Letsatsi la Lechato—Lea Thabisa Empa le Hloka Lintho Tse Ngata
BIBELE e bontša hore ke Jehova Molimo—ea tsebang batho ho feta leha e le mang—ea ileng a nyalisa batho ba pele. O ile a etsa lenyalo motheo oa sechaba. (Genese 2:18-24) Hape, ka Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo e leng Bibele, re fumana melao-motheo e sa tšoaneng e ka re thusang ho re tataisa ha re rera ho chata.
Ka mohlala, Jesu o ile a re Bakreste ba lokela ho ‘lefa Cesare lintho tsa Cesare.’ (Matheu 22:21) Ka hona, ba lokela ho boloka molao oa naha. Lenyalo le molaong le sireletsa ba nyalanang ka litsela tse ngata, tse kang ho totobatsa boikarabelo ba ho hlokomela bana (ho akarelletsa ho ba hlokomela ka litlhoko tsa motheo le thuto) le tokelo ea ho ja lefa. Ho boetse ho na le melao e reretsoeng ho sireletsa litho tsa lelapa ho hlekefetsoeng le ho sebelisoeng hampe.a
Litokisetso
Hang ha ho entsoe qeto ea hore baratani ba tla nyalana ’me lenyalo la bona e tla ba le lumellanang le melao le melao-motheo ea Bibele hammoho le melao ea naha, ke lintho life tsa bohlokoa tseo ho lokelang ho nahanoe ka tsona? Har’a tsona ke letsatsi leo ho tla chatoa ka lona le hore na ho tla etsoa mokete oa mofuta ofe.
Buka e ’ngoe ha e bua ka taba ena e re: “Ho ka etsahala hore likhopolo tsa banyalani li fapane le tsa batsoali ba bona, ’me ba ka ’na ba sitoa ho etsa qeto ea hore na ba khetha hofe pakeng tsa seo ba se batlang le se batloang ke malapa abo bona.” Ho ka etsoa eng? “Ha ho na tharollo e bonolo ho sena haese ho mamela ka hloko, ho buisana ka mathata le ho fihlela tumellano e itseng. Ena ke nako e boima maikutlong a e mong le e mong, ’me ho nahanela pele le kutloisiso li ka thusa haholo ho etsa hore litokisetso li be bonolo.”—The Complete Wedding Organiser and Record.
Le hoja batsoali ba lerato ba ka etsa ho hongata ho tiisa hore letsatsi leo lea atleha, ba lokela ho loantša teko ea ho batla hore ho etsoe thato ea bona. Ka lehlakoreng le leng, le hoja monyali le monyaluoa e le bona ba tla etsa qeto ea ho qetela, ba lokela ho mamela keletso eo ba e fuoang ka sepheo se setle. Ha ba etsa qeto ea hore na ba amohele tlhahiso efe, e tla ba hantle ha banyalani ba ka hopola keletso ena ea Bibele: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse molemo. Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse hahang. E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:23, 24.
Litokisetso li akarelletsa mesebetsi e fapaneng, ho qala ka ho romela limemo ho isa ho hlophiseng mokete oa lijo. H. Bowman bukeng ea hae ea Marriage for Moderns o re: “Ha litokisetso li etsoa ka mokhoa o hlophisehileng, ho sebelisoa ponelo-pele le ho rera lintho hantle, mokhathala le khatello ea kelello li tla fokotseha.” Oa lemosa: “Esita le tlas’a maemo a laolehileng hantle, ho ntse ho ka ba le mokhathala o itseng, ’me ke bohlale ho etsa boiteko bohle bo utloahalang ho o fokotsa.”
Ho tla ba le mesebetsi e lokelang ho etsoa le baeti ba lokelang ho amoheloa ka mofuthu. Na metsoalle le litho tsa lelapa ba ka ithaopela ho thusa tabeng ee? Na ba bang ba ka fuoa boikarabelo ba ho etsa lintho tse ling tseo ho sa hlokahaleng hore ka ho khetheha li etsoe ke monyali le monyaluoa?
Litšenyehelo
Ke habohlokoa ho rera ho sebelisa chelete e itekanetseng. Hase ho nahanela kapa hona ho bontša lerato ho lebella hore banyalani kapa batsoali ba bona ba kene sekolotong sa ho etsa lenyalo le ka nģ’ane ho matla a bona. Batho ba bangata ba ka khonang ho etsa lechato le majabajaba ba ntse ba khetha ho etsa le itekanetseng. Leha ho le joalo, banyalani ba bang ba ho fumane e le thuso ho ba le lethathamo la litšenyehelo tse hakantsoeng le la theko ea sebele ea lintho tseo. Ho ka boela ha e-ba molemo ho ba le lethathamo la matsatsi ao ka ’ona lintho tsohle li lokelang hore ebe li hlophisitsoe. Ho leka ho hopola tsohle ka hlooho ho ka imetsa kelello haholo.
Lechato le tla hloka chelete e kae? Chelete e fapana ho ea ka libaka, empa ho sa tsotellehe hore na le sebakeng sefe, e tla ba bohlale ho ipotsa: ‘Na re tla khona ho lefella lintho tsohle tseo re li batlang? Na ka sebele lia hlokahala?’ Tina, eo e sa tsoa ba monyaluoa, o ile a re: “Tse ling tsa lintho tseo ka nako eo li neng li bonahala li ‘hlokahala joang kapa joang,’ li ile tsa qetella li sa hlokahale.” Nahana ka keletso ea Jesu: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Haeba le ke ke la khona ho lefella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e ratang, fokotsang tse ling. Esita le haeba le ka khona ho lefella tse eketsehileng, le ntse le ka khetha hore le be le lintho tse itekanetseng.
Italy, pontšo e ileng ea etsoa bakeng sa ho buella litšebeletso le thepa tsa machato e ile ea fana ka khakanyo ea chelete eo monyaluoa oa Italy ea tloaelehileng a ka e sebelisang. Litlolo le ho lokisa moriri, R4 000; ho hira koloi e majabajaba, R2 700; video ea letsatsi leo, R5 500; albamo ea lenyalo (ho sa kenyelletsoa lifoto), R1 150-4 550; lipalesa, li qala ka R5 500; mokete, R400-800 motho ka mong; mose oa monyaluoa, e ka ba R11 000 ho ea holimo. Ha ho nahanoa hore na ketsahalo ena ke ea bohlokoa hakae, hoa utloahala hore batho ba ba le takatso ea ho etsa lintho tse khethehileng. Empa ntho leha e le efe e etsoang e lokela ho ba e leka-lekaneng.
Le hoja ba bang ba sebelisa chelete e ngata, ba bang ba khotsofalla ho baballa chelete—kapa ba etsa joalo hobane ba se na boikhethelo. Monyaluoa e mong o ile a re: “Ka bobeli re ne re le bo-pula-maliboho [baevangeli ba nako e tletseng], ’me re ne re se na chelete, empa seo e ne e se sona sa bohlokoa. ’Mè-matsale o ile a nthekela lesela la mose, ’me oa rōkoa ke motsoalle e mong e le mpho ea lechato. Limemo li ile tsa ngoloa ke monna oa ka ka letsoho, ’me motsoalle e mong oa rōna oa Mokreste a re alima koloi. Bakeng sa mokete oa lijo, re ile ra reka lintho tse hlokahalang, ’me motho e mong a re fa veine. Lintho e ne e se tse majabajaba, empa li ne li lekane.” Ho latela monyali e mong, ha lelapa le metsoalle ba fana ka thuso e hlokahalang, “litšenyehelo li fokotseha haholo.”
Ho sa tsotellehe hore na boemo ba bona ba lichelete ke bofe, banyalani ba Bakreste ba tla batla ho qoba lintho leha e le life tse feteletseng, tsebolefatše kapa tsapontšo ea mponeng. (1 Johanne 2:15-17) E ka ba ho soabisang hakaakang hore ketsahalo e thabisang joaloka ea lechato e etse hore motho a tlōle litekanyetso tsa Mangolo tsa ho ba ea itekanetseng, tse lemosang hore batho ba se ke ba ja ho tlōla, ba se ke ba noa ho tlōla kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore motho a ‘nyatsehe’!—Liproverbia 23:20, 21; 1 Timothea 3:2.
Qobang tloaelo ea ho leka ho ba le mokete oa lechato o moholoanyane le o motle ho feta oa ba bang. Nahanang ka masira a mahalihali a banyaluoa ba babeli ba naheng e ’ngoe—lesira la e mong le ne le le bophara ba limithara tse 13 ’me le le boima ba lik’hilograma tse 220; le leng lona le ne le le bolelele ba limithara tse 300 ’me le hloka hore le tšoaroe ke baetsana ba 100. Na e ne e tla ba ho tumellanong le keletso ea Bibele ea ho ba ba nang le kahlolo e molemo ho etsisa lipontšo tse joalo tsa mponeng?—Bafilipi 4:5.
Na ho Lokela ho Lateloe Tloaelo?
Lintho tse tloaetseng ho etsoa lechatong li fapana ho ea ka linaha, ka hona, ho thata ho bua ka tsona kaofela. Ha ba etsa qeto ea hore na ba tla latela litloaelo life, e tla ba hantle ha banyalani ba ka ipotsa: ‘Tloaelo ee e emela eng? Na e amana le tumela-khoela e itseng ea ho lakaletsoa mahlohonolo kapa pelehi—joaloka tloaelo ea ho fafatsa banyalani ka raese? Na e amana le bolumeli ba bohata kapa mokhoa o mong o nyatsuoang ke Bibele? Na e bontša ho ba le kahlolo e molemo kapa e bontša ho hloka lerato? Na e ka soabisa kapa hona ho khopisa ba bang? Na e ka tsosa lipelaelo tse itseng tsa hore na sepheo sa banyalani ke sefe? Na e feteletse?’ Haeba ho e-na le lipelaelo tse itseng ho tse ling tsa lintlha tsena, ho ka ba molemo ho qoba tloaelo e joalo ’me haeba ho hlokahala, tsebisang bamemuoa nako e sa le teng ka qeto ea lōna.
Nyakallo le Maikutlo
Lechatong, maikutlo e ka ba a fapaneng, a thabo e khōlō le a lillo. Monyaluoa e mong o re: “E ne e le thabo ka hohle, e ne eka toro ea phethahala.” Empa monyali eena oa hopola: “E bile letsatsi le lebe ka ho fetisisa empa hape ea e-ba le molemo ka ho fetisisa bophelong ba ka. Ba bohoeng ba ne ba lla haholo hobane ke ne ke nka morali oa bona oa letsibolo, mosali oa ka o ile a lla ha a bona batsoali ba hae ba lla ’me qetellong le ’na ka sitoa ho itšoara ’me ka lla.”
Ho itšoara ha batho ka tsela ena ha hoa lokela ho tlisa tšabo—ho bakoa ke khatello ea kelello. Ebile ha hoa tlameha hore ho makatse ha ka linako tse ling ho e-ba le tsitsipano e itseng pakeng tsa litho tsa lelapa, esita le pakeng tsa banyalani ka bobona. The Complete Wedding Organiser and Record e re: “Etsoe ho ka etsahala hore ebe ke phihlelo ea bona ea pele eo ba rerang ketsahalo e khōlō hammoho, ’me pherekano e ka ’na ea ama kamano ea bona ka tsela e itseng. Ha ho thuse ho koatela taba ea hore lintho ha li tsamaee ka tsela eo ho neng ho nahannoe ka eona; ho kōpa keletso le tšehetso nakong e tjena ho ka ba molemo haholo.”
Monyali e mong o itse: “Ntho eo nka beng ke ile ka e ananela haholo, eo le kajeno ke llelang hore ha kea ka ka ba le eona, ke motho ea neng a ka nkeletsa le eo ke neng nka mo phetlela sefuba.” Ke mang ea ka phethang karolo eo ho feta motsoalle ea hōlileng tsebong kapa mong ka uena kapa motho e mong ea nang le phihlelo ka phuthehong ea Bokreste?
Ha batsoali ba bona ngoana oa bona a e-tsoa motse, ba ka ’na ba lubakana maikutlo ke thabo, ho ba motlotlo, ho hloloheloa linako tse fetileng le ho tlala tšabo. Leha ho le joalo, ka ho hloka boithati bohle ba lokela ho lemoha hore joale nako e fihlile ea hore ngoana oa bona a ‘siee ntat’ae le ’m’ae’ ’me a khomarele molekane oa hae ’me ‘e be nama e le ’ngoe’ joalokaha Mōpi a rerile. (Genese 2:24) Ha a bua ka tsela eo a neng a ikutloa ka eona ha mora oa hae oa letsibolo a nyala, ’mè e mong oa hopola: “Ke ile ka lla, empa ho phaella maikutlong ao a ka a bohloko, ke ne ke boetse ke llisoa ke thabo ea ho fumana ngoetsi eo ke neng ke e rata haholo.”
Ho etsa hore mokete ona e be o thabisang le o hahang, batsoali—feela joaloka monyali le monyaluoa—ba lokela ho bonahatsa litšobotsi tsa Bokreste tsa tšebelisano, khutso, ho hloka boithati le ho amohela maikutlo a ba bang.—1 Bakorinthe 13:4-8; Bagalata 5:22-24; Bafilipi 2:2-4.
Banyaluoa ba bang ba ba le tšabo ea hore ho tla ba le ho itseng ho sa tsamaeeng hantle ka letsatsi la bona la lechato—mohlomong hore lebili la koloi le tla pancha ’me ba fihle moketeng ka mor’a nako, hore boemo ba leholimo bo tla hloenya, kapa hore mose oa lenyalo o tla senyeha ka tsela e ke keng ea lokisoa motsotsong oa ho qetela. Mohlomong ho ke ke ha etsahala le e ’ngoe feela ea lintho tsena. Leha ho le joalo, talima litaba ka leihlo la sebele. Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tsamaeang hantle. Bothata bo lokela ho amoheloa ha bo hlaha. (Moeklesia 9:11) Leka hore u se ke ua sosobanya sefahleho ha ho hlaha mathata, ’me u be le tšepo ea hore lintho li tla loka. Haeba ho ka ba le ho sa tsamaeeng hantle, hopola hore lilemong tse tlang, u ka ’na ua e tšeha ha u se u e phetela ba bang. U se ke ua lumella mathata a fokolang a hlahang hore a senye thabo ea lechato ka bolona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tabeng ena, linaha tse sa tšoaneng li hanela sethepu, ho kopanela likobo le mong ka motho ea haufi, ho qhekella, pefo lenyalong le ho nyala bana.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
“Tse ling tsa lintho tseo ka nako eo li neng li bonahala li ‘hlokahala joang kapa joang,’ li ile tsa qetella li sa hlokahale.”—TINA, MONYALUOA
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]
MOHLALA OA LETHATHAMO LA LITOKISETSOb
Likhoeli tse tšeletseng kapa pele ho moo
❑ Tšohlang lintho tseo le rerang ho li etsa le eo e tla ba monna oa hao kapa mosali oa hao, batsoali ba hao le ba bohoeng kapa ba bohali
❑ Etsang qeto ea hore na le batla lechato la mofuta ofe
❑ Hlahlobang hore na le hloka chelete e kae
❑ Hlahlobang hore na molao o hloka hore le etse eng
❑ Beheletsang sebaka seo mokete oa lechato o tla ba ho sona
❑ Buisanang le ea tla nka lifoto
Likhoeli tse ’nè
❑ Khethang (liaparong tseo le nang le tsona), rekang kapa le rōke liaparo tseo le tla li apara ha le chata
❑ Odarang lipalesa
❑ Khethang le ho odara limemo
Likhoeli tse peli
❑ Romelang limemo
❑ Rekang lireng
❑ Fumanang litokomane tse hlokahalang
Khoeli
❑ Itekanyeng liaparo tseo le tla li apara ha le chata
❑ Tiisang hore tse odaroang li odariloe ’me litaetsano li phethoa ho ea kamoo li reriloeng kateng
❑ Ngolang mangolo a lebohang bao le seng le fumane limpho tsa bona
Libeke tse peli
❑ Qalang ho thothela lintho tsa lōna sebakeng se secha seo le il’o lula ho sona
Beke
❑ Etsang bonnete ba hore batho bohle ba tlil’o le thusa ba tseba hantle seo ba tlamehang ho se etsa
❑ Etsang litokisetso tsa ho khutlisoa ha lintho leha e le life tse hiriloeng kapa tse alimiloeng
❑ Abelang ba bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokelang ho etsoa
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Lethathamo lena le ka fetoloa hore le lumellane le se hlokoang ke molao oa sebaka ka seng le ho latela maemo a batho ka bomong.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang”