KHAOLO EA 6
Bophelo bo Bile Teng Joang?
“Etsoe mohloli oa bophelo o ho [Molimo].” (Pesaleme ea 36:9) Na u lumela mantsoe aa? Batho ba bang ba nahana hore bophelo bo itlhahetse feela tjena, ha ho na ’Mopi. Haeba taba eo ke ’nete, ho bolela hore kaofela re bile teng ka tšohanyetso. Empa haeba Jehova Molimo ke eena ea bopileng lintho, e tlameha ebe o ne a tseba hore na o ne a li bopela’ng, na ha ho joalo?a A re ke re hlahlobe tlaleho ea Bibele e buang ka hore na bophelo bo qalile joang ’me re bone hore na ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang ho e lumela.
1. Lefatše le linaleli li bile teng joang?
Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Litsebi tse ngata li lumela hore ho na le moo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e qalileng teng. Ebe Molimo o bopile lintho tsohle joang? O ile a sebelisa matla a hae, e leng moea o halalelang ho bopa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akareletsa lihlopha tsa linaleli, linaleli le lipolanete.—Genese 1:2.
2. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bopa lefatše?
Jehova ha aa ka a ‘bopela lefatše lefeela, empa o le etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) O entse hore lefatše e be sebaka se setle seo re ka thabelang ho phela ho sona ka ho sa feleng. (Bala Esaia 40:28; 42:5.) Litsebi li re lefatše ke sebaka se ikhethang se fapaneng hole le lipolanete tse ling. Lefatše ke eona feela polanete e fumanoeng eo batho ba ka khonang ho phela ho eona.
3. Ke’ng e etsang hore batho ba fapane le liphoofolo?
Ka mor’a hore Jehova Molimo a bope lefatše, o ile a bopa lintho tsohle tse phelang ho lona. O qalile ka ho bopa limela le liphoofolo tse ngata. Ka mor’a moo, “Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae.” (Bala Genese 1:27.) Batho ba fapane le liphoofolo hobane ba bopiloe ka setšoantšo sa Molimo, e leng hore ba khona ho ba le makhabane a tšoanang le a hae, joaloka lerato le toka. O boetse o bopile batho ba e-na le bokhoni ba ho ithuta lipuo, ho bona lintho tse ntle le ho thabela ’mino. Hape, ho fapana le liphoofolo tse ling tsohle, batho ba khona ho rorisa ’Mopi oa bona.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Hlahloba bopaki bo bontšang hore lintho tsohle li bopiloe le hore tlaleho ea Bibele e buang ka popo e nepahetse. Ithute hore na makhabane ao batho ba nang le ’ona a re ruta’ng ka Molimo.
4. Lintho tsohle li bopiloe
Batho baa rorisoa ha ba entse lintho tse itseng tseo ba li kopilitseng linthong tsa tlhaho. Joale ke mang ea lokelang ho rorisoa ka ho etsa lintho tseo tsa tlhaho? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena e latelang.
Ke lintho life tseo batho ba li entseng, tseo ba li kopilitseng popong?
Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ho na le motho ea entseng polane ea eona le ho e haha. Empa ke mang ea entseng polane ea lintho tsa tlhaho le ho li bopa? Bala Baheberu 3:4 ebe le araba lipotso tse latelang:
Ke lintho life tsa popo tse u khahlang haholo?
Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore lintho tsohle tse lefatšeng le sepakapakeng li bopiloe? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Na u ne u tseba?
U ka fumana lihlooho tse buang ka popo ho jw.org/st karolong ea “Na e Entsoe?” le ea “Maikutlo a sa Tšoaneng a Hore na Bophelo bo Qalile Joang.”
“Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo”
5. Seo Bibele e se buang ka popo se nepahetse
Ho Genese khaolo ea 1, Bibele e hlalosa hore na lefatše le bile teng joang le lintho tsohle tse ho lona. Na u ka tšepa tlaleho ee, kapa ke tšomo feela? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tsena.
Na Bibele e ruta hore lefatše le lintho tsohle tse ho lona li ile tsa boptjoa ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 letsatsi ka leng?
Na u nahana hore seo Bibele e se buang ka popo sea utloahala ebile se nepahetse? Haeba u re e, kapa u re che, fana ka mabaka.
Bala Genese 1:1 ebe le buisana ka potso ena:
Litsebi li ruta hore lintho tsohle ho na le moo li qalileng teng. Taba eo e tšoana joang le mantsoe ao u qetang ho a bala ka Bibeleng?
Batho ba bang ba nka hore mohlomong Molimo o ile a bopa lintho tse nyenyane eaba tsona lia iphetola. Bala Genese 1:21, 25, 27 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:
Na Bibele e ruta hore Molimo o ile a bopa ntho e itseng e nyenyane eaba ntho eo ea iphetola hore e be tlhapi, phoofolo kapa motho? Kapa na o ile a bopa mefuta eohle ea lintho tse phelang?b
6. Molimo o bopile batho ka tsela e ikhethang
Re fapane hole le liphoofolo tsohle tseo Jehova a li bopileng. Bala Genese 1:26 ebe le buisana ka potso ena:
Kaha re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo, taba ea hore re khona ho rata le ho utloelana bohloko e paka eng ka Molimo?
BATHO BA BANG BA RE: “Tlaleho ea Bibele e buang ka popo ke tšomo feela.”
Uena u nahana joang? Ke hobane’ng ha u nahana joalo?
KAKARETSO
Jehova o bopile ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le e lefatšeng.
Re Ithutile’ng?
Bibele e ruta hore bokahohle bo bile teng joang?
Na Molimo o ile a etsa hore lintho tsohle tse phelang li iphetole ho tloha nthong e itseng e nyenyane, kapa o li bopile kaofela?
Ke’ng e ikhethang ka batho?
BATLA
Sheba mehlala ea lintho tse bopiloeng tse pakang hore ’Mopi o teng.
Bona hore na ntate o hlalosetsa mora oa hae joang seo Bibele e se buang ka popo.
Ithute hore na thuto ea ho iphetola ha lintho e lumellana le Bibele.
“Na Molimo o Entse hore Lintho Tse Phelang li Iketse?” (Sehlooho se websaeteng)
Sheba hore na masapo a epolotsoeng kapa liphuputso tsa bo-rasaense li bontša hore lintho li bopiloe kapa li ikentse.
a Khaolong ea 25 re tla buisana ka hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a bopa batho.
b Ka Bibeleng, lentsoe “mefuta” le ka hlalosa lintho tse ngata ’me le hlalosa lihlopha tsohle tsa lintho tse phelang.