Liphoofolo—Mpho e Tsoang ho Molimo
NA U se u kile ua etela sebaka sa polokelo ea liphoofolo kapa liserekising? Na u ile ua labalabela ho tšoara kapa ho pholla e ’ngoe ea liphoofolo tseo tse ntle—mohlomong tau e makhisahali kapa nkoe e khōlō ea Siberia? E ka ’na eaba u ’nile ua hlolloa ke ho bona mokoetlisi oa liphoofolo kapa mohlokomeli oa tsona a etsa joalo. Ka sebele, hoo e ka bang lilemong tse 2 000 tse fetileng mongoli oa Bibele o ile a re: “Sebata sa mofuta o mong le o mong hammoho le nonyana le sehahabi le sebōpuoa sa leoatle se tla thapisoa ’me se ’nile sa thapisoa ke moloko oa batho.”—Jakobo 3:7.
Liphoofolo tsa mefuta eohle li arabela hantle ha li hlokomeloa ka lerato le ha li nahaneloa. Ka sebele e ka ba thabo ho li bona li sebelisana hantle le batho ba li tsotellang, ba li thapisitseng. Mongoli oa Moroma Pliny, ea ngotseng hoo e ka bang ka nako e le ’ngoe le mongoli oa Bibele Jakobo, o buile ka ho thapisoa ha litlou, litau, linkoe, lintsu, likoena, linoha, esita le litlhapi.
Ha e le hantle, ho thapisoa ha liphoofolo hore e be tse ruuoang lapeng ke ntho e qalileng mehleng ea khale haholo. Khale le pele Jakobo le Pliny ba ngola, Baegepeta ba ne ba thapisa liphoofolo tse hlaha ’me ba li boloka e le tse ruuoang lapeng. Kajeno, liphoofolo tse ngata tse fumanoang libakeng tsa polokelo ea liphoofolo li ka fumanoa le malapeng libakeng tse ling.
Kamano ea Pele le Batho
Bibele, e leng eona tlaleho ea pele ea histori ea batho, e tlaleha hore motho oa pele, Adama, o ile a reha liphoofolo mabitso. Bibele e re: “Eng kapa eng eo motho a neng a e reha moea o mong le o mong o phelang, e ne e e-ba lebitso la oona. Kahoo motho a reha liphoofolo tsohle tse ruuoang mabitso le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebata se seng le se seng sa naha.” (Genese 2:19, 20) Ho bonahala Adama a ile a tseba liphoofolo ka ho feletseng hoo a ileng a khona ho li reha mabitso a li loketseng. Empa o ne a sa hloke ho sireletsoa—esita le ho tse hlaha. Li ne li le khotsong le eena, ’me e tlameha ebe o ne a thabela ho ba le tsona hakaakang!
Molimo o ile a fa Adama le Eva mosali oa hae boikarabelo ba ho hlokomela liphoofolo. Ho latela morero oa Molimo joalokaha o tlalehiloe ka Bibeleng, batho ba ne ba reretsoe hore “ba laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tse ruuoang le lefatše lohle le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng.”—Genese 1:26.
Kamano e sa Feleng e Haufi-ufi
Ha batho ba busa liphoofolo hantle, liphello e ka ba tse thabisang. Phoofolo e ratoang e ka talingoa e le motsoalle oa bohlokoa, esita le karolo ea lelapa. Hore sena e ne e le ’nete lilemong tse likete tse fetileng se bonoa tlalehong e ka Bibeleng e buang ka monna oa mofutsana ea nang le “konyana e le ’ngoe e tšehali.” Moprofeta Nathane o ile a bolella Morena Davida ka konyana ena, a re ka monna eo ea futsanehileng: “E ne e ja sengoathoaneng sa hae, ’me e ne e noa senoelong sa hae, hape e ne e robala sefubeng sa hae, ’me ea e-ba joaloka morali ho eena.”—2 Samuele 12:1-3.
Kajeno ba bangata ba ka utloisisa hore na phoofolo e ka ba joaloka motsoalle ea ratoang joang, eaba ea ka ke setho sa lelapa. Nahana ka lelapa le leng le phelang haufi le Harare, motse-moholo oa Zimbabwe. Batsoali ba ile ba rekela ngoana e mong le e mong ntja hore e be motsoalle oa hae. Ha e mong oa bashemane, ea neng a ka ba lilemo li robeli ka nako eo, a ne a tsamaea le ntja ea hae, ka tšohanyetso ho ile ha oela noha e khōlō e chefo e bitsoang mamba e oa sefateng ka pele ho eena. Mamba e ile ea mo hlasela, empa ka ho panya ha leihlo ntja e ile ea kenella, ea pholosa bophelo ba ngoana eo. U ka inahanela hore na ntja eo e ile ea e-ba ea bohlokoa hakae lapeng leo!
Litholo ka ho khetheha li nka lintja tse koetliselitsoeng hore li li thuse e le tsa bohlokoa haholo. Mosali e mong o re: “Ha Twinkie e utloa tšepe ea monyako e lla, e tla ho ’na ’me e mphathatsa leotong ebe e nkisa monyako o ka pele. Ka ho tšoanang, ha Twinkie e utloa alamo ea oache ea setofo e lla, e tla ho ’na e matha, ’me ’na kea e latela. Ha alamo e lemosang hore ho na le mosi kapa mollo e lla, Twinkie e koetliselitsoe hore e hape tlhokomelo ea ka ebe e botha fatše ho ntemosa hore e ka ’na eaba ho na le kotsi.”
Kamano ea bohlokoa ka ho khetheha ke e teng pakeng tsa lifofu le lintja tse li tataisang. Mokoetlisi oa lintja tse tataisang batho Michael Tucker, mongoli oa The Eyes That Lead, o lumela hore ntja e tataisang e ka etsa hore batho ba sa boneng ba thabele bophelo bo bocha, ea etsa hore ba be le “bolokolohi, ba iketsetse lintho, ba ee moo ba ratang hape ba be le metsoalle.” Ka sebele, kutloano e teng pakeng tsa lintja tse joalo le beng ba tsona hangata hoa thabisa ho e bona!
Boemo boa tšoana le ba batho ba kooafetseng ka litsela tse ling ’me ba e-na le motsoalle oa ntja. Ntja ea mosali e mong ea tsamaeang ka koloeana ea likooa e rutiloe ho phahamisa thelefono le ho nyeka litempe tsa mangolo! Ntja e ’ngoe e phetha litaelo tse 120, esita le ho nka makotikoti le lipakete lishelefong tsa suphamakete. Mong’a eona ea holofetseng o sebelisa khanya e khubelu ea laser ho supa lintho tseo a li khethileng, ebe joale ntja ea hae e mo tlisetsa tsona.
Liphoofolo tse ruuoang lapeng li tsoela le batho ba hōlileng molemo. Ngaka e ’ngoe ea liphoofolo e boletse hore liphoofolo tse ruuoang lapeng, ho akarelletsa le lintja, li “fana ka morero le moelelo bophelong nakong eo batho ba hōlileng ba ikutloang eka ha e sa le karolo ea sechaba.” The Toronto Star e tlalehile: “Batho ba nang le kamano e haufi le liphoofolo ba na le khatello ea kelello e fokolang, ha ba ee ngakeng khafetsa ’me ba na le monyetla oa ho pholoha ha ba hlasetsoe ke pelo.”
The New Encyclopædia Britannica e hlokometse sena se thahasellisang: “Ho hlokomela liphoofolo tsa lapeng ho fana ka monyetla oa ho ruta bana melemo ea ho ba le boikarabelo ’me e boetse e ba ruta ho itseng ka botona le botšehali. Bana ba hlokomela ho tlolelana ha liphoofolo kapele, ho lateloang ke linako tsa ho emara ha tsona le mathata a fapa-fapaneng a amanang le ha li tsoala le ho hlokomela malinyane a tsona.”
Ho Rata Liphoofolo Tsa Lapeng
Ho tšepahala ho tsotehang ha liphoofolo ha e le hantle ho etsa hore batho ba bang ba rate liphoofolo tse ruuoang lapeng ho feta litho tsa lelapa. Linyeoeng tsa tlhalo, hore na phoofolo e ruuoang lapeng e fuoa mang e ’nile ea e-ba tumellano e fihleloang tsekisanong ea thepa. ’Me batho ba bile ba bontša lengolong la kabo ea lefa hore liphoofolo tsa bona e be tsona majalefa a letlotlo la bona le leholo.
Hase feela liphoofolo tse ruuoang lapeng e leng khoebo e khōlō kajeno! Ho na le libuka le limakasine tse fanang ka keletso tabeng e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le liphoofolo tse ruuoang lapeng. Ka ho hlokomela hore ba bang ho beng ba liphoofolo tse ruuoang lapeng ba utloisisa ho li fa mabothobotho a feteletseng, likhoebo li etsa eng kapa eng eo beng ba tsona ba e batlang.
Ka mohlala, motho a ka ’na a bonana le lingaka tse nang le tsebo e khethehileng haholo tse phekolang mefuta eohle ea mafu a tšoarang liphoofolo tse ruuoang lapeng. Ho na le lingaka tsa mafu a kelello a liphoofolo tse ruuoang lapeng tse ka fanang ka meriana e fokotsang ho tepella maikutlo liphoofolong tsena. Ho phaella moo, ho na le babuelli ba molao ba liphoofolo tse ruuoang lapeng le baemeli ba lienshorense hammoho le ba litšebeletso tse li khabisang le mekhatlo e li koetlisang. Liphoofolo tsena li etsetsoa liphupu. ’Me ho fanoa ka menyetla ea ho etsa phoofolo e tšoanang hantle le ea pele ka lisele tsa eona—tsena tsohle li etsoa ka chelete e ngata!
Ho hlakile hore ho rata liphoofolo tse ruuoang lapeng ke kobo anela. Bukeng ea hae The Animal Attraction, Dr. Jonica Newby o phetha ka ho re: “Ha ntja e tla ho rōna e re mathela, e tsokotsa mohatla oa eona ’me e re nyeka joalokaha eka ho tla hae ke ntho e molemo ka ho fetisisa e e etsahalletseng letsatsi lohle, e ka ba ho sa utloahaleng ho se nke hoo e le ho bontša ‘lerato.’” Ka sebele hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha beng ba liphoofolo tse ruuoang ba bangata ba susumelletseha hore le bona ba bontše “lerato” leo.
Leha ho le joalo, boiteko ba ho tšoara phoofolo e ruuoang lapeng joaloka motho bo ka ba le liphello tse kotsi. Etsoe, phoofolo e ruuoang lapeng e ke ke ea phethahatsa se hlokoang ke motho ka tsela eo motho e mong a neng a tla ho etsa ka eona. Ho feta moo, ho tetesa liphoofolo tse ruuoang lapeng—ke hore ho li tloaetsa mekhoa ea litoropong—ho bakela liphoofolo tse ling mathata hammoho le beng ba tsona. Re tla hlahloba lintlha tseo sehloohong se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho thapisoa ha liphoofolo tse hlaha ke ntho ea khale historing
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
A detail from The Great King of the Parthians Hunts With His Tame Panthers by Giovanni Stradanno: © Stapleton Collection/CORBIS
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Balisa ba Baiseraele ba ne ba tšoara likonyana ka kutloelo-bohloko e mofuthu
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Liphoofolo tse ruuoang lapeng li ka thusa ba holofetseng le ba hōlileng