Boholo bo Tsotehang ba Molemo oa Molimo
MOLIMO o molemo! Polelo eo u e utloile ka makhetlo a makae kapa u bile u e sebelisa? Empa na le ka mohla u kile ua nahanisisa ka boholo bo feletseng ba molemo oa Molimo molemong oa hao? Ho thuisa joalo ho tebisa kananelo ea rōna ka hore na Molimo oo re o rapelang ke oa mofuta ofe.
Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re utloisise pele hore na molemo ke’ng. Ha e le hantle, molemo ke tšobotsi ea ho ba ea lokileng ho fapana le ho ba ea khopo. Empa molemo ke ho fetang moo. Ke tšobotsi e sebetsang. Motho ea lokileng o etsa ho lokileng. ’Me Molimo, ho beng ha hae ea molemo, o re etsetsa lintho tse ngata haholo tse lokileng hoo lipelo tsa rōna li mo chesehelang.
Tekanyo e pharalletseng ea molemo oa Molimo e bonoa mantsoeng a oona ho Moshe lefeelleng la Sinai. Mono, o ile oa tšepisa mohlanka oa oona ea tšepahalang: “Ke tla fetisa molemo oohle oa ka pontšeng ea hao.” Ha o phethahatsa tšepiso eo ’me o sebelisa lebitso la oona, Molimo o tsoela pele ho re: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau [“mosa o lerato,” NW] le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.”—Exoda 33:19; 34:6, 7.
Ka hona, molemo oa Molimo o akarelletsa mohau oa oona haesita le lereko la oona, le mosa o lerato oa oona, le ’nete ea oona. Ho phaella moo, molemo oa oona o bonoa ka hore o ‘lieha ho halefa,’ oa mamella. Leha ho le joalo, hoo ha ho bolele hore o tšoana le motsoali ea bokotsang ka ho tlōlisang, o lumellang hore sebe se tsoele pele se hlokomolohuoe ka ho sa feleng. ‘O ke ke oa latola molato’ oa baetsalibe ba sa bakeng. Molimo o lokileng o ke ke oa lumella hore bokhopo bo be teng bo hlokomolohuoe.
Ho Khaphatseha ha Molemo oa Molimo
Joale, nahana ka tse ling tsa litsela tseo ka tsona Molimo o bontšitseng molemo oa oona. Pele, o ne o bontše ho loka bathong ha o qala ho bōpa lefatše. Ha o ka ba oa fana feela ka lintho tse hlokahalang tse sa ipiletseng bophelong ba motho. Ho e-na le hoo, o ile oa apesa planete ea rōna ka ho enneng e le ho etsa hore ho phela ho eona e be ho thabisang kannete. O fane ka lijo le lino ka mefuta e mengata e sa tšoaneng. O entse ho se tšoane ho makatsang ha liphoofolo le linonyana, ’me o bōpile lipalesa tse tlatsetsang ka ’mala le mokhabo tikolohong ea rōna. Ho phaella moo, o entse mefuta e mengata e fapaneng ea ponahalo ea naha e leng ho thabisang ho e sheba. Ka sebele, nako le nako ha re bona ho likela ho tsotehang ha letsatsi kapa ho thiba ha maru ho hlollang, re bona bopaki ba molemo oa Molimo!
Molemo oa Molimo o ile oa bonoa hape, ha o ne o bōpa monna le mosali. O ile oa fa Adama le Eva ’mele e phethahetseng, e phelang hantle ’me oa ba beha tšimong ea Edene. Eaba o ba fa taelo ena e thabisang le e phephetsang: “Le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” Ka hona, o ile oa beha tebello ea ho thabela bophelo ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ka pel’a bona, har’a bana ba bona ba bangata. (Genese 1:26-28; 2:7-9) Ke mpho ea lenyalo e hlollang hakaakang ea banyalani bao ba pele!
Esita le ha Adama le Eva ba rabela, Molimo ha o ka oa ba lahla kherehloa. Ntlheng eo, haeba o ne o ile oa ba otla ka lefu la hona hoo, o ne o tla be o etsa feela seo e neng e le toka. Leha ho le joalo, o ne o bontše ho loka bathong ba babeli bao joale e leng baetsalibe. O ile oa ba lumella hore ba phele ho se hokae le ho ba le bana.—Genese 5:1-5.
Ho feta moo, ho tloha ka nako eo molemo oa Molimo o tsoetse pele ho batho ba sitiloeng. Joalokaha Morena Davida a itse: “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e aparetse mesebetsi eohle ea hae.” (Pesaleme ea 145:9) O fana haholo e le hore bophelo ba batho bo ka tsoela pele holim’a thepa ena ea oona, lefatše. Jesu o ile a re ho Bajode ba mehleng ea hae: “Ntat’a lōna ea maholimong . . . o chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba khopo.” (Mattheu 5:45) Tlala leha e le efe kapa bohloki tse teng ha li bakoe ke hobane Molimo o hlolehile ho hlokomela batho. Ke ka lebaka la ho senyeha ha batho, sehlōhō sa batho, le ho haelloa ha batho tšebetsong.
Molimo o boetse o lumella batho ho sebelisa matlotlo a lefatše a rafuoang mobung, ’me ha oa ba patela tekanyo e itseng ea ho utloisisa maholimo a tletseng linaleli le tsela e bonahalang eo lintho li entsoeng ka eona. Kannete Jehova o lokile bathong, le hoja ka boikhohomoso ba bangata ba re Molimo ha o eo, ’me ba bang ba sebelisa molemo oa hae hampe ka baka la lipakane tsa boikhabi, ho isa bohōleng ba ho hatella batho ba bang.—Pesaleme ea 14:1.
Molemo oa Molimo ho Balumeli
Leha ho le joalo, haeba Molimo o bile molemo ho batho ka kakaretso, litšebelisano tsa oona le balumeli li hlasimolla pelo kannete. Qalong, ha Adama le Eva ba qala ho rabela, Molimo o ile oa profeta hore ho ne ho tla hlaha “peō” e neng e tla qetella e hlōtse liphello tse mpe tsa sebe sa bona. (Genese 3:15) Ha nako e ntse e e-ea, litloholo tse ngata tsa Adama li ile tsa rapela Molimo ka botšepehi ho sa tsotellehe ho se phethahale ha tsona, ’me boprofeta bona ba pele bo ile ba li fa tšepo ea bokamoso bo molemo. E mong oa barapeli bana ba tšepahalang, Abrahama, o ne a bile a bitsoa “motsoalle oa Jehova.”—Jakobo 2:23, NW.
Molimo o ile oa tšepisa Abrahama hore litloholo tsa hae li ne li tla hōla ho ba lichaba tse ngata le hore leloko la sehlooho la bana ba hae le ne le tla rua lefatše la Kanana lefa. Phethahatsong ea sena, Baiseraele, litloholo tsa Abrahama, hamorao ba ile ba hlophisoa ho ba sechaba. (Genese 17:3-8; Exoda 19:6) Hape, Molimo o ile oa bontša ho loka sechabeng sena se secha, oa se lopolla bokhobeng Egepeta, oa se sireletsa lefeelleng, oa se fa buka ea molao le boprista, ’me oa qetella o se file lefatše le nonneng la Kanana e le lefa.
Qetellong, Iseraele e ile ea fetoha ’muso, ’me Jehova a laela morena oa eona oa boraro oa motho, Salomone, ho haha tempele Jerusalema e le setsi sa lefatše sa borapeli ba Hae. Ha tempele e se e phethiloe, ho ile ha ba le tšebeletso e khōlō ea nehelo le mokete oa thabo. Tlaleho e re, ka mor’a moo Baiseraele ‘ba hlohonolofatsa morena, ba ikela hae tenteng tsa bona ka pelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo oohle oo Jehova a o entseng.’ (1 Marena 8:66) Ho bile le liketsahalo tse ling hape moo lipelo tsa Baiseraele li ileng tsa nyakalla ka baka la molemo oa Molimo ho bona.
Leha ho le joalo, ka ho sa thabiseng hase ka mehla ba neng ba ananela tokelo ea bona ea ho ba barapeli ba Molimo o le mong oa ’nete. Qetellong, Baiseraele kaofela ba ile ba fetoha ba sa tšepahaleng, ’me ka 607 B.C.E., Jehova a ba lumella hore ba isoe kholehong Babylona. Joalokaha Molimo o ne o itse ho Moshe, ka baka la molemo oa Oona ‘o ke ke oa latola molato oa motho ea nang le oona.’—Exoda 34:7.
Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse 70 ka mosa Molimo o ile oa khutlisetsa masala a tšepahalang a Baiseraele lefatšeng la oona. O ile oa susumetsoa ke eng ho etsa joalo? Molemo oa oona. Jeremia o ile a ngola tjena ka boprofeta ka ho khutla ha Baiseraele Babylona: “Ba tla tla, ba etse litlatse tsa thabo liphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ea Jehova.” Moprofeta o ile a tsoela pele: “Sechaba sa ka se tla khora menate [“molemo,” NW] ea ka, ho bolela Jehova.”—Jeremia 31:12, 14.
Qetellong, Jesu o ile a tla lefatšeng ’me a ipaka e le “peō” e boletsoeng esale pele boprofeteng boo bo boletsoeng morao koana Edene. (Genese 3:15) Bibele e re: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Lefu la Jesu le fane ka sehlabelo se tlosang batho sebeng le ho ba busetsa phethehong. Ka hona, liphello tse mpe tsa sebe sa Adama li ne li tla qetella li hlōtsoe. Joalokaha Pauluse a ile a ngolla Baroma tjena: “Ba bangata ba beiloe baetsalibe ka ho se utloe ha motho a le mong, ka mokhoa o joalo, ba bangata ba tla beoa ba lokileng ka ho utloa ha a le mong.” (Ba-Roma 5:19) Hona joale batho ba lipelo li tšepahalang ba bile le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng, re leboha molemo oa Molimo. Ba ka ba ba fetoha metsoalle ea Molimo joaloka Abrahama.
Esita le kajeno Molimo o tsoela pele ho bontša molemo ho bao ba o rapelang. O fana ka keletso ka Bibele ho ba thusa ho jara mathata a bona. (Pesaleme ea 119:105) O fana ka mpho ea mahala ea moea oa oona e le ho ba thusa ho finyella litekanyetso tsa oona tse lokileng. ’Me o senola merero ea oona, e le hore Bakreste ba ’nete ba ka lebella lefatše le lecha la ho loka le tla latela ka mor’a hore lefatše lena la khale le fete. (Liproverbia 4:18; 2 Petrose 3:13) Bakreste ba kholisehile ka lintho tse joalo hobane Molimo, ka ho ba ha oona ea molemo, o li senotse ka Lentsoeng la oona le sa foseng.—2 Timothea 3:16.
E, ho nahanisisa ka molemo oa Molimo ruri ho etsa hore lipelo tsa rōna li mo rate. Empa ho boetse ho phahamisa potso:
U Tla Rua Molemo Hakae Molemong oa Molimo?
Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na u mang, u se u ntse u rua molemo molemong oa Molimo. Ua phefumoloha, ua ja, ua noa, u thabela bophelo—e leng limpho tse tsoang ho Molimo kaofela. Empa na u rua molemo ka hohle kamoo u ka khonang? Hopola, molemo oa Molimo ho Adama le Eva o ile oa fokotseha ka mor’a hore ba etse sebe. Ka ho tšoanang, o tla fokotsa ho fana ha oona ho rōna ntle leha re ka arabela ka tsela e nepahetseng moseng oa oona. Re ka etsa see joang?
Mopesaleme o ile a rapela tjena: “U nthute kutloisiso e ntle [“molemo,” NW] le tsebo, hobane ke lumetse litaelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:66) Eo le rōna e lokela ho ba thapelo ea rōna. Kaha Molimo o molemo, ho hlokahala hore re ithute ho ba ba molemo joaloka oona. Pauluse o ile a khothalletsa tjena: “Le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang.”—Ba-Efese 5:1.
Pele, re etsa sena ka ho ithuta Bibele e le ho ithuta hore na molemo ke eng. Joale, re kōpa thuso ea Molimo ho hōliseng tšoaneleho ena. Molemo ke tholoana ea moea, hammoho le “lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, . . . botšepehi, bonolo le boitšoaro.” (Ba-Galata 5:22, 23) Re ka hlaolela litšoaneleho tsena tsohle ka ho itšetleha ka moea oa Molimo, ho ithuta Bibele e ileng ea bululeloa ka moea oa Molimo, ho rapella thuso ho oona, le ho kopanela le Bakreste ba nang le mohopolo o tšoanang.—Pesaleme ea 1:1-3; 1 Ba-Thessalonika 5:17; Ba-Heberu 10:24, 25.
Bibele e boetse e re: “Ba tla etsa khopotso ea molemo oa hao o moholo, ba etsetse ho loka ha hao litlatse.” (Pesaleme ea 145:7, TLP) E, Molimo o lebelletse hore re bolelle ba bang ka molemo oa oona. Re lokela ho bua ka bolokolohi ka Ntate oa rōna oa leholimo.
Qetellong, ha rea lokela ho nka molemo oa Molimo e le lefeela. Ke ’nete, Jehova o tšoarela baetsalibe. Morena Davida o ne a kholisehile ka karabelo e molemo ha a ne a rapela: “U lebale libe tsa bocha ba ka le litlōlo tsa ka! U nkelelloe ka lereko la hao ka baka la mohau [“molemo,” NW] oa hao, Jehova!” (Pesaleme ea 25:7, 8) Na hoo ho bolela hore re ka itumella ho etsa libe ka baka la ho lebella tšoarelo ea Molimo ka kholiseho? Le hanyenyane. Hopola, molemo oa Molimo o bolela hore ‘o ke ke oa latola molato’ oa baetsalibe ba sa bakeng.
Ho Thabela Molemo oa Molimo
Hang ha re latsoa molemo oa Molimo ka botlalo, lipelo tsa rōna li ba motlotlo hakaakang ka oona! Re khothalletsoa ho latela khothalletso ena e ntle ea moapostola Pauluse: “Tsamaeang ke hona joalo ka bana ba leseli. Hobane tholoana ea leseli ke molemo oohle, le ho loka, le ’nete.”—Ba-Efese 5:8, 9.
Letsatsi le leng le le leng, re lemoha kameho ea Molimo e lerato ka rōna. Esita le tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa, rea tseba hore ha o lahle bao o ba ratang. E, re latsoa khotso ea kelello e phahameng ea mopesaleme: “Ruri, lehlohonolo [“molemo,” NW] le mohau li ntse li ntatela ka litšiu tsohle tsa ho phela ha ka, ’me ke tla ’ne ke hlole ka tlung ea Jehova ka mehla.”—Pesaleme ea 23:6.