Khaolo 11
Tumellano ea Bibele ka Kakaretso
Nahana ka pokello ea libuka tse 66 tse ngotsoeng ke batho ba ka bang 40 ba fapaneng ka nako ea lilemo tse 1 600. Lipuo tse tharo li ile tsa sebelisoa ke lingoli tse neng li phela linaheng tse ’maloa. Lingoli tseo kaofela li ne li e-na le botho, matla, le limelo tse fapaneng. Empa ha libuka tseo li li ngotseng li bokelloa hammoho qetellong, ho ile ha fumaneha hore, ha e le hantle, li ne li bōpa buka e le ’ngoe feela e khōlō e latelang sehlooho se le seng sa motheo ho tloha qalong ho ea qetellong. Ho thata ho nahana hoo, na ha ho joalo? Leha ho le joalo, Bibele e hlile ke eona pokello e joalo ea libuka.
1. (Akarelletsa kenyelletso.) Ke tumellano efe e hlollang e tiisang ’nete ea hore Bibele e bululetsoe ke Molimo?
HA HO seithuti leha e le sefe se tšepahalang se ke keng sa khahloa ke ’nete ea hore Bibele, le hoja e le pokello ea libuka tse fapaneng, ke buka e le ’ngoe e lumellanang. E lumellana ka hore, ho tloha qalong ho ea qetellong, e khothalletsa borapeli ba Molimo o le mong feela oo le ka mohla litšobotsi tsa oona li sa fetoheng, ’me libuka tsa eona kaofela li hōlisa sehlooho se le seng se seholo. Tumellano ena e akaretsang ke bopaki bo matla ba hore, ka sebele, Bibele ke Lentsoe la Molimo.
2, 3. Ke boprofeta bofe bo boletsoeng Edene bo neng bo fana ka motheo oa tšepo, ’me ke maemo afe a ileng a lebisa ho boleloeng ha boprofeta boo?
2 Sehlooho sa motheo sa Bibele se tsebahalitsoe likhaolong tse qalang tsa buka ea eona ea pele feela, Genese. Mono, re bala hore batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba bōpiloe ba phethahetse ’me ba behoa tšimong ea paradeise, Edene. Leha ho le joalo, Eva o ile a atameloa ke noha, e ileng ea phephetsa ho nepahala ha melao ea Molimo ’me ea mo eka ka mashano a monate hore a kene tseleng ea sebe. Adama o ile a mo latela ’me le eena a se ke a utloa Molimo. Phello? Ka bobeli ba ile ba lelekoa Edene ’me ba ahloleloa lefu. Kajeno rōna re hlokofatsoa ke liphello tsa borabele boo ba pele. Kaofela re futsitse sebe le lefu ho batsoali ba rōna ba pele.—Genese 3:1-7, 19, 24; Ba-Roma 5:12.
3 Leha ho le joalo, ka nako eo e bohloko, Molimo o ile oa bolela boprofeta bo neng bo fana ka motheo oa tšepo. Boprofeta bo ile ba bolelloa noha, empa bo ile ba boleloa Adama le Eva ba ntse ba utloa e le hore ba ka bo phetela bana ba bona. Molimo o ile oa bua tjena: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Genese 3:15; Ba-Roma 8:20, 21.
4. Ke libopuoa life tse boletsoeng boprofeteng ba Jehova Edene, ’me li ne li tla tšoarana joang ho theosa le makholo a lilemo?
4 Hlokomela libopuoa tse ’nè tseo ho buuoang ka tsona temaneng ena ea sehlooho: noha le peō ea eona hammoho le mosali le peō ea hae. Libopuoa tsena li ne li tla phetha karolo e ka sehloohong liketsahalong ka likete tsa lilemo tse tlang. Bora bo ne bo tla lula bo ntse bo le teng ka mehla pakeng tsa mosali le peō ea hae ka lehlakoreng le leng le noha le peō ea eona ka ho le leng. Bora bona bo ne bo tla akarelletsa khohlano e tsoelang pele pakeng tsa borapeli ba ’nete le ba bohata, boitšoaro bo nepahetseng le bokhopo. Ka nako e ’ngoe, noha e ne e tla fumana ho neng ho tla bonahala eka ke tlhōlo ha e loma serethe sa peō ea mosali. Empa, qetellong peō ea mosali e ne e tla khoba noha hlooho, ’me Molimo ka booona o ne o tla tlotlisoa ha mesaletsa eohle ea borabele boo ba qalong e tlositsoe.
5. Re tseba joang hore Eva e ne e se mosali ea boleloang boprofeteng?
5 Mosali le noha ke bo-mang? ’Me lipeō tsa bona ke bo-mang? Ha Eva a e-ba le mora oa hae oa letsibolo, Kaine, o ile a phatlalatsa: “Ke itsoaletse monna ka thuso ea Jehova.” (Genese 4:1) Mohlomong o ne a ikutloa hore ke eena mosali ea hlahang boprofeteng le hore mora enoa o ne a tla ipaka e le peō. Leha ho le joalo, Kaine o ile a ba le moea o mobe o tšoanang le oa noha. O ile a fetoha ’molai, a bolaea moen’ae Abele. (Genese 4:8) Ka ho hlakileng, boprofeta bo ne bo e-na le moelelo o tebileng haholoanyane, oa tšoantšetso o neng o ka hlalosoa ke Molimo feela. ’Me o ile oa etsa sena, hanyane ka hanyane. Libuka tsohle tse 66 tsa Bibele li tlatsetsa ka tsela e itseng tšenolong ea moelelo oa sena, boprofeta ba pele ka Bibeleng.
Noha ke Mang?
6-8. Ke mantsoe afe a Jesu a re thusang ho tseba matla a neng a susumetsa noha? Hlalosa.
6 Pele, noha eo ho buuoang ka eona ho Genese 3:15 ke mang? Tlaleho eo e bolela hore noha ea sebele e ile ea atamela Eva Edene, empa linoha tsa sebele ha li tsebe ho bua. E tlameha e be ho ne ho e-na le matla a itseng a neng a susumetsa noha, a ileng a etsa hore e etse seo e ileng ea se etsa. Matla ao e ne e le eng? Ke feela lekholong la pele la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ha Jesu a ne a phetha tšebeletso ea hae mona lefatšeng, moo ho ileng ha tsebahatsoa matla ao ka ho hlaka.
7 Ka lekhetlo le leng, Jesu o ne a buisana le baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ipehileng ba lokileng ba neng ba ikhantša ka hore ke bara ba Abrahama. Empa, ba ne ba hanyelitse ka matla ’nete e neng e boleloa ke Jesu. Kahoo Jesu o ile a re ho bona: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le rata ho etsa litakatso tsa ntat’a lōna. Eno e ne e le ’molai oa batho ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho latela boikutlo ba hae, hobane ke raleshano le ntat’a leshano.”—Johanne 8:44, NW.
8 Mantsoe a Jesu a ne a le matla ’me a toba taba. O hlalositse Diabolose e le “’molai oa batho” le “ntat’a leshano.” Joale, mashano a pele feela a tlalehiloeng ke a builoeng ke noha Edene. Motho leha e le ofe ea buileng mashano ao ka sebele e ne e le “ntat’a leshano.” Ho feta moo, phello ea mashano ao e bile lefu la Adama le Eva, ho ileng ha etsa hore raleshano eo oa boholo-holo e be ’molai. Ka ho totobetseng, matla a neng a susumetsa noha Edene e ne e le Satane Diabolose, ’me ka sebele Jehova o ne a bua le Satane boprofeteng boo ba boholo-holo.
9. Satane o bile teng joang?
9 Ba bang ba ’nile ba botsa: Haeba Molimo o molemo, ke hobane’ng ha o bōpile sebopuoa se kang Diabolose? Mantsoe a Jesu a boetse a re thusa ho arabela potso eo. Jesu o itse ka Satane: “E ne e le ’molai oa batho ha a qala.” Kahoo ha Satane a thetsa Eva, ke hona a ileng a qala ho ba Satane—ho tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “mohanyetsi.” Molimo ha oa ka oa bōpa Satane. Lengeloi le neng le ntse le tšepahala pele le ile la lumella takatso e fosahetseng ho hōla ka pelong ea lona hoo le ileng la fetoha Satane.—Deuteronoma 32:4; bapisa le Jobo 1:6-12; 2:1-10; Jakobo 1:13-15.
Peō ea Noha
10, 11. Jesu le moapostola Johanne ba re thusa joang ho tseba hore na peō ea Noha ke mang?
10 Empa, ho thoe’ng ka ‘peō [kapa bana] ea noha’? Mantsoe a Jesu a boetse a re thusa ho rarolla karolo ena ea selotho. O ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajode: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le rata ho etsa litakatso tsa ntat’a lōna.” Bajode bana e ne e le litloholo tsa Abrahama, joalokaha ba ne ba ikhantša joalo. Empa boitšoaro ba bona bo khopo bo ile ba ba etsa bana ba moea ba Satane, moqapi oa sebe.
11 Moapostola Johanne, ha a ngola ho ella qetellong ea lekholo la pele la lilemo, o hlalosa ka ho hlakileng bao e leng peō ea Noha, Satane. Oa ngola: “Ea etsang sebe ke oa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe e sa le ho qaleng. . . . Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo.” (1 Johanne 3:8, 10) Ka ho hlakileng, peō ea Noha e ’nile ea sebetsa ka mafolo-folo haholo ho theosa le histori eohle ea batho!
Peō ea Mosali ke Mang?
12, 13. (a) Ke joang Jehova a ileng a senolela Abrahama hore peō ea mosali e ne e tla hlaha har’a litloholo tsa hae? (b) Ke mang eo e ileng ea e-ba mojalefa oa tšepiso e amang Peō?
12 Joale, ‘peō [kapa bana] ea mosali’ ke mang? Ena ke e ’ngoe ea lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse kileng tsa botsoa, hobane ke peō ea mosali e tla qetella e khobile hlooho ea Satane ’me e etsollotse liphello tsohle tse mpe tsa borabele ba qalong. Morao koana lekholong la bo20 la lilemo B.C.E., Molimo o ile oa senolela monna ea tšepahalang Abrahama ntlha e khōlō e fanang ka tataiso mabapi le hore na enoa ke mang. Ka baka la tumelo ea Abrahama e khōlō, Molimo o ile oa mo fa litšepiso tse ngata mabapi le bana bao a neng a tla ba tsoalloa. E ’ngoe ea tsona e ile ea hlakisa hore ‘peō ea mosali’ e neng e tla ‘khoba noha hloho’ e ne e tla hlaha baneng ba Abrahama. Molimo o ile oa ’molella: “Peō ea hao e tla rua khoro ea lira tsa eona. ’Me ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao ka baka la ’nete ea hore u mametse lentsoe la ka.”—Genese 22:17, 18, NW.
13 Ha lilemo li ntse li ea, tšepiso ea Jehova ho Abrahama e ile ea phetoa ho mor’a Abrahama Isaaka le ho setloholo sa hae Jakobo. (Genese 26:3-5; 28:10-15) Qetellong, litloholo tsa Jakobo li ile tsa fetoha meloko e 12, ’me o mong oa meloko eo, Juda, oa fumana tšepiso e khethehileng: “Molamu oa borena o ke ke oa tloha ho Juda, kapa lere la bolaoli pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le lichaba li be li mo utloe.” (Genese 49:10) Ka ho hlakileng, Peō e ne e tla hlaha molokong oa Juda.
14. Ho ile ha hlophisoa sechaba sefe ho se lokisetsa ho tla ha Peō?
14 Qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo B.C.E., meloko e 12 ea Iseraele e ile ea hlophisoa ho bōpa sechaba e le batho ba khethehileng ba Molimo. Ho phetha sena, Molimo o ile oa etsa selekane se tiileng le bona ’me oa ba fa lethathamo la melao. Lebaka la sehlooho la sena e ne e le ho lokisa sechaba bakeng sa ho tla ha Peō. (Exoda 19:5, 6; Ba-Galata 3:24) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, bora ba Satane ho Peō ea mosali bo ile ba bonahala ka lehloeo la lichaba ho batho ba Molimo ba khethiloeng.
15. Ho ile ha fanoa ka ntlha efe ea ho qetela e fanang ka tataiso mabapi le hore na ke lelapa lefe har’a litloholo tsa Abrahama le neng le tla hlahisa Peō?
15 Ntlha ea ho qetela e fanang ka tataiso mabapi le hore na e ne e le lelapa lefe le tla hlahisa Peō e ile ea fanoa lekholong la bo11 la lilemo B.C.E. Ka nako eo, Molimo o ile oa bua le morena oa bobeli oa Iseraele, Davida, ’me oa tšepisa hore Peō e ne e tla tsoa lelokong la hae le hore terone ea Enoa e ne e tla “tiisoa ka mehla.” (2 Samuele 7:11-16) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ka nepo ho ne ho ka buuoa ka Peō e le mora oa Davida.—Mattheu 22:42-45.
16, 17. Esaia o hlalositse mahlohonolo ao Peō e neng e tla a tlisa joang?
16 Lilemong tse ileng tsa latela, Molimo o ile oa hlahisa baprofeta ho fana ka boitsebiso bo eketsehileng bo bululetsoeng mabapi le Peō e tlang. Ka mohlala, lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Esaia o ile a ngola: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a hōlise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae.”—Esaia 9:6, 7.
17 Esaia o ile a tsoela pele ho profeta tjena mabapi le Peō ena: “O tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatše ka ’nete. . . . Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho . . . ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Esaia 11:4-9) Ke mahlohonolo a enneng hakaakang ao peō ee e neng e tla a tlisa!
18. Daniele o ile a tlaleha boitsebiso bofe bo eketsehileng mabapi le Peō?
18 Lekholong la botšelela la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, Daniele o ile a tlaleha boprofeta bo eketsehileng mabapi le Peō. O ile a bolela esale pele nako eo ka eona e mong ea kang mor’a motho a neng a tla hlaha leholimong ’me a bolela hore “a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.” (Daniele 7:13, 14) Kahoo Peō e tlang e ne e tla ba mojalefa oa ’Muso oa leholimo, ’me matla a eona a borena a ne a tla namela lefatšeng lohle.
Selotho Sea Rarolloa
19. Kamoo lengeloi le ileng la senola kateng, Maria o ne a tla phetha karolo efe ho tleng ha Peō?
19 Hore na Peō ke mang ho ile ha qetella ho koahollotsoe qalehong ea Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Ka selemo sa 2 B.C.E., lengeloi le ile la hlaha ho moroetsana oa Mojode ea bitsoang Maria, eo e neng e le setloholo sa Davida. Lengeloi le ile la ’molella hore o ne a tla beleha ngoana ea khethehileng haholo ’me la re: “O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. O tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Kahoo qetellong nako e telele ea ho letela “peō” e ne e fihlile pheletsong.
20. Peō e tšepisitsoeng ke mang, ’me e ile ea bolela molaetsa ofe Iseraeleng?
20 Ka selemo sa 29 C.E. (selemo se boletsoeng nako e telele esale pele ke Daniele), Jesu o ile a kolobetsoa. Eaba moea o halalelang o theohela holim’a hae, ’me Molimo oa phatlalatsa hore ke Mora oa oona. (Daniele 9:24-27; Mattheu 3:16, 17) Ka lilemo tse tharo le halofo ka mor’a moo, Jesu o ne a pakela Bajode, a phatlalatsa: “’Muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 4:17) Nakong eo, o ile a phethahatsa boprofeta bo bongata ba Mangolo a Seheberu hoo ho neng ho se lebaka la ho belaela hore ka sebele e ne e le eena Peō e tšepisitsoeng.
21. Bakreste ba pele ba ne ba utloisisa hore Peō ke mang?
21 Bakreste ba pele ba ile ba utloisisa sena hantle. Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste ba Galatia: “Joale litšepiso li builoe ho Abrahama le ho peō ea hae. E re, eseng: ‘Le ho lipeō,’ joaloka ntlheng ea tse ngata tse joalo, empa joaloka ntlheng ea e le ’ngoe: ‘Le ho peō ea hao,’ e leng Kreste.” (Ba-Galata 3:16, NW) Jesu e ne e tla ba “Morena oa khotso” eo Esaia a boletseng ka eena esale pele. Ka mor’a hore a tle ’Musong oa hae qetellong, toka le ho loka li ne li tla tiisoa lefatšeng ka bophara.
Joale, Mosali ke Mang?
22. Mosali eo ho buuoang ka eena boprofeteng ba Jehova Edene ke mang?
22 Haeba Jesu ke Peō, mosali eo ho builoeng ka eena Edene morao koo ke mang? Kaha matla a neng a susumetsa noha e ne e le sebopuoa sa moea, ha rea lokela ho makatsoa ke hore mosali eo le eena ke oa moea eseng motho. Moapostola Pauluse o buile ka “mosali” oa leholimo ha a re: “Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna bohle.” (Ba-Galata 4:26) Mangolo a mang a bontša hore ‘Jerusalema enoa oa holimo’ o ne a se a ntse a bile teng ka likete tsa lilemo. Ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa libopuoa tsa moea oa leholimo oa Jehova, oo Jesu a tsoileng ho oona ho tla phethahatsa karolo ea ‘peō ea mosali.’ Ke “mosali” oa moea oa mofuta ona feela ea neng a ka mamella bora ba “noha ea khale” ka likete tsa lilemo.—Tšenolo 12:9; Esaia 54:1, 13; 62:2-6.
23. Ke hobane’ng ha ho senoloa butle-butle ha se boleloang ke boprofeta ba Jehova ba Edene e le ho hlollang hakaale?
23 Tlhahlobo ena e khutšoanyane ea ho tsoela pele ha boprofeta boo ba boholo-holo bo ho Genese 3:15 ke bopaki bo matla ba tumellano e hlollang ea Bibele. Ruri ke ho hlollang hore e be boprofeta bo ka utloisisoa feela ha re kopanya liketsahalo le lipolelo tsa lekholong la lilemo la bo20, la bo11, la bo8, le la bo6 B.C.E. le lipolelo le liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Sena se ne se ke ke sa etsahala ka kotsi. E tlameha e be ho ne ho e-na le letsoho le tataisang sena sohle.—Esaia 46:9, 10.
Seo ho se Bolelang Bakeng sa Rōna
24. Ho tseba hore na Peō ke mang ho bolela eng bakeng sa rōna?
24 Sena sohle se bolela eng bakeng sa rōna? Koana, Jesu ke eena karolo ea sehlooho ea ‘peō ea mosali.’ Boprofeta boo ba boholo-holo bo ho Genese 3:15 bo ile ba bolela esale pele hore serethe sa hae se ne se tla ‘longoa’ ke Noha, ’me sena se etsahetse ha Jesu a shoela thupeng ea tlhokofatso. Leqeba la ho longoa ha le nke nako e telele. Ka hona, se neng se bonahala eka ke ho hlōla ha Noha ka potlako se ile sa fetoha ho hlōloa ha Jesu a tsosoa. (Joalokaha re bone Khaolong ea 6, ho na le bopaki bo bongata ba hore kannete sena se ile sa etsahala.) Lefu la Jesu le ile la fetoha motheo oa polokeho ea batho ba lipelo li tšepahalang, kahoo Peō e ile ea qala ho ba tlhohonolofatso, feela joalokaha Molimo o ne o tšepisitse Abrahama. Empa ho thoe’ng ka boprofeta ba hore Jesu o ne a tla busa lefatše lohle a le ’Musong oa leholimo?
25, 26. Ke tseko efe e neng e ameha mabapi le bora pakeng tsa ‘peō ea mosali’ le Noha, joalokaha ho hlalositsoe ho Tšenolo?
25 Ponong e hlakileng ea boprofeta e tlalehiloeng ho Tšenolo khaolo ea 12, qaleho ea ’Muso ona e tšoantšetsoa ka ho tsoaloa ha ngoana e motona leholimong. ’Musong ona, Peō e tšepisitsoeng e nka matla tlas’a tlotla Mikaele, e bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” E bontša hore ha ho motho eo ka tšoanelo a ka phephetsang bobusi ba Jehova, ha e leleka “noha ea khale” leholimong e e lelekela ruri. Rea bala: “’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng.”—Tšenolo 12:7-9.
26 Phello ke topollo maholimong empa ke tsieleho lefatšeng. Ho ile ha hlaha mohoo oa tlhōlo: “Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona.” Ho feta moo, rea bala: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:10, 12.
27. Boprofeta ba ho lelekoa ha Satane maholimong bo phethahalitsoe neng? Re tseba joang?
27 Na re ka bolela hore na boprofeta boo bo ne bo tla phethahatsoa neng? Ha e le hantle, eo ke potso e ileng ea phahamisoa ke barutuoa ha ba botsa Jesu ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho’—joalokaha re buisane ka eona Khaolong ea 10. (Mattheu 24:3, NW) Joalokaha re bone, ho na le bopaki bo bongata ba hore ho ba teng ha Jesu matleng a ’Muso oa leholimo ho qalile ka 1914. Ho tloha ka nako eo, ka sebele re latsoitse ‘bomalimabe lefatšeng’!
28, 29. Ke liphetoho life tse khōlō holim’a lefatše tse ntseng li larile ka pele, hona re tseba joang hore haufinyane li tla etsahala?
28 Empa hlokomela: Mohoo oo o leholimong o ile oa tsebisa hore ‘nako ea Satane ha e sa le ekae.’ Kahoo boprofeta boo ba qalong bo ho Genese 3:15 bo lebile tlhorong ea bona ntle le phoso. Noha, peō ea eona, mosali, le peō ea hae kaofela ba tsebahalitsoe. Peō e ile ea ‘longoa serethe,’ empa e ile ea fola. Kapele, ho khojoa ha Satane (le peō ea hae) ho tla qaleha tlas’a Morena ea busang hona joale ea behiloeng ke Molimo, Kreste Jesu.
29 Sena se tla akarelletsa liphetoho tse khōlō holim’a lefatše. Satane, hammoho le ba ipakang e le peō ea hae ba tla tlosoa. Ho joalokaha mopesaleme a profetile: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo.” (Pesaleme ea 37:10) Eo e tla ba phetoho e khōlō hakaakang! Joale, mantsoe a tsoelang pele a mopesaleme a tla phethahala: “Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e khōlō.”—Pesaleme ea 37:11.
30. Ke hobane’ng ha batho ba belaellang ho bululeloa ha Bibele esita le ho ba teng ha Molimo e le bona ba sa talimeng litaba ka tsela ea sebele?
30 Ka tsela ena, “Morena oa khotso” o tla qetella a tliselitse batho khotso. Ena ke tšepiso ea Bibele, joalokaha re hlokometse ho Esaia 9:6, 7. Mehleng ena e tletseng ho belaella lintho, ba bangata ba fumana tšepiso e joalo e se ea sebele. Empa ke eng eo motho a e tšepisang e ka bapisoang le hoo? Ha e eo! Ka lehlakoreng le leng, tšepiso ena e boletsoe ka ho hlaka ka Bibeleng, ’me Bibele ke Lentsoe la Molimo le sa foseng. Ha e le hantle ke batho ba belaellang lintho ba sa talimeng litaba ka tsela ea sebele. (Esaia 55:8, 11) Ba iphapanyetsa Molimo, o bululetseng Bibele le oo e leng boleng ba sebele bo boholo ho feta bohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 151]
Boprofeta ba pele ba Bibele bo ile ba fa batho ba sitiloeng motheo oa ho ba le tšepo
[Setšoantšo se leqepheng la 154]
Lekholong la bo20 la lilemo B.C.E., Jehova o ile a bolella Abrahama hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla hlaha litloholong tsa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 155]
Lekholong la bo11 la lilemo B.C.E., Morena Davida o ile a ithuta hore Peō e ne e tla hlaha lelokong la hae la borena
[Setšoantšo se leqepheng la 156]
Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Esaia o ile a bolela esale pele mahlohonolo ao Peō e neng e tla a tlisa
[Setšoantšo se leqepheng la 157]
Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., Daniele o ile a bolela esale pele hore Peō e ne e tla busa ’musong oa leholimo
[Setšoantšo se leqepheng la 159]
Ho tlella qalong ea lekholo la pele la lilemo C.E., Maria o ile a ithuta hore Jesu, ngoana eo a neng a tla mo beleha, o ne a tla hōla ho fetoha Peō