Poloko ke ea Jehova
“Ho rōna Molimo oa ’nete ke Molimo oa liketso tse pholosang.”—Pesaleme Ea 68:20, Nw.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova ke Mohloli oa poloko? (b) U ka hlalosa Liproverbia 21:31 joang?
JEHOVA ke Mopholosi oa batho ba mo ratang. (Esaia 43:11, NW) Morena Davida oa Iseraele ea tsebahalang haholo o bile le phihlelo ea sena ’me a bina ka pelo eohle: “Poloko ke ea Jehova!” (Pesaleme ea 3:8, NW) Moprofeta Jonase o ile a sebelisa mantsoe ’ona ana thapelong ea hae e matla ha a le ka mpeng ea tlhapi e khōlō.—Jonase 2:9.
2 Solomone mora oa Davida le eena o ne a tseba hore Jehova ke Mohloli oa poloko, hobane o itse: “Pere e lokisetsoa letsatsi la ntoa; empa poloko ke ea Jehova.” (Liproverbia 21:31) Mehleng ea boholo-holo Bochabela bo Hare, lipholo li ne li hula mohoma, liesele li jara meroalo e boima, batho ba palama lipokola, ’me ho ne ho sebelisoa lipere ntoeng. Leha ho le joalo, pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Molimo o ile a laela hore eo e neng e tla ba morena oa bona “a se ke a ipokellela lipere tse ngata.” (Deuteronoma 17:16) Ho ne ho ke ke ha hlokahala lipere tsa ntoa hobane Jehova o ne a tla pholosa batho ba hae.
3. Re lokela ho hlahloba lipotso life?
3 ’Musi Morena Jehova ke “Molimo oa liketso tse pholosang.” (Pesaleme ea 68:20, NW) Ke mohopolo o khothatsang hakaakang! Empa Jehova o entse ‘liketso life tse pholosang’? Hona o pholositse bo-mang?
Jehova o Pholosa ba Lokileng
4. Re tseba joang hore Jehova o pholosa batho ba tšabang Molimo?
4 Bohle ba phehellang tsela ea ho loka e le bahlanka ba Molimo ba inehetseng ba ka fumana matšeliso mantsoeng ana a moapostola Petrose: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” Ha a bontša bonnete ba ntlha ena, Petrose o ile a re Molimo ‘ha aa ka a ithiba ho otleng lefatše la boholo-holo, empa a boloka Noe, ’moleli oa ho loka, a sireletsehile hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.’—2 Petrose 2:5, 9.
5. Noe o ile a sebeletsa e le “’moleli oa ho loka” tlas’a maemo afe?
5 Ak’u nahane u se u le ka har’a maemo a mehleng ea Noe. Bademona ba ikapesitseng ’mele ea batho ba le lefatšeng. Bana ba mangeloi ana a sa mameleng ba hlokofatsa batho, ’me ‘lefatše le tletse pefo.’ (Genese 6:1-12, NW) Leha ho le joalo, Noe a ke ke a qobelloa ho furalla tšebeletso ea Jehova. Ho e-na le hoo, ke “’moleli oa ho loka.” Eena le lelapa la hae ba haha areka, ho se mohla ba belaellang hore bokhopo bo tla felisoa nakong ea bophelo ba bona. Tumelo ea Noe e ahlola lefatše leo. (Baheberu 11:7) Maemo a kajeno a tšoana le a mehleng ea Noe, a tšoaea matsatsi ana e le a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho e khopo. (Matheu 24:37-39; 2 Timothea 3:1-5) Joale, na joaloka Noe, u tla ipaka u tšepahala u le ’moleli oa ho loka ea sebeletsang hammoho le batho ba Molimo ha u ntse u letetse poloko ea Jehova?
6. Petrose oa Bobeli 2:7, 8 e tiisa joang hore Jehova o pholosa ba lokileng?
6 Petrose o fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore Jehova o pholosa ba lokileng. Moapostola enoa o re: ‘[Molimo] o ile a lopolla Lota ea lokileng, ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho ba nyelisang molao—etsoe monna eo ea lokileng ka seo a neng a se bona le ho se utloa ha a ntse a lula har’a bona letsatsi le letsatsi o ne a hlokofatsa soule ea hae e lokileng ka lebaka la liketso tsa bona tse sa eeng ka molao.’ (2 Petrose 2:7, 8; Genese 19:1-29) Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo fetohile tsela ea bophelo ho ba limilione matsatsing ana a ho qetela. Joaloka Lota, na u “mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng” ha ba bangata hakaale kajeno? Haeba ho joalo, ’me haeba u etsa ho loka, u ka ’na ua ba har’a bao Jehova a tla ba pholosa ha tsamaiso ena ea lintho e felisoa.
Jehova o Pholosa Batho ba Hae ho Bahatelli
7. Litšebelisano tsa Jehova le Baiseraele Egepeta li tiisa joang hore o lopolla batho ba hae khatellong?
7 Hafeela tsamaiso ena ea khale ea lintho e ntse e le teng, bahlanka ba Jehova ba tla hlorisoa le ho hatelloa ke lira. Empa ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba lopolla, hobane o pholositse batho ba hae ba neng ba hateletsoe nakong e fetileng. Nka hore u ne u le Moiseraele ea neng a hateletsoe ke Baegepeta ba mehleng ea Moshe. (Exoda 1:1-14; 6:8) Molimo o otla Egepeta ka kotlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe. (Exoda 8:5–10:29) Ha matsibolo a Baegepeta a bolaoa ka kotlo ea leshome e bolaeang, Faro o lumella Baiseraele ho tsamaea empa hamorao o bokella mabotho a hae ’me oa ba lelekisa. Leha ho le joalo, kapele eena le batho ba hae ba timetsoa Leoatleng le Lefubelu. (Exoda 14:23-28) U kopanela le Moshe le Baiseraele bohle pineng ena: “Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae. Makoloi a Faro le lekhotla la hae o a lihetse leoatleng, linatla tsa hae tse khethehileng li noetse Leoatleng le Lefubelu. Maqhubu a ba apesitse; ba tebetse tlase bolibeng joalo ka lejoe.” (Exoda 15:3-5) Mahlomola a tšoanang a letetse bahatelli bohle ba batho ba Molimo matsatsing ana a ho qetela.
8, 9. Bukeng ea Baahloli, fana ka mohlala o tiisang hore Jehova o pholosa batho ba hae ho bahatelli.
8 Nako e telele ka mor’a hore Baiseraele ba kene Naheng e Tšepisitsoeng, baahloli ba ile ba sebelisa toka har’a bona. Ka linako tse ling sechaba se ne se hatelloa ke balichaba, empa Molimo o ile a sebelisa baahloli ba tšepahalang ho ba lopolla. Le hoja e ka ’na eaba le rōna rea ‘bobola ka lebaka la bahatelli le ba re tsunyatsunyang,’ Jehova o tla boela a re pholose joaloka bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Baahloli 2:16-18, NW; 3:9, 15) Ha e le hantle, buka ea Bibele ea Baahloli e re tiisetsa sena ’me e boetse e re tiisetsa ka poloko e khōloanyane eo Molimo a tla re tlisetsa eona ka Moahloli oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste.
9 Ha re khutleleng mehleng ea Moahloli Barake. Ka lebaka la borapeli ba bohata le ho se amoheloe ke Molimo, Baiseraele ba bile tlas’a khatello e sehlōhō ea Morena Jabine oa Kanana ka lilemo tse 20. Sisera ke molaoli oa lebotho le leholo la sesole la Bakanana. Empa, “thebe e ne e sa bonoe, leha e le lerumo, har’a ba likete tse mashome a mane Iseraele,” le hoja e ka ’na eaba palo ea sechaba e ne e le limilione tse ’nè. (Baahloli 5:6-8) Baiseraele ba hooa ho Jehova ba bontša pako. Joalokaha Molimo a laetse ka moprofeta oa mosali Debora, Barake o bokella banna ba 10 000 Thabeng ea Thabore, ’me Jehova o hulela sera ho nyolosa le phula e tlas’a Thabore e phahameng. Lebotho le leholo la sesole sa Sisera le tšela nōka e omileng ea Kishone ka likoloi tsa ntoa tse 900 le kirietsa. Empa pula ea litloebelele e tlatsa Kishone ka moroallo o moholo. Ha Barake le banna ba hae ba macha ho theosa le Thaba ea Thabore ba siriloe ke sefefo sena, ba bona ka mahlo tšenyo eo bohale ba Jehova bo e entseng. Banna ba Barake ba liha ka bonngoe Bakanana ba tšohileng, ba balehang, ’me ha ho na ba pholohang. Ke temoso e matla hakaakang bakeng sa bahatelli ba itetang sefuba ho loantša Molimo!—Baahloli 4:3-16; 5:19-22.
10. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla pholosa bahlanka ba hae ba kajeno bahatelling bohle ba bona?
10 Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba kajeno lireng tsa bona tsohle tse hatellang, hantle feela joalokaha a ile a pholosa Baiseraele ba tšabang Molimo linakong tsa maqakabetsi. (Esaia 43:3; Jeremia 14:8) Molimo o ile a lopolla Davida “matsohong a lira tsohle tsa hae.” (2 Samuele 22:1-3) Ka hona esita le ha re hateletsoe kapa re hlorisoa re le batho ba Jehova, a re beng sebete, hobane Morena oa hae oa Bomesia o tla re lokolla khatellong. E, “o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.” (Pesaleme ea 72:13, 14, NW) Ka sebele topollo eo e haufi.
Molimo o Pholosa ba mo Tšepang
11. Davida e monyenyane o ile a beha mohlala ofe oa ho tšepa Jehova?
11 Hore re bone poloko ea Jehova, re lokela hore re mo tšepe re se na tšabo. Davida o ile a tšepa Molimo a se na tšabo ha a ne a tsoa ho ea kopana le Goliathe oa seqhobane. Ak’u inahanele ha Mofilista eo e molelele a eme ka pel’a Davida e monyenyane, ea hooang: ‘U tlile ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; ’na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng. Kajeno, Jehova o tla u neela matsohong a ka; ke tla u bolaea, ke u pome hlooho, ke nee kajeno lena linonyana tsa leholimo le libatana tsa naha litopo tsa makhotla a Bafilista, ’me lefatše lohle le tla tseba hobane Molimo o teng Iseraeleng. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane hlōlo ke ea Jehova.’ Ka ho panya ha leihlo Goliathe o shoele, ’me ho ne ho se pelaelo hore Bafilista ba hlōtsoe. Ho hlakile hore Jehova o ile a pholosa batho ba hae.—1 Samuele 17:45-54.
12. Ke hobane’ng ha ho ka ba molemo ho hopola mohlanka oa Davida ea matla Eleazare?
12 Ha re talimane le batho ba re hlorisang, ho ka ’na ha hlokahala hore re ‘itete sebete’ ’me re tšepe Molimo ka ho feletseng haholoanyane. (Esaia 46:8-13, NW; Liproverbia 3:5, 6) Hlokomela sena se etsahetseng sebakeng se bitsoang Pas-dammim. Baiseraele ba balehile mabotho a Bafilista. Empa tšabo ha e sitise Eleazare ho tsamaea, e leng e mong oa banna ba Davida ba bararo ba hlaheletseng ba matla. O ema tšimong ea harese ’me o hlatha Bafilista ka sabole ka letsoho le le leng. Kahoo ‘Jehova o pholosa Baiseraele ka poloko e khōlō.’ (1 Likronike 11:12-14; 2 Samuele 23:9, 10) Ha ho na motho ea lebeletseng hore re hlōle lebotho la sesole re loana ka letsoho le le leng. Empa, ka linako tse ling re ka ’na ra ba bang ’me ra hatelloa ke lira. Na ka tieo re tla itšetleha ka Jehova, Molimo oa liketso tse pholosang? Na re tla batla thuso ho eena e le hore re ka qoba ho tsoa balumeli-’moho le rōna tlase ho ba re hlorisang?
Jehova o Pholosa ba Tšepahalang
13. Ke hobane’ng ha ho ne ho le thata ho tšepahala ho Molimo ’musong oa meloko e leshome ea Iseraele?
13 Hore Jehova a re pholose, re lokela ho tšepahala ho eena ho sa tsotellehe liphello. Batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo ba thulane le liteko tse sa tšoaneng. Nahana ka seo e ka ’nang eaba u ka be u ile ua talimana le sona haeba u ne u phela ’musong oa meloko e leshome ea Iseraele. Bohale ba Rehoboame bo ne bo entse hore meloko e leshome e se hlole e mo tšehetsa ’me e thehe ’muso oa Iseraele o ka leboea. (2 Likronike 10:16, 17; 11:13, 14) Mareneng a eona a mangata, Jehu e ne e le eena ea molemo ka ho fetisisa, empa esita le eena ‘ha aa ka a tsamaea molaong oa Jehova ka pelo ea hae eohle.’ (2 Marena 10:30, 31) Leha ho le joalo, ’muso oa meloko e leshome o ne o e-na le batho ba bolokang botšepehi. (1 Marena 19:18) Ba ile ba sebelisa tumelo ho Molimo, ’me o ile a bontša hore o na le bona. Ho sa tsotellehe ho lekoa ha tumelo ea hao, na ua tšepahala ho Jehova?
14. Jehova o ile a tlisa poloko efe mehleng ea Morena Hezekia, ’me ke eng se ileng sa etsa hore Babylona e hlōle Juda?
14 Ho hlokomoloha Molao oa Molimo ho atileng ho ile ha fella ka tlokotsi ’musong oa Iseraele. Ha Baassyria ba o hlōla ka 740 B.C.E., ha ho pelaelo hore batho ba tsoang melokong ea oona e leshome ba ile ba balehela ’musong oa Juda oa meloko e ’meli, moo ba neng ba ka rapela Jehova tempeleng ea hae. Marena a mane ho a 19 a Juda a lesika la Davida—Asa, Jehoshafate, Hezekia le Josiase—a ne a hlahelletse boinehelong ba ’ona ho Molimo. Mehleng ea Hezekia ea tšepahalang, Baassyria ba ile ba loantša Juda ka lebotho la ntoa le matla. Ha a araba kōpo e matla ea Hezekia, Molimo o ile a sebelisa lengeloi le le leng feela ho bolaea Baassyria ba 185 000 ka bosiu bo le bong feela, kahoo a pholosa barapeli ba Hae! (Esaia 37:36-38) Hamorao, ho hlōleha ha batho ho boloka Molao le ho ela hloko litemoso tsa baprofeta ba Molimo ho ile ha fella ka hore Babylona e hlōle Juda le hore motse-moholo oa eona, Jerusalema, o felisoe le tempele ea oona ka 607 B.C.E.
15. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore batlamuoa ba Bajuda ba neng ba le Babylona ba be le mamello, ’me Jehova o ile a qetella a ba lopolotse joang?
15 Ho ne ho hlokahala hore batlamuoa ba Bajuda ba be le mamello e le hore ba tšepahale ho Molimo ha ba le botlamuoeng Babylona ka lilemo tse ka bang 70 tsa mahlomola. (Pesaleme ea 137:1-6) E mong ea neng a tsebahala ka ho boloka botšepehi ke moprofeta Daniele. (Daniele 1:1-7; 9:1-3) Ak’u inahanele hore o ile a thaba hakaakang ha taelo ea Morena Cyruse oa Persia e sebetsa ka 537 B.C.E., e lumella Bajuda ho khutlela Juda ho haha tempele bocha! (Esdrase 1:1-4) Daniele le ba bang ba ne ba mameletse ka nako e telele, empa qetellong ba ile ba bona ha Babylona e timetsoa le ha batho ba Jehova ba lopolloa. Sena se lokela ho re thusa ho mamella ha re ntse re emetse timetso ea “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli bo bohata.—Tšenolo 18:1-5.
Jehova o Pholosa Batho ba Hae Kamehla
16. Molimo o ile a tlisa poloko efe mehleng ea Mofumahali Esthere?
16 Jehova o pholosa batho ba hae kamehla ha ba tšepahalla lebitso la hae. (1 Samuele 12:22; Esaia 43:10-12) Nahana ka mehla ea Mofumahali Esthere—lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Morena Assueruse (Xerxes I) o khethile Hamane e le tona-khōlō. A halefisitsoe ke ho hana ha Mordekai oa Mojuda ho mo inamela ka tsela ea borapeli, Hamane o rera ho mo timetsa le Bajuda bohle ba ’Musong oa Persia. O ba neta ka mashano a hore ke batlōli ba molao, o etsa mpho ea qeko ka chelete, ’me o lumelloa ho sebelisa lesale la tiiso la morena ho tiisa tokomane e laelang hore ba felisoe. Ka ho hloka tšabo Esthere o senolela morena hore ke Mojuda ’me o pepesa morero oa Hamane oa polao. Kapele Hamane o leketla thupeng eona eo a neng a e lokiselitse polao ea Mordekai. Mordekai o etsoa tona-khōlō, o filoe matla a ho lumella Bajuda ho itšireletsa. Ba hlōla lira tsa bona haholo. (Esthere 3:1–9:19) Ketsahalo ena e lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna ea hore Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba kajeno ba mamelang.
17. Kutlo e ile ea phetha karolo efe topollong ea Bakreste ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba lulang Judea?
17 Lebaka le leng leo ka lona Molimo a pholosang batho ba hae ke hore baa mo mamela, ba mamela le Mora oa hae. Ak’u nahane u se u le morutuoa oa Jesu oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo. Oa ba bolella: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng.” (Luka 21:20-22) Ho feta lilemo tse ngata, ’me u ipotsa hore na mantsoe ana a tla phethahala neng. Ebe ho tla phetohelo ea Bajuda ka 66 C.E. Mabotho a Roma tlas’a Cestius Gallus a lika-liketsa Jerusalema ’me a fetela marakong a tempele. Ka tšohanyetso, Baroma ba khutlela morao ka mabaka a ke keng a utloisisoa. Bakreste ba Bajuda ba tla etsa’ng? Bukeng ea hae ea Ecclesiastical History (Buka ea III, khaolong ea V, 3), Eusebius o re ba ile ba baleha Jerusalema le Judea. Ba ile ba sireletsoa hobane ba ile ba mamela temoso ea Jesu ea boprofeta. Na u potlakela ho sebetsa tumellanong le tataiso ea Mangolo e fanoang ka “motsamaisi ea tšepahalang” ea behiloeng holim’a “tseo e leng tsa” Jesu?—Luka 12:42-44.
Ho Pholohela Bophelong bo sa Feleng
18, 19. (a) Lefu la Jesu le ile la etsa hore ho khonehe poloko ea mofuta ofe, hona bakeng sa bo-mang? (b) Moapostola Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa’ng?
18 Ho ela hloko temoso ea Jesu ho ile ha pholosa bophelo ba Bakreste ba Bajuda Judea. Empa lefu la Jesu le etsa hore “mefuta eohle ea batho” e khone ho pholohela bophelong bo sa feleng. (1 Timothea 4:10) Ho ile ha hlokahala hore moloko oa batho o rekolloe ha Adama a ne a etsa sebe, kahoo a lahleheloa ke bophelo ’me a rekisa moloko oa batho bokhobeng ba sebe le lefu. (Baroma 5:12-19) Mahlabelo a liphoofolo a neng a nyeheloa tlas’a Molao oa Moshe a ne a nyeheloa bakeng sa ho koaheloa ho honyenyane ha libe. (Baheberu 10:1-4) Kaha Jesu o ne a se na ntate oa motho ’me ho hlakile hore moea o halalelang oa Molimo o ile oa “koahela” Maria ho tloha ha a ne a ima ho fihlela ha Jesu a tsoaloa, o ile a tsoaloa e le eo ho hang a ke keng a futsa sebe kapa ho se phethahale. (Luka 1:35; Johanne 1:29; 1 Petrose 1:18, 19) Ha Jesu a e-shoa e le ’moloki oa botšepehi ea phethahetseng, o ile a nyehela bophelo ba hae bo phethahetseng bakeng sa ho rekolla le ho lokolla moloko oa batho. (Baheberu 2:14, 15) Kahoo Kreste o ile “a fana ka eena ka boeena e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle.” (1 Timothea 2:5, 6) Hase bohle ba tla sebelisa tokisetso ena ea poloko, empa Molimo o amohela tšebeliso ea melemo ea eona ho ba e amohelang ka tumelo.
19 Ka ho hlahisa molemo oa sehlabelo sa hae sa thekollo ho Molimo leholimong, Kreste o ile a rekolla bana ba Adama. (Baheberu 9:24) Kahoo Jesu o fumana Monyaluoa, ea entsoeng ka balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba tsoselitsoeng bophelong ba leholimo. (Baefese 5:25-27; Tšenolo 14:3, 4; 21:9) Hape o fetoha “Ra-bo-sa-feleng” ho ba amohelang sehlabelo sa hae ’me ba fumana bophelo bo sa feleng. (Esaia 9:6, 7; 1 Johanne 2:1, 2) Ke tokisetso e lerato hakaakang! Lengolong la Pauluse la bobeli le bululetsoeng le eang ho Bakreste ba Korinthe hoa totobala hore oa e ananela, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša. Ha e le hantle, Pauluse o ne a ikemiselitse ho se lumelle letho ho mo thibela ho thusa batho ho sebelisa tokisetso ea Jehova e babatsehang ea ho pholohela bophelong bo sa feleng.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ho na le bopaki bofe ba Mangolo ba hore Molimo o pholosa batho ba hae ba lokileng?
◻ Re tseba joang hore Jehova o pholosa ba mo tšepang le ba lulang ba tšepahala?
◻ Molimo o entse tokisetso efe bakeng sa ho pholohela bophelong bo sa feleng?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Davida o ne a tšepa Jehova, “Molimo oa liketso tse pholosang.” Na le uena ua mo tšepa?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Jehova o pholosa batho ba hae kamehla, joalokaha a ile a bontša seo mehleng ea Mofumahali Esthere