Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/15 maq. 10-11
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Tšibollo ea Bohlokoahali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Tšibollo ea Bohlokoahali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letlotlo le Leholo
  • Libuka tse Ling tsa Bohlokoa tse Ngotsoeng ka Letsoho
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Letlotlo le Ikhethang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Pina ea Leoatleng” Buka e Ngotsoeng ka Letsoho e Koalang Sekheo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Ke Hobane’ng ha e Lokela ho Tsosa Thahasello ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Buka ee e Ile ea Phonyoha Joang?
    Buka ea Batho Bohle
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/15 maq. 10-11

Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Tšibollo ea Bohlokoahali

HOO e ka bang lik’hilomithara tse 24 ka boroa-bochabela ho Jerusalema, Wadi En-Nar, foro e ommeng ea metsi, e senyehileng, e lebile ’nģa bochabela ho theosetsa Leoatleng le Shoeleng. Mokoloko o entseng makhalo oa lilomo o tsamaea ka mor’a lesabasaba le lebōpong la leoatle. Lesabasabeng lena, matsatsing a chesang a tsamaeang le masiu a batang a hoetla, Bata‘amireh Bedouin ba alosa mehlape ea bona ea linku le lipoli.

Ka selemo sa 1947, ha molisana e monyenyane oa Mobedouin a ntse a alositse mehlape, o ile a betsetsa lejoe lesobaneng le karolong e batlang ho oa ea lefika selomong. O ile a tšosoa ke lerata le ileng la bakoa ke lejoe leo, kaha ho bonahala eka le ile la pshatla nkho ea letsopa. Ka ho tšoha o ile a baleha, empa matsatsi a mabeli hamorao o ile a khutla ’me a hloa limithara tse ka bang 100 ho kena lesobeng le leholoanyane le holimonyana. Ha mahlo a hae a tloaela lefifi, o ile a bona linkho tse telele tse leshome tse itšetlehileng ka mabota a lehaha, le qubu ea mangetana a pshatlehileng a letsopa a har’a majoe a oeleng a neng a tletse hohle fatše.

Linkho tse ngata li ne li sa tšela letho, empa e ’ngoe e ne e tšetse meqolo e meraro, e ’meli e koahetsoe ka lesela. O ile a nka libuka tseo tse ngotsoeng ka letsoho a li isa kampong ea Babedouin ’me a li siea moo hoo e ka bang khoeli, li le ka har’a mokotla o fasellelitsoeng palong ea tente. Qetellong, Babedouin ba bang ba ile ba isa meqolo ena Bethlehema ho bona hore na e ka ba bokae. Babedouin ba ile ba lelekoa hampe ntlong e ’ngoe ea baitlami, ba bolelloa hore meqolo eo e ne e se ea bohlokoa ho hang. Mohoebi e mong o ile a bolela hore libuka tseo tse ngotsoeng ka letsoho li ne li se na bohlokoa tabeng ea thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale, ’me o ne a belaela hore li utsoitsoe synagogeng ea Bajode. O ne a fositse hakaakang! Qetellong, ka thuso ea serōki sa lieta sa Mosyria se neng se ikentse ’muelli oa bahoebi, bohlokoa ba tsona bo ile ba pakoa ka ho nepahetseng. Ka potlako, libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa lekanyetsoa bohlokoa ba tsona.

E meng ea mengolo ena ea boholo-holo e ile ea fana ka temoho e ncha ka ho felletseng mosebetsing oa lihlopha tsa bolumeli tsa Bajode oa hoo e ka bang nakong ea Kreste. Empa buka e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele ea boprofeta ba Esaia ke eona e ileng ea thabisa lefatše. Hobane’ng?

Letlotlo le Leholo

Moqolo o neng o sa tsoa sibolloa bocha oa Esaia o ne o le bolelele ba limithara tse 7,5 qalong. O ne o entsoe ka likarolo tse 17 tse hlophiloeng ka hloko tsa letlalo la phoofolo, tse batlang li le boreleli joaloka letlalo la nku kapa la poli. O ne o arotsoe likarolo tse 54 tseo e le ’ngoe ea tsona e neng e ka ba le mela e 30 ka karolelano, ’me o ne o sehelletsoe mela ka hloko. Sengoli se masene se ne se behile litlhaku tsa taba e ngotsoeng holim’a mela ena, li ngotsoe ka lirapa.—Sheba setšoantšo.

Moqolo oo o ne o sa thateloa lithupeng, ’me o ne o batla o ntšofetse haholoanyane bohareng moo matsoho a mangata a neng a o tšoara teng ha o ne o baloa. O ne o tsofetse haholo, o bile o bontša hore o ’nile oa lokisoa le ho laptjoa ka masene. O ile oa bolokeha hantle ka lebaka la hore o ne o koahetsoe ka hloko ka nkhong. O bohlokoa hakae ho setsebi sa Bibele, esita le ho rōna bohle?

Buka ena e ngotsoeng ka letsoho ea moprofeta Esaia ke ea nakong ea lilemo tse ka bang sekete pele ho kopi leha e le efe e ntseng e le teng, leha ho le joalo, litaba tse ka hare ho eona ha lia fapana haholo le tse likoping tseo. Mohlophisi oa taba e ngotsoeng e ileng ea phatlalatsoa ka 1950, Moprofesa Millar Burrows, o itse: “Taba e ngotsoeng ea Esaia e bukeng ena e ngotsoeng ka letsoho, ka phapang e bonahalang ea ho ngoloa ha mantsoe le ho bolokoa ha melao ea puo le ho hlalosa ho fapa-fapaneng hoo e seng ho thahasellisang le hoo e seng ha bohlokoa bo bokaalo, ha e le hantle ke e hlahisitsoeng nako e telele haholo hamorao ho MT [Taba e Ngotsoeng ea Seheberu ea Masorete].”a Ho hong ho ikhethang ke ho sebelisa ha eona nako le nako Litlhaku tse ’Nè tsa Seheberu, יהוה, tse emelang lebitso le halalelang la Molimo, Jehova.

Libuka tse Ling tsa Bohlokoa tse Ngotsoeng ka Letsoho

Lebitso la Molimo le boetse le hlaha bukeng e ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho e tsoang lehaheng lena, leo hona joale le tsejoang e le Lehaha la 1. Tlhalosong ea buka ea Habakuke, Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo li hlaha ka makhetlo a mane ka litlhaku tsa Seheberu sa khale-khale, e leng mokhoa oa khajana o fapaneng le litlhaku tse tloaelehileng haholoanyane tsa Seheberu tse mahlakore a lekanang.—Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Habakuke 1:9, Reference Bible.

Lehaha le ile la ntša likarolo tse ling tsa moqolo oa Esaia, hammoho le mesaletsa ea letlalo ea buka ea Bibele ea Daniele. E ’ngoe ea eona e bolokile phetoho ea ho tloha Seheberung ho ea Searameng ho Daniele 2:4, joalokaha e fumanoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa lilemong tse sekete hamorao.

Hona joale likaroloana tsa meqolo eo tse bolokehileng hantle li moo li ka bonoang teng Jerusalema, setsing sa polokelo ea lintho tsa bohlokoa se tsejoang e le Shrine of the Book. Setsi sena sa polokelo ea lintho tsa bohlokoa se ka tlas’a lefatše, kahoo ha u etela moo, u ba le boikutlo ba hore u kena ka lehaheng. Bokaholimo ba setsi sena sa polokelo ea lintho tsa bohlokoa bo na le sebōpeho sa sekoahelo sa nkho ea letsopa eo Moqolo oa Esaia oa Leoatleng le Shoeleng o ileng oa fumanoa ho eona. Leha ho le joalo, u bona kopi feela ea buka e ngotsoeng ka letsoho ea Esaia. Buka ea pele-pele ea bohlokoa e lutse e sireletsehile ka kamoreng e haufinyane ea ho boloka lintho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litlhaloso tse ling tsa eona tse bohlokoa haholo li ngotsoe ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References ho Esaia 11:1; 12:2; 14:4; 15:2; 18:2; 30:19; 37:20, 28; 40:6; 48:19; 51:19; 56:5; 60:21. Moqolo oo o tsebahatsoa mengolong e botlaaseng ba leqephe e le 1QIs/a.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 10]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

Courtesy of The British Museum

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]

Israel Antiquities Authority; The Shrine of the Book, Israel Museum; D. Samuel and Jeanne H. Gottesman Center for Biblical Manuscripts

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela