Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 2/15 maq. 20-25
  • Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ne a Susumelletseha ho Arabela Litlhokong Tsa Moea
  • O ne a Khothalletsa ba Bang ho Paka
  • Hlaolela Kelello ea Kreste Kajeno
  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • “Hore le Tsebe Lerato la Kreste”
    Atamela ho Jehova
  • Jehova o Busa ka Qenehelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 2/15 maq. 20-25

Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?

“A bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. ’Me a qala ho bo ruta.”—MAREKA 6:34.

1. Ke hobane’ng ha ho utloahala hore batho ba bontše litšoaneleho tse ntle?

HO THEOSA le histori batho ba bangata ba bontšitse litšoaneleho tse ntle. U ka utloisisa lebaka. Jehova Molimo o na le lerato, mosa, ho fana ka seatla se bulehileng ebile o bonahatsa litšobotsi tsena hammoho le litšoaneleho tse ling tseo re li nkang e le tsa bohlokoa. Batho ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo. Ka hona, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba ka bontša tekanyo e itseng ea lerato, mosa, qenehelo le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo, joalokaha ba bangata ba bontša hore ba na le letsoalo. (Genese 1:26; Baroma 2:14, 15) Leha ho le joalo, u ka ’na ua hlokomela hore ba bang ba nolofalloa ho bontša litšoaneleho tsena ho feta ba bang.

2. Mesebetsi e meng e molemo eo batho ba ka e etsang ke efe, mohlomong ba ikutloa hore ba etsisa Kreste?

2 Mohlomong u tseba banna le basali ba atisang ho etela ba kulang kapa ho ba thusa, ba bontšang qenehelo ho ba holofetseng kapa ba fang bafutsana lintho ka seatla se bulehileng. Hape nahana ka batho bao qenehelo ea bona e ba susumelletsang ho sebelisa bophelo ba bona ba sebetsa libakeng tseo ho tsona ho lulang balepera kapa likhutsana, ba ithaopelang ho sebetsa lipetlele kapa lenaneong la ho hlokomela ba kulelang lefu, kapa batho ba lekang ka matla ho thusa ba se nang mahae kapa baphaphathehi. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bona ba na le maikutlo a hore ba etsisa Jesu, ea behetseng Bakreste mohlala. Likosepeleng re ithuta hore Kreste o ne a folisa ba kulang ’me a fepa ba lapileng. (Mareka 1:34; 8:1-9; Luka 4:40) Lipontšo tsa Jesu tsa lerato, bonolo le qenehelo li bontša “kelello ea Kreste,” eo ka lehlakoreng le leng a neng a etsisa Ntate oa hae oa leholimo.—1 Bakorinthe 2:16.

3. Ho hlokahala hore re nahane ka eng e le hore re be le pono e leka-lekaneng ka mesebetsi e molemo ea Jesu?

3 Leha ho le joalo, na u hlokometse hore kajeno ba bangata ba khahliloeng ke lerato la Jesu le qenehelo ea hae ba hlokomoloha tšobotsi e ka sehloohong ea kelello ea Kreste? Re ka ba le temohisiso ea sena ka ho hlahloba Mareka khaolo ea 6 ka hloko. Seo re se balang ho eona ke hore batho ba ile ba tlisa ho Jesu ba kulang hore a ba folise. Tabeng e potolohileng eo, re boetse re hlokomela hore ha Jesu a bona hore ba likete ba neng ba tlile ho eena ba lapile, o ile a ba fepa ka mohlolo. (Mareka 6:35-44, 54-56) Ho phekola ba kulang le ho fepa ba lapileng e ne e le lipontšo tse ikhethang tsa qenehelo e lerato, empa na e ne e le mekhoa e ka sehloohong eo ka eona Jesu a ileng a thusa ba bang? ’Me ke joang re ka etsisang hamolemohali mohlala oa hae o phethahetseng oa lerato, mosa le qenehelo, joalokaha a ile a etsisa Jehova?

O ne a Susumelletseha ho Arabela Litlhokong Tsa Moea

4. Tlaleho ea Mareka 6:30-34 e etsahetse tlas’a maemo afe?

4 Jesu o ile a hauhela ba mo potolohileng haholo-holo ka lebaka la litlhoko tsa bona tsa moea. Litlhoko tseo e ne e le tsa bohlokoahali ho feta litlhoko tsa nama. Nahana ka tlaleho ea Mareka 6:30-34. Ketsahalo e tlalehiloeng moo e ile ea etsahala lebōpong la Leoatle la Galilea, ha e se e tla ba nako ea Paseka ea 32 C.E. Baapostola ba ne ba thabile, ’me e le ka lebaka le letle. Kaha ba ne ba sa tsoa phetha leeto le lelelele, ba ile ba tla ho Jesu, ntle ho pelaelo ba labalabela ho mo phetela liphihlelo tsa bona. Leha ho le joalo, bongata bo ile ba bokana. Bo ne bo le boholo hoo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba sitoa ho ja kapa ho phomola. Jesu o ile a re ho baapostola: “Tloong, lōna ka bolōna, boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.” (Mareka 6:31) Ha ba palama sekepe, mohlomong haufi le Kapernauma, ba ile ba se sesisetsa sebakeng se khutsitseng ka mose ho Leoatle la Galilea. Empa bongata bo ile ba matha lebōpong ’me ba fihla pele sekepe se fihla. Jesu o ne a tla arabela joang? Na o ile a tenehela hore ebe ho kena-kenanoa le boinotši ba hae? Le hanyenyane!

5. Jesu o ile a ikutloa joang ka bongata bo ileng ba tla ho eena, ’me a arabela joang?

5 Pelo ea Jesu e ile ea ameha ha a bona bongata bona ba batho ba likete, ho akarelletsa le ba kulang, ba neng ba mo letetse ka thahasello. (Matheu 14:14; Mareka 6:44) Ha Mareka a lebisa tlhokomelo ho se ileng sa tsosa qenehelo ea Jesu le kamoo A ileng a arabela kateng, o ile a ngola: “A bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. ’Me a qala ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mareka 6:34) Jesu o ile a bona ho fetang letšoele la batho. O ile a bona batho ba nang le litlhoko tsa moea. Ba ne ba tšoana le linku tse lahlehileng tse hlokang thuso, tse se nang molisa ea ka li tataisetsang makhulong a matala kapa ea ka li sireletsang. Jesu o ne a tseba hore baeta-pele ba bolumeli ba lipelo li thata, bao e neng e lokela ho ba balisa ba tsotellang, ha e le hantle ba ne ba nyelisa batho feela ba tloaelehileng ’me ba hlokomoloha litlhoko tsa bona tsa moea. (Ezekiele 34:2-4; Johanne 7:47-49) Jesu o ne a tla ba tšoara ka tsela e fapaneng, a ba etsetse molemo o moholo ka hohle kamoo a ka khonang kateng. O ile a qala ho ba ruta ka ’Muso oa Molimo.

6, 7. (a) Likosepele li senola eng eo Jesu a neng a e etelletsa pele ha a arabela litlhokong tsa batho? (b) Ke’ng se neng se susumelletsa Jesu ho bolela le ho ruta?

6 Hlokomela tatellano ea liketsahalo le se bontšoang mabapi le ketsahalo e etelletsoang pele tlalehong e tšoanang le ena. Eona e ngotsoe ke Luka, eo e neng e le ngaka ’me a thahasella ka matla bophelo bo botle ba ’mele ba ba bang. “Bongata . . . ba [latela Jesu]. Eaba o bo amohela ka mosa ’me o qala ho bua le bona ka ’muso oa Molimo, ’me a folisa ba hlokang phekolo.” (Luka 9:11; Bakolose 4:14) Le hoja ho se joalo tlalehong e ’ngoe le e ’ngoe ea mohlolo, tabeng ena, tlaleho e bululetsoeng ea Luka e buile ka eng pele? Ka taba ea hore Jesu o ile a ruta batho.

7 Sena se hlile se lumellana le khatiso eo re e fumanang ho Mareka 6:34. Temana eo e bontša ka ho hlaka kamoo Jesu a ileng a susumelletseha haholo-holo ho bontša khauho ea hae kateng. O ile a ruta batho ba neng ba arabela litlhokong tsa bona tsa moea. Pejana tšebeletsong ea hae, Jesu o ne a ile a re: “Metseng e meng ke lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo, hobane ke rometsoe bakeng sa sena.” (Luka 4:43) Ho ntse ho le joalo, re ne re tla be re fositse haeba re ne re ka nahana hore Jesu o ne a bolela molaetsa oa ’Muso hobane a ne a tlamehile, joalokaha eka o ne a etsa mosebetsi oa ho bolela oo a lokelang ho o etsa ka tloaelo feela tjee. Che, qenehelo ea hae e lerato bakeng sa batho e ne e le tšusumetso e ka sehloohong e etsang hore a ba abele litaba tse molemo. Molemo o fetisisang oo Jesu a neng a ka o etsa—esita le bakeng sa ba kulang, ba hlasetsoeng ke bademona, ba futsanehileng kapa ba lapileng—e ne e le ho ba thusa hore ba tsebe ’nete ea ’Muso oa Molimo, ba e amohele ba be ba e rate. ’Nete eo e ne e le ea bohlokoahali ka lebaka la karolo eo ’Muso o e phethang ho tloseng qoso bobusing ba Jehova le ho tlisetseng batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.

8. Jesu o ne a ikutloa joang ka boboleli ba hae le ho ruta?

8 Ho bolela ha Jesu ’Muso ka mafolofolo e ne e le lebaka le ka sehloohong la ho tla ha hae lefatšeng. Ho ella qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a bolella Pilato a re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete. E mong le e mong ea leng ka lehlakoreng la ’nete o mamela lentsoe la ka.” (Johanne 18:37) Lihloohong tse peli tse etellang sena pele re hlokometse hore Jesu e ne e le motho ea nang le maikutlo a bonolo—ea tsotellang, ea atamelehang, ea nahanelang, ea tšepang ba bang, ’me ka holimo ho tsohle, ea lerato. Ho hlokahala hore re ananele litšobotsi tseo tsa botho ba hae e le hore re ka fela ra utloisisa kelello ea Kreste. Ke habohlokoa ka ho tšoanang ho hlokomela hore kelello ea Kreste e akarelletsa ho etelletsa pele ha hae mosebetsi oa boboleli le ho ruta.

O ne a Khothalletsa ba Bang ho Paka

9. Ke bo-mang ba neng ba lokela ho etelletsa pele boboleli le ho ruta?

9 E ne e se Jesu feela ea neng a lokela ho etelletsa pele boboleli le ho ruta—e le pontšo ea lerato le qenehelo. O ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba etsise sepheo sa hae, lintho tseo a neng a li etelletsa pele le liketso tsa hae. Ka mohlala, ka mor’a hore Jesu a khethe baapostola ba hae ba 12, ba ne ba lokela ho etsa eng? Mareka 3:14, 15 ea re bolella: ‘O ile a etsa sehlopha sa ba leshome le metso e ’meli, bao hape a ileng a ba bitsa “baapostola,” e le hore ba ka tsoela pele le eena le hore a ka ba romela ho ea bolela le ho ba le matla a ho leleka bademona.’ Na ho na le ntho leha e le efe eo u e bonang eo baapostola ba neng ba lokela ho e etelletsa pele?

10, 11. (a) Ha Jesu a romela baapostola, o ile a ba bolella hore ba etse eng? (b) Ha a romela baapostola, o ile a hatisa eng?

10 Ha nako e ntse e feta, Jesu o ile a etsa hore ba 12 ba khone ho folisa ba bang ba be ba leleke bademona. (Matheu 10:1; Luka 9:1) Eaba o ba romela leetong la ho ea “linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” Hore ba e’o etsa’ng? Jesu o ile a ba laela: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’ Phekolang batho ba kulang, le tsose batho ba shoeleng, le hloekise balepera, le leleke bademona.” (Matheu 10:5-8; Luka 9:2) Ha e le hantle, ba ile ba etsa eng? “Kahoo ba tsoa ’me [1] ba bolela e le hore batho ba ka baka; ’me [2] ba ne ba leleka bademona ba bangata ’me ba tšasa batho ba bangata ba likulane ka oli ’me ba ba phekola.”—Mareka 6:12, 13.

11 Kaha hase makhetlong ’ohle ao ho ’ona ho qaliloeng ka ho ruta, na ho hlokomela tatellano e ka holimo ke ho nka lintho tse etelletsoang pele kapa sepheo se amehang e le tsa bohlokoa ho feta tekano? (Luka 10:1-9) Ha e le hantle, ha rea lokela ho khella fatše tsela eo ho ruta ho boletsoeng pele ho ho folisa khafetsa ka eona. Hlahloba taba e potolohileng taba ena. Pele a romela baapostola ba 12, Jesu o ne a anngoe ke boemo boo bongata bo neng bo le ho bona. Rea bala: “Jesu a qala ho etela metse le metsana eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa eona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso ’me a phekola mofuta o mong le o mong oa lefu le mofuta o mong le o mong oa mefokolo. Ha a bona bongata a utloa a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa. Joale a re ho barutuoa ba hae: ‘E, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.’ ”—Matheu 9:35-38.

12. Mesebetsi ea mohlolo eo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba e etsa e ne e ka phetha morero ofe o mong?

12 Ka ho ba le eena, baapostola ba ne ba ka monya kelello ea Kreste ka tekanyo e itseng. Ba ne ba ka lemoha hore ho rata ha bona batho e le kannete le ho ba qenehela ho ne ho akarelletsa ho bolela le ho ruta ka ’Muso—eo e ne e lokela ho ba tšobotsi e ka sehloohong ea mesebetsi ea bona e molemo. Tumellanong le seo, liketso tse molemo tsa botho, tse kang ho folisa ba kulang, li ne li finyella se fetang ho thusa ba hlokang feela tjee. Joalokaha u ka inahanela, ho ka etsahala hore batho ba bang ba khahloe ke lipholiso le lijo tse fanoang ka mohlolo. (Matheu 4:24, 25; 8:16; 9:32, 33; 14:35, 36; Johanne 6:26) Leha ho le joalo, ho feta ho fana ka thuso ’meleng, ha e le hantle mesebetsi eo e ne e susumelletsa bashebelli ho hlokomela hore Jesu ke Mora oa Molimo le ‘moprofeta’ eo Moshe a neng a mo boletse esale pele.—Johanne 6:14; Deuteronoma 18:15.

13. Boprofeta bo ho Deuteronoma 18:18 bo hatisitse karolo efe e neng e tla phethoa ke ‘moprofeta’ ea tlang?

13 Ke hobane’ng ha taba ea hore Jesu ke ‘moprofeta’ e ne e le ea bohlokoa? Ha e le hantle, mosebetsi o ka sehloohong o neng o boletsoe esale pele bakeng sa hae e ne e le ofe? Na ‘moprofeta’ o ne a lokela ho tuma ka ho folisa ka mohlolo kapa ka hore ka qenehelo a hlahise lijo bakeng sa ba lapileng? Deuteronoma 18:18 e boletse sena esale pele: ‘Ke tla ba hlahisetsa moprofeta ea tsoang har’a banab’abo bona, ea joalo ka uena [Moshe]; ke tla bea mantsoe a ka molomong oa hae, ’me o tla ba bolella tsohle tsee ke tla mo laela tsona.’ Ka hona, le hoja baapostola ba ile ba ithuta ho ba le maikutlo a bonolo le ho a bontša, ba ne ba ka etsa qeto ea hore kelello ea Kreste e ne e lokela ho bonahala le mosebetsing oa bona oa ho bolela le ho ruta. Seo e ne e tla ba sona se molemohali seo ba neng ba ka se etsetsa batho. Ka mokhoa o joalo, ba kulang le ba futsanehileng ba ne ba ka fumana melemo e sa feleng, eseng feela e lekanyelitsoeng bophelong ba motho bo bokhutšoanyane kapa lijong tse fanoang ka makhetlo a seng makae.—Johanne 6:26-30.

Hlaolela Kelello ea Kreste Kajeno

14. Ho ba le kelello ea Kreste ho ameha joang boboleling ba rōna?

14 Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a ka talima kelello ea Kreste e le e amanang ka ho khetheha le lekholo la pele la lilemo—e amanang le Jesu le barutuoa ba pele bao moapostola Pauluse a ileng a ngola tjena ka bona: “Re fela re e-na le kelello ea Kreste.” (1 Bakorinthe 2:16) ’Me ntle ho tikatiko re ka lumela hore re tlameha ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Empa, ho molemo ho hopola sepheo sa rōna sa ho etsa mosebetsi ona. Ha ea lokela ho ba ka lebaka la ho ikutloa re tlamehile feela tjee. Ho rata Molimo ke lebaka le ka sehloohong leo ka lona re kopanelang tšebeletsong, ’me ho tšoana le Jesu e le kannete ho akarelletsa ho bolela le ho ruta hobane re susumetsoa ke qenehelo.—Matheu 22:37-39.

15. Ke hobane’ng ha qenehelo e le karolo e loketseng ea tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa?

15 Ke ’nete hore hase kamehla ho leng bonolo hore motho a qenehele ba sa lumeleng seo re se lumelang, haholo-holo ha re thulana le boiphapanyo, ho khesoa, kapa khanyetso. Empa, haeba re ne re ka felloa ke lerato le qenehelo bakeng sa batho, re ne re ka felloa ke tšusumetso ea bohlokoa bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste. Joale, re ka hlaolela qenehelo joang? Re ka leka ho talima batho joalokaha Jesu a ne a ba talima, ba “qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Na seo ha se hlalose ba bangata kajeno? Ba hlokomolohiloe ba bile ba foufalitsoe moeeng ke balisa ba bolumeli ba bohata. Ka lebaka leo, ha ba tsebe letho ka tataiso e nepahetseng e fumanoang ka Bibeleng leha e le ka maemo a Paradeise ao ’Muso oa Molimo o tla tloha o a tlisa lefatšeng la rōna. Ba talimane le mathata a bophelo ba letsatsi le letsatsi—ho akarelletsa le bofutsana, likhohlano tsa malapa, ho kula le lefu—ba se na tšepo ea ’Muso. Re na le seo ba se hlokang: litaba tse molemo tse pholosang bophelo tsa ’Muso oa Molimo oo hona joale o thehiloeng leholimong!

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata ho bolella ba bang litaba tse molemo?

16 Ka hona, ha u nahanisisa ka litlhoko tsa moea tsa ba u potolohileng, na pelo ea hao ha e u susumelletse hore u batle ho etsa sohle seo u ka se khonang ho ba bolella ka morero o lerato oa Molimo? E, mosebetsi oa rōna ke oa qenehelo. Ha re utloela batho bohloko joalokaha Jesu a ne a ba utloela bohloko, seo se tla totobala molumong oa rōna oa lentsoe, litšobotsing tsa lifahleho tsa rōna le tseleng eo re rutang ka eona. Sena sohle se etsa hore molaetsa oa rōna o ipiletse haholoanyane ho ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’—Liketso 13:48.

17. (a) Litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang ba bang lerato le qenehelo ke life? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khetha ho etsa ho hong re tlohele ho hong pakeng tsa mesebetsi e molemo le ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa?

17 Ha e le hantle, lerato la rōna le qenehelo li lokela ho bonahala tseleng eohle ea bophelo ba rōna. Sena se akarelletsa hore re be mosa ho ba hlokang, ba kulang le ba futsanehileng—re etse sohle seo re ka se khonang ho ba lokolla mahlomoleng. Se akarelletsa hore ka mantsoe le ka liketso re leke ho tlosa mesarelo ea ba lahlehetsoeng ke baratuoa ka lefu. (Luka 7:11-15; Johanne 11:33-35) Empa lipontšo tse joalo tsa lerato, mosa le qenehelo ha ea lokela ho ba tsona lintho tsa sehlooho tseo re lekang ho li finyella ka mesebetsi ea rōna e molemo, joalokaha batho ba bang ba ntlafatsang boiketlo ba sechaba ba etsa. Mesebetsi ea bohlokoa bo tšoarellang ke e susumetsoang ke litšoaneleho tsa bomolimo tse tšoanang le tseo, empa tse bontšoang ka ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba Bokreste le ho ruta. Hopola seo Jesu a ileng a se bua ka baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda: “Le fana ka karolo ea leshome ea koena le dille le kumine, empa le hlokomolohile litaba tse tōma haholoanyane tsa Molao, e leng toka le mohau le botšepehi. Lintho tsena e ne e le tlamo ho li etsa, empa leha ho le joalo eseng hore ho hlokomolohuoe lintho tse ling.” (Matheu 23:23) Jesu o ne a sa khethe ho etsa ho hong a tlohele ho hong—ho thusa batho ka litlhoko tsa bona tsa nama kapa ho ba ruta litaba tsa moea tse fanang ka bophelo. Jesu o ne a li etsa ka bobeli. Ho ntse ho le joalo, ho hlakile hore mosebetsi oa hae oa ho ruta e ne e le oona o ka sehloohong hobane molemo oo a neng a o finyella ka oona e ne e ka ba thuso ea ka ho sa feleng.—Johanne 20:16.

18. Ho hlahloba ha rōna kelello ea Kreste ho lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?

18 Re ka ananela hakaakang hore ebe Jehova o re senoletse kelello ea Kreste! Ka Likosepele, re ka tseba hamolemo mehopolo, maikutlo, litšoaneleho, mesebetsi le lintho tseo motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela a neng a li etelletsa pele. Ho ho rōna ho bala seo Bibele e se senolang ka Jesu, ho se nahanisisa le ho se sebelisa. Hopola, e le hore re ka fela ra itšoara joaloka Jesu, re tlameha hore re qale ka ho ithuta ho nahana, ho ikutloa le ho lekanyetsa lintho joaloka eena, ka hohle kamoo re ka khonang joaloka batho ba sa phethahalang. Joale, a re ikemisetseng ho hlaolela le ho bontša kelello ea Kreste. Ha ho tsela e molemo ho feta eo, ea ho phela, ea ho tšoara batho le eo ka eona rōna le ba bang re ka atamelang haufi le eo e neng e le setšoantšo sa hae se phethahetseng, e leng Molimo oa rōna ea mosa, Jehova.—2 Bakorinthe 1:3; Baheberu 1:3.

U ne U Tla Arabela Joang?

• Bibele e fana ka temohisiso efe mabapi le kamoo Jesu a neng a atisa ho arabela kateng tabeng ea batho ba hlokang?

• Jesu o ile a hatella eng ha a tataisa balateli ba hae?

• Re ka bonahatsa “kelello ea Kreste” joang mesebetsing ea rōna?

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 23]

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ke molemo ofe o moholo ka ho fetisisa oo Bakreste ba ka o etsetsang ba bang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela