Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 31 leq. 76-leq. 77 ser. 2
  • Ba Kha Lijo-Thollo ka Sabatha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Kha Lijo-Thollo ka Sabatha
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khola Liqoapi ka Sabbatha
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Kha Liqoapi ka Sabbatha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na Bakreste ba Lokela ho Boloka Sabatha?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Sabbatha
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 31 leq. 76-leq. 77 ser. 2
Barutuoa ba Jesu ba kha lijo-thollo ’me baa li ja ka Sabatha

KHAOLO EA 31

Ba Kha Lijo-thollo ka Sabatha

MATHEU 12:​1-8 MAREKA 2:​23-28 LUKA 6:​1-5

  • BARUTUOA BA JESU BA KHA LIJO-THOLLO KA SABATHA

  • JESU KE “MORENA OA SABATHA”

Jesu le barutuoa ba hae ba ea Galilea ka leboea. Ke nako ea selemo ’me lijo-thollo li se li ntse li hlaha. Kaha barutuoa ba Jesu ba lapile, ba kha lijo-thollo masimong ’me baa li ja. Leha ho le joalo, ke letsatsi la Sabatha ’me Bafarisi ba ba shebelletse.

Hopola hore Bajuda ba Jerusalema ba ne ba batla ho bolaea Jesu hobane ba mo qosa ka hore ha a boloke Sabatha. Bafarisi ba mo qosa hape ka lebaka la liketso tsa barutuoa ba hae. Ba re ho eena: “Bona! Barutuoa ba hao ba etsa seo ho sa lumelloeng ke molao hore se etsoe ka Sabatha.”​—Matheu 12:2.

Bafarisi ba re ho kha lijo-thollo le ho li ebola ke ho kotula le ho pola. (Exoda 34:​21) Tlhaloso ea bona ea mosebetsi o neng o lokeloa ho etsoa ka Sabatha e fetohile moroalo le hoja qalong Sabatha e ne e lokela ho natefela batho le ho ba thusa ho ba metsoalle ea Molimo. Jesu o ba etsetsa mehlala e bontšang hore tsela eo ba hlalosang Sabatha ka eona e fosahetse hobane Jehova Molimo o ne a sa rera hore Molao oa hae oa Sabatha o hlalosoe ka tsela eo.

Mohlala oa pele oo Jesu a o etsang ke oa Davida le bahlanka ba hae. Ha ba ne ba lapile, ba ile ba ea tabernakeleng ’me ba ja bohobe ba pontšo. Bohobe bo neng bo tlositsoe ka pel’a Jehova ha ho behoa bo bocha bo ne bo beheloa baprista hore ba bo je. Leha ho le joalo, ka lebaka la maemo ao Davida le bahlanka ba hae ba neng ba le tlas’a ’ona, ha baa ka ba ahloloa hobane ba jele bohobe boo.​—Levitike 24:​5-9; 1 Samuele 21:​1-6.

Jesu o etsa mohlala oa bobeli o re: “Ha lea bala Molaong hore ka Lisabatha baprista tempeleng ba tšoara Sabatha joaloka e sa halaleleng ’me ba tsoela pele ba se na molato?” Jesu o bolela hore le ka Sabatha baprista ba hlaba liphoofolo hore ba etse mahlabelo hape ba etsa mesebetsi e meng ka tempeleng. Jesu o boetse o re: “Empa kea le bolella hore ho fetang tempele ho teng mona.”​—Matheu 12:​5, 6; Numere 28:9.

Jesu o hatisa ntlha ea hae ka ho qotsa lengolo, o re: “Haeba le ne le utloisisitse seo sena se se bolelang, ‘ke batla mohau, eseng sehlabelo,’ le ka be le sa nyatsa ba se nang molato.” O phethela ka ho re: “Etsoe Mor’a motho ke Morena oa sabatha.” Jesu o bua ka ’Muso oa hae o tla busa ka khotso ka lilemo tse sekete.​—Matheu 12:​7, 8; Hosea 6:6.

Satane o jarisitse batho joko e boima ea bokhoba ka nako e telele, ’me lefatšeng ho tletse lintoa le liqhoebeshano tse thibang letsatsi. Ho tla etsahala se fapaneng tlas’a puso ea Jesu. Re tla ikutloa re khatholohile re be re utloe le litsebeng ha lintho tsohle tse bohloko li se li le sieo. Ena ke nako eo esale re e llela!

  • Bafarisi ba qosa barutuoa ba Jesu ka eng, hona hobane’ng?

  • Jesu o khalemela Bafarisi joang?

  • Jesu ke “Morena oa Sabatha” ka tsela efe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela