Na Kamehla ho Utloa Molao ho Loketse?
“NA U nkutloile?” ’mè e mong o hoeletsa Johnnie e monyenyane ha a e-tsoa monyako. Che, hase hore o hlahloba hore na Johnnie o utloa hantle ka litsebeng. O etsa bonnete ba hore o tla mo mamela le hore o tla be a le lapeng ka nako e loketseng.
Ka sebele, ho utloa le ho utloa molao li amana haufi-ufi. Kahona, ha ho makatse hore lipuong tsa pele tsa Bibele, mantsoe a bontšang ho utloa molao a amana le ho utloa. Empa ke mang eo re lokelang ho mo mamela? Na re lokela ho utloa molao oa e mong le e mong ea batlang hore a utluoe? Hona na kamehla ho utloa molao ho loketse?
Ha ho Utloa Molao ho Loketse
Ho utloa molao oa ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, kamehla ho loketse. Joaloka Moetsi oa rōna le Mohloli oa bophelo ba rōna, ke eena eo molao oa hae o lokelang ho utluoa pele ho tsohle ke libōpuoa tsa hae. (Pesaleme ea 95:6, 7) Joaloka ’Musi ea Phahameng, Jehova o boetse o fane ka matla a hae ho ba bang ba fihletseng litekanyetso tsa hae, ’me hona ho ho etsa ho loketseng hore re utloe melao oa bona. Ea ka sehloohong har’a batho ba joalo ke Jesu Kreste. Ho tloha ka 1914 o fetohile Morena ea khethiloeng ke Molimo oa ’Muso oa leholimo “hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.” (Daniele 7:13, 14) Ho feta moo, joaloka Hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu o file ba bang ba kahare ho eona matla, ’me hoo ho etsa hore ho utloa melao ea balisa ba joalo ba tlaasana e be ho loketseng.—Ba-Heberu 13:17.
Jehova o ile a boela a fana ka lintlha tse re tataisang mabapi le ho utloa molao tikolohong ea lelapa. Bana ba eletsoa hore ba ‘utloe batsoali ba bona Moreneng,’ ’me basali ba bolelloa hore ba ‘ikokobetse katlas’a banna ba bona joale ka ha ba ikokobetsa ho Morena.’ (Ba-Efese 5:21–6:3) Bakreste ba bile ba hopotsoa hore ba “ipee ka tlaase ho mebuso le ba boholong ’me ba utloe melao ea bona.” (Tite 3:1, NW) Leha ho le joalo, ho see sohle, na re lokela ho utloa molao ka ho feletseng? Na hoo kamehla ho loketse?
Ha ho Utloa Molao ho sa Lokela
Ke ’nete hore ho mamela bao Jehova a sa ba neang matla ho ka fella ka tlokotsi. Monna oa pele, Adama, o ile a “mamela” lentsoe la Eva ’me a kopanela le eena ho ja sefate sa tsebo ea botle le bobe. (Genese 3:17, NW) Phello e bile efe? “Ba bangata ba beiloe baetsalibe ka ho se utloe ha motho a le mong.” (Ba-Roma 5:19) Phello e ile ea ba tlokotsi e kaakang ka ho mamela motho ea fosahetseng!
Leha ho le joalo, na kamehla ho loketse hore re mamele ba beiloeng litulong tsa boholo? E seng haeba ba leka ho sebelisa boholo ba bona ka tsela eo e seng ea bomolimo. Ka mohlala, tumellanong le molao-motheo oa ho utloa molao oa “bao e leng beng ba lōna ka nama,” re ne re tla utloa melao ea bahiri ba rōna. Empa ho thoe’ng haeba ba joalo ba re laela hore re etse ntho e ’ngoe e hananang le melao ea Molimo o matla ’ohle? Seo Pauluse a se boletseng kamorao ho moo se bontša tsela e loketseng: “Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, joaloka ba ratang ho khahlisa batho, empa joaloka makhoba a Kreste a etsang thato ea Molimo ka pelo eohle.” (Ba-Efese 6:5, 6, TLP) Ketsahalong e ’ngoe, Petrose le baapostola ba bang ba ile ba re: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Molao-motheo oona oo oa sebetsa kahare ho lelapa. Ka ho se ananele seo Molimo o se hlokang, monna a ka ’na a ba khahlanong le takatso ea mosali oa hae ea ho ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla. Ha re re o mo tlisetsa khatello, a bile a sebelisa mabifi, joalokaha ho ’nile ha etsahala ka linako tse ling, ho mo thibela ho ea libokeng tsa Bokreste. Mosali o lokela ho etsa joang? Haeba a ne a ka inehela, o ne a ka ’na a bea bomoea ba hae kotsing le ba lelapa la hae, ebe o lahleheloa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng. Na ho ne ho ke ke ha ba molemo ho utloa molao oa Jehova, a hlokomela hore ha ho motho, esita le eena monna oa hae, ea neiloeng matla a ho hanyetsa taelo ea ‘ho se ngale liphutheho tsa rōna’?—Ba-Heberu 10:25.
Monna oa Miyoko o ne a na le khanyetso ea hore chelete ea hae e ne e “senngoa” ka ho ea ha mosali libokeng ’me o ne a le khahlanong le hoo. Qetellong, o ile a khaotsa ho fana ka chelete ea ho hlokomela lelapa, ’me Miyoko o ile a lokela ho tsamaea sebaka sa bohōle ba hora ho ea Holong ea ’Muso.
Na o ile a inehela? Che. O ile a atamela Jehova ka thapelo ’me a hlahlobisisa boemo ba hae. Ka ho hlokomela lebaka la khanyetso ea monna oa hae, Miyoko o ile a etsa qeto ea ho etsa mosebetsi oa ho aba likoranta. Monna oa hae a re oa lumela haeba mosali o ne a tla mo fa halofo ea moputso oa hae.
Miyoko a boela a rapela hore haeba e ne e le thato ea Jehova, o ne a ka sebetsa sebakeng se haufinyane. Hangata, ho nka selemo kapa nako e isang moo hore motho a fumane hoo a ho batlang. Empa, mohlolo, ka libeke tse tšeletseng Miyoko o ile a fuoa sebaka se haufi le ha hae. A khothalitsoe ke khopolo ea hore Jehova o ne a utloile lithapelo tsa hae, o ile a sebetsa ho tloha ka 4:30 ho ea ho 6:00 hoseng ho hong le ho hong. Ka ho bona sena, butle-butle boitšoaro ba monna oa hae ba fetoha, ’me a ba le tšebelisano-’moho. Joalokaha Miyoko, eo nako le nako a sebeletsang e le pula-maliboho ea thusang, a ile a nahana le ho hlahlobisisa boemo ba hae, a rapela ka bona ’me kamorao ho moo a nka bohato tumellanong le seo, le uena u tla fumana hore hona ho tla fella ka tlhohonolofatso ea Jehova.
Ke ’nete hore ho ka ’na ha ba le mabaka a khethehileng ao ka ’ona monna ea sa lumelang a ka ’nang a kōpa mosali oa hae hore a fose seboka sa Bokreste. E ka ’na eaba o etsa joalo a se na sepheo leha e le sefe sa ho khella borapeli ba hae le tšebeletso ea hae ho Jehova Molimo tlaase. Ho utloisisa melao-motheo e amehang ho tla thusa mosali oa Mokreste hore a etse qeto ka tsela e nepahetseng tumellanong le maemo a hae a khethehileng.
Ha re hlahloba litaba ho ea pejana, ho thoe’ng haeba monna oa hae a mo bolella hore a se ke a ea le bana ba bona libokeng tsa Bokreste? Ho totobetse hore mosali oa tseba hore le hoja monna oa hae a sa amohele bohlooho ba Kreste, e ntse e le hlooho ea lelapa. (1 Ba-Korinthe 11:3) Empa mosali o boetse o hopotse ka ho tebileng boiketlo ba moea ba bana, ’moho le takatso ea hae ka boeena ea ho mamela Jehova. Ka sebele ke teko ea tumelo ea hae hore a phelele litlamo tsa hae lintlheng tsena kaofela. Ho rapella bohlale le matla a ho seka-seka litaba ho Jehova ka sebele ho tla thusa. (Jakobo 1:5; Ba-Filippi 4:6, 7) Ho behelana mabaka le monna oa hae ka hlompho le ho bua ka qenehelo, a bontša moea o bonolo le o mosa, le hona ho ka ’na ha thusa ho rarolla qaka eo.—Ba-Kolosse 4:6; 1 Petrose 3:1-5.
Mosali e mong oa Mokreste Yamato, Japane, o ne a talimane le boemo bo joalo ha monna oa hae a mo thibela ho ea le bana ba bona ba bararo libokeng. Mosali eo o ne a ka etsa joang? Ka cheseho o ile a ruta bana ba hae lapeng, ’me ha ba le boholo ho lekana ho iketsetsa liqeto tsa bona, e mong le e mong ho bona o ile a emela Jehova ’me a qala ho ba teng libokeng. Ka ho khoboheloa, monna oa hae a ba leleka kaofela ka ntlong ea hae.
Mosali eo o ile a fumana mosebetsi ’me a lula ntlong ea khaitseli e mong e mohahong o moholo ka nakoana. Empa ha aa ka a khaotsa moo. O ile a khutla ho ea hloekisa ntlo ea monna oa hae le ho mo phehela lijo. Qetellong, kamor’a khoeli kapa nako e isang moo, monna oa hae a ba khutlisetsa lapeng ’me a khaotsa ho ba hanyetsa. E bile moputso o mokaakang bakeng sa tsela ea khaitseli eo ea botšepehi!
“Leka Lipolelo tse Bululetsoeng”
Ho thoe’ng ka ba boholong ka phuthehong ea Bokreste? Kaha ba litulong tsa boikarabelo ba khethiloe ka tšebetso ea moea o halalelang ’me ba thea taeo ea bona le keletso ea bona Lentsoeng la Molimo, re ka kholiseha hore ho utloa molao oa ba beiloeng boholong ba khethiloeng ka nepo ka phuthehong ea Bokreste ke ho loketseng. (Liketso 20:28; Ba-Heberu 13:17) Empa hoo ha ho bolele hore re mamele ba joalo ba beiloeng boholong ntle le ho nahanisisa ka seo ba se bolelang. Hobane’ng?
Moapostola Johanne o fane ka keletso ena: “Le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa le leke lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simolohile ho Molimo.” (1 Johanne 4:1, NW) Hona ha ho bolele hore re lokela ho belaella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba bang ba re bolellang eona. Ho fapana le hoo, re lula re hopotse mantsoe a Pauluse ho Ba-Galata 1:8: “Athe motho, leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema.”
Na boitsebiso boo re bo fumanang bo fapane le boo re seng re bo rutiloe ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale”? Na motho ea hasang molaetsa oo o bua ho tlotlisa lebitso la Jehova, kapa o leka ho iphahamisa? Na boitsebiso boo bo lumellana le lithuto tsa Bibele ka kakaretso? Tsena ke lipotso tse tla re thusa ho ‘leka’ ntho efe kapa efe e ka ’nang ea utloahala e belaetsa. Re eletsoa hore re ‘fumane bonnete ka lintho tsohle; re itšoarelle ka ho tiea ho se molemo.’—Mattheu 24:45; 1 Ba-Thessalonika 5:21, NW.
Taba e thahasellisang e amehang ke ea Moahlōli Gideone. Hore a kholisehe hore Jehova o ne a tla ba le eena, Gideone o ile a etsa tlhahiso ea hore ho etsoe teko. A re ho Jehova: “Ke tla bea letlalo lena la nku le nang le boea seotlong; ha phoka e lala holim’a letlalo feela, ha oma kahohle fatše, ke tla tseba ka hoo hobane u tla namolela Iseraele ka letsoho la ka.” Ha Jehova a phethahatsa hoo hantle feela joalokaha a kōpile, Gideone a batla tiiso e eketsehileng: “Letlalo le ke le fumanoe le omile le ’notši, phoka e letse kahohle fatše.”—Baahloli 6:37-39.
Na Gideone o ne a se a le hlokolosi ho tlōlisa kapa a belaella lintho ho tlōlisa? Ha ho bonahale ho le joalo, hobane Jehova o ile a amohela kōpo ea hae makhetlong ao ka bobeli ’me a etsa hantle feela kamoo a neng a kōpile. Gideone o ne a batla ho etsa bonnete ba hore boemo ba hae e ne e le bo nepahetseng. Kaha a ne a se na Lentsoe la Molimo le ngotsoeng joalokaha re e-na le lona, eo e ne e le eona tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea hore Gideone a ‘fumane bonnete.’ Leha ho le joalo, hang ha a fumane tiiso eo, o ile a utloa litaelo tse tsoang ho Jehova ka ho feletseng le hoja ho loana ka banna ba 300 le lebotho la lireng la ba 135 000 ho ne ho ka ’na ha bonahala e le ho ipolaea ho tsoa ponong ea batho. (Baahloli 7:7; 8:10) Na re bontša boitšoaro bo tšoanang ka ho fuputsa ka Lentsoeng la Molimo ho fumana hore na seo e hlileng e leng thato ea Jehova ke sefe ’me e be re ea se khomarela?
Khetho e Bohlale ka ho Fetisisa
Jehova ha aa re lebella ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bofofu. Ha a batle ho utloa molao ho kang hoo mokoetlisi a ho fumanang phoofolong ka tōmo le ka phafa. Ke ka hona a ileng a bolella Davida: “U se ke ua tšoana le pere kapa ’meile, tsona li hlokang kelello, li thapisoang ka tōmo le marapo.” (Pesaleme ea 32:9, TLP) Ho fapana le hoo, Jehova o re sitsitse ka matla a ho nahana le a ho seka-seka litaba e le hore, ha ho theiloe kutloisisong, re ka khetha ho utloa melao ea hae.
Ka Sejapane, lentsoe kiku (ho utloa) ha le akarelletse moelelo oa ho mamela le ho utloa molao feela empa hape le oa ho ahlōla hore na ntho ke e ntle kapa e mpe. Ha motho e mong a bua le rōna, ho hotle ho mo mamela ka kutloisiso ena e le hore ha re utloa molao oa hae, re be re sa etse joalo feela ka ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe empa ka boikhethelo. Ha Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo, a bua, e bang ke ka Lentsoe la hae, Bibele, kapa ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng, ke habohlokoa ka ho fetisisa ho rōna hore re mamele le ho utloa molao, ka ho etsa joalo re paka hore re barapeli ba utloang molao ba sa iphapanyetseng khopotso e lerato: “Na u nkutloile?”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ke lokela ho mamela mang?
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Gideone o ile a fuputsa thato ea Jehova ’me a utloa melao ea hae