Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Letlotlo le Ikhethang
TLAS’A Wadi Qumran, ka lehlakoreng le ka leboea-bophirima ho Leoatle le Shoeleng, ho na le masupi a boholo-holo. Kaha ke khale batho ba nahana hore ke mesaletsa ea qhobosheane ea Baroma, a ne a sa ka a tsotelloa hakaalo ke baepolli ba lintho tsa khale. Leha ho le joalo, ho sibolloa ha Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia ka 1947, ho ile ha etsa hore ho nahanisisoe hape ka sebaka seo.
Ka potlako litsebi li ile tsa tsebahatsa mehaho eo e le ea sechaba sa bolumeli sa Bajode. Hang-hang ho ile ha nahanoa hore batho bao ba ne ba patile meqolo eo ka mahaheng a lilomong tse haufinyane. Empa ho bonahala litšibollo tsa morao li ile tsa etsa hore ho be le pelaelo ka seo.
Tšibollo e Ikhethang
Babedouin ba ne ba hlokometse bohlokoa ba libuka tse ngotsoeng ka letsoho tseo ba neng ba se ba li fumane. Kahoo, ka 1952, ha monna-moholo e mong a pheta hore ha e sa le mohlankana o ne a lelekise khoale e tsoileng leqeba ho fihlela e nyamella lesobeng le lepatsong la lefika, moo a ileng a fumana lintho tse entsoeng ka letsopa le lebone la boholo-holo la oli, ho ile ha qaloa ho batla bocha.
Monna-moholo o ne a ntse a khona ho supa lehaha leo har’a mafaru a tebileng a selomo se seholo. Ho ile ha bonahala hore ke lehaha le iketselitsoeng ke motho, leo hona joale le tsejoang e le Lehaha la 4. Moo Babedouin ba ile ba fumana likaroloana tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ka bang bolelele ba mithara tlas’a lehaha. Ha ho le e ’ngoe ea likaroloana tsena e neng e bolokiloe ka har’a linkho, kahoo bongata ba tsona li ne li senyehile hampe, li ntšofetse, ’me li taboha habonolo. Ha metsotso e ntse e e-ja babeli, ho ile ha fumanoa mesaletsa e ka bang 40 000, e emelang libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ka bang 400. Libuka tsohle tsa Mangolo a Seheberu, ntle ho ea Esthere, li ne li emetsoe har’a libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tse lekholo. Boholo ba se fumanoeng Lehaheng la 4 ha bo e-s’o phatlalatsoe.
E ’ngoe ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tseo e leng tsa bohlokoa haholo ke e nang le libuka tsa Samuele, tse kopilelitsoeng moqolong o le mong. Taba ea eona e ngotsoeng ka Seheberu, e bolokiloeng likarolong tse 47 tseo mohlomong li neng li le 57, e tšoana haholo le e sebelisitsoeng ke bafetoleli ba phetolelo ea Septuagint ea Segerike. Ho boetse ho na le mesaletsa ea Septuagint ho tloha ho Levitike ho ea ho Numere eo e leng ea morao koana lekholong la pele la lilemo B.C.E. Buka e ngotsoeng ka letsoho ea Levitike e sebelisa IAO, bakeng sa יהוה ea Seheberu, e leng lebitso la Molimo, ho e-na le Kyʹri·os, ea Segerike, e bolelang “Morena.”a
Mosaletseng oa Deuteronoma, taba e ngotsoeng ea Seheberu e kopanyelletsa karolo ea khaolo ea 32, temana ea 43, e fumanoang ho Septuagint le e qotsitsoeng ho Ba-Heberu 1:6: “Mangeloi ’ohle a Molimo a mo khumamele.” Lena ke lekhetlo la pele ho fumanoa mantsoe ana bukeng leha e le efe e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu, a senolang taba e ngotsoeng eo ka ho hlakileng e tšehetsang phetolelo ea Segerike. Ka hona litsebi li fumane temoho e ncha tabeng e ngotsoeng ea Septuagint, eo hangata e qotsoang Mangolong a Bakreste a Segerike.
Moqolo oa Exoda o boleloa e le oa kotareng ea boraro ea lekholo la boraro la lilemo B.C.E., oa Samuele o boleloa e le oa ho ea bofelong ba lekholo lona leo la lilemo, ’me moqolo oa Jeremia o boleloa e le oa lipakeng tsa 225 le 175 B.C.E. Ho fumanoe boitsebiso bo lekaneng ba lekholong la boraro ho ea ho la pele la lilemo B.C.E. bakeng sa ho fumana liphetoho tsa mokhoa oa ho ngola le tsa litlhaku tsa lialfabeta tsa Seheberu le Searame, e leng ntho ea bohlokoahali ho boleleng linako tsa ho ngoloa ha libuka tse ngotsoeng ka letsoho.
Ntho e sa Lebelloang Lehaheng la 11
Qetellong, sebaka sohle ho pota Qumran se ne se phenyekollotsoe ka ho felletseng, ke Babedouin le ke baepolli ba lintho tsa khale. Leha ho le joalo, ka tsatsi le leng ka 1956, Babedouin ba bang ba ile ba hlokomela bo-’mankhane ba tsoang maphaong a mafika ka leboea ho Lehaha la 1. Ba ile ba hloella moo ’me ba fumana lehaha le leng, leo monyako oa lona o neng o koalehile. Ho ile ha tlameha ho tlosoa lithane tse peli tsa majoe a oeleng e le hore monyako o hlahelle. Ho ile ha sibolloa lintho tse hlollang—libuka tse peli tse ngotsoeng ka letsoho tse felletseng le likarolo tse hlano tse khōlō tsa libuka tse ling.
Tšibollo ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le ea moqolo o motle oa Lipesaleme. Botenya ba letlalo bo bontša hore mohlomong e ne e le letlalo la namane ho e-na le letlalo la poli. Kakaretso ea likhechana tse hlano tsa letlalo, maqephe a mane a arohaneng, le mesaletsa e mene li etsa hore moqolo oo o be bolelele ba limithara tse 4. Le hoja bokaholimo ba moqolo ona bo bolokehile hantle, bokatlaase ba oona bo senyehile haholo. Ke oa nakong ea halofong ea pele ea lekholo la pele la lilemo C.E. ’me o na le likarolo tsa lipesaleme tse 41. Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo li ngotsoe ka makhetlo a ka bang 105 ka litlhaku tsa boholo-holo tsa Seheberu sa khale-khale, e leng ho etsang hore li khethehe ka har’a mongolo oa Seheberu oa litlhaku tse mahlakore a lekanang o tabeng e potolohileng.
Buka e ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho, ea Levitike, kaofela ha eona e ngotsoe ka mongolo oa boholo-holo oa Seheberu, empa ha ho e-s’o hlalosoe ka ho lekaneng hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. Ke tokomane e khōlō ka ho fetisisa e teng e sebelisang mongolo oa mofuta ona, o neng o sebelisoa ha Bajode ba e-ea kholehong Babylona bofelong ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E.
Kopi ea Targum, phetolelo ea Searame eo e seng ea lentsoe ka lentsoe ea buka ea Jobo, le eona e ile ea hlahella. Ke e ’ngoe ea li-Targum tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng. Litlhaloso tse ngata tsa libuka tse ling tsa Bibele le tsona li ile tsa fumanoa mahaheng a fapa-fapaneng. Meqolo ee eohle e ile ea patoa hantle hakaale mahaheng aa joang?
Joalokaha ho boletsoe pejana, e ka ’na eaba e meng e ne e patuoe ke sechaba sa Baqumran. Empa ho itšetlehiloe ka bopaki, ho bonahala ho ka etsahala hore e mengata e ile ea behoa moo ke Bajode ba neng ba baleha Baroma ha ba futuhela Judea ka selemo sa 68 C.E., pele ho timetso ea ho qetela ea Jerusalema lilemo tse peli hamorao. Lefeella la Judea e ne e se setšabelo sa tlhaho se sireletsehileng bakeng sa libuka tsa bohlokoa tse ngotsoeng ka letsoho mahaheng a haufi le Qumran feela empa le lik’hilomithareng tse ngata ho ella ka leboea pel’a Jeriko, le ho ella ka boroa, pel’a Masada. Re leboha hakaakang hore ebe li bolokehile! Li fana ka bopaki bo eketsehileng ba ho se fetohe ha Lentsoe la Jehova le bululetsoeng. Ruri, “lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.”—Esaia 40:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Reference Bible, Appendix (Sehlomathiso) 1C (5) le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Levitike 3:12, moo buka ena e ngotsoeng ka letsoho e tsebahatsoang e le 4Q LXX Lev/b.
[Lebokose le leqepheng la 13]
EBE HO SA NA LE HO EKETSEHILENG HO TLA TLA HAUFINYANE?
Le hoja e sibollotsoe lilemong tse mashome tse fetileng, karolo e khōlō ea mesaletsa ea Moqolo oa Leoatle le Shoeleng ha e e-s’o phatlalatsoe. The New York Times ea December 23, 1990, e ile ea ipelaetsa: “Esita le litšoantšo li tšoeroe ke sehlopha sa litsebi se ikentseng khokanyan’a phiri tse qobang litsebi tse ling ’me se hana ho phatlalatsa boholo ba boitsebiso boo li nang le bona.” Leha ho le joalo, koranta eo e ile ea tlaleha hore ho sa tsoa fetoloa basebetsi ba sehlopha sena sa bohlophisi, e leng hoo e ka ’nang ea e-ba mohato o lebisang ho feliseng “ho iketsa khokanyan’a phiri ho pota-potileng meqolo . . . , ’me lefatše le tla tseba ho eketsehileng ka mehla e hlollang historing.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.