Karolo 24
Pauluse o Ngolla Liphutheho
Mangolo a Pauluse a matlafatsa phutheho ea Bakreste
PHUTHEHO ea Bakreste e neng e sa tsoa thehoa e ne e tla khatha tema e khōlō ho phethahatsa morero oa Jehova. Empa kapele-pele Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlaseloa. Na ba ne ba tla lula ba tšepahala ho Jehova le hoja ba hlorisoa ke batho ba ka ntle ho phutheho ’me ka har’a phutheho ba thulana le maemo a sa hlokomeleheng a ka ’nang a ba kotsi? Mangolong a Segerike a Bakreste ho na le mangolo a 21 a fanang ka keletso le khothatso.
Mangolo a 14—a qalang ka Baroma ho ea ho Baheberu—a ngotsoe ke moapostola Pauluse. A reheletsoe ka batho ba a ngoletsoeng—ebang ke batho ba itseng kapa litho tsa phutheho e itseng. Hlokomela tse ling tsa litaba tseo Pauluse a li ngotseng mangolong ao.
Keletso e mabapi le mekhoa e metle le boitšoaro. Ba etsang bohlola, bofebe le libe tse ling tse khōlō “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-21; 1 Bakorinthe 6:9-11) Barapeli ba Molimo e tlameha ho ba ngatana-’ngoe ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe. (Baroma 2:11; Baefese 4:1-6) Ba lokela ho itella ho thusa balumeli ba bang ha ba hloka. (2 Bakorinthe 9:7) Pauluse o ile a re ba ‘rapele ba sa phetse.’ Ha e le hantle, a ba khothalletsa hore ba phetlele Jehova sefuba ha ba rapela. (1 Bathesalonika 5:17; 2 Bathesalonika 3:1; Bafilipi 4:6, 7) E le hore Molimo a utloe lithapelo tsa bona, ba lokela ho rapela ka tumelo.—Baheberu 11:6.
Malapa a tla thusoa ke’ng hore a momahane? Banna ba lokela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Basali ba lokela ho bontša banna ba bona tlhompho e tebileng. Bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona hobane sena se khahlisa Molimo. Batsoali ba lokela ho laea bana ba bona ka lerato, ba sebelisa melao-motheo ea Molimo.—Baefese 5:22–6:4; Bakolose 3:18-21.
Bakreste ba thusoa ho utloisisa morero oa Molimo. Litaelo tse ngata Molaong oa Moshe li ne li sireletsa le ho tataisa Baiseraele ho fihlela Kreste a fihla. (Bagalata 3:24) Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore Bakreste ba boloke Molao oo ha ba sebeletsa Molimo. Ha Pauluse a ngolla Baheberu—bao e neng e le Bakreste ba hōlisitsoeng ka melao ea Bajuda—o ile a ba thusa hore ba utloisise Molao le hore na Kreste o phetha morero oa Molimo joang. Pauluse o ile a hlalosa hore litaelo tse ngata Molaong, e ne e le tsa boprofeta. Ka mohlala, mahlabelo a liphoofolo a ne a tšoantšetsa lefu la Jesu la sehlabelo, le neng le tla etsa hore batho ba tšoareloe libe ka ho feletseng. (Baheberu 10:1-4) Ka lefu la Jesu, Molimo o ile a hlakola selekane seo sa Molao hobane se ne se feletsoe ke nako.—Bakolose 2:13-17; Baheberu 8:13.
Keletso ea kamoo phutheho e ka hlophisoang ka nepo. Banna ba ratang ho ba le boikarabelo ka phuthehong ba lokela ho ba le boitšoaro bo botle ’me ba be le makhabane a bontšitsoeng ka Bibeleng. (1 Timothea 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Barapeli ba Jehova Molimo ba lokela ho bokana kamehla le balumeli-’moho le bona e le hore ba khothatsane. (Baheberu 10:24, 25) Liboka tsa borapeli e lokela ho ba tse matlafatsang le tse rutang.—1 Bakorinthe 14:26, 31.
Ha Pauluse a ngola lengolo la bobeli mangolong a hae a mabeli a eang ho Timothea, o ne a khutletse Roma; a le chankaneng, a emetse kahlolo. Ke batho ba seng bakae feela ba sebete ba ileng ba ipeha kotsing ka hore ba mo etele. Pauluse o ne a tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane. O ile a re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.” (2 Timothea 4:7) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a bolaeloa tumelo nakoana ka mor’a moo. Empa mangolo a hae a ntse a tataisa barapeli ba Molimo ho fihlela kajeno.
—E thehiloe ho Baroma; 1 le 2 Bakorinthe; Bagalata; Baefese; Bafilipi; Bakolose; 1 le 2 Bathesalonika; 1 le 2 Timothea; Tite; Filemone; Baheberu.
◼ Mangolo a Pauluse a fana ka keletso efe tabeng ea mekhoa e metle le boitšoaro?
◼ Pauluse o ile a thusa Bakreste joang hore ba utloisise kamoo Kreste a phethang morero oa Molimo?
◼ Pauluse o ile a fana ka keletso efe ea kamoo phutheho e ka hlophisoang ka nepo?
[Lebokose le leqepheng la 28]
PEŌ E TŠEPISITSOENG KE MANG?
Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Molimo o ile a bua a tšoantšetsa ha a re ho noha: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Mangolo a re Diabolose ke “noha ea pele.” (Tšenolo 12:9) Taba ea hore na Peō e tšepisitsoeng ea Molimo kapa Molopolli ke mang, e bile sephiri se ’nileng sa senoloa ka Bibeleng butle-butle ka lilemo tse makholo.
Lilemo tse ka bang 2 000 ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Molimo o ile a bolela hore Peō e tšepisitsoeng e tla tsoa lelokong la Abrahama. (Genese 22:17, 18) Lilemo tse makholo ka mor’a moo, moapostola Pauluse o ile a bolela hore Mesia, e leng Jesu Kreste ke karolo ea pele ea Peō eo. (Bagalata 3:16) Tumellanong le Genese 3:15, Jesu o ile a longoa “serethe” ka tsela ea tšoantšetso ha a ne a bolaoa. Leha ho le joalo, Molimo o ile a tsosa Jesu eo ea ileng a “phelisoa moeeng.”—1 Petrose 3:18.
Molimo o ne a boetse a rerile hore batho ba 144 000 e tla ba karolo ea bobeli ea peō eo. (Bagalata 3:29; Tšenolo 14:1) Ba tsosetsoa hore e be batho ba moea e le majalefa le Kreste ’Musong oa leholimo.—Baroma 8:16, 17.
Kaha Jesu ke Morena leholimong, haufinyane o tla felisa peō ea Diabolose—e leng batho ba khopo le bademona ba mo latelang. (Johanne 8:44; Baefese 6:12) Puso ea Jesu e tla tlisetsa batho bohle ba mamelang khotso le thabo. Qetellong o tla “khoba hlooho” ea noha, a e felise ka ho feletseng.—Baheberu 2:14.
[Chate e leqepheng la 27]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma ●
1 Bakorinthe ●
2 Bakorinthe ●
Bagalata ●
Baefese ●
Bafilipi ●
Bakolose ●
1 Bathesalonika ●
2 Bathesalonika ●
1 Timothea ●
2 Timothea ●
Tite ●
Filemone ●
Baheberu ●
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo
[Chate e leqepheng la 28]
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
● Baroma
● 1 Bakorinthe
● 2 Bakorinthe
● Bagalata
● Baefese
● Bafilipi
● Bakolose
● 1 Bathesalonika
● 2 Bathesalonika
● 1 Timothea
● 2 Timothea
● Tite
● Filemone
● Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo
[’Mapa o leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mangolo ao Pauluse a a Ngotseng Hoo e ka Bang ka 50-65 C.E.
● Libaka tseo Pauluse a neng a le ho tsona ha a ngola mangolo a hae
(?) Ha ho na bonnete ba hore na o ne a le ngola a le hokae
ITALY
● ROMA
Baefese
Bakolose
Filemone
Bafilipi
Baheberu
2 Timothea
Sicily
● MACEDONIA
2 Bakorinthe
1 Timothea
Tite (?)
Filipi
Thesalonika
GREECE
● KORINTHE
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
Baroma
Kreta
● EFESE
1 Bakorinthe
Kolose
GALATIA
● ANTIOKE
Bagalata (?)
Cyprase
Jerusalema
EGEPETA
LEOATLE LA MEDITERRANEAN