Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/10 leq. 23
  • Leleme la Hummingbird

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leleme la Hummingbird
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Molimo o ’Nile oa Mamella Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Peō ea Limela—Phofshoana e Nang le Bophelo
    Tsoha!—2007
Tsoha!—2010
g 10/10 leq. 23

Leleme la Hummingbird

Na le Entsoe?

● Bafuputsi ba hlahlobisisa mokelikeli o seng mokae oa mali, DNA le metsoako e meng khalaseng e ka lekanang le seatla sa hao. Ha ba etsa seo, ba sebelisa mechine e hulang mokelikeli o monyenyane, empa mokhoa ona o atisa ho se sebetse hantle. Na ho na le mokhoa o atlehang haholo oa ho tsamaisa mokelikeli o monyenyane joalo? Ho ea ka Dr. John Bush oa Setsi sa Theknoloji sa Massachusetts, “lintho tsa tlhaho li se li ntse li rarolotse bothata boo.”

Ak’u nahane: Hummingbird ha e iqete matla ka hore e hule lero la lipalesa ka molomo. Ho e-na le hoo, e sebelisa matla a momahaneng a etsang hore metsi a sebakeng se bataletseng a hlōle matla a khoheli ’me a etse marotholi. Ha leleme la hummingbird le thetsa lero la palesa, matla a lerong leo a harela leleme la eona hore le be joaloka straw ebe le hula lero. Ha e le hantle, hummingbird e qoba ho iqeta matla ka hore e lumelle lero leo hore le nyolohele molomong ka “straw.” Nakong eo li-hummingbird li jang, li ka hula lero ka makhetlo a ka bang 20 ka motsotsoana, li sebelisa leleme!

Linonyana tse ling tse phelang mabōpong le tsona ho hlokometsoe hore li noa metsi ka tsela e tšoanang. Ha a bua ka bokhoni bona, Moprofesa Mark Denny oa Univesithi ea Stanford, California, U.S.A., o re: “Tsebo ea boenjiniere, ea fisiks le ea lipalo e sebetsang moo ea hlolla . . . Haeba u ne u ka kōpa moenjiniere leha e le ofe kapa setsebi sa lipalo hore ba qape tsela eo nonyana e ka noang metsi ka eona ka molomo, ba ne ba ke ke ba nahana ka sena.”

U nahana’ng ka see? Na leleme le lenyenyane la hummingbird—le khonang ho hula lero la lipalesa ka potlako le ka tsela e atlehileng joalo—le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]

© Richard Mittleman/​Gon2Foto/​Alamy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela