Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 10/1 leq. 32
  • Na U Masene?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Masene?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 10/1 leq. 32

Na U Masene?

HA Moshe a ne a khetha baahloli ba Iseraele, o ile a loanela ho fumana “banna ba bohlale le ba masene le ba nang le phihlelo.” (Deuteronoma 1:13, NW) Banna bana ba ne ba sa tšoanelehe feela kahobane ba hōlile. Bohlale le masene e ne e le tsa bohlokoa le tsona.

Motho ea masene o bontša kahlolo e molemo ka lipuo le boitšoaro. Ho latela Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary, motho ea masene o boetse o “tseba ho tšoara leleme la hae ka bohlale.” E, “e teng nako . . . ea ho bua,” ’me “nako e teng ea ho khutsa,” ’me motho ea masene o utloisisa phapang eo. (Moeklesia 3:7) Hangata, ho na le lebaka le utloahalang la ho khutsa, hobane Bibele e re: “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.”—Liproverbia 10:19, NW.

Bakreste ba hlokolosi hore ba be masene litšebelisanong tsa bona. Hoa etsahala hore motho ea buang haholo kapa ea buang ka matla ebe hase oa bohlokoa haholo kapa ea hlokoang haholo. Hopola, Moshe “o ne a le matla mantsoeng,” empa o ne a ke ke a tsamaisa sechaba sa Iseraele ka katleho ho fihlela ha a hlaoletse tiisetso, bonolo le boitšoaro. (Liketso 7:22) Kahoo, ba filoeng matla a bolaoli, ke bona ba hlileng ba tlamehang ho loanela boinyenyefatso le ho ba le kahlolo e molemo.—Liproverbia 11:2.

Lentsoe la Molimo le hlalosa hore bao Jesu Kreste a ba fileng boikarabelo ba “tsohle tseo e leng tsa hae,” ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Ha ba nkehe maikutlo ka tsela e ba etsang hore ba ikhohomose ebe ba etella Jehova pele; leha e le hore ba salla morao ha tataiso ea Molimo e hlakile tabeng e itseng. Baa tseba ha e le nako ea ho bua leha e le nako ea ho letela tlhakiso e eketsehileng ba khutsitse. Ke hantle hore Bakreste bohle ba se ke ba etsisa tumelo ea sehlopha sa lekhoba feela empa hape ba bontše hore ba masene joaloka sona.—Baheberu 13:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela