka har’a kereke. E le ha e leka ho felisa likhang tsena le ho boloka bonngoe ba eona, ka molao kereke e ile ea ahlola Origen hore ke mokhelohi.

Origen o ne a sa fosa a le mong. Ha e le hantle, Bibele e ne e buile esale pele ka batho ba neng ba tla kheloha lithuto tse hloekileng tsa Kreste. Bokoenehi bona bo ile ba qala ho atleha bofelong ba lekholo la pele la lilemo, ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba shoe. (2 Bathesalonika 2:6, 7) Qetellong, Bakreste ba bang ba ile ba inka e le “ba thuto e tloaelehileng,” ba bolela hore ba bang kaofela ke “bakoenehi.” Empa ha e le hantle, Bokreste-’mōtoana bo ile ba kheloha haholo ho Bokreste ba ’nete.

“Seo ka Bohata se Bitsoang ‘Tsebo’”

Ho sa tsotellehe likhopolo-taba tse ngata tsa Origen, libuka tsa hae li na le likarolo tse molemo. Ka mohlala, Hexapla e ile ea boloka lebitso la Molimo la pele ka sebōpeho sa lona sa pele sa litlhaku tse ’nè ka Seheberu, tse bitsoang Tetragrammaton. Sena se fana ka bopaki ba bohlokoa ba hore Bakreste ba pele ba ne ba tseba ebile ba sebelisa lebitso la Molimo—Jehova. Leha ho le joalo, mopatriareka oa kereke oa lekholong la bohlano la lilemo ea bitsoang Theophilus o kile a hlokomelisa, a re: “Libuka tsa Origen li tšoana le lekhulo le nang le mofuta o mong le o mong oa lipalesa. Ha ke fumana palesa leha e le efe e ntle moo, kea e kha, empa ha ho bonahala ho e-na le meutloa, ke e qoba joalokaha eka ke qoba tsenene.”

Ka ho tsoaka lithuto tsa Bibele le filosofi ea Bagerike, thuto ea Origen ea bolumeli e ile ea tlala liphoso, ’me litholoana e ile ea e-ba tse bohloko bakeng sa Bokreste-’mōtoana. Ka mohlala, le hoja tse ngata tsa lithuto tse se nang motheo tsa Origen li ile tsa qheleloa ka thōko hamorao, likhopolo tsa hae tsa “moloko o se nang qalo le qetello” oa Kreste li ile tsa rala motheo bakeng sa thuto eo e seng ea Bibele ea Boraro-bo-bong. Buka e bitsoang The Church of the First Three Centuries ea hlalosa: “Thuto ea filosofi [e qalileng ka Origen] e ne e tla ba teng ka nako e telele.” Litholoana e bile life? “Tumelo ea Bokreste e bonolo e ile ea bolisoa, ’me ha latela liphoso tse ngata ka har’a Kereke.”

Ha e le Origen eena, a ka be a ile a ela hloko keletso ea moapostola Pauluse le ho qoba ho ba ea tlatsetsang bokoenehing ka hore a “furalle lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’” Ho e-na le hoo, ka ho theha boholo ba lithuto tsa hae holim’a “tsebo” e joalo, Origen o ile a ‘kheloha tumelo.’—1 Timothea 6:20, 21; Bakolose 2:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Hexapla” ea Origen e bontša hore lebitso la Molimo le ne le sebelisoa ka Mangolong a Segerike a Bakreste

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Published by permission of the Syndics of Cambridge University Library, T-S 12.182

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]

Culver Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela