Binelang Jehova Lithoriso
“Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa.”—EXODA 15:1.
1. Ke litšobotsi le litšoaneleho life tsa Jehova tse re fang lebaka la ho mo rorisa?
KA MAKHETLO a 13 Pesaleme ea 150 e fana ka taelo ea ho rorisa Jehova kapa Jah. Temana ea ho qetela e re: “Tse phefumolohang kaofela a li ke li rorise Jehova! Bokang Jehova!” Joaloka Lipaki tsa Jehova, rea tseba hore Jehova o lokeloa ke thoriso ea rōna. Ke ’Musi oa Bokahohle, Ea Holimo-limo, Morena oa bo-sa-feleng, ’Mōpi oa rōna, Mothusi oa rōna. Ha ho ea lekanang le eena, oa ikhetha, ha ho ea ka bapisoang le eena, ha a na thaka ka litsela tse ngata. O na le bohlale bohle, o matla ’ohle, o phethahetse tokeng, ’me ke mothofatso ea lerato. Ka holim’a tsohle o molemo; oa tšepahala. (Luka 18:19; Tšenolo 15:3, 4) Na o lokeloa ke thoriso ea rōna? Ha ho potang!
2. Re na le mabaka afe a ho bontša teboho ho Jehova?
2 Jehova ha a lokeloe feela ke hore re mo rapele le ho mo rorisa empa hape le ho mo leboha bakeng sa tsohle tseo a re etselitseng tsona. Ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng.” (Jakobo 1:17) Ke Seliba, Mohloli, oa bophelo bohle. (Pesaleme ea 36:9) Lintho tsohle tseo re li thabelang re le litho tsa moloko oa batho li tsoa ho eena, hobane ke eena ’Mōpi oa rōna e Moholo. (Esaia 42:5, NW) Hape ke eena Mofani oa litlhohonolofatso tsohle tsa moea tse tlang ho rōna ka moea oa hae, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, le ka Lentsoe la hae. Re na le tšoarelo ea libe motheong oa ho fana ha hae ka Mora oa hae e le thekollo bakeng sa rōna. (Johanne 3:16) Re na le tšepo ea ’Muso ea ‘maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng.’ (2 Petrose 3:13) Re na le botsoalle bo molemo le Bakreste-’moho le rōna. (Ba-Roma 1:11, 12) Re na le tlotla le litlhohonolofatso tsa ho ba Lipaki tsa hae. (Esaia 43:10-12) Hape re na le tokelo ea bohlokoa ea thapelo. (Mattheu 6:9-13) Ruri, re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova!
Litsela Tseo Re ka Rorisang Jehova ka Tsona
3. Ke ka litsela life tse sa tšoaneng tseo ka tsona re ka rorisang Jehova le ho mo bontša teboho ea rōna?
3 Rōna, joaloka bahlanka ba inehetseng ba Jehova, re ka mo rorisa le ho bontša teboho ea rōna joang? Re ka etsa joalo ka ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste—ho paka ka ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela, ho khanna lithuto tsa Bibele, le ho tšoareha bopaking ba seterateng. Re ka boetse ra mo rorisa ka ho paka ka mokhoa o sa reroang neng le neng ha monyetla o joalo o itlhahisa. Joale hape, re ka rorisa Jehova ka boitšoaro ba rōna bo botle, esita le ka tsela e makhethe le e itekanetseng eo re aparang le ho itlhopha ka eona. Hangata Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa rorisetsoa ho fana ka mohlala lintlheng tsena. Ho feta moo, re ka rorisa Jehova le ho mo leboha ka thapelo.—Bona 1 Likronike 29:10-13.
4. E ’ngoe ea litsela tse ntle ka ho fetisisa eo re ka rorisang Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato ka eona ke efe?
4 Ho phaella moo, e ’ngoe ea litsela tse ntle ka ho fetisisa eo re ka rorisang Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato ka eona ke ka ho mo tlotlisa le bokhabane ba hae ka lipina tsa ’Muso tse mathe-maloli. Libini tse ngata le bahlophisi ba bangata ba ’mino baa lumela hore seletsa sa ’mino se monate ka ho fetisisa ke lentsoe la motho. Litsebi tsa ’mino oa classic li ile tsa susumelletseha ho ngola li-opera hobane ho na le ho khotsofala ho hoholo ha ho mametsoe lentsoe la motho ha le bina.
5. Ke ka mabaka afe re lokelang ho nka ho bina ha rōna lipina tsa ’Muso ka ho teba?
5 E tlameha ebe Jehova o thabela hakaakang ho mamela ha batho ba bina, haholo-holo ha ba bina lipina tsa thoriso le teboho! Joale ka sebele re lokela ho nka ho bina ha rōna lipina tsa ’Muso ka ho teba libokeng tsa rōna tse sa tšoaneng—libokeng tsa phutheho, likopanong tsa potoloho, likopanong tsa letsatsi le khethehileng, likopanong tsa setereke, le likopanong tsa machaba. Buka ea rōna ea lipina e tletse ka lipina tse monate tse thabisang e le kannete, tseo boleng ba tsona bo ’nileng ba rorisoa khafetsa ke batho ba ka ntle. Ha re kena moeeng oa ho bina lipina tsa ’Muso haholoanyane, re tla thabisa ba bang le ho ithuela molemo haholoanyane.
Ho Binela Jehova Lithoriso Mehleng ea Bibele
6. Baiseraele ba ile ba bontša kananelo joang bakeng sa ho lopolloa ha bona Leoatleng le Lefubelu?
6 Lentsoe la Molimo le re bolella hore Moshe le Baiseraele ba bang kaofela ba ile ba bina ka tlhōlo ka mor’a ho lopolloa lebothong la Faro Leoatleng le Lefubelu. Pina ea bona e ile ea qala ka mantsoe ana: “Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli oa eona o li lihetse leoatleng. Matla a ka le thoko ea ka ke Jehova, e bile eena ho pholoha ha ka: ke eena Molimo oa ka, ke tla mo rorisa.” (Exoda 15:1, 2) Re ka inahanela cheseho le thabo eo Baiseraele ba ileng ba bina mantsoe ao ka eona ka mor’a ho pholosoa ka mohlolo!
7. Ke liketsahalo life tse ling tsa bohlokoa tseo Mangolo a Seheberu a li tlalehang tsa Baiseraele ha ba rorisa Jehova ka pina?
7 Ho 1 Likronike 16:1, 4-36, re bala ka hore Jehova o ile a rorisoa ka ho bina le ka ho bapala liletsa tsa ’mino ha Davida a tlisa Areka Jerusalema. Eo ka sebele e ne e le ketsahalo e thabisang. Ho ne ho boetse ho bineloa Jehova thoriso e tsamaisanang le ’mino oa liletsa nakong eo Morena Salomone a neng a nehela tempele Jerusalema. Ho 2 Likronike 5:13, 14, rea bala: “Ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantsoe joalo ka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, ’me ba phahamisa mantsoe, ha ho ntse ho letsoa literompeta le lisimbala le liletsa tse ling, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau oa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ea Jehova ea tlala leru; baprista ba ba ba sitoa le ho ema tšebetsong ea bona ka baka la leru; hobane ntlo ea Molimo e ne e tletse khanya ea Jehova.” Seo se bontša eng? Hore Jehova o ne a mametse thoriso ena e mathe-maloli ’me hape o ne a thabisitsoe ke eona, joalokaha ho bontšitsoe ke leru le phahametseng matla a tlhaho. Hamorao, ho ile ha bina lihlopha tse peli tsa ’mino nakong ea ho khakoloa ha marako a Jerusalema mehleng ea Nehemia.—Nehemia 12:27-42.
8. Ke eng e bontšang hore Baiseraele ba ne ba nka ho bina ka ho teba?
8 Ha e le hantle, ho bina e ne e le karolo ea bohlokoa ea borapeli tempeleng hoo Balevi ba 4 000 ba neng ba behetsoe ka thōko bakeng sa tšebeletso ea ’mino. (1 Likronike 23:4, 5) Bana ba ne ba tsamaea le libini. ’Mino, haholo-holo libini, li ne li e-na le sebaka sa bohlokoa borapeling, eseng hakaalo-kaalo ho fana ka litaba tse tebileng tsa Molao, empa ho fana ka moea o nepahetseng bakeng sa borapeli. O ile oa thusa Baiseraele hore ba rapele Jehova ka tsela e mahlahahlaha. Hlokomela tokisetso le tlhokomelo e batsi e neng e nehetsoe tšobotsing ena: “’Me palo ea bona, ha ba kopanngoa le banab’abo bona ba neng ba ithutile ho binela Jehova, e leng banna ba rutehileng kaofela, e ne e le batho ba makholo a mabeli a mashome a robileng meno e le ’meli.” (1 Likronike 25:7) Hlokomela hore na ba ne ba nka ho binela Jehova thoriso ka ho teba hakaakang. Ba ne ba koetliselitsoe ho bina ’me e ne e le litsebi!
9. Ho bina ho hatisitsoe hakae ka Mangolong a Segerike a Bokreste?
9 Ha re tla lekholong la pele la lilemo la mehla e tloaelehileng ea rōna, re fumana eng? Jesu, bosiung boo a ekiloeng ka bona, a imetsoe ke litaba tse ngata kelellong, o ile a ’na a ikutloa hore hoa hlokahala hore a phethe ho keteka ha hae Paseka le ho thehoa ha Sehopotso sa lefu la hae ka ho binela Jehova lithoriso. (Mattheu 26:30) Hape, re bala hore “hoo e ka bang har’a bosiu,” Pauluse le Silase, ka mor’a hore ba shapuoe le ho kenngoa teronkong, “ba ne ba rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina; e, batšoaruoa ba ne ba ba utloa.”—Liketso 16:25, NW.
Ho Bina Lithoriso—Karolo ea Bohlokoa ea Borapeli ba Rōna
10. Lentsoe la Molimo le fana ka taelo efe mabapi le ho mo rorisa ka pina?
10 Na mohlomong u ikutloa eka ho bina lipina tsa ’Muso ha se habohlokoa ka ho lekaneng ho uena hore u ka ho neha tlhokomelo e tebileng? Haeba ho joalo, na ha ua lokela ho nahanisisa hape ka bohlokoa ba taba ee, kaha Jehova Molimo le Jesu Kreste ba nka ho bina lithoriso e le ntho ea bohlokoa? E, Lentsoe la Molimo le tletse ka litaelo tsa ho rorisa Jehova le ho mo binela lithoriso! Ka mohlala, ho Esaia 42:10 (NW), rea bala: “Binelang Jehova pina e ncha, thoriso ea hae e tsoang pheletsong ea lefatše, lōna batho ba theohelang leoatleng le se le tlatsitseng, lōna lihleke-hleke le lōna ba ahileng ho tsona.”—Bona le Pesaleme ea 96:1; 98:1.
11. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le ho bina?
11 Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ho bina ho ne ho ka hlasimolla meea ea rōna, kahoo o ile a re eletsa ka makhetlo a mabeli tabeng ena. Ho Ba-Efese 5:18, 19 rea bala: “Le mpe le tlale Moea. Buisanang ka lipesaleme, le ka lifela, le ka lipina tsa moea, ’me le binele Morena, le mo lulueletse ka lipelong tsa lōna.” ’Me ho Ba-Kolosse 3:16, rea bala: “Lentsoe la Kreste le ikahele ho lōna ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le ’ne le rutane, ’me le khothatsane ka lipesaleme, le lithoko, le lifela [“lipina,” NW] tsa moea, le ntse le binela Morena ka lipelo tsa lōna, ka bokhabane.”
12. Ke mehlala efe eo re nang le eona ea lipina tsa rōna tse re thusang ho rutana le ho khothatsana?
12 Hlokomela hore lekhetlong ka leng Pauluse khafetsa o bua ka ho bina, ha a bua ka ‘lipesaleme, lifela, lipina tsa moea, ho lulueletsa ka lipelong tsa lōna.’ Hape, o qala litlhaloso tsa hae ho Bakolosse ka ho bolela hore ka mokhoa ona re ka ba ba ‘rutanang le ho khothatsana.’ ’Me seo ka sebele rea se etsa, joalokaha ho ka bonoa ka lihlooho tsa lipina tsa rōna—“Pōpo Eohle e Rorise Jehova!” (nomoro ea 5), “Tieang Matla, Le Sa Sisinyehe!” (nomoro ea 10), “Thabelang Tšepo ea ’Muso!” (nomoro ea 16), “Le Se Ke La Ba Tšaba!” (nomoro ea 27), “Rokang Jehova Molimo oa Rōna!” (nomoro ea 100), ho fana ka mehlala e seng mekae feela.
13. “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” o bontšitse joang hore ho bina ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna?
13 Tumellanong le litaelo tsena, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o lokiselitse hore lipokano tsa rōna—liboka tsa phutheho, likopano tsa potoloho, likopano tsa letsatsi le khethehileng, likopano tsa setereke, le likopano tsa machaba—li buloe le ho koaloa ka ho binoa ha lipina tsa ’Muso. (Mattheu 24:45) Ho phaella moo, lipina li lokiselitsoe ho binoa ka linako tse ling nakong ea liboka tsena. Kaha liboka tsa rōna hangata li qala ka ho binoa ha pina ea ’Muso, na ha rea lokela ho etsa bonnete ba hore re fihla ka nako, pejana ka ho lekaneng hore re ka kopanela karolong eo ea borapeli ba rōna? Hape kaha liboka li koaloa ka pina, na ha rea lokela ho lula ho fihlela pina e koalang le thapelo e e latelang hang-hang?
14. Re na le mehlala efe ea lipina tse loketseng tse khethoang bakeng sa mananeo a rōna?
14 Lipina libokeng tsa rōna li khethiloe ka hloko hore li lumellane le lenaneo. Ka mohlala, Likopanong tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo” ka 1993, pina ea 191, “’Nete u e Fetole ea Hao,” e khothatsang Bakreste hore ba loane le Satane, lefatše le nama ea boetsalibe, kapele-pele e ile ea latela lipuo tse tharo tse ileng tsa sebetsana le lira tsena. Ka ho tšoanang, pina ea 164, “Bana—Limpho tsa Bohlokoa tse Tsoang ho Molimo,” e nang le keletso e ngata e eang ho batsoali, e ile ea latela hang ka mor’a puo e neng e totobatsa tlamo ea batsoali ea ho koetlisa bana ba bona. Pina ea 70, “Etsisa Jeremia,” e ile ea tla pele ho letoto la lipuo tse neng li theiloe boprofeteng ba Jeremia. ’Me ka mor’a neheletsano lintlheng tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea rōna ea ’Muso ho ile ha latela pina ea 156, “Kea Rata,” pina e sekametseng tšebeletsong haholo. Ho ba hlokolosi ka ho tšoanang hoa sebelisoa ha ho khethoa lipina bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa, Seboka sa Tšebeletso, le Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Molimo. Kahoo ha baholo ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa ’me ba bontša hore na ho lokela ho sebelisoa pina efe ha ho qaloa lenaneo, ba lokela ho khetha pina e lokelang sehlooho sa puo ea bona.
15. Molula-setulo oa seboka a ka phahamisa kananelo joang bakeng sa pina e tlang ho binoa?
15 Ha ho tsebisoa hore na ke pina efe e tla binoa, molula-setulo a ka phahamisa kananelo bakeng sa pina eo ka ho fana ka sehlooho sa eona. Ha re bine linomoro empa lihlooho tsa Mangolo. Hape ho ne ho tla thusa phutheho ho ananela pina eo haholoanyane haeba lengolo le fanoeng tlas’a sehlooho seo le eloa hloko. Hape-hape, litlhaloso tse seng kae e ka ba tse loketseng, tse kang hore bohle ba lokela ho kena moeeng oa pina eo.
Bontša Kananelo Bakeng sa Molemo oa Jehova ka ho Bina
16. Re ka kena moeeng oa lipina tsa rōna joang?
16 Kaha mantsoe a lipina tsa rōna tsa ’Muso a na le moelelo, ho hlokahala hore re tsepamise mohopolo mantsoeng ha re li bina. Re batla ho kena moeeng oa pina e ’ngoe le e ’ngoe. Tse ling, tse kang tse sebetsanang le lerato, tholoana ea moea, li tloha botebong ba pelo. (Ba-Galata 5:22) Tsena re li bina ka matla le ka mofuthu. Tse ling lia thabisa, ’me re lokela ho leka ho li bina ka thabo. Ho ntse ho le joalo tse ling ke lipina tse matla tsa ho macha, ’me tsena li lokela ho binoa ka cheseho le ka kholiseho e matla. Sekolong sa rōna sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, re eletsoa hore re bontše mofuthu le boikutlo hammoho le cheseho linehelanong tsa rōna. Ho bontša mofuthu, boikutlo, le cheseho ha re bina lipina tsa rōna ke habohlokoa le ho feta.
17. (a) Ke khalemelo efe e ileng ea fuoa Baiseraele ba sa tšepahaleng eo re ke keng ra batla hore e sebetse ho bineng ha rōna? (b) Phello e ba efe ha re nka keletso e fuperoeng ka lipineng tsa rōna ka ho teba?
17 Haeba re ne re lokela ho bina lipina tsa rōna tsa ’Muso likelello tsa rōna li le linthong tse ling, re sa ananele ka botlalo moelelo oa mantsoe, na re ne re ke ke ra batla re tšoana le Baiseraele ba sa tšepahaleng ba ileng ba khalemeloa hobane, ha ba ne ba ntse ba rorisa Molimo ka melomo ea bona, lipelo tsa bona li ne li le hōle le eena? (Mattheu 15:8) Ha re batle hore kahlolo eo e sebetse tseleng eo re binang lipina tsa ’Muso ka eona, na ha ho joalo? Ka ho bina lipina tsa rōna tsa ’Muso ka tsela e loketseng, re tla susumetsa e seng rōna feela empa le ba re potolohileng, ho akarelletsa le ba banyenyane. E, haeba bohle ba binang Liholong tsa rōna tsa ’Muso ba ne ba nka ka ho teba keletso eo lipina tsena li e fupereng, ena e ne e tla ba khothatso e matla ea ho cheseha tšebeletsong le ho qoba maraba a ho etsa se fosahetseng.
18. Ho binoa ha lipina tsa ’Muso ho bile le phello efe ho mosali e mong?
18 Nako le nako, ba ka ntle ba khahloa ke ho bina ha rōna lipina tsa ’Muso. Molula-Qhooa o kile oa hatisa taba ena: “Hore ho bina [ha rōna] le hona ho ka sebeletsa ho tlisa batho tsebong ea Jehova Molimo ho ile ha bontšoa ke phihlelo ea mosali e mong ea ileng a kolobetsoa Kopanong ea 1973 ea ‘Tlhōlo ea Bomolimo,’ Yankee Stadium, motseng oa New York. O ne a ile a etela Holo ea ’Muso ea sebaka seo ka lekhetlo la pele a ikisa ’me a lulela liboka ka bobeli. Eare ha phutheho e bina . . . ‘Talima Moputsong!,’ a khahloa haholo ke mantsoe le tsela eo a neng a binoa ka eona hoo a ileng a etsa qeto ea hore mona ke hona moo a neng a batla ho ba teng. Ka mor’a moo o ile a atamela e mong oa Lipaki ’me a kōpa thuto ea Bibele, ’me [o ile] a tsoela pele ho fihlela e e-ba paki ea Mokreste ea Jehova.”
19. Ke khothatso efe ea ho qetela e fanoeng mabapi le ho bina lipina tsa rōna tsa ’Muso ka pelo eohle?
19 Libokeng tsa rōna tse ngata, ho na le menyetla e fokolang ha ho bapisoa bakeng sa hore bamameli ba bolele maikutlo a bona le kananelo. Empa kaofela ha rōna re ka bolela tsela eo re ikutloang ka eona ka molemo oa Jehova ka ho kopanela ka pelo eohle ho bineng lipina tsa ’Muso. Ntle ho moo, ha re kopana hammoho, na ha re moeeng o motle? Kahoo re lokela ho ikutloa re rata ho bina! (Jakobo 5:13) Ka sebele, ha re ananela molemo oa Jehova le mosa oa hae o sa tšoanelang ho isa bohōleng bo itseng, re tla mo binela lithoriso ka liphefumolohi tsohle.
U Arabela Joang?
◻ Ke mabaka afe a mabeli a motheo a ho rorisa Jehova?
◻ Ke ka litsela life tse sa tšoaneng re ka rorisang Jehova?
◻ E ’ngoe ea litsela tse ntle ka ho fetisisa eo re ka rorisang Jehova ka eona ke efe?
◻ Re na le mehlala efe ea Mangolo ea ho rorisa Jehova ka pina?
◻ Re ka bina lipina tsa ’Muso ka tsela e loketseng joang?
[Lebokose le leqepheng la 11]
Thabelang Lipina Tseo!
Ho bonahala ba bang ba bile le bothata bo fokolang ba ho ithuta lipina tse ’maloa. Leha ho le joalo, liphutheho tse ling ha lia ka tsa e-ba le bothata bo boholo ba ho bina boholo ba lipina tsena. Mohlomong sohle se hlokahalang ke boiteko bo eketsehileng hanyenyane ba ho ithuta seo pele se neng se bonahala se sa tloaeleha. Hang ha e tloaelane le lipina tse joalo, hangata phutheho e li ananela ho feta tse sa kang tsa hloka boiteko ho ithuta tsona. Joale bohle ka phuthehong ba ka li bina ka kholiseho. E, ba ka thabela lipina tseo!
[Lebokose le leqepheng la 12]
Binang Lipina tsa ’Muso ’Mokeng ea Botsoalle
Ho bina ha rōna lipina tsa ’Muso ha hoa lokela ho lekanyetsoa Holong ea ’Muso. Pauluse le Silase ba ile ba binela Jehova lithoriso ha ba le teronkong. (Liketso 16:25, NW) ’Me morutuoa Jakobo o ile a re: “Na ho na leha e le mang ea leng moeeng o motle? A ke a binele Molimo lithoriso.” (Jakobo 5:13, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) ’Mokeng ea botsoalle e mong le e mong o moeeng o motle. Kahoo ke hobane’ng ha ho sa binoe lipina tsa ’Muso? Hona ho ka ba monate haholo haeba ho bina hoo ho tsamaisana le piano kapa katara. Ntle ho moo, ho na le litheipi tsa piano tsa lipina tsa rōna tsa ’Muso; malapa a mangata a Lipaki a na le albamo ea litheipi tsena. Ha li sebeletse hantle feela bakeng sa ho tsamaisana le ho bina empa li boetse li ntle bakeng sa ’mino o monate o keneletseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Ka mor’a ho lopolloa Leoatleng le Lefubelu, Iseraele e ile ea bontša thabo ea eona ka pina
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Pina e thabisang ke karolo ea borapeli ba Bokreste kajeno