Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/15 maq. 13-18
  • Jehova oa le Tsotella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova oa le Tsotella
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Batla ho re Thusa
  • Jehova o Hulela Batho ba Hae ho Eena
  • Ho Hlokahala Hore re Batle Jehova
  • Jehova e Lokela ho ba oa Sebele ho Rōna
  • Na Ua Hlokomela Hore Jehova oa U Tsotella?
  • Tsoela Pele ho Batla Jehova
  • Ho Phela ka Tsela e Khahlisang Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • U ka Etsa’ng Hore U be Motsoalle oa Molimo?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/15 maq. 13-18

Jehova oa le Tsotella

‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo], hobane oa le tsotella.’—1 PETROSE 5:7.

1. Ke ho eng ea bohlokoa eo ho hang Jehova le Satane ba sa tšoaneng?

HO HANG Jehova le Satane ha ba tšoane. Motho e mong le e mong ea haufi le Jehova o tlameha ho nena Diabolose. Ho se tšoane hona ho boletsoe ho encyclopedia e ’ngoe e amohelehang. Ha e bua ka mesebetsi ea Satane joalokaha e thathamisitsoe bukeng ea Bibele ea Jobo, Encyclopædia Britannica (1970) e re: ‘Mosebetsi oa Satane ke ho solla lefatšeng a batla liketso kapa batho ba ka qosoang ka lintho tse mpe; kahoo, mosebetsi oa hae o fapane le oa “mahlo a Morena,” a qamakang lefatšeng lohle a matlafatsa sohle se setle (II Likron. xvi, 9). Satane o lumela hore batho ba etsa lintho tse molemo ka lebaka la boithati ’me Molimo o mo lumeletse hore a leke hore na ho joalo, empa a sa tlōle meeli eo a mo behetseng eona, ebile a le tlas’a bolaoli le taolo ea Hae.’ Ho totobetse hore ha ba tšoane!—Jobo 1:6-12; 2:1-7.

2, 3. (a) Moelelo oa lentsoe “Diabolose” o ile oa bontšoa hantle joang ho se ileng sa etsahalla Jobo? (b) Bibele e bontša joang hore Satane o ntse a tsoela pele ho qosa bahlanka ba Jehova ba lefatšeng?

2 Lentsoe “Diabolose” le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “ea qosang ka bohata,” “moetselletsi.” Buka ea Jobo e re bolella hore Satane o ile a qosa mohlanka ea tšepahalang oa Jehova Jobo ka hore o sebeletsa Jehova ka lebaka la boithati, a re: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo?” (Jobo 1:9) Tlaleho ea buka ea Jobo e bontša hore ho sa tsotellehe liteko, Jobo o ile a atamela haufi haholo le Jehova. (Jobo 10:9, 12; 12:9, 10; 19:25; 27:5; 28:28) Ka mor’a teko e bohloko o ile a re ho Molimo: “Ke utloile ka uena ka monyenyetsi, empa joale leihlo la ka lea u bona.”—Jobo 42:5.

3 Na Satane o qeteletse mehleng ea Jobo ho qosa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang? Che. Buka ea Tšenolo e bontša hore mehleng ena ea bofelo Satane o ntse a qosa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ’me ntle ho pelaelo o qosa le metsoalle ea bona e tšepahalang. (2 Timothea 3:12; Tšenolo 12:10, 17) Kahoo, joaloka Bakreste ba ’nete ho hlokahala hore re ikokobeletse Jehova, Molimo oa rōna ea tsotellang, re mo sebeletse ka lerato le tebileng ’me kahoo re bontše hore qoso ea Satane ke bohata. Ha re etsa joalo, re tla thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.

Jehova o Batla ho re Thusa

4, 5. (a) Ho fapana le Satane, Jehova o sheba’ng lefatšeng? (b) Ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re amoheloe ke Jehova?

4 Diabolose o ntse a solla lefatšeng, a batla eo a ka mo qosang le eo a ka mo harolang. (Jobo 1:7, 9; 1 Petrose 5:8) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o batla ho thusa ba hlokang matla a hae. Moprofeta Hanani o ile a re ho Morena Asa: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Ke phapang e kaakang e teng pakeng tsa ho re hlahlobisisa ha Satane ka lehloeo le ho re tsotella ha Jehova ka lerato!

5 Jehova ha a lule a re shebile e le hore a re tšoaee liphoso. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3) Karabo ke ho re: ha ho le ea mong. (Moeklesia 7:20) Haeba re atamela haufi le Jehova ka lipelo tse feletseng, o tla re talima hore a bone boiteko ba rōna le ho araba lithapelo tsa rōna tse kōpang thuso le tšoarelo, eseng ho re nyatsa. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe; empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.”—1 Petrose 3:12.

6. Taba ea Davida e ka ba matšeliso le temoso joang ho rōna?

6 Davida o ne a sa phethahala ’me o ile a etsa libe tse tebileng. (2 Samuele 12:7-9) Empa o ile a phetlela Jehova sefuba ’me a atamela haufi le eena ka thapelo e matla. (Sehloohoana sa Pesaleme ea 51:1-12) Jehova o ile a utloa thapelo ea hae ’me a mo tšoarela, le hoja Davida a ile a ba le liphello tse bohloko ka lebaka la sebe sa hae. (2 Samuele 12:10-14) Ho rōna sena e lokela ho ba matšeliso le temoso. Ho tseba hore Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela libe haeba re bakile kannete hoa re tšelisa, empa ho lemoha hore hangata libe li tlisa liphello tse babang ho etsa hore re nahane ka botebo. (Bagalata 6:7-9) Haeba re batla ho atamela haufi le Jehova, re lokela ho qoba ka ho feletseng eng kapa eng e mo halefisang.—Pesaleme ea 97:10.

Jehova o Hulela Batho ba Hae ho Eena

7. Jehova o sheba batho ba mofuta ofe, ’me o ba hulela ho eena joang?

7 Ho e ’ngoe ea lipesaleme tsa hae, Davida o ile a ngola a re: “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.” (Pesaleme ea 138:6) Ka ho tšoanang, pesaleme e ’ngoe e re: “Ke mang ea tšoanang le Jehova Molimo oa rōna, ea lulang sebakeng se phahameng? O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng, o phahamisa ea tlaase lerōleng.” (Pesaleme ea 113:5-7) Ha ho pelaelo hore ’Mōpi ea matla ’ohle oa bokahohle o itheola boemong hore a talime lefatšeng, ’me mahlo a hae a bona “ea ikokobelitseng,” “ea tlaase,” e leng batho ba “feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa.” (Ezekiele 9:4) O hulela ba joalo ho eena ka Mora oa hae. Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng . . . Ha ho ea ka tlang ho ’na ntle leha a ho nehoa ke Ntate.”—Johanne 6:44, 65.

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha bohle re lokela ho tla ho Jesu? (b) Ntho ea bohlokoa ke efe ka tokisetso ea thekollo?

8 Batho bohle ba lokela ho tla ho Jesu le ho lumela sehlabelong sa thekollo hobane ba tsoetsoe e le baetsalibe ba arohileng ho Molimo. (Johanne 3:36) Ho hlokahala hore ba boelane le Molimo. (2 Bakorinthe 5:20) Molimo ha aa ka a emela baetsalibe hore ba be ba mo kōpe hore a lokisetse hore ba be khotsong le eena. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.  . . . Etsoe haeba, ha re ne re le lira, re ile ra boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora oa hae, kaha joale re boelantsoe, re tla pholosoa haholo ka bophelo ba hae.”—Baroma 5:8, 10.

9 Moapostola Johanne o ile a tiisa ’nete ea bohlokoa ea hore Molimo o etsa hore batho ba boelane le eena, ha a ne a ngola a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” (1 Johanne 4:9, 10) Tokisetso ea poelano e qaliloe ke Molimo, eseng batho. Na ha u ikutloe u atamela haufi le Molimo ea re ratileng haholo empa re le “baetsalibe” ebile re le “lira” tsa hae?—Johanne 3:16.

Ho Hlokahala Hore re Batle Jehova

10, 11. (a) Re lokela ho etsa’ng ha re batla Jehova? (b) Maikutlo a rōna e lokela ho ba afe ka tsamaiso ea Satane ea lintho?

10 Rea tseba hore Jehova ha a re qobelle hore re tle ho eena. Re lokela ho mo batla, ‘re mo phopholetse ’me ka sebele re mo fumane, le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Re lokela ho hlokomela hore Jehova o na le tokelo ea ho re laela hore re ikokobeletse eena. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna. Hloekisang matsoho a lōna, lōna baetsalibe, ’me le hloekise lipelo tsa lōna, lōna ba hlōlehang ho etsa qeto.” (Jakobo 4:7, 8) Ha rea lokela ho tsilatsila ho nka khato e tiileng ea ho hanyetsa Diabolose le ho nka khato e tiileng ea ho emela Jehova.

11 Sena se bolela ho ikarola ka tsela e itseng tsamaisong ea Satane e khopo ea lintho. Jakobo o ile a boela a ngola a re: “Na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Ka lehlakoreng le leng, haeba re batla ho ba metsoalle ea Jehova, re lokela ho lebella hore lefatše la Satane le re hloee.—Johanne 15:19; 1 Johanne 3:13.

12. (a) Davida o ile a ngola mantsoe afe a tšelisang? (b) Jehova o ile a fana ka temoso efe ka moprofeta Azaria?

12 Ha batho ba Satane ba re hanyetsa ka tsela e itseng, ho hlokahala hore ka ho khethehileng re atamele Jehova ka thapelo, re mo kōpa hore a re thuse. Davida, ea ileng a pholosoa ke Jehova ka makhetlo a mangata, o ile a ngola mantsoe ana a re tšelisang: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete. O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa. Jehova o lebela bohle ba mo ratang, empa bohle ba khopo o tla ba felisa.” (Pesaleme ea 145:18-20) Pesaleme ena e bontša hore Jehova a ka re pholosa ha re lekoa ka bomong le hore o tla pholosa batho ba hae kaofela nakong ea ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšenolo 7:14) Jehova o tla ba haufi le rōna ha re le haufi le eena. Moprofeta Azaria o ne a tataisoa ke “moea oa Molimo” ha a bolela sena seo re ka se nkang e le ’nete e akaretsang: “Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena; haeba le mo batla, o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.”—2 Likronike 15:1, 2.

Jehova e Lokela ho ba oa Sebele ho Rōna

13. Re ka bontša joang hore Jehova ke oa sebele ho rōna?

13 Moapostola Pauluse o ile a ngola hore Moshe “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:27) Ke ’nete hore ha ho mohla Moshe a ileng a bona Jehova. (Exoda 33:20) Empa Jehova e ne e le oa sebele ho eena hoo e neng eka o Mo bone. Ka ho tšoanang, ha Jobo a qeta ho lekoa, ka tumelo o ile a bona Jehova ka ho hlakileng haholoanyane e le Molimo ea lumellang hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba lekoe empa a sa ba tlohele le ka mohla. (Jobo 42:5) Ho ile ha boleloa hore Enoke le Noe ‘ba ne ba tsamaea le Molimo.’ Sena ba se entse ka ho batla ho khahlisa Molimo le ka ho batla ho mo mamela. (Genese 5:22-24; 6:9, 22; Baheberu 11:5, 7) Haeba Jehova ke oa sebele ho rōna joalokaha e ne e le oa sebele ho Enoke, Noe, Jobo le Moshe, re tla ‘mo ela hloko’ litseleng tsohle tsa rōna, ’me o tla ‘otlolla litsela tsa rōna.’—Liproverbia 3:5, 6.

14. Ho “khomarela” Jehova ho bolela’ng?

14 Pejana Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a ba eletsa a re: “Le lokela ho latela Jehova Molimo oa lōna, ’me le lokela ho mo tšaba, le lokela ho boloka litaelo tsa hae, ’me le lokela ho mamela lentsoe la hae, le lokela ho mo sebeletsa, ’me le lokela ho mo khomarela.” (Deuteronoma 13:4) Ba ne ba lokela ho latela Jehova, ba mo tšabe, ba mo mamele le ho mo khomarela. Setsebi se seng sa Bibele ha se bua ka lentsoe le fetoletsoeng e le “khomarela,” se re “le bontša kamano e haufi le e atamelaneng haholo.” Mopesaleme o ile a re: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.” (Pesaleme ea 25:14) Re tla ba le kamano ena ea bohlokoa le e haufi le Jehova haeba e le oa sebele ho rōna le haeba re mo rata hoo re tšabang ho mo halefisa ka tsela leha e le efe.—Pesaleme ea 19:9-14.

Na Ua Hlokomela Hore Jehova oa U Tsotella?

15, 16. (a) Pesaleme ea 34 e bontša joang hore Jehova oa re tsotella? (b) Re lokela ho etsa joang haeba re thatafalloa ho hopola liketso tse molemo tseo Jehova a re etsetsang tsona?

15 Ketso e ’ngoe ea bolotsana ea Satane ke ho leka ho re lebatsa hore Jehova, Molimo oa rōna, o hlokometse bahlanka ba hae ba tšepahalang ka linako tsohle. Morena Davida oa Iseraele o ne a hlokomela hore Jehova o mo sirelelitse esita le linakong tse mahlonoko. Ha a ne a tlameha ho iketsa lehlanya ka pel’a Morena Akishe oa Gathe o ile a qapa pina, pesaleme e monate haholo, e neng e akarelletsa mantsoe ana a tumelo: “Tlotlisang Jehova hammoho le ’na, a re phahamiseng lebitso la hae hammoho. Ke ile ka botsa Jehova, eaba oa nkaraba, a ntopolla linthong tsohle tseo ke li tšabang. Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa. Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena. Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng. Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.”—Pesaleme ea 34:3, 4, 7, 8, 18, 19; 1 Samuele 21:10-15.

16 Na u kholisehile hore Jehova o na le matla a ho u pholosa? Na ua hlokomela hore mangeloi a hae a u sirelelitse? Na u latsoitse ’me ua bona hore Jehova o molemo? Ke neng moo u ileng ua hlokomela hore Jehova o bile molemo ka ho khethehileng ho uena? Leka ho hopola. Na ke ha u ne u kena ntlong ea ho qetela tšimong, ha u ne u ikutloa hore joale u khathetse? Mohlomong ka nako eona eo u ile ua ba le puisano e monate le mong’a ntlo. Na u ile ua hopola ho leboha Jehova ha a u file matla a eketsehileng ao u neng u a hloka le ha a u hlohonolofalitse? (2 Bakorinthe 4:7) Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua thatafalloa ho hopola ketso e khethehileng e molemo eo Jehova a ileng a u etsetsa eona. Ho ka ’na ha hlokahala hore u hopole se etsahetseng bekeng e fetileng, khoeling e fetileng, selemong se fetileng, kapa nako e telele ho feta moo. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa ikitlaelletse ho atamela haufi le Jehova ’me u leke ho bona hore na o u tataisa joang? Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste a re: “Le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo . . . ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.” (1 Petrose 5:6, 7) Ka sebele u tla hlolloa ha u bona hore na o u tsotella hakaakang!—Pesaleme ea 73:28.

Tsoela Pele ho Batla Jehova

17. Ho hlokahala’ng hore re lule re ntse re batla Jehova?

17 Re lokela ho tsoela pele re ntse re boloka kamano ea rōna le Jehova. Jesu o ile a rapela Ntat’ae a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho hlokahala hore re ikitlaetse ka linako tsohle e le hore re rue tsebo ka Jehova le Mora oa hae. Re hloka thuso ea thapelo le moea o halalelang hore re utloisise “lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakorinthe 2:10; Luka 11:13) Hape re hloka tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore re fepe likelello tsa rōna ka lijo tsa moea tse fanoang “ka nako e tšoanetseng.” (Matheu 24:45) Ka lekhoba lena, Jehova o re eletsa hore re bale Lentsoe la hae letsatsi le leng le le leng, re be teng libokeng tsa Bokreste kamehla le ho kopanela ka mafolofolo ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Matheu 24:14) Ha re etsa joalo, re tla lula re ntse re batla Jehova, Molimo oa rōna ea tsotellang.

18, 19. (a) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? (b) Haeba re ema re tiile khahlanong le Diabolose le ho tsoela pele re batla Jehova, re tla hlohonolofatsoa joang?

18 Satane o etsa sohle se matleng a hae ho tlisetsa batho ba Jehova mahloriso, khanyetso le khatello ka hohle. O leka ho senya khotso ea rōna le boemo ba rōna bo botle le Molimo oa rōna. Ha a batle hore re tsoele pele mosebetsing oa rōna oa ho fumana ba tšepahalang le ho ba thusa hore ba tle ka lehlakoreng la Jehova tsekong ea bobusi ba bokahohle. Empa re lokela ho ikemisetsa ho lula re tšepahala ho Jehova, re tšepile hore o tla re lopolla ho ea khopo. Ha re lumella Lentsoe la Molimo hore le re tataise le ha re lula re le mafolofolo ka hare ho mokhatlo oa hae o bonahalang, re ka kholiseha hore o tla re tšehetsa kamehla.—Esaia 41:8-13.

19 Kahoo, e se eka bohle re ka ema re tiile khahlanong le Diabolose le liketso tsa hae tsa bolotsana, kamehla re ntse re batla Jehova Molimo oa rōna, ea ke keng a hlōloa ho re ‘tiisa le ho re matlafatsa.’ (1 Petrose 5:8-11) Kahoo, re tla ‘ipoloka leratong la Molimo, ha re ntse re letetse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka tebello ea bophelo bo sa feleng.’—Juda 21.

U ka Araba Joang?

• Lentsoe “Diabolose” le bolela’ng, ’me Diabolose o phela tumellanong le lebitso leo joang?

• Tsela eo Jehova a talimang baahi ba lefatše ka eona e fapana joang le ea Diabolose?

• Ke hobane’ng ha motho a lokela ho lumela thekollong ha a atamela Jehova?

• Ho “khomarela” Jehova ho bolela’ng, ’me re ka tsoela pele ho mo batla joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho sa tsotellehe liteko tseo a neng a lekoa ka tsona, Jobo o ile a utloisisa hore Jehova oa mo tsotella

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng, ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho ba mafolofolo tšimong ho re hopotsa hore Jehova oa re tsotella

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela