Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/15 maq. 8-10
  • Baammone—Batho ba Ileng ba Buseletsa Mosa ka Bora

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baammone—Batho ba Ileng ba Buseletsa Mosa ka Bora
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Gileade—Sebaka sa Batho ba Sebete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Jafeta o Phetha Kano eo a e Entseng ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lichaba li “Tla Tseba Hore ke ’na Jehova”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Saule—Morena oa Pele oa Iseraele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/15 maq. 8-10

Baammone—Batho ba Ileng ba Buseletsa Mosa ka Bora

MOTSE oa kajeno o bitsoang Amman, motse-moholo oa ’muso oa Bahasheme oa Jordane, o bolokile mohopolo oa batho ba seng ba felile lefatšeng. Ba ne ba bitsoa Baammone. E ne e le bo-mang, hona re ka ithuta eng ho oeng ha bona?

Baammone e ne e le litloholo tsa monna ea lokileng Lota. (Genese 19:35-38) Kaha Lota e ne e le mochana oa Abrahama, u ka ’na ua bolela hore Baammone e ne e le bo-motsoala ba Baiseraele. Leha ho le joalo, litloholo tsa Lota li ile tsa retelehela borapeling ba melimo ea bohata. Ho ntse ho le joalo, Jehova Molimo o ile a ’na a ba le thahasello ho bona. Ha sechaba sa Iseraele se atamela Naha e Tšepisitsoeng, Molimo o ile a se lemosa: “U se ke ua ba qala [Baammone], ’me u se ke ua ba loantša; hobane ha nka ke ka u nea letho naheng ea bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.”—Deuteronoma 2:19.

Na Baammone ba ile ba ananela mosa o mokaalo? Ho e-na le ho o ananela, ba ile ba hana ho amohela hore ho na le seo Jehova a ba fileng sona. Ba ile ba buseletsa thahasello e mosa ea Molimo ho bona ka bora bo hlokang mohau ho batho ba Molimo, e leng Baiseraele. Le hoja Baiseraele ba ile ba hlompha taelo ea Jehova ’me ba se ke ba nka likhato tse matla khahlanong le bona, Baammone le banab’abo bona Bamoabe ba ile ba ikutloa ba le kotsing. Ke ’nete hore Baammone ha baa ka ba hlasela ka lebotho la ntoa, empa ba ile ba hira moprofeta ea bitsoang Balaame ’me ba mo kōpa hore a rohake Iseraele!—Numere 22:1-6; Deuteronoma 23:3-6.

Joale ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Bibele e tlaleha hore Balaame o ile a sitoa ho ntša thohako ea hae. O ile a khona feela ho ba hlohonolofatsa, a bolela: “Ho hlohonolofatsoe ba u hlohonolofatsang, ho rohakoe ba u rohakang.” (Numere 24:9) E ne e tlameha ebe ba neng ba ameha, ho akarelletsa le Baammone, ba ile ba ithuta thuto e matla ho sena: Ha batho ba Molimo ba ne ba ameha, o ne a lula a loketse ho kena lipakeng molemong oa bona!

Leha ho le joalo, Baammone ba ile ba tsoela pele ba batla litsela tsa ho loantša Iseraele. Mehleng ea Baahloli, Ammone o ile a ikopanya le Moabe le Amaleke ’me ba futuhela Naha e Tšepisitsoeng, ho ea fihla Jeriko. Leha ho le joalo, tlhōlo eo e ile ea e-ba ea nakoana, kaha Moahloli oa Moiseraele Ehude o ile a sutumelletsa bafutuheli bao morao. (Baahloli 3:12-15, 27-30) Tumellano ea ho khaotsa ho loana ka nakoana e itseng ea ho hloka boiketlo e ile ea tšoarella ho fihlela mehleng ea Moahloli Jafeta. Ka nako eo, sechaba sa Iseraele se ne se oetse borapeling ba litšoantšo, kahoo Jehova o ile a tlosa tšireletso ea hae. Ka lebaka leo, ka lilemo tse ka bang 18, Molimo o ile “a ba rekisetsa matsohong a . . . bana ba Ammone.” (Baahloli 10:6-9) Baammone ba ile ba boela ba utloa bohloko ba ho hlōloa ka sehlōhō ha Baiseraele ba ne ba tlohela borapeli ba litšoantšo ’me ba tsoha molota tlas’a boeta-pele ba Jafeta.—Baahloli 10:16–11:33.

Mehla ea Iseraele ea ho busoa ke baahloli e ile ea fihla pheletsong ka peho ea morena oa pele Saule, setulong sa borena. Kapele ka mor’a hore Saule a qale ho busa, bora ba Ammone bo ile ba boela ba tota. Ka tšohanyetso Morena Nahashe o ile a hlasela Baiseraele motseng oa Jabeshe-gileade. Ha banna ba motse oo ba kōpa khotso, Nahashe, Moammone o ile a fana ka taelo ena e bohale bo tukang: “Ha nka hlaba selekane le lona, ke ha nka honya mahlo a matona a lona bohle.” Rahistori Flavius Josephus o bolela hore sena se ile sa etsoa ka ho sa fellang e le bohato ba ho itšireletsa, e le hore “ha mahlo a bona a matšehali a koahetsoe ke lithebe tsa bona, ba ka hloka thuso ka ho feletseng ntoeng.” Empa, sepheo sa sebele sa kōpo ena ea ho qetela e hlokang kutloelo-bohloko e ne e le ho etsa mohlala o tlontlollang Baiseraele bana.—1 Samuele 11:1, 2.

Le lekhetlong lena Baammone ba ne ba buselelitse mosa oa Jehova ka bora. Jehova ha aa ka a iphapanyetsa tšokelo ena e mabifi. “Eaba moea oa Molimo o tšoara Saule, ha a utloa taba tseo [tsa Nahashe], a halefa haholo.” Tlas’a tataiso ea moea oa Molimo, Saule o ile a bokella lebotho la banna ba loanang ba 330 000 bao ka ho feletseng ba ileng ba ripitla Baammone hoo ho ileng “ha ba ha hlokahala ba tsamaeang ka bobeli.”—1 Samuele 11:6, 11.

Boithati ba Baammone ba ho ameha ka botebo ka lithahasello tsa bona, bokhopo ba bona, le meharo ea bona, qetellong li ile tsa lebisa tšenyehong ea bona ka ho feletseng. Joalokaha moprofeta oa Jehova Sofonia a ne a ile a bolela, ba ile ba e-ba “joalo ka Gomora . . . nahathothe ka ho sa feleng . . . hobane ba nyefotse, ’me ba ikhohomositse holim’a sechaba sa Jehova oa makhotla.”—Sofonia 2:9, 10.

Baeta-pele ba lefatše kajeno ba lokela ho lemoha se ileng sa hlahela Ammone. Ka mokhoa o tšoanang, Molimo o bontšitse lichaba tekanyo e itseng ea mosa ka ho li lumella hore li phele bonamelong ba maoto a hae, lefatšeng. Empa ho e-na le hore li hlokomele lefatše, lichaba tse nang le boithati li ea le senya, esita le ho le sokela ka thipitlo ea nyutlelie. Ho e-na le hore li bontše mosa ho barapeli ba Jehova ba lefatšeng, hangata lichaba li bontša bora, ’me li ba beha tlas’a mahloriso a sehlōhō. Ka hona, thuto ea Baammone e bontša hore Jehova ha a nke habobebe ba buseletsang mosa oa hae ka bora. ’Me ka nako ea hae e loketseng, o tla nka khato, feela joalokaha a ile a etsa mehleng ea boholo-holo.—Bapisa Pesaleme ea 2:6-12.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lithako tsa Roma tse Amman, sebakeng sa Rabbah, motse-moholo oa Baammone

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Baammone ba ne ba phela sebakeng sena

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela