Enoke—O Bile Sebete ho sa Tsotellehe Mathata
TSENA e ne e le linako tse mpe ka ho fetisisa ho monna ea lokileng. Ho se tšabe Molimo ho ne ho tletse hohle lefatšeng. Litekanyetso tsa batho tsa boitšoaro li ne li ntse li theoha butle-butle. Ha e le hantle, kapele-pele ho ne ho tla thoe: “Jehova a bona hore bobe ba motho bo ne bo atile lefatšeng ’me tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea mehopolo ea pelo ea hae e ne e le mpe feela ka nako eohle.”—Genese 6:5, NW.
Enoke, monna oa bosupa ha ho baloa meloko ho tloha ho Adama, o ne a e-na le sebete sa ho ikhetha har’a ba bang. O ile a emela ho loka ka tieo ho sa tsotellehe liphello. Molaetsa oa Enoke o ne o halefisa baetsalibe ba hlokang bomolimo hoo a neng a tsongoa hore a bolaoe, ’me ke Jehova feela ea neng a ka mo thusa.—Jude 14, 15.
Enoke le Tseko ea Bokahohleng
Nako e telele pele Enoke a tsoaloa, ho ile ha phahama tseko ea puso ea bokahohleng. Na Molimo o ne a e-na le tokelo ea ho busa? Ha e le hantle, Satane Diabolose o ile a re che. O ile a bolela hore libōpuoa tse bohlale li ne li ka ipusa hamolemo haeba li ne li ka itokolla tlas’a tataiso ea Molimo. Satane o ile a leka ho bokella bopaki bo tšehetsang taba ea hae khahlanong le Jehova Molimo ka hore ka bolotsana a leke ho hulela batho ka lehlakoreng la hae. Adama, mosali oa hae Eva, le mora oa bona oa letsibolo, Kaine, ba tsebahala ka ho lumellana le Satane ka ho khetha ho ipusa ho e-na le ho busoa ke Molimo. Batho ba babeli ba pele ba entse sena ka ho ja tholoana eo Molimo a neng a e thibetse, ’me Kaine o entse joalo ka hore ka boomo a bolaee ngoan’abo ea lokileng, Abele.—Genese 3:4-6; 4:8.
Ka sebete Abele o ile a ema ka lehlakoreng la Jehova. Kaha botšepehi ba hae bo ile ba ntšetsa pele borapeli bo hloekileng, ntle ho pelaelo Satane o ile a thabela ho bona Kaine a tšollela khalefo e bolaeang ho Abele. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Satane o sebelisitse “ho tšaba lefu” e le sebetsa se tšosang. O batla ho kenya tšabo pelong ea mang kapa mang ea nang le tšekamelo ea ho rapela Molimo oa ’nete.—Baheberu 2:14, 15; Johanne 8:44; 1 Johanne 3:12.
Nakong ea tsoalo ea Enoke, pono ea Satane ea hore moloko oa batho o ne o ke ke oa khomarela bobusi ba Jehova e ne e bonahala e fumane tšehetso e ntle. Abele o ne a shoele, ’me mohlala oa hae oa botšepehi o ne o sa lateloe. Leha ho le joalo, Enoke eena o ipakahalitse e le mokhelo. O ne a e-na le motheo o tiileng oa tumelo, hobane o ne a tloaelane hantle le liketsahalo tse etsahetseng tšimong ea Edene.a E tlameha ebe o ile a ananela hakaakang boprofeta ba Jehova bo bontšang hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla felisa Satane le merero ea hae e mebe!—Genese 3:15.
Ka lebaka la ho ba le tšepo ena kamehla, Enoke ha aa ka a tšosoa ke polao e tummeng ea Abele e hlohlelelitsoeng ke Diabolose. Ho e-na le hoo, o ile a tsoela pele ho tsamaea le Jehova, a phehella tsela ea bophelo e lokileng. Enoke o ile a ipoloka a arohile lefatšeng, a hana moea oa lona oa ho ipusa.—Genese 5:23, 24.
Ho feta moo, Enoke o ile a bua ka sebete ’me a bontša ka ho hlakileng hore mesebetsi ea Diabolose e mebe e ne e ke ke ea atleha. Tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, Enoke o ile a profeta mabapi le ba khopo: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka bohle ba se nang bomolimo ba le molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.”—Jude 14, 15.
Ka lebaka la ho bolela ha Enoke ho sebete, moapostola Pauluse, ha a ngolla Bakreste ba Baheberu o ile a mo akarelletsa har’a ‘leru le leholo la lipaki’ tse behileng mohlala o ikhethang oa tumelo e sebetsang.b (Baheberu 11:5; 12:1) Joaloka monna oa tumelo, Enoke o ile a phehella tseleng ea botšepehi ka lilemo tse fetang 300. (Genese 5:22) E tlameha ebe botšepehi ba Enoke bo ile ba halefisa lira tsa Molimo hakaakang tse leholimong le tse lefatšeng! Boprofeta ba Enoke bo tobileng bo ile ba tsosa lehloeo la Satane, empa bo ile ba tlisa tšireletso ea Jehova.
Molimo o Ile a Nka Enoke—Joang?
Jehova ha aa ka a lumella Satane kapa bahlanka ba hae ba lefatšeng hore ba bolaee Enoke. Ho e-na le hoo, tlaleho e bululetsoeng e re: “Molimo o ile a mo nka.” (Genese 5:24, NW) Moapostola Pauluse o hlalosa litaba ka tsela ena: “Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo a ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo haholo.”—Baheberu 11:5.
Ke joang Enoke a ileng “a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu”? Kapa joalokaha phetolelo ea R. A. Knox e bolela, ke joang Enoke “a ileng a nkoa ntle le hore a latsoe phihlelo ea lefu”? Molimo o ile a felisa bophelo ba Enoke ka khotso, a mo sireletsa bohlokong ba lefu bo bakoang ke ho kula kapa pefo matsohong a lira tsa hae. E, Jehova o ile a khutsufatsa bophelo ba Enoke ha a le lilemo li 365—e ne e batla e le motho e mocha haholo ha ho bapisoa le lithaka tsa hae.
Enoke o fane ka “bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo haholo” joang? O ne a e-na le bopaki bofe? Ho ka etsahala hore ebe Molimo o ile a hapa kelello ea Enoke ka pono, feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a ‘nkoa,’ kapa a fallisoa, ka ho hlakileng a fumana pono ea paradeise ea nakong e tlang ea phutheho ea Bokreste. (2 Bakorinthe 12:3, 4) E ka ’na eaba bopaki ba hore Enoke o ne a khahlisitse Molimo bo ne bo akarelelitse pono ea Paradeise ea lefatšeng ea nakong e tlang moo bohle ba phelang ba tla tšehetsa bobusi ba Molimo. Mohlomong ke nakong eo Enoke a neng a e-na le pono eo e monate moo Molimo a ileng a mo nka ka lefu a sa utloe bohloko hore a robale ho fihlela letsatsing la tsoho ea hae. Ho tšoana le tabeng ea Moshe, ho bonahala eka Jehova o ile a pata setopo sa Enoke, hobane “ha aa ka a fumanoa.”—Baheberu 11:5; Deuteronoma 34:5, 6; Jude 9.
Boprofeta bo Phethahalitsoe
Kajeno, Lipaki tsa Jehova li bolela taba e ka sehloohong ea boprofeta ba Enoke. Li bontša ho tsoa ka Mangolong hore bo tla phethahatsoa ha Molimo a timetsa batho ba hlokang bomolimo bokamosong bo haufi. (2 Bathesalonika 1:6-10) Molaetsa oa tsona o etsa hore li se ratoe hobane o fapana haholo le lipono le lipakane tsa lefatše lena. Khanyetso eo li thulanang le eona ha e li makatse hobane Jesu o ile a lemosa balateli ba hae: “Le tla ba ba hloiloeng ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.”—Matheu 10:22; Johanne 17:14.
Leha ho le joalo, ho tšoana le Enoke, Bakreste ba mehleng ea kajeno ba kholisehile hore ba tla qetella ba lokolohile lireng tsa bona. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” (2 Petrose 2:9) Molimo a ka bona ho loketse ho tlosa bothata kapa boemo bo lekang. Mahloriso a ka fela. Leha ho le joalo, haeba a sa fele, o tseba ho ‘bula tsela ea ho tsoa’ e le hore batho ba hae ba ka mamella liteko tsa bona ka katleho. Jehova o bile o fana ka “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng” ha ho hlokahala.—1 Bakorinthe 10:13; 2 Bakorinthe 4:7.
Joaloka “moputsi oa ba mo batlang ka tieo,” Jehova o tla boela a hlohonolofatse bahlanka ba hae ba tšepahalang ka bophelo bo sa feleng. (Baheberu 11:6) Ho ba bangata ba bona, sena e tla ba bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng. Joaloka Enoke, e se eka ka sebete re ka bolela molaetsa oa Molimo. Ka tumelo, a re etseng sena ho sa tsotellehe mathata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Adama o ne a le lilemo li 622 ha Enoke a tsoaloa. Enoke o phetse lilemo tse ka bang 57 ka mor’a lefu la Adama. Kahoo, ba ile ba phela hammoho ka nako e telele haholo.
b Phetolelo e reng “lipaki” ho Baheberu 12:1, ke ea lentsoe la Segerike marʹtys. Ho latela Wuest’s Word Studies From the Greek New Testament, lentsoe lena le bolela “motho ea fanang ka bopaki, kapa ea ka pakang seo a se boneng kapa ho se utloa ka seo a se tsebang ka tsela leha e le efe.” Christian Words, ea Nigel Turner, e bolela hore lentsoe lena le bolela motho ea buang “ho tsoa phihlelong ea botho . . . , le kholisehong ka linnete le ka lipono.”
[Lebokose le leqepheng la 30]
Lebitso la Molimo le Silafalitsoe
Hoo e ka bang makholo a mane a lilemo pele ho Enoke, ho ile ha tsoaloa setloholo sa Adama, Enoshe. Genese 4:26 (NW) e re: “Ka nako eo ho ile ha qala ho bitsoa lebitso la Jehova.” Litsebi tse ling tsa puo ea Seheberu li lumela hore temana ena e lokela ho baleha ka hore ba “qala ka mokhoa o silafatsang” ho bitsa lebitso la Molimo, kapa “joale tšilafatso ea qala.” Mabapi le nako eo historing, Targum ea Jerusalema e re: “Ona e ne e le moloko oo mehleng ea oona ba ileng ba qala ho etsa phoso, le ho iketsetsa melimo ea litšoantšo, le ho bitsa litšoantšo tsa bona ka lebitso la Lentsoe la Morena.”
Nakong ea Enoshe ho bile le tšebeliso e mpe ea lebitso la Jehova ka ho pharaletseng. Ho ka etsahala hore batho ba ne ba ipitsa ka lebitso la Molimo kapa ba le sebelisetsa batho ba itseng bao ba neng ba iketsa eka ba rapela Jehova Molimo ka bona. Kapa ho ka etsahala hore ba ile ba sebelisa lebitso la Molimo litšoantšong tse rapeloang. Ho sa tsotellehe boemo, Satane Diabolose o ne a tšoasitse moloko oa batho lerabeng la borapeli ba litšoantšo. Nakong ea tsoalo ea Enoke, borapeli ba ’nete bo ne bo fokola. Mang kapa mang ea tšoanang le Enoke, ea neng a phelela ’nete le ho e bolela, o ne a sa ratoe ’me ka lebaka leo o ne a hlorisoa.—Bapisa le Matheu 5:11, 12.
[Lebokose le leqepheng la 31]
Na Enoke o Ile a ea Leholimong?
“Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele ha li ngola karolo ena ea Baheberu 11:5, li bontša hore Enoke ha aa ka a shoa e le kannete. Ka mohlala, A New Translation of the Bible, ea James Moffatt, e re: “E bile ka tumelo moo Enoke a ileng a nkeloa leholimong hoo a sa kang a shoa le ka mohla.”
Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 3000 ka mor’a mehla ea Enoke, Jesu Kreste o ile a re: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mora oa motho.” (Johanne 3:13) The New English Bible e baleha tjena: “Ha ho motho ea kileng a nyolohela holimo leholimong kantle ho ea ileng a theohela tlaase a tsoa leholimong, Mora oa Motho.” Ha Jesu a ne a bua mantsoe ana, le eena ka sebele o ne a e-s’o nyolohele leholimong.—Bapisa le Luka 7:28.
Moapostola Pauluse o bolela hore Enoke le ba bang ba etsang leru le leholo la lipaki tsa mehleng ea pele ho Bokreste ‘kaofela ba ile ba shoa’ ’me ha baa ka “ba fumana phethahatso ea tšepiso.” (Baheberu 11:13, 39) Hobane’ng? Hobane batho bohle, ho akarelletsa le Enoke, ba futsitse sebe ho Adama. (Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Tsela feela ea poloko e teng ka sehlabelo sa Kreste Jesu. (Liketso 4:12; 1 Johanne 2:1, 2) Mehleng ea Enoke sehlabelo seo se ne se e-s’o lefuoe. Ka lebaka leo, Enoke ha aa ka a ea leholimong, empa o robetse lefung moo a letetseng tsoho ea lefatšeng.—Johanne 5:28, 29.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
Reproduced from Illustrirte Pracht - Bibel/Heilige Schrift des Alten und Neuen Testaments, nach der deutschen Uebersetzung D. Martin Luther’s