Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 11/1 leq. 30
  • “O Tla Etsa Hore U mo Fumane”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O Tla Etsa Hore U mo Fumane”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ananela Jesu e Leng Davida e Moholo le Solomone e Moholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Solomone ke Morena ea Bohlale
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • “Nthute ho Etsa Thato ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 11/1 leq. 30

Atamela ho Molimo

“O Tla Etsa Hore U mo Fumane”

1 LIKRONIKE 28:9

NA U tseba Molimo? Ho arabela potso ena ha ho bonolo joalokaha u ka nahana. Ho tseba Molimo e le kannete ho akarelletsa ho tsebisisa thato ea hae le botho ba hae. Ka ho etsa joalo re tla ba le kamano e haufi-ufi le eena e tla ama tsela eo re phelang ka eona. Na hoa khoneha ho ba le kamano e haufi joalo le eena? Haeba ho khoneha, re ka ba le eona joang? Karabo e ka fumanoa keletsong eo Morena Davida a ileng a e fa mora oa hae Solomone, ho 1 Likronike 28:9.

Nahana ka ketsahalo ena. E se e le lilemo tse ka bang 40 joale Davida a busa Iseraele ’me sechaba se ’nile sa atleha pusong ea hae. Solomone, e leng eena ea tla mo hlahlama, o ntse a le monyenyane haholo. (1 Likronike 29:1) Kaha Davida o se a tla shoa, ke keletso efe ea ho qetela eo a e fang mora oa hae?

Davida o bua ho tsoa phihlelong ea hae ha a ntse a sebeletsa Molimo ’me o qala ka ho re: “Mora oa ka Solomone, tseba Molimo oa ntat’ao.” E tlameha ebe Davida ha a bue ka ho tseba Molimo feela tjee. Solomone e se e ntse e le morapeli oa Molimo oa Davida, Jehova. Hoo e ka bang karolo ea boraro ea Mangolo a Seheberu e se e ntse e phethiloe ’me ha ho pelaelo hore Solomone o tseba hantle hore na mangolo ana a halalelang a re’ng ka Molimo. Setsebi se seng se re lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tseba” le ka bolela “ho ba haufi-ufi le motho.” Ka sebele Davida o batla hore mora oa hae a hlaolele ntho eo eena a neng a e nka e le ea bohlokoa haholo—e leng kamano e haufi-ufi le Molimo.

Ho ba le kamano e joalo ho lokela ho ama boikutlo ba Solomone ka botebo le tsela eo a phelang ka eona. Davida ha a eletsa mora oa hae, o re: “U . . . sebeletse [Molimo] ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng.”a Hlokomela hore taba ea ho sebeletsa Molimo e tla ka mor’a ho mo lemosa hore a mo tsebe. Ho tseba Molimo e le kannete ho etsa hore motho a mo sebeletse. Empa ha aa lokela ho mo sebeletsa ka monyebe kapa ka boikaketsi, a le lipelo li peli. (Pesaleme ea 12:2; 119:113) Davida o kōpa mora oa hae ka tieo hore a sebeletse Molimo ka pelo eohle le hona ka ho rata.

Ke hobane’ng ha Davida a khothalletsa mora oa hae hore a sebeletse Molimo ka sepheo le maikutlo a nepahetseng? Davida o re: “Etsoe Jehova o phenya lipelo tsohle, ’me o lemoha tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano.” Solomone ha aa lokela ho sebeletsa Molimo e le hore feela a thabise ntate oa hae, Davida. Molimo o khahlisoa ke bao lipelo tsa bona li hlileng li batlang ho mo sebeletsa.

Na Solomone o tla latela mohlala oa ntate oa hae, a atamele ho Jehova? Ho se ho le ho Solomone ho etsa joalo. Davida o re ho mora oa hae: “Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane; empa haeba u mo tlohela, o tla u lahla ka ho sa feleng.” E le hore Solomone e be morapeli ea haufi-ufi le Molimo, o lokela ho etsa boiteko bo matla hore a tsebe Jehova.b

Keletso e lerato ea Davida e re kholisa hore Jehova o batla hore re atamele haufi le eena. Leha ho le joalo, e le hore re be haufi le eena re lokela ho “mo batla,” re fatisise ka Mangolong ka sepheo sa ho mo tseba ka ho feletseng. Ho mo tseba ho tla etsa hore re mo sebeletse ka pelo eohle le ka ho rata. Jehova o rata hore re mo sebeletse joalo etsoe o lokela ho sebeletsoa joalo.—Matheu 22:37.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Libibele tse ling li re: “U mo sebeletse ka pelo ea hao eohle, le ka ho rata.”

b Ka masoabi, le hoja Solomone a ile a qala a mo sebeletsa ka pelo e feletseng, ha aa ka a lula a tšepahala.—1 Marena 11:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela