Rahaba—O Ile a Boleloa a Lokile ka Mesebetsi ea Tumelo
AK’U nahane feela! Seotsoa se boleloa se lokile ponong ea Molimo. Ba bangata ba tla re: “Le ho leka!” Leha ho le joalo, seo ke se etsahetseng ho letekatsi Rahaba, oa Jeriko, motse oa Kanana ea boholo-holo.
Mongoli oa Bibele Jakobo oa tlaleha: “Motho o boleloa a lokile ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela. Ka mokhoa o tšoanang na hape Rahaba oa seotsoa ha a ka a boleloa a lokile ka mesebetsi, ka mor’a ho amohela manģosa ka moea o mofuthu oa boeti ’me a a romela ka tsela esele? Ka sebele, joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, le eona tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jakobo 2:24-26, NW) Ke hobane’ng ha Rahaba a ile a boleloa a lokile? Ke’ng eo a ileng a e etsa e entseng hore a be le boemo bo amohelehang hakaalo le Molimo?
Baiseraele Baa Tla!
A re khutleleng selemong sa 1473 B.C.E. Talima boemo ka mahlo a kelello. Jeriko e sirelelitsoe ka thata. Ntlo ea Rahaba oa seotsoa e ka holimo marakong a motse. A le sebakeng sena se botleng, ho ka etsahala hore a shebe ’nģa moo metsi a nōka ea Jordane a tlōtseng mabōpo. (Joshua 3:15) Ka lebōpong la eona le ka bochabela, o ne a ka hlokomela liahelo tsa Baiseraele, ba nang le lebotho la ba loanang ba ka holimo ho 600 000. Ba bohole ba lik’hilomithara tse seng kae feela!
Rahaba o ne a ithutile ka ho hlōla ha Iseraele lintoeng. O ne a boetse a utloile ka ponahatso ea matla a Jehova, haholo-holo ka ho phetlela Baiseraele tselana ea ho baleha ba feta ka har’a Leoatle le Lefubelu. Joale, bonneteng, metsi a Jordane e jang litlhokoa e ne e ke ke ea e-ba tšitiso. Ena ke nako ea tlokotsi! Rahaba o tla itšoara joang?
Rahaba o Nka Khato
Kapele, Rahaba o amohela baeti ba babeli ba sa lebelloang—lihloela tse tsoang liahelong tsa Baiseraele. Ba batla sebaka seo ba robalang ho sona, ’me o ba amohela lehaeng la hae. Empa taba ea boteng ba bona e fihla litsebeng tsa morena oa Jeriko. Eaba o potlakela ho romela liofisiri tsa hae tse etsang bonnete ba hore molao oa bolokoa hore ba ba tšoare.—Joshua 2:1, 2.
Nakong eo liofisiri tsa morena li fihlang, Rahaba o ne a se a nkile khato ea ho ba ka lehlakoreng la Jehova Molimo. Liofisiri tsa morena tsa re: “Ntša banna ba fihlileng ho uena.” Rahaba o ne a patile lihloela har’a litlhaka tsa motsitla tse neng li anehiloe marulelong a hae. A re: “Ke ’nete, banna ba babeli ba ile ba fihla mona ho ’na, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tsoang teng. E ile eare ka nako eo ho koaloang monyako oa lerako la motse ka eona, ha ho se ho le lefifi, banna bao ba tsamaea, ha ke tsebe hore na ba lebile kae; ba potlakeleng kapele, le tla ba tšoara.” (Joshua 2:3-5, BPN) Seo banna ba morena ba se etsetsa lelea.
Rahaba o ne a lahlisitse lira mohlala. Eaba o potlakela ho nka mehato e eketsehileng e bontšang tumelo ea hae ho Jehova ka mesebetsi. A ea ka holim’a marulelo ’me a bolella lihloela: “Kea tseba hobane Jehova o le neile lefatše.” Rahaba oa lumela hore baahi ba naha eohle ba tšohile hobane ba utloile hore Molimo ‘o ile a omisa metsi a Leoatle le Lefubelu’ ka pel’a Baiseraele lilemong tse 40 pele ho moo. Batho ba ne ba boetse ba tseba hore Baiseraele ba ile ba timetsa marena a mabeli a Baamore. Rahaba a re: “Eitse hobane re utloe, ra nyahama lipelo; meea ea rōna kaofela ea khathala pel’a lōna, hobane Jehova, Molimo oa lōna, ke Molimo holimo leholimong, le tlase lefatšeng.”—Joshua 2:8-11.
Rahaba oa rapela: “Joale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, joalo ka ha ke le entse hantle, le lōna, le tla etsa ntlo ea ntate hantle. Le ’nee pontšo ea ’nete, ea hore le tla pholosa ntate, le ’mè, le banab’eso, le likhaitseli, le tsohle tsa bona.”—Joshua 2:12, 13.
Banna ba lumela ’me ba bolella Rahaba seo a lokelang ho se etsa. Ba re a fanyehe mohala o mofubelu oo a ileng a o sebelisa ho theolela lihloela ka ntle ho marako a Jeriko. A bokelle lelapa labo ntlong ea hae, moo ba tlamehang ho lula teng bakeng sa tšireletso. Ha lihloela li tloha Rahaba o li fa boitsebiso bo li thusang ka sebōpeho sa naha ’me o li bolella kamoo li ka balehang ba li phaletseng. Sena ke seo lihloela li se etsang. Ka mor’a hore Rahaba a bonahatse mohala oo o mofubelu le ho bokella litho tsa lelapa labo, o emela liketsahalo tse tsoelang pele.—Joshua 2:14-24.
Ke’ng seo Rahaba a neng a se entse? Ka sebele, o ne a pakile hore o beile tumelo ea hae ho Molimo o Matla ’Ohle, Jehova! O ne a tla phela ka litekanyetso tsa hae. E, ’me o ne a tla boleloa a lokile ka mesebetsi e joalo ea tumelo.
Marako aa Heleha!
Ho feta libeke tse seng kae. Ba tsamaea le baprista—ba neng ba nkile manaka a lipheleu le ba bang ba nkileng areka e halalelang ea selekane—bahlabani ba Baiseraele ba pota motse oa Jeriko. Joale ba se ba entse sena hang ka letsatsi matsatsing a tšeletseng. Leha ho le joalo, ka letsatsi lena la bosupa, ba se ba potile motse ka makhetlo a tšeletseng. Ke bao ba ea hape!
Ho macha ka lekhetlo la bosupa hoa fela, lerata le leholo la manaka le tlala moeeng. Joale Baiseraele ba hoeletsa ka matla. Ha ba etsa joalo, Jehova o etsa hore marako a sirelelitseng Jeriko a helehe ke mantsoe ao a kang a lehalima. Ke karolo e tšehelitseng ntlo ea Rahaba feela e salang e eme. Motse oohle le baahi ba oona ba felisoa. Letekatsi le bakileng ka mesebetsi ea lona e bontšang tumelo, le bolokoa hammoho le ba ntlo ea lona, ’me le qala ho lula har’a batho ba Jehova.—Joshua 6:1-25.
Ho Sheba Mekhoa ea Rahaba
Rahaba e ne e se mohlohloa o rapame, hobane marulelong a hae ho ne ho anehiloe litlhaka tsa motsitla letsatsing. Likhoele tsa motsitla li ne li sebelisetsoa ho etsa line. Ho ne ho boetse ho na le ngatana ea khoele ea krimsone ntlong ea Rahaba. (Joshua 2:6, 18 BPN) Ka hona ho ka etsahala hore ebe o na etsa line ’me mohlomong a tseba le ho taka masela. E, Rahaba e ne e le mosali ea mahlaha-hlaha. Ka holimo ho tsohle, o ile a ba le khetho ea ho tšaba Jehova.—Bapisa le Liproverbia 31:13, 19, 21, 22, 30.
Ho thoe’ng ka mesebetsi e meng ea Rahaba? E ne e se feela mosali ea amohelang baeti bakeng sa marobalo. Che, Mangolo a mo tsebahatsa ka ho sebelisa mantsoe a Seheberu le Segerike a bolelang letekatsi. Ka mohlala, lentsoe la Seheberu zoh·nahʹ ka mehla le amana le likamano tseo eseng tsa molao. Ho sa le joalo, bootsoa har’a Bakanana bo ne bo sa nkoe e le mokhoa oa boitšoaro bo tlōlang molao.
Ho sebelisa ha Jehova seotsoa ho bontša mohau oa hae o moholo. Ponahalo ea ka ntle e ka re thetsa, empa Molimo “o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) Kahoo, matekatsi a pelo li lokileng a bakang bootsoeng ba ’ona a ka fumana tšoarelo ea Jehova Molimo. (Bapisa le Mattheu 21:23, 31, 32.) Rahaba ka boeena o ile a khutla sebeng a kena tseleng e lokileng a fumane kamohelo ea bomolimo.
Lihloela tsa Baiseraele li ne li phela ka Molao oa Molimo, kahoo ha lia ka tsa phomola ntlong ea Rahaba ka mabaka a boitšoaro bo bobe. Lebaka la tsona e ka ’na eaba e ne e le hore ho ne ho ka ba le pelaelo e fokolang e ka tsosoang ke boteng ba tsona ntlong ea seotsoa. Hape sebaka sa eona sa ho ba lerakong la motse ho ne ho ka li nolofaletsa ho baleha. Ho hlakile hore Jehova o ne a li tataiselitse ho moetsalibe eo pelo ea hae e neng e anngoe ka mokhoa o motle ke litlaleho tsa litšebelisano tsa bomolimo le Baiseraele hoo a ileng a baka ’me a sokoloha litseleng tsa hae. Polelo ea Molimo ea hore Iseraele e ne e tla ripitla Bakanana ka lebaka la ho sebelisa ha bona boitšoaro bo bobe, le tlhohonolofatso ea hae ho Rahaba le tlhōlo ea Jeriko, li fana ka bopaki ba hore lihloela ha lia ka tsa kopanela boitšoarong bo bobe.—Levitike 18:24-30.
Ho thoe’ng ka mantsoe a khelosang a Rahaba ho ba phalletseng lihloela? Molimo o ile a amohela tsela ea hae. (Bapisa le Ba-Roma 14:4.) O ile a ipeha kotsing e le hore a ka sireletsa bahlanka ba Molimo, a fana ka bopaki ba tumelo ea hae. Le hoja ho bua leshano le ntšang kotsi ho fosahetse mahlong a Jehova, motho haa tlameha ho senola boitsebiso ba ’nete ho batho ba se nang tokelo ea ho bo tseba. Esita le Jesu Kreste ha a ka a fana ka makolopetso a feletseng kapa likarabelo tse tobileng ha ho etsa joalo ho ne ho ka hlahisa kotsi ho sa hlokahale. (Mattheu 7:6; 15:1-6; 21:23-27; Johanne 7:3-10) Ka ho hlakileng, tsela ea Rahaba ea ho lahla liofisiri tsa lira e lokela ho talingoa ka tsela eo.
Moputso oa Rahaba
Rahaba o ile a putsoa joang bakeng sa ho bontša tumelo? Ka sebele ho bolokoa ha hae nakong ea thipitlo ea Jeriko e ne e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. Hamorao, o ile a nyaloa ke Salmone (Salma), mora oa Nashone morenana oa lehoatata oa leloko la Juda. Joaloka batsoali ba Boaze ea tšabang Molimo, Salmone le Rahaba ba ile ba etsa sehokelo lesikeng le lebisang ho Morena Davida oa Iseraele. (1 Likronike 2:3-15; Ruthe 4:20-22) Ha bohlokoa haholoanyane, Rahaba eo e neng e le letekatsi ke e mong oa basali ba bane feela ba boletsoeng ka mabitso lelokong la Jesu Kreste ho Mattheu. (Mattheu 1:5, 6) Ke tlhohonolofatso e kaakang e tsoang ho Jehova!
Le hoja e se Moiseraele ’me e kile ea e-ba letekatsi, Rahaba ke mohlala o ikhethang oa mosali ea bontšitseng ka mesebetsi ea hae hore o ne a na le tumelo e feletseng ho Jehova. (Ba-Heberu 11:30, 31) Joaloka ba bang, ba khaolitseng bophelo ba botekatsi, o tla fumana moputso o mong hape—ho tsosoa lefung ho ea bophelong ba paradeise lefatšeng. (Luka 23:43) Ka lebaka la tumelo ea hae e ileng ea tšehetsoa ke mesebetsi, Rahaba o ile a fumana kamohelo ea Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato le ea tšoarelang. (Pesaleme ea 130:3, 4) ’Me ka sebele mohlala oa hae o motle o fana ka khothatso ho barati bohle ba ho loka hore ba talime ho Jehova Molimo bakeng sa bophelo bo sa feleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Rahaba o ile a boleloa a lokile hobane mesebetsi ea hae e pakile hore o na le tumelo
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Baepolli ba lintho tsa khale ba senotse mesalla ea Jeriko ea boholo-holo, ho akareletsa le karolo e nyenyane ea lerako la pele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.