Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 8/8 maq. 16-17
  • Ho Ikhabisa—Ho Hlokahala Kahlolo e Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ikhabisa—Ho Hlokahala Kahlolo e Molemo
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa oa Boholo-holo
  • Tokoloho ea Bokreste
  • Melao-motheo ea Bibele eo ho ka Nahanoang ka Eona
  • Ho Thoe’ng ka ho Iphunya ’Meleng?
    Tsoha!—2000
  • Na ke Lokela ho Iketsa Li-tattoo?
    Tsoha!—2003
  • Bibele e Re’ng ka Li-tattoo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lifeshene tse Ratoang ka ho Feteletseng—Na ke Lokela ho li Latela?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 8/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Ho Ikhabisa—Ho Hlokahala Kahlolo e Molemo

SENGOLI sa libuka tsa lipale sa Mofora se ngotse: “Bohlale bo ja mong’a bona.” Ka sebele, bohlale boa haella linthong tse ngata tse se nang thuso tseo batho ba ikentseng tsona ka makholo a lilemo. Ka mohlala, moo ba neng ba leka ho ba le letheka la ’mamolukule ka hohle kamoo ba ka khonang, basali ba lekholong la bo19 la lilemo ba ile ba inganga limpa habohloko ka k’hosete hoo qetellong ba neng ba hema ka thata. Ba bang ba ne ba ipolela ba e-na le matheka a bosesaane ba lisenthimithara tse 33. Basali ba bang ba ne ba penngoa ke lik’hosete tsa bona haholo hoo likhopo li bileng tsa hlaba sebete ’me ba shoa.

Le hoja ka lehlohonolo tloaelo eo e tsoile fesheneng, booatla bo ileng ba e kenya fesheneng bo sa bonahala le kajeno joaloka bo bileng teng mehleng eo e fetileng. Banna le basali ba sa ntse ba etsa lintho tse thata, tse bileng li leng kotsi moo ba reng ba fetola ponahalo ea bona ea tlhaho. Ka mohlala, libaka tseo ho tsona ho cheselletsoang mongolo letlalong le tseo ho phunngoang ho tsona, tseo pele li neng li eteloa ke batho ba itseng ba neng ba sa fane ka mohlala o motle sechabeng, hona joale li ba teng litsing tsa mabenkele le metseng ea litoropo. Ha e le hantle, selemong sa morao tjena, ho cheselletsa mongolo letlalong e bile khoebo ea botšelela e hōlang ka potlako e fetisisang United States.

Mekhoa e ntseng e eketseha e fetelletseng ea ho ikhabisa e boetse ea ata, haholo-holo bacheng. Ho phunya litho tsa ’mele ho kenelletseng—ho akarelletsang litlhōkō, linko, maleme esita le litho tsa botona le botšehali—ho ja setsi ka ho eketsehileng. Ho thaka e tšesaane, ho phunya hoo ho kenelletseng ha e sa le ntho e kaalo ho bona. Ba leka mekhoa e fetelletseng haholoanyane e kang ho iketsa letheba ka ho ichesa, ho itšehaa le ho fata ’mele ebe ho kenngoa lintho ka tlas’a letlalo hore li hlahise masoba le makokomete a tšabehang.

Mokhoa oa Boholo-holo

Ho ikhabisa kapa ho fetola ’mele hase ntho e ncha. Likarolong tse itseng tsa Afrika, ho iketsa linyao le ho cheselletsa mongolo letlalong ho ea ka moetlo ho ’nile ha sebelisoa ka makholo a lilemo ho khetholla lihlopha tsa malapa kapa meloko. Ho thahasellisang ke hore ho tse ngata tsa linaha tsena, mekhoa e joalo hona joale ha e ratoe e bile ea fokotseha.

Ho cheselletsa mongolo letlalong, ho phunya kapa ho poma ho ne ho le teng mehleng ea Bibele. Hangata li ne li etsoa ke lichaba tsa bahetene malebana le borapeli ba tsona. Ka ho utloahalang, Jehova o ile a hanela batho ba hae, Bajuda, ho etsisa bahetene bao. (Levitike 19:28) Ka hona, e le “thepa e khethehileng” ea Molimo, Bajuda ba ne ba sirelelitsoe mekhoeng e litšila ea malumeli a bohata.—Deuteronoma 14:2, NW.

Tokoloho ea Bokreste

Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe, le hoja o bolela melao-motheo e ileng ea fetisetsoa phuthehong ea Bokreste. (Bakolose 2:14) Ka hona, ba ka etsa lintho ba le ka har’a moeli oa boitšoaro bo amohelehang ha ho tluoa tabeng ea mofuta oa ho ikhabisa oo ba khethang ho o sebelisa. (Bagalata 5:1; 1 Timothea 2:9, 10) Leha ho le joalo, tokoloho ena e na le meeli.—1 Petrose 2:16.

Ho 1 Bakorinthe 6:12, Pauluse o ngotse: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao bakeng sa ka; empa hase lintho tsohle tse molemo.” Pauluse o ne a utloisisa hore tokoloho ea hae joaloka Mokreste e ne e sa mo fa tumello ea hore a etse ntho leha e le efe eo a batlang ho e etsa ntle le ho nahanela ba bang. Ho rata ba bang ho ile ha susumetsa tsela eo a itšoarang ka eona. (Bagalata 5:13) O ile a khothalletsa hore ho behoe “leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa lōna feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.” (Bafilippi 2:4) Pono ea hae e se nang boithati e sebetsa e le mohlala o babatsehang ho Mokreste leha e le ofe ea nahanang ka mokhoa o itseng oa ho ikhabisa.

Melao-motheo ea Bibele eo ho ka Nahanoang ka Eona

Taelo e ’ngoe ea Bakreste ke hore ba bolele le ho ruta litaba tse molemo. (Matheu 28:19, 20; Bafilippi 2:15) Mokreste a ke ke a rata hore ntho leha e le efe, ho akarelletsa ponahalo ea hae, e sitise ba bang ho mamela molaetsa oo.—2 Bakorinthe 4:2.

Le hoja mekhabiso e joalo e kang ho phunya kapa ho cheselletsa mongolo letlalong e ka ’na ea e-ba e ratehang ho batho ba bang, Mokreste o lokela ho ipotsa, ‘Ho ikhabisa ho joalo ho tla etsa hore batho ba moo ke lulang teng ba ikutloe joang? Na ke tla balelloa har’a lihlopha tse itseng tse makatsang sechabeng? Le haeba letsoalo la ka le ntumella, ho phunya kapa ho cheselletsa mongolo letlalong la ka ho tla ama ba bang joang ka phuthehong? Na ba tla nka see e le pontšo ea “moea oa lefatše”? Na seo se ka etsa hore ho belaelloe “ho hlaphoheloa [ha ka] kelellong”?’—1 Bakorinthe 2:12; 10:29-32; Tite 2:12.

Mefuta e itseng ea ho ikhabisa e tsamaea le likotsi tse itseng tse tebileng tsa bongaka. Ho cheselletsa mongolo letlalong ka ho sebelisa linale tse sa hloekang ho ’nile ha amahanngoa le ho jala lefu la sebete le HIV. Ka linako tse ling dae e sebelisoang e baka lefu la letlalo. Ho phunya ho ka nka likhoeli hore ho fole ’me boholo ba nako eo ho ka opa. Ho ka boela ha baka chefo maling, ho tsoa mali haholo, mahloele a mali, ho senyeha ha mothapo oa kutlo le litšoaetso tse itseng tse tebileng. Ho phaella moo, mehato e meng e ke ke ea felisoa habonolo. Ka mohlala, ho itšetlehile ka boholo le ’mala, mongolo o cheselelitsoeng letlalong o ka hloka phekolo e jang chelete e ngata le e bohloko hore o tlosoe. Ho phunya ho ka ’na ha siea mabali a ka ho sa feleng.

Hore na motho o amohela lintho tsena tse behang bophelo kotsing kapa che, eo ke qeto ea botho. Empa motho ea batlang ho thabisa Molimo o lemoha hore ho ba Mokreste ho akarelletsa ho fana ka boeena ho Molimo. ’Mele ea rōna ke sehlabelo se phelang se filoeng Molimo bakeng sa mosebetsi oa hae. (Baroma 12:1) Ka hona, Bakreste ba hōlileng tsebong ha ba nke ’mele ea bona e le thepa feela e ka senngoang kapa ea holofatsoa haeba motho a batla. Ka ho khetheha, ba tšoanelehang bakeng sa ho etella pele ka phuthehong ba tsejoa ka mekhoa ea bona e sa tlōliseng, ho ba le kelello e hlaphohetsoeng le ho ba le kahlolo e molemo.—1 Timothea 3:2, 3.

Ho hlaolela le ho sebelisa matla a ho nahana a koetlisitsoeng ke Bibele ho ka thusa Bakreste hore ba qobe mekhoa ea lefatše lena e fetelletseng, e ratang ho hlokofatsa, eo ka tsela e nyahamisang e ‘arohileng bophelong boo e leng ba Molimo.’ (Baefese 4:18) Ka tsela eo, ba ka etsa hore kahlolo ea bona e molemo e tsejoe ke batho bohle.—Bafilippi 4:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho entsoe phapang e hlakileng pakeng tsa ho sehoa ka lebaka la phekolo ea bongaka kapa esita le ka lebaka la botle, le ho chesehela ho sehoa kapa ho poma setho hoo bacha ba bangata, haholo-holo banana ba lilemo tse ka tlaase ho 20, ba ho etsang. Ho poma setho hangata ke letšoao la ho hatelleha maikutlong kapa ho hlekefetsoa, e leng ho ka hlokang thuso ea litsebi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela