Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na Davida, monna ea neng a lumellana le pelo ea Molimo, o ile a tšoara batšoaruoa ba hae ka tsela e sehlōhō, joalokaha ba bang ba etsa qeto e joalo ha ba bala 2 Samuele 12:31 le 1 Likronike 20:3?
Che. Ke feela hore Davida o ile a ahlola batšoaruoa ba Baammone ka ho ba etsisa mosebetsi o qobelloang. Liketso tsa Davida li ’nile tsa se utloisisoe hantle ka lebaka la tsela eo liphetolelo tse ling tsa Bibele li behileng litemana tsena ka eona.
Ha liphetolelo tseo tsa Bibele li hlalosa tsela eo Davida a ileng a tšoara Baammone ka eona, li mo hlahisa e le motho ea khopo le ea sehlōhō. Ka mohlala, ho latela Bibele ea Sesotho, 2 Samuele 12:31 e baleha tjena: “A ntša batho ba teng, a laela hore ba bolaoe ka lisaga le liege tsa tšepe le lilepe tsa tšepe, a ba fetisa le liboping, a etsa joalo le ka metse eohle ea bana ba Ammone.” Tlaleho ena e fetoletsoe ka tsela e tšoanang ho 1 Likronike 20:3.
Leha ho le joalo, joalokaha setsebi sa Bibele Samuel Rolles Driver a ile a bontša, bokhopo “ha bo tsamaisane le sohle seo re se tsebang ka botho le tšekamelo ea Davida.” Kahoo, tlhaloso e ’ngoe ea The Anchor Bible e re: “Davida o hlophisa lihlopha tsa basebetsi ba batšoaruoa e le hore a nke monyetla oa ho eketsa leruo la hae ka naha e hapiloeng, e leng mokhoa oo ho hlakileng hore o ne o tloaetsoe ke marena a hlōtseng.” Adam Clarke o fana ka maikutlo a tšoanang le ao ha a re: “Kahoo, moelelo oa sena ke hore, O ile a etsa batho makhoba, a ba sebelisetsa ho sakha, ho etsa liekhe tsa tšepe, kapa ho rafa lirafshoa, . . . le ho rema lifate le ho etsa litene. Litemaneng tsena, ho sakha batho, ho ba poma, ho ba ratha le ho ba rema ha ho utloahale feela joalokaha ho ne ho ke ke ha utloahala hore Davida a tšoare Baammone joalo.”
Ha liphetolelo tse fapa-fapaneng tsa morao tjena li bua ka kutloisiso ena e nepahetseng haholoanyane, hoa hlaka hore Davida ha aa lokela ho qosoa ka ho tšoara batho ka tsela e sehlōhō.a Hlokomela tsela eo Bibele—Phetolelo e Ncha e fetolelang litemana tsena ka eona: “A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebelisa ka lisakha, le ka lipeke, le ka lilepe; a ba sebelisa le libōping tse besang setene. Metse eohle ea Baamone o ne a ee a e etse tjena.” (2 Samuele 12:31) “A hapile le baahi ba motse oo; a ba sebelisa ka lisakha, le ka lipeke, le ka lilepe. Metse eohle ea Baamone [Davida] o ne a ee a e etse joalo.” (1 Likronike 20:3) Tsela eo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e behang litemana tsena ka eona e lumellana le kutloisiso ea litsebi tsa morao-rao tjena: “A ntša batho ba neng ba le ho oona, e le hore a ka ba beha hore ba sakhe majoe le ho sebetsa ka lisebelisoa tse bohale tsa tšepe le ka lilepe tsa tšepe, ’me a etsa hore ba etse litene.” (2 Samuele 12:31) “A ntša batho ba neng ba le ho oona, eaba o ba boloka ba sebetsa ho sakheng majoe le lisebelisoeng tse bohale tsa tšepe le lilepeng; ke tsela eo Davida a ileng a tsoela pele ho etsa ka eona metseng eohle ea bara ba Ammone.”—1 Likronike 20:3.
Davida ha aa ka a etsa hore Baammone ba hlōtsoeng ba hlokofatsoe ka tsela e sehlōhō joalo le ho ripitloa ka tsela e tšabehang. Ha aa ka a etsisa mekhoa ea ntoa ea mehleng ea hae ea batho ba bobatana le ba lonya.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka lebaka la phapang ea tlhaku e le ’ngoe, temana ea Seheberu e ka baleha tjena, “o ile a ba beha lisakheng” kapa “a ba poma (sakha) likoto.” Ho feta moo, lentsoe le sebelisitsoeng bakeng sa “sebōpi se besang litene” le ka boela la bolela “foromo ea litene.” Foromo eo e ne e tla be e le tšesaane haholo hore motho leha e le mang a ka feta ho eona.