Tsela ea ho Sireletsa Bana ba Hao ka Bohlale ba Bomolimo
’MELE ea rōna e loana letsatsi le leng le le leng. E tlameha ho loantša likokoana-hloko tsa mefuta-futa. Re leboha hore ebe boholo ba rōna re futsitse mokhoa oa ho itšireletsa ha ’mele mafung o re sireletsang litlhaselong tseo le o thibelang hore re se ke ra tšoaroa ke maloetse a tšoaetsanoang a fapa-fapaneng.
Ka tsela e tšoanang, re le Bakreste re tlameha ho loantša menahano le litekanyetso tseo e seng tsa Mangolo hammoho le likhatello tse ka senyang bophelo ba rōna ba moea. (2 Bakorinthe 11:3) Ho hlokahala hore re be le mekhoa ea ho itšireletsa moeeng, e le hore re ka hlōla ntoeng ena e hlaselang likelello le lipelo tsa rōna letsatsi le letsatsi.
Mekhoa ena ea ho itšireletsa e hlokahala haholo bakeng sa bana ba rōna, kaha ka tlhaho ha ba na mekhoa eo ea ho itšireletsa moeeng e ka loantšang moea oa lefatše. (Baefese 2:2) Ha bana ba ntse ba hōla, ke habohlokoa hore batsoali ba ba hlomelle hore ba iphumanele mekhoa ea ho itšireletsa. Ho fumana mekhoa ee ho itšetlehile ka eng? Bibele e hlalosa tjena: “Jehova o fana ka bohlale; . . . o tla lebela tsela ea ba tšepahalang ba hae.” (Liproverbia 2:6, 8) Bohlale ba bomolimo bo ka sireletsa tsela ea bacha bao ho neng ho ka etsahala hore ba oele liatleng tsa metsoalle e kotsi, khatellong ea lithaka, kapa boithabisong bo kotsi. Batsoali ba ka latela tataiso ea Jehova joang ’me ba ruta bana bohlale ba bomolimo?
Ho Batla Metsoalle e Matlafatsang
Ke ’nete hore bacha ba rata ho ba le bacha ba bang, empa ho tloaelana feela le bacha ba bang ba se nang phihlelo, ho ke ke ha ba thusa ho fumana bohlale ba bomolimo. Maele a lemosa tjena: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” (Liproverbia 22:15) Ebe batsoali ba bang ba thusitse bana ba bona joang hore ba sebelise bohlale ba bomolimo tabeng ee ea metsoalle?
Ntate ea bitsoang Dona o itse: “Bashemane ba rōna ba ne ba qeta nako e ngata le lithaka tsa bona, empa boholo ba nako eo ba ne ba e qeta ba le lapeng, moo re leng teng. Lehae la rōna kamehla le ne le bulehetse bacha ba fapa-fapaneng, bao re neng re ba fepa re bile re etsa hore ba ikutloe ba phutholohile. Re ne re thabela ho mamella lerata le moferefere ka tlung ea rōna e le hore bana ba rōna ba be le sebaka se sireletsehileng seo ba ka ithabisetsang ho sona.”
Brian le Mary ba na le bana ba imametseng ba bararo empa ha ba lihlong ho lumela hore ka linako tse ling ho ne ho nyolosetsa ho ba ruta. Ba ile ba re: “Phuthehong ea rōna ho ne ho e-na le baroetsana ba seng ba kae ba neng ba ka tloaelana le morali oa rōna Jane. Leha ho le joalo, o ne a e-na le motsoalle a le mong ea neng a bitsoa Susan, eo e neng e le mocha ea botsoalle le ea thabileng. Leha ho le joalo, batsoali ba hae ba ne ba sa tiise letsoho joaloka rōna. Ho fapana le Jane, Susan o ne a lumelloa ho fihla lapeng bosiu, ho tena mese e mekhutšoanyane, ho mamela ’mino o belaetsang le ho shebella libaesekopo tse sa lokang. Ka nako e telele, Jane o ile a thatafalloa ho utloisisa pono ea rōna. Ho eena, batsoali ba Susan ba ne ba utloisisa haholoanyane, ha rōna re le thata haholo. Ebile feela ha Susan a kena mathateng moo Jane a ileng a hlokomela hore ho ba thata ha rōna ho mo sirelelitse. Re thaba haholo hore ebe ha rea ka ra khoehlisa letsoho ho seo re neng re lumela hore se nepahetse bakeng sa morali oa rōna.”
Joaloka Jane, bacha ba bangata ba ithutile bohlale ba ho batla tataiso ea batsoali ba bona tabeng ena ea metsoalle. Maele a re: “Tsebe e mamelang khalemelo ea bophelo e lula har’a batho ba bohlale.” (Liproverbia 15:31) Bohlale ba bomolimo bo tataisa bacha hore ba batle metsoalle e matlafatsang.
Ho Loantša Khatello ea ho Nkoa ke Molumo
Khatello ea lithaka le setsoalle ke li-ea-thoteng. Letsatsi le letsatsi khatello ea ho nkoa ke molumo e hlasela mekhoa ea bana ba rōna ea ho itšireletsa. Kaha hangata bacha ba batla ho amoheloa ke lithaka, khatello ea lithaka e ka ’na ea ba qobella ho khema le litakatso tsa lefatše.—Liproverbia 29:25.
Bibele e re hopotsa hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.” (1 Johanne 2:17) Kahoo, batsoali ha baa lokela ho lumella bana ba bona hore ba imeloe ke pono ea lefatše. Ba ka thusa bana ba bona joang hore ba nahane joaloka Bakreste?
Richard o ile a re: “Kamehla morali oa ka o ne a batla ho apara joaloka bacha ba bang. Kahoo, ka mamello re ne re mo fa mabaka a hore na kōpo ka ’ngoe ea hae e ne e e-na le melemo efe kapa bofokoli bofe. Esita le tabeng ea lifeshene tseo re neng re nka hore ha li phoso, re ne re latela keletso ena eo re ileng ra e utloa lilemong tse itseng tse fetileng, ‘Motho ea bohlale ha a batle hore feshene e kene ka eena ebile ha a batle e tsoe ka eena.’”
’Mè e mong ea bitsoang Pauline o ne a loantša khatello ea lithaka ka tsela e ’ngoe. O re: “Ke ne ke e-na le tjantjello linthong tseo bana ba ka ba neng ba li thabela ’me ke e-ea kamoreng ea bona khafetsa ho ea bua le bona. Lipuisano tsena tse telele li ile tsa ntataisa hore ke lokise likhopolo tsa bona le hore ke ba thuse ho bona litaba ka tsela e ’ngoe.”
Khatello ea lithaka ha e na ho fela, kahoo, ho ka etsahala hore batsoali ba tobane le ntoa e sa feleng ea ‘ho phethola menahano ea lefatše’ le ho thusa bana ba bona hore ba tlise menahano ea bona ‘kholehong, hore e mamele Kreste.’ (2 Bakorinthe 10:5) Empa ha batsoali le bana ba ‘phehella thapelong,’ ba tla fuoa matla a ho phetha mosebetsi ona oa bohlokoa.—Baroma 12:12; Pesaleme ea 65:2.
Khoheli e Matla ea ho Ithabisa
Tšusumetso ea boraro eo batsoali ba ka ’nang ba thatafalloa ke ho fana ka tataiso ho eona ke boithabiso. Ka tlhaho, bana ba rata ho bapala. Bana ba bangata ba baholoanyane le bona ba labalabela ho ithabisa. (2 Timothea 2:22) Empa haeba takatso ena e khotsofatsoa ka tsela e seng bohlale, e ka senya mekhoa ea bona ea ho itšireletsa moeeng. Kotsi e tla haholo ka litsela tse peli.
Kotsi ea pele, boithabiso bo bongata bo bontša litekanyetso tse hlephileng tsa boitšoaro ba lefatše. (Baefese 4:17-19) Leha ho le joalo, bo hlahisoa ka tsela e thabisang le e bohehang. Sena se kotsi haholo bakeng sa bacha ba ka ’nang ba se ke ba bona leraba.
Ea bobeli, nako e nkoang boithabisong le eona e ka baka mathata. Batho ba bang ba fetola ho ithabisa ntho e khōlō bophelong, ’me ho nka nako e ngata ka ho fetisisa le matla. Maele a hlokomelisa hore “ho ja mahe a linotši a mangata haholo hase ntho e ntle.” (Liproverbia 25:27) Ka ho tšoanang, boithabiso bo bongata haholo bo ka felisa takatso ea lijo tsa moea ’me ba etsa hore motho a be botsoa kelellong. (Liproverbia 21:17; 24:30-34) Ho thabela lefatše lena ka botlalo ho tla sitisa bacha ho “tšoara ka tieo bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Timothea 6:12, 19) Ebe batsoali ba sebelitse bothata boo joang?
Mari Carmen, ’mè ea nang le barali ba bararo, o ile a re: “Re ne re batla hore barali ba rōna ba ithabise hantle le hamonate. Kahoo, re ne re intša kamehla re le lelapa, hape ba ne ba qeta nako ba e-na le metsoalle e ka phuthehong. Empa re ne re etsa hore boithabiso bo se ke ba tlōla meeli. Re ne re bo tšoantša le lijo tse theolelang—tse tsoekere—empa e se tsa bohlokoa haholo. Ba ile ba ithuta ho sebetsa lapeng, sekolong le phuthehong.”
Don le Ruth le bona ba ne ba etsa litokisetso tse tobileng tsa hore ho be le boithabiso. Ba ile ba hlalosa ba re: “Re ile ra khetha Moqebelo hore e be ‘letsatsi la lelapa.’ Re ne re e-ea tšimong hoseng, re sesa thapama, ebe mantsiboea re ja lijo tse khethehileng.”
Mantsoe a batsoali bana a bontša bohlokoa ba ho lokisetsa boithabiso bo molemo le ho etsa hore bo se ke ba tlōla meeli bophelong ba Mokreste.—Moeklesia 3:4; Bafilipi 4:5.
Tšepa Jehova
Ho hlakile hore ho nka lilemo tse ngata hore motho a be le mekhoa ea ho itšireletsa moeeng. Ha ho setlhare se ka etsang hore bana ba be le bohlale ba bomolimo bo ka ba susumelletsang hore ba tšepe Ntat’a bona oa leholimo. Ho e-na le hoo, batsoali ba tlameha ho ‘tsoela pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’ (Baefese 6:4) ‘Ho laoloa hona ha kelello’ ho tsoelang pele ho bolela hore bana ba thusoe ho ba le pono ea Molimo litabeng. Batsoali ba ka etsa see joang?
Thuto ea kamehla ea Bibele ea lelapa ke ntlha ea bohlokoa bakeng sa katleho. Thuto ena e ‘tutubolla mahlo a bana e le hore ba ka bona lintho tse hlollang molaong oa Molimo.’ (Pesaleme ea 119:18) Diego o ne a nka thuto ea lelapa ka botebo, ’me ka lebaka leo o ile a thusa bana ba hae hore ba atamele ho Jehova. O itse: “Ke ne ke lokisetsa thuto hantle. Ka ho batlisisa ka har’a lingoliloeng tsa Mangolo, ke ne ke khona ho thusa bana ba ka hore ba bone ka mahlo a kelello batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng. Ke ne ke khothalletsa bana ba ka hore ba bone moo bophelo ba bona bo tšoanang teng le ba batho ba tšepahalang. Sena se ile sa etsa hore bana ba ka ba bone ka ho hlaka hore na ke eng se thabisang Jehova.”
Bana ba boetse ba ithuta ha ba phutholohile. Moshe o ile a ipiletsa ka matla ho batsoali hore ba bue ka likhopotso tsa Jehova ‘ha ba lutse ka matlung a bona le ha ba tsamaea tseleng le ha ba robetse le ha ba tsoha.’ (Deuteronoma 6:7) Ntate e mong o ile a re: “Mora oa ka o nka nako pele a ntša maikutlo. Ha re otlolla maoto kapa re sebetsa hammoho, o qetella a bulehile molomo. Linakong tsena, re buisana hamonate ka tsela e re tsoelang molemo ka bobeli.”
Lithapelo tsa batsoali le tsona li hatisa lintho tsa bohlokoa likelellong tsa bana. Bana ba susumelletseha ho “lumela hore [Molimo] o teng” ha ba utloa batsoali ba bona ba bua le eena ka boikokobetso ba mo kōpa thuso le tšoarelo. (Baheberu 11:6) Batsoali ba bangata ba ileng ba atleha, ba buella ka matla bohlokoa ba lithapelo tsa lelapa, tse ling tsa tsona e le tse akarelletsang litaba tsa sekolo le lintho tse ling tse tšoenyang bana ba bona. Ntate e mong o ile a bolela hore mosali oa hae kamehla o rapela le bana pele ba e-ea sekolong.—Pesaleme ea 62:8; 112:7.
“A re se Keng ra Tela ho Etsa se Setle”
Batsoali bohle ba etsa liphoso ’me ba ka ba ba ikoahlaela tsela eo ba ileng ba sebetsa maemo a itseng ka eona. Ho sa tsotellehe seo, Bibele e re khothalletsa hore re ’ne re leke, ’me re se ke ra “tela ho etsa se setle.”—Bagalata 6:9.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling, batsoali ba ka ’na ba nahana ho beha meja fatše ha ba sa utloisise liketso tsa bana ba bona. Ho ka ba bonolo ho etsa qeto ea hore bacha ba kajeno ha ba tšoane le ba mehleng e fetileng ebile ba thata. Empa, ha e le hantle, bana ba kajeno ba na le mefokolo e tšoanang le ea ba phetseng pele ho bona, ebile ba talimana le liteko tse tšoanang, le hoja e ka ’na eaba khatello ea ho etsa liphoso e phahame. Kahoo, ntate e mong, ka mor’a ho khalemela mora oa hae, o ile a nolofatsa mantsoe a hae ka hore ka mosa a re: “Pelo ea hao e mpa e batla ho etsa seo pelo ea ka e neng e batla ho se etsa ha ke ne ke lekana le uena.” Ho ka etsahala hore ebe batsoali ha ba tsebe hakaalo ka lik’homphieutha, empa ba tseba sohle ka hore na ho se phethahale ho ama bacha joang.—Matheu 26:41; 2 Bakorinthe 2:11.
Ho ka etsahala hore ebe bana ba bang ba tsilatsila ho latela tataiso ea batsoali ba bona ’me ba hana le taeo eo ba e fuoang. Leha ho le joalo, le hona ntlheng ena ho hlokahala mamello. Ho sa tsotellehe hore qalong bana ba bangata ba tsilatsila ho latela tataiso kapa ba ba le linako tsa ho bontša tello, qetellong baa mamela. (Liproverbia 22:6; 23:22-25) Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Matthew, eo hona joale a sebetsang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, o re: “Ha ke sa ntse ke le ka tlaase ho lilemo tse 20, ke ne ke nahana hore lithibelo tsa batsoali ba ka li ne li bontša ho hloka toka. Ha e le hantle, ke ne ke ipotsa hore na ha batsoali ba metsoalle ea ka ba ne ba lumella ntho e itseng, ke hobane’ng ha ba ka ba ne ba e hanela? ’Me ho ne ho nkhopisa haholo ka linako tse ling ha ba nkahlola ka ho nkhanela ka ntho eo ke neng ke e rata—e leng ho ea sesa ka seketsoana. Leha ho le joalo, ha ke nahana, kea hlokomela hore khalemelo eo batsoali ba ka ba neng ba mpha eona e ne e thusa e bile e hlokahala. Ke leboha hore ebe ba ile ba mpha tataiso eo ke neng ke e hloka le nakong eo ke neng ke e hloka ka eona.”
Ke ’nete hore le hoja ka linako tse ling bana ba rōna ba ka ’na ba tlameha ho ba libakeng tse kotsi moeeng, ba ka hōla ho fihlela e e-ba Bakreste ba molemo. Joalokaha Bibele e tšepisa, bohlale ba bomolimo bo ka ba fa mekhoa ea ho itšireletsa moeeng. “Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa, ho u lopolla tseleng e mpe.”—Liproverbia 2:10-12.
Ha ho bonolo ho ima ngoana ka likhoeli tse robong. Ho feta moo, lilemo tse latelang tse 20 le tsona li ka tlisa mahlomola a itseng le thabo. Empa kaha batsoali ba Bakreste ba rata bana ba bona, ba ikitlaelletsa ho ba sireletsa ka bohlale ba bomolimo. Tsela eo ba ikutloang ka eona ka bana ba bona, e tšoana le eo moapostola Johanne ea hōlileng a ileng a ikutloa ka eona ka bana ba hae ba moea: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehloohong sena mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Lehae la rōna kamehla le ne le bulehetse bacha ba fapa-fapaneng”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Bontša tjantjello linthong tseo bana ba hao ba li thabelang
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
“Ke ne ke lokisetsa thuto hantle”