Na U na le Pono e Tšoanang le ea Molimo ka ba Mabifi?
Khale batho ba rata ba bile ba hlompha banna ba linatla, ba bontšang hore ke likoankoetla ebile ba sebete. E mong ea joalo e ne e le mohale e mong oa tšōmong oa Greece ea boholo-holo ea bitsoang Heracles, kapa Hercules, kamoo baroma ba neng ba mo tseba kateng.
HERACLES e ne e le mohale ea phahameng ka ho fetisisa ea tummeng haholo, e le mohlabani oa bahlabani. Kamoo tšōmo e bolelang kateng, e ne e le molingoana, ngoana oa molimo oa Mogerike Zeuse, le Alcmene, ’mè oa motho. Liketso tsa hae tsa bohanyapetsi li qalile e sa le lesea le ka matsohong. Ha molimotsana o mong o mōna o rōmela linoha tse peli tse khōlōhali hore li e’o mo bolaea, Heracles o ile a li khama. Ha a se a hōlile o ile a loana lintoa, a hlōla libatana tse tšabehang, a ba a fekisa ’molai e le hore a pholose motsoalle. Hape o ile a ripitla metse, a beta basali, a tabanya moshemane e mong fatše a le toreng, ’me a bolaea mosali oa hae le bana ba hae.
Le hoja e ne e se motho oa sebele, ho tloha mehleng ea khale Heracles oa tšōmong o ne a hlahella lipaleng tsa linaha tsa boholo-holo tse neng li tsejoa ke Bagerike. Baroma ba ne ba mo rapela joaloka molimo; bahoebi le batsamai ba ne ba mo rapela bakeng sa leruo le tšireletso likotsing. Lipale tse buang ka liketso tsa hae tsa bohanyapetsi li khahlile batho ka lilemo tse likete.
Moo Tšōmo Ena e Qalileng Teng
Na lipale tsa Heracles le bahale ba bang ba tšōmong li hlile li na le motheo oa ’nete? E ka ’na ea ba li na le oona ka mokhoa o sa tobang. Bibele e bua ka nako eo ka eona, qalong ea histori ea motho, “melimo” le “melingoana” e neng e hlile e tsamaea lefatšeng.
Ha a hlalosa mehla eo, Moshe o ile a ngola: “Eitse hobane batho ba qale ho ata lefatšeng ha ba tsoetse basetsana, bara ba Molimo ba bona barali ba batho hoba ba batle, ’me ba inkela basali har’a bohle bao ba ikhethetseng bona.”—Genese 6:1, 2.
‘Bara bao ba Molimo oa ’nete’ e ne e se batho; e ne e le bara ba Molimo ba mangeloi. (Bapisa le Jobo 1:6; 2:1; 38:4, 7.) Mongoli oa Bibele Jude o bolela hore mangeloi a mang ha aa ‘ka a boloka sebaka sa ’ona sa pele empa a ile a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng.’ (Jude 6) Ka mantsoe a mang, a ile a tloha sebakeng seo a se abetsoeng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo hobane a ile a khetha ho phela le basali ba batle lefatšeng. Jude o eketsa ka hore mangeloi ana a marabele a ne a tšoana le batho ba Sodoma le Gomora, ba neng ba ‘etsa bohlola ka mokhoa o feteletseng ’me ba sala nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho.’—Jude 7.
Bibele ha e qaqise ka ho feletseng liketso tsa mangeloi ana a sa mameleng. Leha ho le joalo, litšōmo tsa boholo-holo tsa Greece le libakeng tse ling li hlalosa melimo le melimotsana e mengata e neng e tsamaea har’a batho, e bonahala kapa e sa bonahale. Ha e ne e iphetola batho, e ne e e-ba litjaka. E ne e e-ja, e e-noa, e robala le ho kopanela liphate e le eona, hape e li kopanela le batho. Le hoja ho ne ho lumeloa hore ea halalela e bile ha e shoe, e ne e qala leshano e bile e thetsa, e qabana e bile e loana, e eka e bile e beta. Le hoja e le ka mokhoa o khabisitsoeng le o sa nepahalang, e ka ’na eaba litlaleho tse joalo tsa tšōmong li bonahatsa maemo a sebele a pele ho Moroallo a boleloang ka bukeng ea Bibele ea Genese.
Linatla Tsa Boholo-holo, Banna ba Tummeng
Mangeloi a ikentseng batho a sa mameleng a ile a kopanela liphate le basali, ’me basali bao ba tsoala bana. Bana bana e ne e se ba tloaelehileng. E ne e le Banefilime, karolo e ’ngoe e le mangeloi karolo e ’ngoe e le batho. Tlaleho ea Bibele e re: “Banefilime ba ne ba le teng lefatšeng matsatsing ao, le ka mor’a moo, ha bara ba Molimo oa ’nete ba tsoela pele ho kopanela liphate le barali ba batho ’me ba ba tsoalla bara, e ne e le banna ba khale ba matla, ba tummeng.”—Genese 6:4, NW.
Lentsoe la Seheberu “banefilime,” hantle-ntle le bolela “balihi,” ba neng ba liha ba bang, kapa ba etsang hore ba bang ba oe, ka liketso tse mabifi. Kahoo, ha ho makatse ha tlaleho ea Bibele e phaella ka ho re: “Lefatše le ne le tletse pefo.” (Genese 6:11, NW) Melingoana eo ea tšōmong, e kang Heracles le mohale oa Babylona Gilgamesh, e tšoana haholo le Banefilime.
Hlokomela hore Banefilime ba ne ba bitsoa “ba matla” le ‘banna ba tummeng.’ Ho fapana le monna ea lokileng Noe, ea phetseng nakong eona eo, Banefilime ba ne ba sa thahaselle ho hōlisa botumo ba Jehova. Ba ne ba thahasella botumo, khanya le lebitso le letle tsa bona. Ka liketso tsa bonatla, tseo ho seng pelaelo hore li ne li akarelletsa pefo le tšollo ea mali, ba ile ba fumana botumo boo ba neng ba bo labalabela lefatšeng le ba potolohileng la ba sa tšabeng Molimo. E ne e le bahale ba phahameng ka ho fetisisa ba mehleng ea bona—ba tšajoang, ba hlomphuoang le bao ho bonahalang ba sa hlōloe.
Leha Banefilime le bo-ntat’a bona ba mangeloi ba boitšoaro bo hlephileng ba ne ba ka ’na ba thabela botumo mahlong a batho ba mehleng ea bona, ka sebele ho ne ho se na letho leo ba ka tlotloang ka lona mahlong a Molimo. Tsela ea bona ea bophelo e ne e nyonyeha. Ka lebaka leo, Molimo o ile a nka khato ka mangeloi ao a silafetseng. Moapostola Petrose o ngotse: ‘Molimo ha aa ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho mangeloi a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase, a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo hore a bolokeloe kahlolo; ’me a sa ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše la boholo-holo, empa a boloka Noe, ’moleli oa ho loka, a sireletsehile hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.’—2 Petrose 2:4, 5.
Ha Moroallo oa lefatše o fihla, mangeloi a marabele a ile a iphetolela ’meleng ea moea ’me ka lihlong a khutlela sebakeng sa moea. Molimo o ile a a otla ka ho a thibela hore a se ke a boela a iphetolela ’meleng ea batho. Banefilime, bana ba mangeloi a sa mameleng a phahametseng batho ka matla, ba ile ba timela kaofela. Ke Noe feela le lelapa la hae le lenyenyane ba ileng ba pholoha Moroallo.
Banna ba Tummeng Kajeno
Kajeno, melimo le melimo-batho ha e sa le teng lefatšeng. Leha ho le joalo, pefo e ngata. Banna ba tummeng ba kajeno ba tlotlisoa libukeng, libaesekopong, thelevisheneng le ’minong. Le ka mohla ba ke ke ba nahana ka ho se iphetetse, ho rata lira tsa bona, ho batla khotso, ho tšoarela, kapa ho tloha moo pefo e leng teng. (Matheu 5:39, 44; Baroma 12:17; Baefese 4:32; 1 Petrose 3:11) Ho e-na le hoo, linatla tsa kajeno li ratoa ka lebaka la matla a tsona le ka ho khona ho loana, ho iphetetsa, le ho loantša pefo ka pefo e phahameng.a
Esale ho tloha mehleng ea Noe, pono ea Molimo ka batho ba joalo ha ea fetoha. Jehova ha a rate batho ba ratang pefo, leha e le hore o thabisoa ke liketso tsa bona tsa bohanyapetsi. Mopesaleme o ile a bina: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ’me ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”—Pesaleme ea 11:5, NW.
Matla a Mofuta o Fapaneng
Ea fapaneng ka ho feletseng le banna ba linatla ba mabifi ke motho ea tummeng ka ho fetisisa ea kileng a phela, Jesu Kreste, monna oa khotso. Ha a le lefatšeng ‘ha aa ka a etsa pefo.’ (Esaia 53:9, NW) Ha lira tsa hae li tlile ho tla mo tšoara serapeng sa Gethsemane, balateli ba hae ba ne ba e-na le lisabole tse seng kae. (Luka 22:38, 47-51) Ba ka be ba ile ba theha sehlopha se loanang ho leka ho thibela hore a neheloe Bajuda.—Johanne 18:36.
Ha e le hantle, moapostola Petrose o ile a tsomola sabole ea hae ho sireletsa Jesu, empa Jesu a re ho eena: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:51, 52) E, pefo e tsoala pefo, joalokaha histori ea motho e ’nile ea bontša khafetsa. Ntle ho monyetla oa ho itšireletsa ka lihlomo, Jesu o ne a e-na le mokhoa o mong oa ho itšireletsa. Ka mor’a moo o ile a re ho Petrose: “U nahana hore nke ke ka ipiletsa ho Ntate hore a mphe ka oona motsotso oo lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi?”—Matheu 26:53.
Ho e-na le ho sebelisa pefo kapa ho sireletsoa ke mangeloi, Jesu o ile a lumela hore a tšoaroe ke ba ileng ba mo bolaea. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore o ne a tseba hore nako ea hore Ntat’ae oa leholimo a felise liketso tse mpe lefatšeng ha e e-s’o fihle. Ho e-na le hore Jesu a inkele litaba matsohong, o ile a tšepa Jehova.
Boemo bona e ne e se ba bofokoli empa ba botho bo matla. Jesu o bontšitse tumelo e matla ea hore Jehova o ne a tla lokisa litaba ka nako ea Hae le ka tsela ea Hae. Ka lebaka la ho mamela ha hae, Jesu o ile a phahamisetsoa boemong bo phahameng ba tlhompho bo hlahlamang ba Jehova feela. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena ka Jesu: “O ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso. Ka lebaka lona lena Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lebitsong la Jesu lengole le leng le le leng le khumame la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.”—Bafilippi 2:8-11.
Tšepiso ea Molimo ea ho Felisa Pefo
Bakreste ba ’nete ba etsa hore bophelo ba bona bo latele mohlala oa Jesu le lithuto tsa hae. Ha ba khahloe ke banna ba lefatše lena ba tummeng le ba mabifi kapa hona ho ba etsisa. Baa tseba hore ka nako ea Molimo, ba joalo ba tla felisoa ka ho sa feleng, feela joalokaha kannete batho ba khopo ba ile ba felisoa mehleng ea Noe.
Molimo ke ’Mōpi oa lefatše le oa moloko oa batho. Hape ke ’Musi ea nepahetseng. (Tšenolo 4:11) Haeba moahloli oa motho a e-na le matla ao a a fuoang ke molao a ho fana ka liqeto tsa boahloli, Molimo o na le matla a fetang ao a ho etsa joalo. Ho hlompha ha hae melao-motheo ea hae e lokileng, hammoho le lerato la hae bakeng sa ba mo ratang, ho tla mo tlama hore a felise bokhopo bohle le ba bo etsang.—Matheu 13:41, 42; Luka 17:26-30.
Sena se tla lebisa khotsong e sa feleng lefatšeng, khotso e thehiloeng ka ho tiea tokeng le ho lokeng. Sena se ile sa boleloa esale pele boprofeteng bo tsebahalang bo mabapi le Jesu Kreste: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a hōlise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—Esaia 9:6, 7.
Joale, ke ka lebaka le utloahalang ha Bakreste ba ela hloko keletso ena e bululetsoeng ea khale: “U se ke ua honohela motho ea mabifi, kapa ua khetha leha e le efe ea litsela tsa hae. Etsoe motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.”—Liproverbia 3:31, 32, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libapali tse mabifi tsa lipapali tse ngata tsa video le libaesekopo tsa lintho tse iqapeloang ke bo-rasaense, hangata li bonahatsa ka matla haholo litšobotsi tsena tse mpe le tse mabifi.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
LINATLA TSA KAJENO LI RATOA KA LEBAKA LA MATLA A TSONA LE KA HO KHONA HO LOANTŠA PEFO KA PEFO E PHAHAMENG KA HO FETISISA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Alinari/Art Resource, NY