Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/15 maq. 12-17
  • Litlhohonolofatso Kapa Lithohako—Ho na le Khetho!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litlhohonolofatso Kapa Lithohako—Ho na le Khetho!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Entsoe Hore Litlhohonolofatso li Fumanehe
  • Ho Thoe’ng ka Lithohako?
  • Phatlalatso ea Litlhohonolofatso le Lithohako
  • Ho Shebisisa
  • Khetho ea Baiseraele e Ile ea Etsa Phapang
  • Litlhohonolofatso Kapa Lithohako—Mehlala ho Rōna Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • ‘Khethang Bophelo Hore le ’ne le Phele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Buka ea Bibele ea 5—Deuteronoma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Shekeme—Motse o Phuleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/15 maq. 12-17

Litlhohonolofatso Kapa Lithohako—Ho na le Khetho!

“Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele.”—DEUTERONOMA 30:19.

1. Batho ba ne ba filoe matla afe?

JEHOVA MOLIMO o re entse—rōna batho ba bohlale bao a ba bōpileng—hore re be le boikhethelo. Ha rea ka ra bōptjoa re le mechine kapa re le liroboto, empa re filoe tokelo le boikarabelo ba ho khetha. (Pesaleme ea 100:3) Batho ba pele—Adama le Eva—ba ne ba lokolohile ho khetha tsela ea bona ea ho etsa lintho, ’me ba ne ba ikarabella ho Molimo ka khetho ea bona.

2. Adama o ile a etsa khetho efe, ’me e le ka phello efe?

2 ’Mōpi o etselitse batho litokisetso tse ngata bakeng sa ho phela ka tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ke hobane’ng ha morero oo o e-s’o finyelloe? Hobane Adama o ile a etsa khetho e fosahetseng. Jehova o ne a file motho taelo ena: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Haeba Adama a ne a ile a khetha ho mamela, batsoali ba rōna ba pele ba ka be ba ile ba hlohonolofatsoa. Ho se mamele ho tlisitse lefu. (Genese 3:6, 18, 19) Ka hona sebe le lefu li fetiselitsoe ho bana bohle ba Adama.—Baroma 5:12.

Ho Entsoe Hore Litlhohonolofatso li Fumanehe

3. Ke joang Molimo a ileng a fana ka tiiso ea hore morero oa hae bakeng sa moloko oa batho o ne o tla phethahala?

3 Jehova Molimo o ile a bula tsela eo ka eona morero oa hae oa ho hlohonolofatsa moloko oa batho o neng o tla qetella o finyeletsoe. Eena ka boeena o ile a bolela esale pele hore ho tla ba le Peō, ha a profeta Edene: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:15) Hamorao Molimo o ile a tšepisa hore litlhohonolofatso li ne li tla tlela moloko oa batho ba mamelang ka Peō ena, ngoana oa Abrahama.—Genese 22:15-18.

4. Jehova o entse tokisetso efe bakeng sa ho hlohonolofatsa moloko oa batho?

4 Peō eo e tšepisitsoeng ea tlhohonolofatso e ile ea ipaka e le Jesu Kreste. Mabapi le karolo ea Jesu tokisetsong ea Jehova ea ho hlohonolofatsa moloko oa batho, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re ne re sa le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Batho ba baetsalibe ba mamelang Molimo ’me ba ithuisa molemo ka se finyeletsoeng ke sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, ba tla thabela litlhohonolofatso. (Liketso 4:12) Na u tla khetha ho mamela le litlhohonolofatso? Ho se mamele ho tla ba le phello e ’ngoe e fapaneng hōle.

Ho Thoe’ng ka Lithohako?

5. Lentsoe “thohako” le bolela’ng?

5 Se fapaneng le tlhohonolofatso ke thohako. Lentsoe “thohako” le bolela ho bua hampe ka motho e mong kapa ho phatlalatsa bobe khahlanong le eena. Lentsoe la Seheberu qela·lahʹ le nkiloe motsong oa leetsi qa·lalʹ, eo ka ho toba e bolelang “e-ba leseli.” Leha ho le joalo, ha le sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso, le bolela ho ‘rohaka’ kapa ho ‘nyelisa.’—Levitike 20:9; 2 Samuele 19:43.

6. Ke ketsahalo efe e amanang le Elisha e ileng ea etsahala pel’a Bethele ea boholo-holo?

6 Nahana ka mohlala o hapang tlhokomelo oa bohato bo potlakileng bo amanang le thohako. Sena se ile sa etsahala ha moprofeta oa Molimo Elisha a ne a tsamaea a tloha Jeriko a e-ea Bethele. Tlaleho e re: “Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tsoa hae, ba mo soma, ba re ho eena: Lefatla tooe, nyoloha! lefatla tooe, nyoloha! Eena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Eaba ho tsoa libere tse peli tse tšehali morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e ’meli.” (2 Marena 2:23, 24) Seo ha e le hantle Elisha a ileng a se bua ha a rohaka bana bao ba neng ba mo soma ha sea senoloa. Leha ho le joalo, phatlalatso eo ea molomo e ile ea sebetsa hobane e ne e buuoe ka lebitso la Jehova ke moprofeta oa Molimo ea sebetsang tumellanong le thato ea Molimo.

7. Bana ba ileng ba soma Elisha ba ile ba etsahalloa ke eng, hona hobane’ng?

7 Lebaka le ka sehloohong la ho soma ho bonahala e bile hore Elisha o ne a apere seaparo sa Elija se neng se khetholla baprofeta, ’me bana bao ba ne ba sa batle mohlahlami leha e le ofe oa moprofeta eo sebakeng seo. (2 Marena 2:13) Ha a arabela phephetsong ea hore ke mohlahlami oa Elija le ho ruta bana bao le batsoali ba bona tlhompho e loketseng moprofeta oa Jehova, Elisha o ile a rohaka mahoo-hoo ao a mo somang ka lebitso la Molimo oa Elija. Jehova o ile a bontša hore o amohela Elisha e le moprofeta oa hae ka ho etsa hore libere tse peli tse tšehali li tsoe morung ’me li tsekolle ba 42 ho basomi bao. Jehova o ile a nka bohato a sa qea-qee ka lebaka la ho hloka tlhompho ha bona ho totobetseng bakeng sa mocha oa puisano oo a neng a o sebelisa lefatšeng ka nako eo.

8. Batho ba Iseraele ba ile ba lumela ho etsa’ng, ’me e le ka litebello life?

8 Lilemo pejana, Baiseraele ba ile ba bontša ho hloka tlhompho ho tšoanang bakeng sa litokisetso tsa Molimo. Ena ke tsela eo litaba li ileng tsa tsoela pele ka eona: Ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a bontša batho ba Iseraele mohau ka ho ba lokolla botlamuoeng Egepeta joaloka hoja e le “ka mapheo a ntsu.” Kapele ka mor’a moo, ba ile ba tšepisa ho mamela Molimo. Hlokomela kamoo ho mamela le ho fumana kamohelo ea Molimo li neng li amana hoo li ke keng tsa arohanngoa. Jehova o ile a re ka Moshe: “Ha le ka fela la mamela lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka.” Ka mor’a moo, batho ba ile ba arabela ka ho lumellana le seo ba re: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” (Exoda 19:4, 5, 8; 24:3) Baiseraele ba ile ba bolela hore ba rata Jehova, ba inehetse ho eena, ’me ba ikanetse ho mamela lentsoe la hae. Ho etsa joalo ho ne ho tla fella ka litlhohonolofatso tse khōlō.

9, 10. Ha Moshe a ne a le Thabeng ea Sinai, Baiseraele ba ile ba etsa’ng, hona e le ka liphello life?

9 Leha ho le joalo, pele litekanyetso tsa motheo tsa tumellano eo li ngoloa lejoeng ka “monoana oa Molimo,” lithohako tsa bomolimo li ne li ke ke tsa qojoa. (Exoda 31:18) Ke hobane’ng ha liphello tse bohloko hakaalo li ne li loketse? Na Baiseraele ba ne ba sa ka ba bontša takatso ea ho etsa sohle seo Jehova a neng a se buile? E, ka molomo ba ne ba batla litlhohonolofatso, empa ka liketso tsa bona ba ile ba khetha tsela e neng e tšoaneloa ke lithohako.

10 Nakong ea matsatsi a 40 ha Moshe a ne a le Thabeng ea Sinai a amohela Melao e Leshome, Baiseraele ba ile ba roba tšepiso eo ba neng ba e entse pejana ea ho tšepahala ho Jehova ka ho sa sekisetseng. Tlaleho e re: “Sechaba eitse ha se bona hoba Moshe o liehile ho theoha thabeng, sechaba sa bōkanela Aarone, sa re ho eena: Ema, u re etsetse molimo o re etellang pele; hobane ha e le Moshe eno, monna ea re ntšitseng fatšeng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.” (Exoda 32:1) Ona ke mohlala o mong oa tšekamelo ea ho se hlomphe e ileng ea bontšoa mabapi le ’muelli oa motho eo Jehova a neng a mo sebelisa ka nako eo ho etella pele le ho tataisa batho ba hae. Baiseraele ba ile ba hoheloa hore ba etsise borapeli ba litšoantšo ba Egepeta ’me ba kotula liphello tse bohloko ha ba 3 000 ba bolaoa ka sabole ka letsatsi le le leng.—Exoda 32:2-6, 25-29.

Phatlalatso ea Litlhohonolofatso le Lithohako

11. Joshua o ile a phetha litaelo life mabapi le litlhohonolofatso le lithohako?

11 Ho ella qetellong ea leeto la Baiseraele la lilemo tse 40 lefeelleng, Moshe o ile a thathamisa litlhohonolofatso tse tla fumanoa ka ho khetha ho mamela Molimo. O ile a thathamisa le lithohako tseo Baiseraele ba neng ba tla li latsoa haeba ba ne ba khetha ho se mamele Jehova. (Deuteronoma 27:11–28:10) Kapele ka mor’a hore Baiseraele ba kene Naheng e Tšepisitsoeng, Joshua o ile a phetha litaelo tsa Moshe tse amanang le litlhohonolofatso le lithohako tsena. Meloko e tšeletseng ea Iseraele e ile ea ema mosikong oa Thaba ea Ebale, ’me e meng e tšeletseng e ile ea ema ka pel’a Thaba ea Gerizime. Balevi ba ile ba ema phuleng e lipakeng. Kamoo ho bonahalang kateng, meloko e neng e eme ka pel’a Thaba ea Ebale e ne e re “Amen!” ha e balloa lithohako kapa malimabe. E meng e ne e arabela litlhohonolofatsong tseo Balevi ba neng ba e balla tsona e le mosikong oa Thaba ea Gerizime.—Joshua 8:30-35.

12. Tse ling tsa lithohako tse ileng tsa phatlalatsoa ke Balevi e ne e le life?

12 Nka hore u utloa Balevi ba re: ‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo se betliloeng, kapa se tšolotsoeng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi oa matsoho a sebetli, ’me a se bea nģalong e itseng e sephiri! Ho rohakoe ea nyelisang ntat’ae, kapa ’m’ae! Ho rohakoe ea suthisang mekolokotoane ea oa habo! Ho rohakoe ea khelosang sefofu tsela! Ho rohakoe ea khopamisang tokelo ea molichaba, le ea khutsana, kapa ea mosali oa mohlolohali! Ho rohakoe ea robalang le mosali oa ntat’ae, hobane o apotse kobo ea ntat’ae! Ho rohakoe ea robalang le phoofolo e ’ngoe! Ho rohakoe ea robalang le khaitseli ea hae, kapa e leng morali oa ntat’ae, kapa e leng morali oa ’m’ae! Ho rohakoe ea robalang le matsal’ae! Ho rohakoe ea otlang oa habo sephiring! Ho rohakoe ea amohelang moputso ho bolaea motho ea se nang molato! Ho rohakoe ea sa tiisetseng lipolelong tsa molao ona ho li etsa!’ Ka mor’a thohako ka ’ngoe, meloko e ka pel’a Thaba ea Ebale e re, “Amen!”—Deuteronoma 27:15-26.

13. Ka mantsoe a hao, u ne u ka hlalosa joang tse ling tsa litlhohonolofatso tseo Balevi ba ileng ba li phatlalatsa?

13 Joale nahana u se u utloa ba leng ka pel’a Thaba ea Gerizime ba arabela ka tsela e hlakileng ha ho baloa tlhohonolofatso ka ’ngoe ha Balevi ba ntse ba hoa: “U tla hlohonolofatsoa motseng, u hlohonolofatsoe masimong. Bana ba hao ba tla hlohonolofatsoa, le lijo tse behoang ke lefatše la hao, le tse tsoaloang ke makhomo a hao, le katiso ea likhomo tsa hao, le likonyana tsa manku a hao. Seroto sa hao se tla hlohonolofatsoa, le morifi oa hao oa ho lubela bohobe. U tla hlohonolofatsoa ho keneng ha hao, u hlohonolofatsoe le ho tsoeng ha hao.”—Deuteronoma 28:3-6.

14. Baiseraele ba ne ba ka fumana litlhohonolofatso motheong ofe?

14 Motheo oa ho amohela litlhohonolofatso tsee e ne e le ofe? Tlaleho e re: “Etlare ha u utloa lentsoe la Jehova, Molimo oa hao, u itiisa ho etsa litaelo tsa hae tsohle tseo ke u laelang tsona kajeno, Jehova, Molimo oa hao, o tla u phahamisa ho feta lichaba tsohle tsa lefatše. Lihlohonolofatso tsena tsohle li tla u fihlela, li u tlele, ha u ka utloa lentsoe la Jehova, Molimo oa hao.” (Deuteronoma 28:1, 2) E, senotlolo sa ho thabela litlhohonolofatso tsa bomolimo e ne e le ho mamela Molimo. Empa ho thoe’ng ka rōna kajeno? Na ka bomong re tla khetha litlhohonolofatso le bophelo ka ho tsoela pele ho “utloa lentsoe la Jehova”?—Deuteronoma 30:19, 20.

Ho Shebisisa

15. Ke ntlha efe e ileng ea phahamisoa tlhohonolofatsong e tlalehiloeng ho Deuteronoma 28:3, ’me re ka rua molemo joang ho eona?

15 A re ke re nahaneng ka litlhohonolofatso tse itseng tseo Moiseraele a neng a ka li thabela ka lebaka la ho mamela Jehova. Ka mohlala, Deuteronoma 28:3 e re: “U tla hlohonolofatsoa motseng, u hlohonolofatsoe masimong.” Ho hlohonolofatsoa ke Molimo ha hoa itšetleha ka sebaka kapa kabelo. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba qabelletsoe maemong a bona, mohlomong ka lebaka la ho lula sebakeng se futsanehileng haholo kapa naheng e tsekolotsoeng ke ntoa. Ba bang ba ka ’na ba laba-labela ho sebeletsa Jehova sebakeng se seng sesele. Banna ba bang ba Bakreste ba ka ’na ba nyahama hobane ha baa khethoa ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo ka phuthehong. Ka linako tse ling, basali ba Bakreste ba ikutloa ba tepeletse hobane ha ba boemong ba ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho kapa baromuoa. Empa, e mong le e mong ea ‘utloang lentsoe la Jehova, ’me a itiisa ho etsa litaelo tsa hae’ o tla hlohonolofatsoa hona joale le ka ho sa feleng.

16. Molao-motheo oa Deuteronoma 28:4 o sebetsa joang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova kajeno?

16 Deuteronoma 28:4 e re: “Bana ba hao ba tla hlohonolofatsoa, le lijo tse behoang ke lefatše la hao, le tse tsoaloang ke makhomo a hao, le katiso ea likhomo tsa hao, le likonyana tsa manku a hao.” Tšebeliso ea seemeli sa Seheberu se ka bonngoeng se fetoletsoeng e le “hao” e bontša hore ena e ne e tla ba phihlelo ea botho ea Moiseraele ea mamelang. Ho thoe’ng ka bahlanka ba Jehova ba mamelang kajeno? Keketseho ea lefatše lohle le katoloso tse ntseng li tsoela pele ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova ke phello ea tlhohonolofatso ea Molimo boitekong bo tiileng ba baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso ba ka holimo ho 5 000 000. (Mareka 13:10) ’Me ho totobetse hore ho na le monyetla oa keketseho e kholoanyane hobane ba ka holimo ho 13 000 000 ba ile ba e-ba teng moketeng oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena oa 1995. Na u thabela litlhohonolofatso tsa ’Muso?

Khetho ea Baiseraele e Ile ea Etsa Phapang

17. Ho ‘fihleloa’ ke litlhohonolofatso kapa lithohako ho ne ho itšetlehile ka eng?

17 Ha e le hantle, litlhohonolofatso li ne li tla tšolohela ho Moiseraele ea mamelang. Ho ile ha tšepisoa: “Lihlohonolofatso tsena tsohle li tla u fihlela.” (Deuteronoma 28:2) Ka ho tšoanang, ho ile ha thoe ka lithohako: “Lithohako tsena tsohle li tla u fihlela.” (Deuteronoma 28:15) Haeba u ne u bile Moiseraele oa mehleng ea boholo-holo, na u ka be u ile oa ‘fihleloa’ ke litlhohonolofatso kapa lithohako? Seo se ka be se ile sa itšetleha ka hore na u ne u ile ua mamela Molimo kapa hore na u ne u sa ka ua mo mamela.

18. Baiseraele ba ka be ba qobile lithohako joang?

18 Ho Deuteronoma 28:15-68, liphello tse bohloko tsa ho se mamele li ngotsoe e le lithohako. Tse ling ke se fapaneng hantle le litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho mamela tse thathamisitsoeng ho Deuteronoma 28:3-14. Hangata, batho ba Iseraele ba ne ba kotula liphello tse bohloko bo tebileng tsa lithohako hobane ba ne ba khetha ho kopanela borapeling ba bohata. (Esdrase 9:7; Jeremia 6:6-8; 44:2-6) Ho bohloko hakaakang! Liphello tse joalo li ka be li ile tsa qojoa ka ho etsa khetho e nepahetseng, e leng ea ho mamela melao le melao-motheo ea Jehova e hloekileng, eo ka ho hlaka e hlalosang se molemo le se sebe. Kajeno ba bangata ba utloa bohloko ba bile ba tsielehile hobane ba khethile ho sebetsa khahlanong le melao-motheo ea Bibele ka ho kopanela bolumeling ba bohata, ho kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, ho sebelisa lithethefatsi tse sa lumelloang ka molao, ho noa lino tse tahang ho tlōlisa le tse ling tse joalo. Joaloka Iseraeleng ea boholo-holo le Juda, ho etsa khetho e mpe joalo ho fella ka ho se amoheloe ke Molimo le bohloko ba pelo bo sa hlokahaleng.—Esaia 65:12-14.

19. Hlalosa maemo a neng a thabeloa ha Juda le Iseraele li ne li khetha ho mamela Jehova.

19 Ho ne ho e-ba le litlhohonolofatso tse ngata ho bile ho rena khutso hafeela Baiseraele ba ne ba mamela Jehova. Ka mohlala, mabapi le mehla ea Morena Solomone, rea bala: “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joalo ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla. . . . Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feie ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.” (1 Marena 4:20-25) Esita le mehleng ea Morena Davida, e neng e tsebahala ka khanyetso e ngata e tsoang ho lira tsa Molimo, sechaba se ne se latsoa tšehetso ea Jehova le tlhohonolofatso ha se ne se khetha ho mamela Molimo oa ’nete.—2 Samuele 7:28, 29; 8:1-15.

20. Molimo o kholisehile ka eng mabapi le batho?

20 Na u tla mamela Molimo kapa u ke ke ua mo mamela? Baiseraele ba ne ba e-na le khetho. Le hoja kaofela ha rōna re futsitse tšekamelo ea boetsalibe ho Adama, re boetse re neiloe mpho ea ho ikhethela ka bolokolohi. Ho sa tsotellehe Satane, lefatše lena le khopo, le ho se phethahale ha rōna, re ka etsa khetho e nepahetseng. Ho feta moo, ’Mōpi oa rōna o kholisehile hore ho sa tsotellehe teko leha e le efe le moleko, ho tla ba le ba tla etsa khetho e nepahetseng, e seng ka molomo feela empa le ka ketso. (1 Petrose 5:8-10) Na u tla ba har’a bona?

21. Ho tla hlahlojoa eng sehloohong se latelang?

21 Sehloohong se latelang, re tla khona ho seka-seka maikutlo a rōna le liketso leseling la mehlala ea nako e fetileng. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka arabela ka thabo mantsoeng a Molimo ka Moshe: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele.”—Deuteronoma 30:19.

U ne U Tla Araba Joang?

◻ Jehova o entse hore litlhohonolofatso li fumanehe joang ho batho ba baetsalibe?

◻ Lithohako ke eng?

◻ Baiseraele ba ka be ba ile ba fumana litlhohonolofatso joang ho e-na le lithohako?

◻ Baiseraele ba ile ba thabela litlhohonolofatso life bakeng sa ho mamela Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Baiseraele ba ile ba bokana ka pel’a Thaba ea Gerizime le Thaba ea Ebale

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela