Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/15 maq. 4-5
  • Jesu—Ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu—Ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na E Ne E Se Motho Feela ea Tloaelehileng?
  • Na Re Ka Lumela Litlaleho Tseo?
  • Jesu—“Na Ke Jehova oa Testamente ea Khale”?
  • Jesu oa Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Bokreste Na Jesu e ne e le Tsela e Isang ho Molimo?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Mangolo a Re’ng ka “Bomolimo ba Jesu”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/15 maq. 4-5

Jesu—Ke Mang?

HO NA le litlaleho tsa lefatše tse fokolang tse buang ka Jesu. Leha ho le joalo, tse ling li ntse li le teng, ’me ha e bua ka tsona The Encyclopædia Britannica e re: “Litlaleho tsena tse ikemetseng li paka hore mehleng ea boholo-holo esita le bahanyetsi ba Bokreste ha ho mohla ba kileng ba belaella bonnete ba hore Jesu o kile a ba teng, e leng hoo bangoli ba ’maloa ba qalileng ho phea khang ka hona ka lekhetlo la pele e bile e le ka mabaka a fokolang qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, lekholong la bo19 la lilemo, le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo.”

Joale ipotse, Haeba Jesu o kile a ba teng ke tšōmo, na ho ne ho ka etsahala hore ho nke nako e telele hakana ho tla fihlela lekholong la bo18 la lilemo hore see se ka fumanoa? Hape nahana ka ’nete ea hore hona joale batho ba fetang limillione tse sekete ba ipolela hore ke balateli ba Jesu. Tšusumetso eo lithuto tsa hae li bileng le eona bophelong ba sechaba, thutong, le ’musong—ho theosa le histori eohle ea lefatše—ke e ke keng ea latoloa. Na ho bonahala e le ho utloahalang hore sena sohle e bile phello ea ntho e ’ngoe e se nang motheo ha e se tšōmo feela?

Haeba mothei oa Islam, moprofeta oa Moarabia Muhammad, e ne e le motho oa sebele, re na le lebaka lefe le utloahalang la ho lumela hore Jesu Kreste, mothei oa Bokreste, e ne e se motho oa sebele? E ka ’na eaba o phetse lilemo tse ka bang 600 pele ho Muhammad, empa hlokomela hore mothei oa Bobuddha, Siddhārtha Gautama—Buddha, kapa “Ea Boneselitsoeng”—o phetse le pele ho moo, nako e fetang lilemo tse 500 pele ho Jesu. Empa, haeba Buddha e ne e le motho oa sebele, re na le lebaka lefe le utloahalang la ho lumela hore Jesu e ne e se motho oa sebele?

Rahistori oa Lejeremane e bile e le moepolli oa lintho tsa khale Hans Einsle o ngola hore rahistori oa Mojode Flavius Josephus, lingoli tsa Baroma Suetonius le Pliny, haholo-holo rahistori oa Moroma Tacitus “kaofela ba tiisa bonnete ba hore Jesu o kile a ba teng ’moho le linnete tse ka sehloohong tsa bophelo ba hae.”

Na E Ne E Se Motho Feela ea Tloaelehileng?

Jesu o kile a ba teng—empa e le eng? Batho ba bang ba phea khang ea hore e ne e le motho feela ea tloaelehileng, le hoja ba lumela hore e tlameha e be e ne e le motho ea bohlale haholo, ea neng a inehetse ho bua ’nete. Esita le lira tsa hae tsa lekholong la pele la lilemo li ne li lumela ’nete eo haholo, li bolela hore: “Moruti, rea tseba . . . hobane ha u talime tšobotsi ea batho, empa tsela ea Molimo u e ruta ka ’nete.”—Mareka 12:13, 14.

Leha ho le joalo, ba bang ba beha lebaka la hore e tlameha e be Jesu e ne e se motho feela ea tloaelehileng. Hobane’ng? Hobane, ntho e ’ngoe, o ne a ka etsa lintho tseo batho ba tloaelehileng ba ke keng ba li etsa. Ka mohlala, na u kile ua kopana le motho leha e le ofe ea ka khonang ho tsamaea holim’a metsi, ho fetola metsi veine, ho fepa batho ba ka bang 5 000 ka litlhapi tse peli tse nyenyane le mahobe a mahlano a harese, ho folisa lifofu, kapa ho tsosa bafu?—Mattheu 14:25, 26; Mareka 8:22-25; Johanne 2:1-11; 6:1-13; 11:30-44.

Hape Jesu o ne a ka hlokomela lintho tseo batho ba tloaelehileng ba ke keng ba li hlokomela. Ha mosali e mong a ’molella hore ha a na monna, Jesu a arabela: “U boletse hantle, ha u itse: Ha ke na monna. Hobane u kile ua ba le banna ba bahlano, ’me eo u nang le eena joale hase monna oa hao.” A maketse, mosali eo a etsa qeto ea hore: “Morena, kea bona hobane u moprofeta.” (Johanne 4:16-19) Ho fumana mohlala oa ho bona lintho tse e-s’o etsahale ho tsotehang hoo Jesu a bileng le hona mabapi le ho latoloa ha hae ke Petrose, bona Luka 22:31-34, 54-62.

Jesu o ne a e-na le matla a sa tloaelehang. Batho ba ne ba “hlolloa ke thuto ea hae, hobane o ne a ba ruta joaloka ea nang le matla, e seng joaloka Litsebi tsa Molao.” (Mareka 1:22, TLP) Ho feta moo, Jesu o ne a khona ho nea “barutuoa ba hae ba leshome le metso e ’meli . . . matla a ho hlōla meea e litšila, ho e lahlela ntle, le ho folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle.”—Mattheu 10:1.

Na Re Ka Lumela Litlaleho Tseo?

U ka ’na ua re, ‘Empa butle hanyenyane. Na e be lintlha tse buang ka seo Jesu a se entseng ha lia feteletsoa?’ Ho ea ka F. F. Bruce, moprofesara oa Tlhaloso ea Bibele le Ho E Ntša Likoli Univesithing ea Manchester ea seng a le pencheneng, ha ho joalo, hobane o ngola tjena: “Hangata ha re khone ho paka ka likhang tsa histori bonnete ba ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e teng mengolong ea boholo-holo, e-bang e teng ka Bibeleng kapa ha e eo. Ho lekane hore re be le tšepo e leka-lekaneng botšepehing bo akaretsang ba sengoli; haeba hoo ho tiisitsoe, ho na le monyetla o tiileng oa hore lintlha tseo se li ngotseng ke ’nete. . . . Testamente e Ncha e ke ke ea tšeptjoa hanyenyane litabeng tsa histori hobane Bakreste ba e amohela e le buka e ‘halalelang.’”

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e paka botšepehi ba lingoli tsa Litlaleho tsa Melaetsa. Le hoja ka linako tse ling li fapana ka tsela eo li behang lintlha ka eona, ha li hanyetsane, joalokaha lipaki tse peli tse boneng kotsi ea koloi li sa hanyetsane ha e ’ngoe e re e bone koloi e khubelu e hlahang ka letsohong le letšehali e thula koloi e tala e hlahang ka letsohong le letona, ha ka lehlakoreng le leng e ’ngoe e re Mercedes e neng e leba boroa e thutse Renault e neng e leba leboea. Ha e le hantle hore e be Litlaleho tsa Melaetsa li fapana ka lintlha tse nyenyane ho fana ka bopaki bo matla ba hore ke ’nete. Haeba lingoli tsa tsona li ne li batla ho thetsa batho hore ba lumele tšōmo, ka sebele li ka be li entse hore lipale tsa tsona li nyalane haufi-ufi haholo.

Esita le lira tsa Jesu li ne li tšehetsa litlaleho tse buang ka eena e le tsa ’nete. Rea bala: “Jesu a tlisetsoa motho oa semumu, ea nang le modemona. ’Me ha ho lelekiloe modemona semumu sa bua; . . . Empa bafarisi ba re: o leleka bademona ka morena oa bademona.” (Mattheu 9:32-34) Hlokomela hore Bafarisi ha baa ka ba latola hore Jesu o ne a entse mohlolo. Ba ne ba mpa ba hana ho lumela hore mohloli oa matla a hae a ho etsa joalo e ne e le tšebetso ea moea o halalelang oa Molimo.

Bopaki bo bong ba hore litlaleho tse buang ka Jesu ke tsa ’nete ke ’nete ea hore haeba melao-motheo e lithutong tsa hae e lateloa, kannete ea sebetsa. E fella ka bophelo bo atlehileng le bo thabileng. Ho phaella moo, boprofeta bo bongata bo neng bo akaretsa nako e telele boo Jesu a faneng ka bona, joaloka bo tlalehiloeng ho Mattheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13, le Luka khaolo ea 21, bo phethahetse mehleng ea rōna.

Jesu—“Na Ke Jehova oa Testamente ea Khale”?

Ka ho hlakileng, Jesu e ne e se motho ea tloaelehileng. O ne a ikhetha hobane, joalokaha Bibele e re bolella, o thabetse bophelo leholimong pele a e-tla lefatšeng. (Johanne 6:38, 62) Ka hona o ne a e-na le tsebo le matla tse fetang tseo batho ba tloaelehileng ba nang le tsona. Sena se thusa ho hlalosa mehlolo ea hae le bohlale ba hae bo hlahelletseng.

Empa na hore e be Jesu o bile teng pele e e-ba motho ho bolela hore e ne e le Molimo? Buka e ’ngoe ea litšupiso ea tichere e bolela joalo, e re: “Nako le nako ha Jesu a ne a Ipolela e le ‘Ke Teng’ . . . , O ne a Itsebahatsa e le Jehova oa Testamente ea Khale.” Na hoo ke ’nete?

Ho latela kamoo King James Version e fetolelang Exoda 3:13, 14, Moshe o kile a botsa: “Ha ke fihla ho bana ba Iseraele, ’me ke re ho bona, Molimo oa bo-ntat’a lōna o nthōmile ho lōna; ’me ba re ho ’na, Lebitso la oona ke mang? ke tle ke re’ng ho bona? ’Me Molimo oa re ho Moshe, KE ’NA KE TENG: ’me oa re, Ka hona u tle u re ho bana ba Iseraele, KE TENG o nthōmile ho lōna.” Ha e bua ka temana ena, The Pentateuch and Haftorahs (taba ea Seheberu e nang le phetolelo le tlhaloso tsa Senyesemane, e ngotsoeng ke Dr. J. H. Hertz) e bolela hore polelong “Ke ’na Ke teng . . . ho hatisoa ponahatso e sebetsang ea boteng ba Molimo.” Ka hona ho sebelisoa ha eona e le tlotla kapa lebitso bakeng sa Molimo ho ne ho loketse hobane ka ho ba lopolla bokhobeng Egepeta, Molimo o ne o le haufi le ho bonahatsa boteng ba oona lebitsong la batho ba oona ka tsela e hlahelletseng. Hertz o bolela hore “boholo ba batho ba mehleng ea kajeno ba latela Rashi [mohlalosi oa Bibele ea Sefora le Talmud ea tsebahalang oa mehleng e bohareng] ha a e fetolela e le ‘Ke tla ba seo ke tla ba sona.’” Sena se lumellana le phetolelo ea New World Translation, e balehang tjena: “KE TLA IPAKA HO BA SEO KE TLA IPAKA HO BA SONA.”

Hape, ho Johanne 8:58, King James Version e bontša Jesu a sebelisa polelo “Ke teng” mabapi le eena ka boeena, a re, “Pele Abrahama a e-ba teng, Ke teng.” Empa mona polelo eo e fapane haholo le e sebelisitsoeng ho Exoda 3:14. Jesu ha aa ka a e sebelisa e le lebitso kapa tlotla o mpa a e sebelisitse feela ho hlalosa ho ba teng ha hae pele e e-ba motho. Ka hona, ho latela New World Translation, phetolelo e nepahetseng haholoanyane ea Johanne 8:58 ke: “Pele Abrahama a e-ba teng, ke ’nile ka ba teng.”

Ka ho hlakileng, ha ho motheo oa Mangolo oa ho bolela hore Jesu ke ntho e le ’ngoe le Jehova ea ka Mangolong a Seheberu. Esita le buka ea litšupiso ea tichere e qotsitsoeng pelenyana e lumela hore: “Hore Kreste o bile teng pele ho tsoalo ea Hae Bethlehema ka bohona ha ho pake hore Eena e ne e le Molimo (O ne a ka ’na a ba teng e le lengeloi).” Ha e le hantle, sena ke sona seo Bibele e se rutang. Ha a ntse a le teng pele e e-ba motho, Jesu e ne e le “molimo,” kapa ea halalelang, empa e ne e se Molimo, Molimo o Matla ’Ohle Jehova.—Johanne 1:1-3, NW; 1 Ba-Thessalonika 4:16.

Kaha hase Molimo, hantle-ntle Jesu ke mang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Mehlolo ea Jesu e pakile hore e ne e se motho feela ea tloaelehileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela