Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/09 maq. 12-13
  • U ka Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Boleloang ke Bomoea ba ’Nete
  • Ho Khotsofatsa Tlhoko
  • Mohloli oa Thabo ea ’Nete
  • Kamoo U ka Hlokomelang Litlhoko Tsa Hao Tsa Moea Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Batla Bomoea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Na U na le Kamano e Ntle le Molimo?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 12/09 maq. 12-13

Pono ea Bibele

U ka Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea

BATHO ba na le tlhoko ea moea feela joalokaha ba hloka lijo. Empa ha re tla tabeng ea lijo tse nepahetseng, re na le mefuta e mengata eo re ka khethang ho eona, kaha ho na le lijo tse fapa-fapaneng tse matlafatsang. Na hoa tšoana le tabeng ea bomoea? Ho na le mekhoa e mengata ea setso le ea bolumeli eo ho thoeng e khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea.

Batho ba bangata ba nahana hore hafeela ho e-na le seo ba se etsang se amanang le borapeli, ha ho tsotellehe hakaalo hore na ba lumela eng kapa hore na ba kopanela borapeling bofe. Uena u nahana’ng ka see? Na hoa tsotelleha hore na u khotsofatsa tlhoko ea hao ea moea joang? Bibele eona e re’ng?

Se Boleloang ke Bomoea ba ’Nete

Ho Genese 1:27, Bibele e senola lebaka leo ka lona re nang le tlhoko ea moea, e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” Kaha Jehova Molimo ke motho oa moea, sena ha se bolele hore re tšoana le eena ka tsela ea sebele, empa se bolela hore re na le litšobotsi tse tšoanang le tsa hae. Joaloka ’Mōpi oa hae, motho oa pele e leng Adama, o ne a ka ananela le ho bonahatsa litšobotsi tse kang lerato le se nang boithati, mosa, kutloelo-bohloko, toka le boitšoaro. O ne a boetse a fuoe letsoalo, e leng matla a ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng, ho mo tataisa hore a sebelise bolokolohi ba hae ba ho ikhethela ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo. Litšobotsi tsena li ne li mo khetholla ho liphoofolo le ho mo hlomella ka ho khetheha hore a phethe thato ea ’Mōpi oa hae.—Genese 1:28; Baroma 2:14.

Bibele e hlalosa ntlha e ka sehloohong e ka thusang batho hore ba khotsofatse tlhoko ea bona ea moea. Ho 1 Bakorinthe 2:12-15, ho hlalosoa motho oa moea e le ea amohelang moea o tsoang ho Molimo. Moea ona ke matla a sebetsang a Molimo, ’me tšebetso ea oona ke ea bohlokoa haholo e le hore motho a tsebe lintho tsa moea. Ka tsela eo motho o khona ho hlahloba lintho le ho li utloisisa ka tsela ea moea. Ka lehlakoreng le leng, motho ea se nang moea oa Molimo o bitsoa motho oa nama, ’me o nka hore lintho tsa moea ke tsa booatla. Kahoo ha a etsa liqeto o itšetleha feela ka seo bohlale ba batho bo se senolang.

Kahoo, le hoja re e-na le tlhoko ea moea kahobane re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, re ke ke ra hlaolela bomoea ba sebele ka hore re itsebe, re latele bohlale ba batho, kapa re hahamalle ho finyella lintho tse itseng. Ho hlokahala hore re susumetsoe ke moea o halalelang oa Molimo. Ha e le hantle, ba hanang ho susumetsoa ke moea oa Molimo, empa ba khetha ho hahamalla litakatso tsa bona le lintho tse se nang bomolimo, ba hlalosoa e le ba se nang bomoea. Ba susumetsoa ke litakatso tsa nama.—1 Bakorinthe 2:14; Juda 18, 19.

Ho Khotsofatsa Tlhoko

Hore motho a khotsofale e le kannete moeeng, o lokela ho qala ka ho amohela hore Jehova ke ’Mōpi ’me a lemohe hore re teng ka lebaka la hae. (Tšenolo 4:11) Kahoo rea hlokomela hore bophelo ba rōna bo na le morero, hafeela re etsa thato ea hae. (Pesaleme ea 115:1) Ho etsa thato ea Molimo ho re fa morero bophelong, e leng ntho e ’ngoe eo re e hlokang moeeng feela joalokaha re hloka lijo ’meleng. Ke kahoo Jesu, ea tsebahalang haholo ka ho ba motho oa moea, a neng a ka re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng.” (Johanne 4:34) Ho etsa thato ea Molimo ho ile ha mo matlafatsa, ha mo khatholla le ho mo khotsofatsa.

Kaha re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea e le kannete ho boetse ho itšetlehile ka hore re lumellanye botho ba rōna le ba hae. (Bakolose 3:10) Ha re etsa joalo, re qoba boitšoaro bo re silafatsang kapa bo senyang kamano ea rōna le ba bang. (Baefese 4:24-32) Ha re khetha ho latela melao ea Jehova, seo se ntlafatsa tsela eo re phelang ka eona ’me se tlatsetsa khotsong ea kelello, kaha ha re khoebethoe ke letsoalo le molato.—Baroma 2:15.

Jesu o ile a senola ’nete e ’ngoe ea motheo mabapi le ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea, ha a ne a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Re lokela ho ela hloko bomoea ba rōna kamehla. Jehova o sebelisa Bibele ho araba lipotso tseo batho ba bangata ba li botsang bophelong.—2 Timothea 3:16, 17.

Mohloli oa Thabo ea ’Nete

Motho a ka ’na a ja lijo tse se nang phepo ho thiba tlala. Ka ho tšoanang, re ka ’na ra hahamalla lintho kapa lifilosofi tse bonahalang eka li khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea. Empa feela joalokaha ho ja lijo tse se nang phepo ho etsa hore motho a fokole ’meleng, a kule, kapa a etsahalloe ke ho hobe le ho feta, ho hlōleha ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea ka ho loketseng ho tla re ntša kotsi qetellong.

Leha ho le joalo, haeba re e-na le kamano le Jehova Molimo, re batla ho etsa thato ea hae, re bile re latela tataiso ea hae, re tla hlokomela hore mantsoe ana a Bibele ke ’nete: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Tlhoko ea hao ea moea e tsoa hokae?—Genese 1:27.

◼ Na re ka khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea ka borōna?—1 Bakorinthe 2:12-15.

◼ Re lokela ho etsa’ng e le hore re khotsofatse tlhoko ea rōna ea moea?—Matheu 4:4; Johanne 4:34; Bakolose 3:10.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Ho hlōleha ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea ka ho loketseng ho tla re ntša kotsi qetellong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela