Na Ruri ho Sebelisana le Meea ho ka Khotsofatsa Litlhoko Tsa Rōna Tsa Moea?
KAOFELA ha rōna re na le litlhoko tsa moea haesita le litlhoko tsa lintho tse bonahalang. Ke ka lebaka leo ba bangata ba botsang lipotso tse tšoanang le tsena, Morero oa bophelo ke ofe, ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko, hona ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Batho ba bangata ka tieo ba batla likarabo tsa lipotso tsena le tse tšoanang le tsona libokeng tsa ho buisana le meea, moo ba iteanyang le bakena-lipakeng (bao hape ba bitsoang mecha), ba leka ho buisana le meea ea bafu. Tloaelo ena e bitsoa tšebelisano le meea.
Balateli ba tumelo ea ho sebelisana le meea ba fumanoa linaheng tse ngata, ’me ba bokana ka har’a liphutheho le likereke. Ka mohlala, Brazil ho hakanngoa hore ho na le batho ba sebelisanang le meea ba ka bang 4 000 000 ba latelang lithuto tsa morupeli oa Lefora oa lekholong la bo19 la lilemo eo e neng ebile e le rafilosofi Hyppolyte Léon Denizard Rivail, eo lingoliloenng tsa hae a neng a ipitsa Allan Kardec. Kardec o ile a thahasella liketsahalo tsa ho sebelisana le meea ka lekhetlo la pele ka 1854. Hamorao o ile a botsa bakena-lipakeng lipotso libakeng tse ngata eaba o tlaleha likarabo bukeng e reng The Book of Spirits, e hatisitsoeng ka 1857. Libuka tse ling tse peli tseo a ileng a li ngola ke The Mediums’ Book le The Gospel According to Spiritism.
Tšebelisano le meea e ’nile ea amahanngoa le litloaelo tsa bolumeli tse joaloka voodoo, boloi, boselamose, kapa Borapeli ba Satane. Leha ho le joalo, balateli ba lithuto tsa Allan Kardec ba bolela hore litumelo tsa bona li fapane. Lingoliloeng tsa bona li qotsa Bibele khafetsa, ’me li bua ka Jesu e le “tataiso le mohlala bakeng sa moloko oohle oa batho.” Ba re lithuto tsa Jesu ke “litlhaloso tse hloekileng ka ho fetisisa tsa molao oa Molimo.” Allan Kardec o ne a nka lingoliloeng tsa tšebelisano le meea e le tšenolo ea boraro ea molao oa Molimo ho moloko oa batho, tsa pele tse peli e le lithuto tsa Moshe le tsa Jesu.
Tšebelisano le meea e hohela ba bangata hobane e khothalletsa ho rata moahelani le mesebetsi ea liphallelo. Motho e mong ea sebelisanang le meea o re: “Ntle ho liphallelo poloko ha e eo.” Batho ba bangata ba sebelisanang le meea ba kene ka mafolofolo mesebetsing ea sechaba, ba thusa ho theha lipetlele, likolo, le mekhatlo e meng. Boiteko bo joalo boa babatseha. Leha ho le joalo, litumelo tsa batho ba sebelisanang le meea li bapa joang le lithuto tsa Jesu joalokaha li tlalehiloe ka Bibeleng? A re ke re nkeng mehlala e ’meli: tšepo bakeng sa bafu le mabaka a ho utloa bohloko.
Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bafu?
Batho ba bangata ba sebelisanang le meea ba lumela thuto ea ho tsoaloa hangata. Sengoliloeng se seng se buang ka ho sebelisana le meea se re: “Ho tsoaloa hangata ke eona feela thuto e khotsofatsang khopolo ea rōna ea toka ea bomolimo; ke eona feela thuto e ka khonang ho hlalosa bokamoso le ho matlafatsa tšepo ea rōna.” Batho ba sebelisanang le meea ba hlalosa hore lefung moea (soul), kapa “moea [spirit] o keneng ’meleng oa nama,” o tloha ’meleng—joaloka serurubele ha se tsoa ka har’a khaketlana e se sireletsang ha e sa le pōpane. Ba lumela hore hamorao meea ena e tsoaloa hape e le batho e le hore ho ka tlosoa libe tse entsoeng bophelong ba pejana. Empa libe tseo tsa nakong e fetileng ha li sa hopoloa. The Gospel According to Spiritism e re: “Molimo o ile a ho nka e le ho loketseng hore tse fetileng li koaheloe ka lesira.”
Allan Kardec o ile a ngola: “Ho latola ho tsoaloa hangata ho tšoana le ho latola mantsoe a Kreste.” Leha ho le joalo, ha ho mohla Jesu a kileng a bua mantsoe a reng “ho tsoaloa hangata” ’me ha ho mohla a kileng a bua ka khopolo e joalo. (Bona sehlooho se reng “Na Bibele e Ruta ho Tsoaloa Hangata?” leqepheng la 22.) Ho e-na le hoo, Jesu o ile a ruta ka tsoho ea bafu. Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a tsosa batho ba bararo—mora oa mohlolohali oa Naine, morali oa molaoli ea okamelang synagoge, le motsoalle oa hae ea haufi-ufi, Lazaro. (Mareka 5:22-24, 35-43; Luka 7:11-15; Johanne 11:1-44) A re hlahlobeng e ’ngoe ea liketsahalo tsena tse hlollang ’me re bone seo Jesu a neng a se bolela ha a bua ka “tsoho.”
Tsoho ea Lazaro
Jesu o ile a utloa hore motsoalle oa hae Lazaro oa kula. Matsatsi a mabeli hamorao, o ile a bolella barutuoa ba hae hore: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.” Barutuoa ba ne ba sa utloisise seo Jesu a se bolelang, kahoo ka ho toba o ile a re: “Lazaro o shoele.” Qetellong ha Jesu a fihla lebitleng la Lazaro, e ne e se e le matsatsi a mane a shoele. Leha ho le joalo, Jesu o ile a laela hore lejoe la tiiso le neng le koetse monyako oa lebitla le tlosoe. Eaba oa hoeletsa: “Lazaro, tsoa!” Ka eona nako eo, ntho e hlollang e ile ea etsahala. “Monna ea neng a shoele a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela a thatelang, ’me sefahleho sa hae se ne se thatetsoe hohle ka lesela. Jesu a re ho bona: ‘Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.’”—Johanne 11:5, 6, 11-14, 43, 44.
Ka ho hlakileng, hona e ne e se ho tsoaloa hangata. Jesu o ile a re Lazaro ea shoeleng o ne a robetse, a sa utloe letho. Joalokaha Bibele e hlalosa, ‘menahano ea hae e ne e timetse.’ ‘Ho hang o ne a sa tsebe letho.’ (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5) Lazaro ea tsositsoeng e ne e se motho ea fapaneng ea nang le moea o tsoetsoeng hape. O ne a ntse a e-na le botho bo tšoanang, a ntse a le lilemong tse tšoanang, ’me a e-na le mehopolo e tšoanang. O ile a boela a tsoela pele ka bophelo ba hae ho tloha moo bo neng bo feletse teng pele ho lefu la hae le tlileng pele ho nako ’me a khutlela ho baratuoa ba hae ba neng ba siame ka lebaka la lefu la hae.—Johanne 12:1, 2.
Hamorao, Lazaro o ile a shoa hape. Kahoo, ho tsosoa ha hae ho ne ho e-na le morero ofe? Tsoho ea hae le ea batho ba bang bao Jesu a ileng a ba tsosa e matlafatsa tšepo ea rōna tšepisong ea Molimo ea hore bahlanka ba Hae ba tšepahalang ba tla tsosoa bafung ka nako ea Hae e tšoanetseng. Mehlolo eo ea Jesu e etsa hore mantsoe a hae e be a bohlokoa le ho feta: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.”—Johanne 11:25.
Mabapi le tsoho eo ea nakong e tlang, Jesu o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [ka] ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” (Johanne 5:28, 29) Joalokaha ho ne ho le joalo ka Lazaro, eo e tla be e le tsoho ea bafu. E tla be e se ho kopanngoa ha meea e phelang le ’mele e tsositsoeng e seng e bolile le eo ho ka etsahalang hore ebe e se e fetohile karolo ea lintho tse ling tse phelang. Ka sebele ’Mōpi oa leholimo le lefatše, eo bohlale le matla a hae li ke keng tsa lekanngoa, a ka khona ho tsosa bafu.
Na thuto ea tsoho, joalokaha e rutiloe ke Jesu Kreste, ha e bontše lerato la Molimo le tebileng ho batho ka bomong? Empa ho thoe’ng ka potso ea bobeli e boletsoeng pejana?
Lebaka la ho Utloa Bohloko ke Lefe?
Bohloko bo bongata boo batho ba bo utloang bo bakoa ke lintho tseo batho ba booatla, ba haelloang ke phihlelo, kapa ba khopo ba li etsang. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka liketsahalo tse bohloko tseo batho ba ke keng ba behoa molato ka ho toba bakeng sa tsona? Ka mohlala, ke hobane’ng ha ho e-na le likotsi le likoluoa tsa tlhaho? Ke hobane’ng ha bana ba bang ba tsoaloa ba e-na le likholofalo tsa tlhaho? Allan Kardec o ne a talima lintho tse joalo e le kotlo. O ile a ngola: “Haeba re utloa bohloko e tlameha ebe ho ile ha etsoa phoso. Haeba phoso eo e se ea bophelong ba hona joale, e tlameha ebe ke phoso ea bophelong bo fetileng.” Batho ba sebelisanang le meea ba rutoa ho rapela tjena: “Morena, U na le toka eohle. Bokuli boo U khethileng ho nthomella bona e tlameha ebe ke bo ntšoanelang . . . ke bo amohela e le tefello bakeng sa bophelo ba ka ba nakong e fetileng hape e le bopaki ba tumelo ea ka le boikokobetso thatong ea Hao e hlohonolofalitsoeng.”—The Gospel According to Spiritism.
Na Jesu o kile a ruta ntho e joalo? Che. Jesu o ne a tseba ka ho hlaka polelo ea Bibele e reng: “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) O ne a tseba hore ka linako tse ling lintho tse mpe lia iketsahalla. Hase hore e tlameha ebe ke kotlo bakeng sa libe.
Ak’u nahane ka ketsahalo ena e ileng ea hlaha bophelong ba Jesu: “Eare ha [Jesu] a fetela pele a bona monna ea tsoetsoeng a foufetse. Barutuoa ba hae ba mo botsa: ‘Rabi, ke mang ea entseng sebe, na ke monna enoa kapa batsoali ba hae, hoo a tsoetsoeng a foufetse?’” Karabo eo Jesu a ileng a fana ka eona e ne e le e rutang haholo: “Hase monna enoa ea entseng sebe kapa batsoali ba hae, empa e ne e le hore mesebetsi ea Molimo e ka bonahatsoa ho eena. Ka mor’a hore a bue lintho tsena, a tšoela mathe fatše ’me a etsa seretse ka mathe, eaba o beha seretse sa hae mahlong a monna eo ’me a re ho eena: ‘E-ea u itlhatsoe ka letamong la Siloame.’ . . . Kahoo a tloha eaba oa itlhatsoa, ’me o khutla a bona.”—Johanne 9:1-3, 6, 7.
Mantsoe a Jesu a ile a bontša hore e ne e se monna eo kapa batsoali ba hae ba neng ba ikarabella bakeng sa bofofu ba hae ba tlhaho. Kahoo Jesu ha aa ka a tšehetsa khopolo ea hore monna eo o ne a otloa ka lebaka la libe tse entsoeng nakong e fetileng. Ke ’nete hore Jesu o ne a tseba hore batho bohle ba futsa sebe. Empa ba futsa sebe sa Adama, eseng libe tseo ba ileng ba li etsa pele ba tsoaloa. Ka lebaka la sebe sa Adama, batho bohle ba tsoaloa ba sa phethahala ’meleng, ba le ka tlas’a taolo ea ho kula le lefu. (Jobo 14:4; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12; 9:11) Ha e le hantle, ke bona boemo boo Jesu a ileng a romeloa ho tla bo phekola. Johanne Mokolobetsi o ile a re Jesu ke “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!”—Johanne 1:29.a
Hape, hlokomela hore Jesu ha aa ka a re Molimo o entse ka boomo hore monna eo a tsoaloe e le sefofu e le hore ka le leng la matsatsi Jesu a ka tla ’me a mo folisa. Eo e ne e ka ba ketso e sehlōhō le e nyatsang ba bang hakaakang! Na ketso eo e ne e tla tlisetsa Molimo thoriso? Che. Ho e-na le hoo, ho folisoa ha monna enoa oa sefofu ka tsela ea mohlolo ho ne ho ‘bonahatsa mesebetsi ea Molimo.’ Joaloka liketsahalo tse ling tse ngata tseo ho tsona Jesu a ileng a folisa batho, ketso ena e ne e bonahatsa lerato la sebele la Molimo bakeng sa moloko oa batho o utloang bohloko e bile e tiisa botšepehi ba tšepiso ea Hae ea ho felisa ho kula hohle ha batho le ho utloa bohloko ka nako ea Hae e tšoanetseng.—Esaia 33:24.
Na ha ho tšelise ho lemoha hore ho e-na le ho baka bohloko, Ntate oa rōna oa leholimo o “fana ka lintho tse molemo . . . ho ba mo kōpang”? (Matheu 7:11) Ke khanya e kaakang e tla isoa ho Ea Holimo-limo ha mahlo a lifofu a tutuboloha, litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li buleha, ’me ba holofetseng ba tsamaea, ba tlōla, le ho matha!—Esaia 35:5, 6.
Ho Khotsofatsa Litlhoko Tsa Rōna Tsa Moea
Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) E, re khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa moea ha re bala Lentsoe la Molimo, Bibele, le ho phela tumellanong le lona. Ho iteanya le bakena-lipakeng ba moea kannete ha ho khotsofatse litlhoko tsa rōna tsa moea. Ha e le hantle, tloaelo e joalo e nyatsoa pepenene ho seo Allan Kardec a ileng a se hlalosa e le tšenolo ea pele ea molao oa Molimo.—Deuteronoma 18:10-13.
Batho ba bangata, ho akarelletsa le ba sebelisanang le meea, baa hlokomela hore Molimo ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ea phelang ka ho sa feleng, ea phethahetseng ka ho ke keng ha lekanngoa, ea mosa, ea molemo, le ea nang le toka. Empa Bibele e senola ho hongata ho feta moo. E senola hore o na le lebitso, Jehova, leo re lokelang ho le hlompha joalokaha Jesu a ile a le hlompha. (Matheu 6:9; Johanne 17:6) E bontša hore Molimo ke motho oa sebele eo batho ba ka thabelang kamano e haufi le eena. (Baroma 8:38, 39) Ha re bala Bibele, re ithuta hore Molimo o mohau le hore “ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rōna; leha e le hore o re tliselitse se re tšoanelang ho ea ka liphoso tsa rōna.” (Pesaleme ea 103:10) Ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, ’Musi Morena Jehova o re senolela lerato la hae, bophahamo ba hae, le ho ba le kahlolo e molemo. Ke Eena ea tataisang le ho sireletsa batho ba mamelang. Ho tseba Jehova le Mor’a hae, Jesu Kreste, ho “bolela bophelo bo sa feleng.”—Johanne 17:3.
Bibele e fana ka boitsebiso bohle boo re bo hlokang mabapi le merero ea Molimo, ebile e re bolella seo re tlamehang ho se etsa haeba re batla ho mo thabisa. Tlhahlobo e hlokolosi ea Bibele e fana ka likarabo tsa ’nete le tse khotsofatsang lipotsong tsa rōna. Bibele e boetse e fana ka tataiso mabapi le hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe, ’me e fana ka tšepo ea sebele. E re tiisetsa hore nakong e haufi e tlang, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [moloko oa batho], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) A sebelisa Jesu Kreste, Jehova o tla lokolla moloko oa batho sebeng le ho se phethahaleng tseo o li futsitseng, ’me batho ba mamelang ba tla rua bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka nako eo, ka bobeli litlhoko tsa bona tsa nama le tsa moea li tla khotsofatsoa ka ho feletseng.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Liproverbia 2:21, 22; Matheu 5:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho tšohla kamoo sebe le lefu li qalileng kateng, bona khaolo ea 6 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 22]
NA BIBELE E RUTA HO TSOALOA HANGATA?
Na ho na le litemana tsa Bibele leha e le life tse tšehetsang thuto ea ho tsoaloa hangata? Ak’u hlahlobe a mang a mangolo ao ba lumelang thuto ena ba ’nileng ba a sebelisa:
“Etsoe bohle, Baprofeta le Molao, ba ile ba profeta ho fihlela ho Johanne . . . ke Eena ‘Elia ea reretsoeng ho tla.’”—Matheu 11:13, 14.
Na Johanne Mokolobetsi e ne e le Elia ea tsoetsoeng hape? Ha a botsoa: “Na u Elia?” Johanne o ile a araba ka ho hlaka: “Ha ke eena.” (Johanne 1:21) Leha ho le joalo, ho ne ho boletsoe esale pele hore Johanne o ne a tla etella Mesia pele “ka moea le matla a Elia.” (Luka 1:17; Malakia 4:5, 6) Ka mantsoe a mang, Johanne Mokolobetsi e ne e le Elia ka kutloisiso ea hore o ne a etsa mosebetsi o tšoanang le o neng o etsoa ke Elia.
“Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape, a ke ke a bona ’muso oa Molimo. U se ke ua hlolloa hobane ke u boleletse, Le tsoaloe hape.”—Johanne 3:3, 7.
Hamorao, e mong oa baapostola o ile a ngola: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste! Ka mohau oa hae o moholo re tsoetsoe bocha ho tla tšepong e phelang ka tsoho ea Jesu Kreste bafung.” (1 Petrose 1:3, 4, Revised Standard Version; Johanne 1:12, 13) Ka ho hlakileng, ho tsoaloa hape hoo Jesu a neng a bua ka hona e ne e le phihlelo ea moea e neng e tla etsahala nakong eo ka eona balateli ba hae ba ntseng ba phela, eseng ho tsoaloa hangata nakong e tlang.
“Ha motho a shoele, o phela ka ho sa feleng: ha matsatsi a ho phela ha ka Lefatšeng a felile, ke tla leta, kaha ke tla khutla hape.”—“Phetolelo ea Segerike” ea Jobo 14:14 e qotsitsoeng ho The Gospel According to Spiritism.
Revised Standard Version e fetolela temana ena tjena: “Haeba motho a shoa, na o tla phela hape? Ke ne ke tla leta ka matsatsi ’ohle a tšebeletso ea ka, ho fihlela tokollo ea ka e fihla.” Bala moelelo o potolohileng taba temaneng eo. U tla lemoha hore bafu ba letetse “tokollo” ea bona mabitleng. (Temana ea 13) Ha ba ntse ba letile, ha ba eo. “Motho ea shoeleng o felile ka ho feletseng; ha motho ea shoang a hlokahala, ha a sa le eo.”—Jobo 14:10, phetolelo ea Septuagint ea Bagster.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Tšepo ea tsoho e senola thahasello ea Molimo e tebileng ho rōna re le batho ka bomong
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Molimo o tla felisa ho utloa bohloko hohle ha batho