Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 1/15 maq. 3-6
  • Na Ba Hlile ba Buisana le Bafu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ba Hlile ba Buisana le Bafu?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahetse’ng Tabeng ea Saule?
  • Na Ruri ho ka Khoneha?
  • Empa Mohloli ke Ofe?
  • Na hoa Hlokahala ho Buisana le Bafu?
  • Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tšebelisano le Meea
    Tsoha!—2014
  • Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?
    Tsoha!—2012
  • Tšebelisano le Meea e Mebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 1/15 maq. 3-6

Na Ba Hlile ba Buisana le Bafu?

KA LINAKO tse ling lihlopha tsa bolo Brazil li batla thuso ka tšebelisano le meea. Hobane’ng? Bakeng sa ho fumana keletso ka lebaka la ho tšaba hore sehlopha seo li bapalang le sona mohlomong li ka se hlōla. Ho latela koranta e ’ngoe, “monyetla oa ho buisana ka ho tobileng le matla a phahametseng a tlhaho bakeng sa ho batla litharollo mefuteng eohle ea mathata ho fana ka tšusumetso e matla ho batho ba limillione.” Linaheng tse ling, borapolotiki ba boemo bo phahameng, libini, le borakhoebo hangata ba batla thuso ho meea. Boitekong ba ho batla pheko kapa ho rarolla bothata ba chelete, ba bangata ba leka ho fumana thuso ho bafu, bao ho lumeloang hore ba utloisisa ka ho eketsehileng mathata a amehang.

Empa na ho loketse ho leka ho buisana le bafu? Na ruri hoa khoneha ho etsa joalo? ’Me na ha na le likotsi leha e le life tse amehang? U ka makatsoa ke ho bona seo Bibele e se bolelang.

Ho Etsahetse’ng Tabeng ea Saule?

Nahana ka phihlelo ena ea sebele bophelong e tlalehiloeng ka Bibeleng: Ka ho tšaba lira tsa Bafilista, Morena Saule oa Iseraele ea boholo-holo a batla thuso ho senohe Ene-Dore. O ile a se kōpa hore se mo kopanye le moprofeta Samuele ea shoeleng. Ha a utloa tlhaloso ea leqheku la monna le apereng kobo, Saule a nahana hore setšoantšo sena ke Samuele. Molaetsa ebile ofe? Iseraele e ne e tla neheloa matsohong a Bafilista, ’me letsatsing le hlahlamang Saule le bara ba hae ba ne ba tla ba le “Samuele,” ho bontšang hore ba ne ba tla shoa ha ba ntse ba loana le Bafilista. (1 Samuele 28:4-19) Na seo se ile sa etsahala?

E seng hantle. Saule o ile a lematsoa habohloko ntoeng le Bafilista, empa o ile a shoa ka ho iphenetha. (1 Samuele 31:1-4) Ho e-na le ponelo-pele ea hore bara bohle ba Saule ba ne ba tla shoa le eena, mora oa hae Ishe-Boshethe a sala a phela.

Empa tabeng ea pele na ho ne ho loketse ho botsa bafu? Che, ho ne ho sa lokela. Mangolo a re bolella: “Saule a shoa joalo ka baka la boikhantšo ba hae . . . le bakeng sa hobane a na a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse litaba ho bona.” (1 Likronike 10:13) Na re ka ithuta ho hong ho see? E. Saule o shoele hobane a botsitse senohe se botsang bafu. Hobane’ng? Hobane ka ho etsa sena, o ile a tlōla molao oa Molimo o totobetseng: “Ho se ke ha fumanoa ha eno motho . . . ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo ba manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Ke hobane’ng ha ho botsa bafu e le ntho e manyala ho Jehova? Pele re arabela potso eo, re ka botsa:

Na Ruri ho ka Khoneha?

Haeba motho a tseba ho buisana le bafu, bonneteng e lokela ebe bafu ba phela. E tlameha e be ba na le meea e sa shoeng. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefulomoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Ka hona, motho ka boeena ke moea. Ha a na moea o sa shoeng o tsoelang o phela kamor’a lefu la ’mele. Ha e le hantle, Mangolo a re: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . kahobane ha ho mosebetsi leha e le morero leha e le tsebo leha e le bohlale Sheol,” e leng lebitla le tloaelehileng la batho.—Moeklesia 9:5, 10, NW.

Joale, ho e-na le ho ba bohlale haholo, bafu ha ba ikutloe. Kahoo ke ntho e ke keng ea etsahala ho buisana le bona. Ho boloka molao oa Molimo mabapi le ho botsa bafu ho re sireletsa thetsong. Leha ho le joalo, melaetsa e tsoang sebakeng sa moea e teng, joalokaha phihlelo ea Morena Saule e bontša.

Empa Mohloli ke Ofe?

Lebakeng le leng, ho qhekella ho tloaelehile har’a batho ba ipolelang hore ba buisana le bafu. The World Book Encyclopedia ea re eletsa: “Ho bonahetse hore linohe li qhekella batho ka lipono tse thetsang ho lumela hore meea e ka buisana le batho ba phelang. Bo-ramahlale ba nehelana ka litlhaloso tse ngata ka se etsahalang liponong tse thetsang. Ka mohlala, linohe tse ling li khona ho ntša lentsoe empa molomo o ntse o koetsoe. Tse ling li sebelisa bathusi le mefuta e fapaneng ea thepa e thetsang. Tse ling li sebelisa matla a hapang monahano. Batho ba bangata ba bang teng libokeng tsa lipono tse thetsang ba na le takatso e matla ea ho kopana le mofu ea ratoang. Takatso ena mohlomong ke hore ba lumele hore molaetsa leha e le ofe o fanoang ke linohe o tsoa lefatšeng la meea.”

Empa na le rōna re lokela ho nahana ka mokhoa o joalo? Che, hobane ho khomarela melaong ea Molimo mabapi le ho botsa bafu ho boetse ho re sireletsa ka tsela e khethehileng. Melaetsa ha e tsoe sebakeng sa meea, empa mohloli oa eona ke libopuoa tse matla tse batlang ho thetsa batho. Bibele e li hlalosa e le “meea e bolotsana”—Satane Diabolose le mangeloi a sa tšepahaleng a tsejoang e le bademona. (Ba-Efese 6:12) Ha Morena Saule a ne a e-ea ho senohe Ene-Dore, ke ledemona le ileng la iphetola moprofeta Samuele ea shoeleng.

Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Saule, ha ho letho le molemo leo bademona ba ka le buang, ’me thuso eo ba reng ba fana ka eona ke ea nakoana. Joaloka ’musi oa oona, Diabolose, ba leshano. (Mareka 3:22; Johanne 8:44) Tabeng ena, ’matlisisi oa thuto ea meea Brithani mofu Sir Arthur Conan Doyle o ngotse: “Ka masoabi, re tlameha ho sebetsana ka ho feletseng le mashano a khopo a batho ba bohlale. Ke nahana hore, e mong le e mong ea fupulitseng taba, o teane le boikemisetso bo thetsang boo hangata bo tsoakaneng le lipuisano tsa ’nete.” (The New Revelation, leqephe 72) Ke ’nete hore ha u batle ho thetsoa, na ha ho joalo?

Joale, nahana ka sena: Histori e re bolella ka mosebetsi oa makhoba le mahlomola a ’ona. Na ho na le ea ka ratang ho amohela mathata a joalo le tlontlollo? Che. Joale ke hobane’ng ha re lumella ho iketsa makhoba a meea e khopo? Ha e bue leshano feela empa hape e amoha batho tokoloho ea bona ’me e ka ba ea lebisa pefong le polaong. Ka mohlala, José oa Pernambuco ea lilemo li 29, Brazil, o itse ‘moea o ile oa kena ho eena, oa mo qobella ho bolaea morali oa hae ea nang le selemo.’ E, ho ikopanya le meea e khopo ho ka lebisa bokhobeng bo joalo. Koana, joalokaha makhoba a nakong e fetileng a ne a lakatsa tokoloho, kajeno bao e leng makhoba a bademona ba batla ho lokoloha. Tsela e ’ngoe ea ho fumana tokoloho ena ke ka ho khaotsa ho ea ho linohe le ho leka ho buisana le bafu. Ho sa tsotellehe hoo . . .

Na hoa Hlokahala ho Buisana le Bafu?

Che, hobane ha re hloke thuso. Joaloka bana ba tšepang ntat’a bona, ka bolokolohi re ka kōpa thuso ho Ntate oa rōna oa leholimo, ea thabelang ho thusa ba pelo li tšepahalang. (Luka 11:9-13) Moprofeta oa Molimo Esaia o ngotse: “Ha ba ka re ho lōna: Botsisisang ba nyollang bafu, le linohe tse toutang, tse oeoetsang, le mpe le re: Hleka sechaba ha se na ho botsa Molimo oa sona na? Hleka ho ka botsoa bafu litaba tsa ba utloang na? E-eang molaong le bopaking.”—Esaia 8:19, 20.

E, re na le motheo o tsitsitseng oa ho tšepa Jehova Molimo haeba re etsa thato ea hae ’me re hana ho ba le kamano leha e le efe le meea e khopo. Morutuoa oa Mokreste Jakobo o ngotse: “Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Kamor’a ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, monna ea neng a sebelisana le meea ka lilemo tse 28 o boletse: “Se tšohe seo Diabolose a ka se etsang ho ba tlohelang tšebelisano le meea, empa ho e-na le hoo, tšepa Jehova Molimo.

Ho tlatsa monahano ka ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo le ho sebeletsa holim’a eona ho tla re nolofaletsa ho “apara lihlomo tsohle tsa Molimo [tsa moea]”, hore re tle re tsebe “ho hlōla lihlōho tsohle tsa Diabolose” le hore re se be makhoba a meea e khopo e matla. (Ba-Efese 6:11) Ho feta moo, ho rapela Jehova kamehla ho tla fana ka tšireletso e matla khahlanong le ho ntšuoa kotsi ke bademona.—Liproverbia 18:10.

Ho khothatsa hakaakang ho tseba ’nete ka boemo ba bafu! Lefu le tšoana le boroko bo boholo. (Johanne 11:11) ’Me Jesu Kreste o fane ka tiiso ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng.—Johanne 5:28, 29.

Hammoho le mosali oa hae le bana, monna e mong eo e neng e le senohe o ithutile ho tsoa Mangolong hore ha ho hlokahale hore motho a leke ho buisana le bafu kapa motho e mong ea ikentseng bona. Ho tšoana le lelapa la hae esita le ba bang ba bangata ho potoloha lefatše, le uena u ka thabela tokoloho ea moea. (Johanne 8:32) Ithute ’nete ka bafu le morero oa Molimo ka batho. Joale u ka talima pele tsamaisong e ncha ea lintho ea Jehova, moo u ka nolofalloang ho buisana le baratuoa ba tsositsoeng le ho thabela bophelo bo sa feleng tlas’a maemo a khotso.—Esaia 25:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ke mang eo bonneteng a buileng ha Morena Saule a kōpa ho buisana le moprofeta Samuele ea shoeleng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela