Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/1 maq. 15-21
  • Litebello Tsa Batho Tse Hlollang Paradeiseng ea Boiketlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litebello Tsa Batho Tse Hlollang Paradeiseng ea Boiketlo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bōpa Mosali oa Pele
  • Litebello Tse Neng li Larile ka Pel’a Batho ba Babeli ba Pele
  • Molimo o Phomola Mesebetsing ea Oona ea Pōpo
  • Molimo o Rera Hore Motho a Thabele Bophelo Paradeiseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Litebello Tsa Paradeise ke Tsa Sebele ho sa Tsotellehe ho se Utloe ha Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Na Ruri ho Kile ha E-ba le Serapa sa Edene?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/1 maq. 15-21

Litebello Tsa Batho Tse Hlollang Paradeiseng ea Boiketlo

“Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.”—GENESE 1:28.

1, 2. Ke ka sepheo sefe Jehova a sebetsang le batho ka lerato, ’me o ile a fa Adama likabelo life tsa mosebetsi?

KA BIBELENG e Halalelang re bolelloa hore: “Molimo o lerato.” Ka lerato le ka ho hloka boithati o thahasella batho ’me o sebetsa o sa khaotse hore ba ka thabela ka ho sa feleng bophelo bo botle, ba khotso paradeiseng ea lefatšeng ea boiketlo. (1 Johanne 4:16; bapisa Pesaleme ea 16:11, NW.) Motho oa pele, Adama ea phethahetseng, o ne a e-na le bophelo ba khotso le mosebetsi o thahasellisang, o thabisang. ’Mōpi oa motho o ile a mo fa kabelo ea ho lema serapa se khahlehang sa Edene. Joale ’Mōpi oa motho o ile a mo fa mosebetsi o mong, o khethehileng, kabelo e phephetsang, joalokaha ho senoloa ke tlaleho ea se ileng sa etsahala:

2 “Jehova Molimo a bōpa ka mobu liphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa maholimo; a ntoo li tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla li rea mabitso a joang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa lintho tsohle tse utloang ka ’ona, e be mabitso a tsona. Adama a rea makhomo ’ohle mabitso, le tse rurang tsa maholimo, le liphoofolo tsohle tsa naha.”—Genese 2:19, 20.

3. Ke hobane’ng ha ho ne ho se tšabo ho Adama le ho liphoofolo tse bōpiloeng?

3 Motho o ile a bitsa pere sus, poho shohr, nku seh, poli ʽez, nonyana ʽohph, leeba yoh·nahʹ, pikoko tuk·kiʹ, tau ʼar·yehʹ kapa ʼariʹ, bere dov, tšoene qohph, ntja keʹlev, noha na·chashʹ, joalo-joalo.a Ha a ea nōkeng e neng e phallela ka ntle ho serapa sa Edene, o ile a bona tlhapi. Tlhapi o ile a e fa lebitso la da·gahʹ. Motho ea neng a sa hlomela ka letho o ne a sa ikutloe a tšaba liphoofolo tsena, tse lulang le batho le tse lulang naheng, kapa a tšaba linonyana, ’me li ne li sa mo tšabe, kaha ka tlhaho li ne li mo hlokomela e le ea li phahametseng, oa mofuta o phahameng oa bophelo. E ne e le libopuoa tsa Molimo, li filoe bophelo ke Oona, ’me motho o ne a se na takatso kapa tšekamelo ea ho li utloisa bohloko kapa ho li amoha bophelo.

4. Re ka ’na ra fihlela qeto efe ka ho reha ha Adama liphoofolo le linonyana tsohle mabitso, ’me e tlameha e be ee e ile ea e-ba phihlelo e joang?

4 Hore na motho o ile a bontšoa liphoofolo tse lulang le batho le tse lulang naheng le libopuoa tse fofang tsa maholimo halelele hakae, tlaleho eo ha e re bolelle. Sohle se ne se le tlas’a tataiso le tlhophiso ea Molimo. Mohlomong Adama o ile a qeta nako a ithuta phoofolo ka ’ngoe e fapaneng, a hlokomela mekhoa ea eona e ikhethang le tsela eo e entsoeng ka eona; joale o ne a khetha lebitso le neng le tla e tšoanela ka mokhoa o khethehileng. Sena se ne se ka ’na sa bolela hore ho ne ho feta nako e ngata. E ne e le phihlelo e thahasellisang ka ho fetisisa bakeng sa Adama hore a tloaelane le libopuoa tse phelang lefatšeng lena ka mefuta ea tsona e mengata, ’me ho ne ho mo hloka matla a maholo a kelello le matla a puo hore a khetholle ka lebitso le loketseng mofuta ka mong oa libopuoa tsena tse phelang.

5-7. (a) Ho ne ho ka ’na ha phahama lipotso life? (b) Ho ile ha fanoa ka likarabelo tse joang tlalehong ea pōpo e ho Genese 1:1-25?

5 Empa libopuoa tsena tsohle tse phelang li ne li bōpiloe ka tatellano e joang? Na liphoofolo tsa lefatšeng li ile tsa bōptjoa pele ho linonyana kapa che, ’me motho o ne a le hokae tabeng ea nako le tatellano ha a bapisoa le libopuoa tsena tsohle tse phelang tsa mofuta o tlaasana? Molimo o ile oa lokisa lefatše joang bakeng sa mefuta-futa ea libopuoa tse phelang, oa fana ka moea oo ho oona linonyana li neng li ka fofela holimo haholo, oa fana ka metsi a nooang le limela tse phelang hore li sebeletse e le lijo, oa etsa leseli le leholo ho khantša motšehare le ho nolofaletsa motho ho bona, ’me oa etsa leseli le lenyenyane ho khabisa bosiu? Ke hobane’ng ha boemo ba leholimo e ne e le bo itekanetseng hakaalo ’me ho futhumetse hore motho a ka tsamaea le ho sebetsa le ho robala a sa apara a bile a le feela?

6 Motho ha aa ka a tlohelloa hore a phopholetse likarabelo. Kelello ea hae e tletseng lipotso e ne e tšoaneloa ke likarabelo tse bohlale tse tsoang mohloling o matla o neng o e-na le tsebo e nepahetseng. O ne a sa lahloa hore e be mora ea sa tsebeng letho oa Molimo, empa mohlomong tekanyo ea bohlale ba hae bo phahameng e ile ea hlonephuoa ka histori e tsotehang ea pōpo e fanoeng ho Genese 1:1-25.

7 Adama o ne a tla leboha haholo bakeng sa tlaleho eo e thabisang ea pōpo. E ne e hlalosa lintho tse ngata. Ho latela tsela eo e neng e ngotsoe ka eona, o ile a utloisisa hore ho ne ho e-na le linako tse telele tse tharo tseo Molimo o neng o li bitsa matsatsi ho latela tsela ea Oona ea ho lekanya nako, pele ho nako ea bone ea pōpo eo ka eona Molimo o ileng oa etsa hore maseli a mabeli a maholo a hlahe sebakeng sa maholimo ho tšoaea letsatsi la motho le lekhutšoanyane haholo la lihora tse 24. Letsatsi lena la batho le lekhutšoanyane la lefatšeng e ne e le nako ea ho tloha ha leseli le leholoanyane le likela ho fihlela ha le likela hape. Adama o ile a boela a hlokomela hore o ne a tla ba le lilemo tsa nako, ’me ntle le pelaelo o ile a qala ho bala lilemo tsa hae tsa bophelo. Leseli le leholoanyane le sebakeng sa maholimo le ne le tla mo nolofaletsa ho etsa sena. Empa ha e le matsatsi a malelele a Molimo a pōpo, motho oa pele o ile a hlokomela hore ka nako eo o ne a phela letsatsing la botšelela la mosebetsi oa Molimo oa pōpo lefatšeng. O ne a e-s’o bolelloe qetello ea letsatsi leo la botšelela la ho bōptjoa ha liphoofolo tsohle tsa lefatše le ho bōptjoa ha motho ho khethehileng ka mor’a tsona. Joale o ne a tla utloisisa tatellano ea ho bōptjoa ha limela tse phelang, lintho tse phelang metsing, linonyana tse phelang, le liphoofolo tsa lefatše. Empa a lutse a le mong serapeng sa Edene, Adama e ne e se pontšo e felletseng, e phethahetseng ea morero oa Molimo o lerato bakeng sa motho Paradeiseng ea hae ea lefatšeng.

Ho Bōpa Mosali oa Pele

8, 9. (a) Motho ea phethahetseng o ile a hlokomela eng mabapi le liphoofolo tse bōpiloeng, empa o ile a fihlela qeto efe mabapi le eena ka boeena? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore e be motho ea phethahetseng ha aa ka a kōpa molekane ho Molimo? (c) Tlaleho ea Bibele e hlalosa ho bōptjoa ha mosali oa pele oa motho joang?

8 Motho oa pele, ka kelello ea hae e phethahetseng le matla a temoho, o ile a bona hore har’a linonyana le liphoofolo, ho ne ho e-na le e tona le e tšehali le hore ha li kopana li ne li ikatisa ka mofuta oa tsona. Empa mabapi le motho, ho ne ho se joalo. Haeba ho lemoha sena ho ne ho mo susumelletsa ho ba le khopolo ea ho thabela motsoalle, ha aa ka a fumana molekane ea tšoanelehang har’a mofuta leha e le ofe oa liphoofolo, esita le har’a litšoene. Adama o ne a tla etsa qeto ea hore o ne a se na molekane hobane haeba a ne a le teng, na Molimo o ne o ke ke oa tlisa molekane enoa ho eena? Motho o ne a bōpiloe a fapane le mefuta eo eohle ea liphoofolo, ’me mohlomong o ne a reretsoe ho ba ea fapaneng! O ne a se na tšekamelo ea ho itherela litaba ka boeena le ho hloka mamello e be o kōpa molekane ho Molimo ’Mōpi oa hae. Ho ne ho loketse hore motho ea phethahetseng a tlohelle taba eo kaofela ho Molimo, hobane nakoana hamorao o ile a fumana hore Molimo o ne o se o iketselitse liqeto tsa Oona ka boemo boo. Mabapi le sena le seo joale se ileng sa etsahala, tlaleho ea re bolella:

9 “Empa ha e le bakeng sa motho ha hoa ka ha fumanoa molekane ea tšoanang le eena. Eaba Jehova Molimo o robatsa Adama boroko bo boholo, ’me Adama a ithoballa. Jehova a ntša lehōpo le leng ho eena, ’me a busetsa linama tulong tsa lona. Jehova Molimo a bōpa mosali ka lehōpo leo a le ntšitseng ho Adama, ’me a mo tlisa ho Adama. Adama a re: Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka; o tla bitsoa mosali, hobane o ntšitsoe ho monna. Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela. Adama le mosali oa hae ba ne ba le feela ba babeli, ba se na lihlong.”—Genese 2:20-25.

10. Motho ea phethahetseng o ile a arabela joang ha a fuoa mosali ea phethahetseng, ’me e ka ’na eaba mantsoe a hae a ne a supa eng?

10 Mantsoe a hae a ile a bontša khotsofalo e felletseng ha a ne a fuoa mosali ea phethahetseng e le mothusi le motlatsi: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” Ha re talima mantsoe ana ha qetellong a bona mosali e mocha eo a neng a sa tsoa ’mōpeloa, e ka ’na eaba o ne a ile a ema nako e itseng pele a fumana molekane oa hae oa motho ea khahlehang. Ha a hlalosa motlatsi oa hae, Adama o ile a bitsa mohats’a hae “Mosali” (ʼish·shahʹ kapa, ha e le hantle, “monna e motšehali”), “hobane enoa o nkiloe ho monna.” (Genese 2:23, New World Translation Reference Bible, mongolo o tlaase ho leqephe) Adama ha aa ka a ikutloa a e-na le kamano ea nama le libopuoa tse fofang le liphoofolo tsa lefatše tseo pejana Molimo o neng o ile oa mo hlokomelisa tsona hore a li rehe mabitso. Nama ea hae e ne e fapane le ea tsona. Empa kannete mosali enoa e ne e le oa mofuta oa hae ka nama. Lesapo la khopo le neng le nkiloe lehlakoreng la hae le ne le hlahisa mali a mofuta o tšoanang le a neng a le ’meleng oa hae. (Bona Mattheu 19:4-6.) Joale o ne a se a e-na le e mong eo a neng a ka sebetsa joaloka moprofeta oa Molimo ho eena le eo a neng a ka arolelana le eena tlaleho e tsotehang ea pōpo.

11-13. (a) Mabapi le ha Adama a amohela mosali, ho ka ’na ha phahama lipotso life? (b) Morero oa Molimo e ne e le ofe bakeng sa batho ba babeli ba pele? (c) Ke eng e neng e tla sebetsa e le lijo bakeng sa lelapa le phethahetseng la batho?

11 Leha ho le joalo, morero oa ’Mōpi oa motho e ne e le ofe ha a mo fa mosali? Na e ne e le feela ho mo fa mothusi le motlatsi, motsoalle oa mofuta oa hae ho etsa hore a se qetoe ke bolutu? Tlaleho e hlalosa morero oa Molimo ha e re bolella tlhohonolofatso ea Molimo e ileng ea phatlalatsoa lenyalong la bona:

12 “Molimo oa ntoo re: A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna, ’me a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le makhomo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng. Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali. Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.

13 “Molimo oa re: Bonang, ke le neile limela tsohle tse beang peō, tse kahohle lefatšeng, le sefate se seng le se seng se beang litholoana tse nang le peō, e be lijo tsa lōna. Empa ha e le liphoofolo tsohle tsa lefatše, le tse rurang tsohle tsa maholimo, le lihahabi tsohle tsa lefatše, tse utloang, ke li neile joang bohle bo botala, e be lijo tsa tsona. ’Me ha e-ba joalo.”—Genese 1:26-30.

Litebello Tse Neng li Larile ka Pel’a Batho ba Babeli ba Pele

14. Ka tlhohonolofatso ea Molimo, ke bokamoso bofe bo neng bo larile ka pel’a monna le mosali ea phethahetseng, ’me ke eng eo ka nepo ba neng ba ka ipona ba le ho eona?

14 E ne e le ntho e babatsehang hakaakang ho motho eo ea phethahetseng le mosali oa hae ea phethahetseng ho utloa lentsoe la Molimo le bua le bona, le ba bolella seo ba lokelang ho se etsa ’me le ba hlohonolofatsa! Ka tlhohonolofatso ea Molimo, bophelo e ne e ke ke ea e-ba lefeela, empa ba ne ba tla nolofalloa ho etsa seo ba neng ba bolelloa ho se etsa. Ke bokamoso bo hlollang hakaakang bo neng bo larile ka pel’a bona! Ha batho ba babeli ba nyalaneng ka thabo ba ntse ba eme moo lehaeng la bona, serapeng sa Edene, mohlomong ba ne ba thuisa ka se neng se tla etsahala ha ba ntse ba phetha thato ea Molimo bakeng sa bona. Ha leihlo la bona la kelello le talima bokamosong bo hōle, ba ne ba sa bone feela “tšimo Edene ka ’nģa Bochabela,” empa ba ne ba bona lefatše lohle le tletse banna le basali ba khanyang thabo lifahlehong. (Genese 2:8) Pelo ea monna le mosali e ne e tla tlōla ke thabo ha ba hopola hore bana bohle ke bana ba bona, litloholo tsa bona. Bohle ba ne ba phethahetse, ba se na sekoli sebopehong le kahehong ea ’mele, ba e-na le bocha bo sa feleng bo neng bo tletse bophelo bo botle le thabo ea ho phela, kaofela ha bona ba bontša lerato le phethahetseng e mong ho e mong, kaofela ba kopane ba rapela ’Mōpi oa bona e moholo, Ntat’a bona oa leholimo, ba etsa sena hammoho le ntat’a bona le ’m’a bona ba pele ba batho. E tlameha e be lipelo tsa monna le mosali oa pele li ile tsa kokomoha hakaakang ke thabo ha ba hopola ho ba le lelapa le joalo!

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho tla ba le lijo tse ngata bakeng sa lelapa la batho? (b) Ha lelapa le thabileng le ntse le eketseha ka lenane, mosebetsi oa bona ka ntle ho serapa sa Edene e ne e tla ba ofe?

15 Ho ne ho tla ba le lijo tse ngata bakeng sa setho se seng le se seng sa lelapa lena la batho le tletseng lefatše lohle. Qalong feela ho ne ho e-na le lijo tse ngata, hona moo serapeng sa Edene. Molimo o ne o ba hlokometse o bile o ba file limela tsohle tse behang peō hore li sebetse e le lijo tse tlisang bophelo bo botle, tse matlafatsang bophelo, hammoho le lifate tse behang litholoana.—Bapisa Pesaleme ea 104:24.

16 Ha lelapa la bona le thabileng le ntse le eketseha ka lenane, ba ne ba tla atolosetsa serapa seo mafatšeng a ka ’nģane ho meeli ea Edene, hobane mantsoe a Molimo a bontša hore ka ntle ho serapa sa Edene, lefatše le ne le le boemong bo sa lokisoang. Bonyane le ne le sa hlokomeloa ’me le ne le sa tlisoa boemong bo phahameng ba temo bo tšoanang le bo neng bo khetholla serapa sa Edene. Ke ka hona ’Mōpi oa bona a ileng a ba bolella hore ba “rene” lefatšeng ha ba ntse ba le tlatsa.—Genese 1:28.

17. Ke hobane’ng ha ho ne ho tla ba le lijo tse ngata bakeng sa baahi ba ntseng ba eketseha, ’me qetellong ke eng e neng e tla pharalla ha serapa seo se atolosoa?

17 Ha balemi le bahlokomeli ba phethahetseng ba ntse ba atolosa serapa, lefatše leo ba renang ho lona le ne le tla beha haholo bakeng sa baahi ba ntseng ba eketseha. Qetellong, serapa se ntseng se hōla butle-butle se ne se tla koahela lefatše lohle, ’me paradeise ea lefatše ka bophara e ne e tla pharalla, e be lehae le atlehileng la batho ka ho sa feleng. E ne e tla ba sebaka se setle ha se talingoa ho tsoa leholimong, ’me ’Mōpi oa leholimo o ne a ka se phatlalatsa se le setle haholo.—Bapisa Jobo 38:7.

18. Ke hobane’ng ha serapa sa lefatše ka bophara sa Edene se ne se ke ke sa e-ba le pherekano, ’me ke khotso efe e neng e tla pharalla?

18 Kaofela ha lona le ne le tla ba le khotso ’me le hloke pherekano joaloka serapa sane sa Edene seo monna le mosali ba neng ba sa tsoa nyalana ba ileng ba iphumana ba le ho sona. Ho ne ho ke ke ha hlokahala hore motho eo oa pele, Adama, a tšohe hore liphoofolo tseo kaofela le libopuoa tse fofang tseo a neng a li lebela a bile a li rehile mabitso li ne li ka mo ntša kotsi. Joaloka ntat’a bona le ’m’a bona ba pele ba batho, baahi bao ba phethahetseng ba Paradeise ea lefatše ka bophara ba ne ba tla busa litlhapi tsa leoatle, libopuoa tse fofang tsa maholimo, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaeang lefatšeng, esita le libatana tse hlaha tsa naha. Ka boikutlo ba tlhaho ba ho ba ka tlas’a motho, ea neng a bōpiloe “ka setšoantšo sa Molimo,” libopuoa tsena tse tlaasana tse phelang li ne li tla lula le eena ka khotso. Benghali ba tsona ba batho ba mosa, ba phethahetseng, ha ba busa libopuoa tsena tse tlaasana tse phelang, ba ne ba tla hōlisa boemo ba khotso har’a liphoofolo tse bōpiloeng. Tšusumetso ea khotso ea benghali bana ba batho ba kang Molimo e ne e tla pharalla ho sireletsa libopuoa tsena tse phelang tse tlaasana tse khotsofetseng. Ka holim’a tsohle, batho ba phethahetseng ba ne ba tla ba le khotso le Molimo, oo tlhohonolofatso ea oona e neng e ke ke ea tlosoa ho bona le ka mohla.—Bapisa Esaia 11:9.

Molimo o Phomola Mesebetsing ea Oona ea Pōpo

19. (a) Mabapi le morero oa Molimo, e tlameha e be monna le mosali oa pele ba ile ba hlokomela eng? (b) Molimo o ile oa bontša eng mabapi le nako?

19 Kaha batho ba babeli ba phethahetseng ba ne ba tla thuisa ka ponahalo ea lefatše e phethahetseng ho latela morero oa Molimo, ba ne ba tla hlokomela ntho e ’ngoe. Hore ba phethe taelo ena e tsotehang e tsoang ho Molimo ho ne ho tla hloka nako. Nako e kae? ’Mōpi oa bona le Ntate oa leholimo o ne a tseba. O ile a ba bontša hore letoto le leholo la matsatsi a pōpo joale le ne le fihlile qetellong hape le hore ba ne ba fihletse “mantsiboea,” nako e qalang letsatsi le lecha ho latela tsela eo Molimo o tšoaeang matsatsi a pōpo ka eona. E ne e tla ba letsatsi le hlohonolofalitsoeng le khethetsoeng morero oa Molimo o hloekileng, o lokileng. Motho ea phethahetseng, moprofeta oa Molimo, o ile a hlokomela sena. Tlaleho e bululetsoeng ea re bolella:

20. Tlaleho ea Bibele e re’ng mabapi le “letsatsi la bosupa”?

20 “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo. ’Me ha e-ba mantsiboea, ha e-ba hosasa: e bile letsatsi la botšelela. Maholimo a phethoa joalo, le lona lefatše le lintho tsohle tsa teng. Molimo oa phetha ka tsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; ’me ka tsatsi la bosupa oa phomola mosebetsing oohle oo o o entseng. Molimo oa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, ’me oa le khetha, hobane o phomotse ka lona mosebetsing oohle oo Molimo o o entseng ka ho o sebetsa. Ke tsena litaba tsa ho hlaha ha maholimo le ha lefatše mohla li bōpjoang. Mohla Jehova Molimo a etsang lefatše le maholimo.”—Genese 1:31–2:4.

21. (a) Na Bibele e bolela hore Molimo o ile oa phetha letsatsi la oona la phomolo le hore le ne le le molemo haholo? Hlalosa. (b) Ho phahama lipotso life?

21 Tlaleho ha e re bolelle hore Molimo o ile oa phetha letsatsi la oona la phomolo ’me oa bona hore le ne le le molemo haholo le hore ho ile ha tla mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la bosupa. Hore le tšoane le matsatsi a tšeletseng a pōpo a tlileng pele ho lona, joale letsatsi la bosupa le lona le lokela ho phatlalatsoa le le molemo haholo, kaha ha le e-s’o fele. Na ho tla fihlela hona joale Jehova Molimo a ka phatlalatsa letsatsi leo le le molemo haholo? Na ho eena e bile letsatsi la ho phomola ka khotso ho tla fihlela joale? Ho thoe’ng ka tebello e hlasimollang pelo eo monna le mosali oa pele ba neng ba ipona ba le ho eona letsatsing la lenyalo la bona Paradeiseng? A re boneng ha pono e koaholloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ana ke mabitso a fumanoang mongolong oa Seheberu o ho Genese le libukeng tse ling tse bululetsoeng tsa Mangolo a Seheberu.

U ne u Tla Arabela Joang?

◻ Molimo o ile oa fa Adama mosebetsi ofe ho phaella ho oa ho hlokomela serapa, ’me see se ne se akarelletsa eng?

◻ Tlaleho ea pōpo e ho Genese 1:1-25 e ile ea senola eng?

◻ Mosali oa pele oa motho o ile a bōptjoa joang, ’me Adama o ile a itšoara joang letsatsing la lenyalo la bona?

◻ Ke litebello life tse neng li larile ka pel’a batho ba babeli ba pele?

◻ Molimo o ile oa bontša joang hore letoto le leholo la matsatsi a pōpo le ne le atametse qetello e ’ngoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela