Bophelo ba Hao—Morero oa Bona ke Ofe?
“Ke ne ke laola pelo ea ka ka bohlale . . . ho fihlela ke ne nka bona hore na ke sefe se molemo ho bara ba moloko oa batho . . . matsatsing a bophelo ba bona.”—MOEKLESIA 2:3, NW.
1, 2. Ke hobane’ng ha ho ithahasella ka ho itekanetseng ho sa fosahala?
UA ITHAHASELLA, na ha ho joalo? Seo se tloaelehile. Kahoo rea ja letsatsi ka leng, rea robala ha re khathetse, ’me re rata ho ba le metsoalle le baratuoa. Ka linako tse ling re bapala lipapali, rea sesa kapa re etsa lintho tse ling tseo re li thabelang, e leng ho bontšang hore re ithahasella ka tsela e leka-lekaneng.
2 Ho ithahasella ho joalo ho lumellana le seo Molimo a ileng a susumelletsa Solomone ho se ngola: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore o lokela ho ja ’me ka sebele a noe ’me a etse hore moea oa hae o bone molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” Ka lebaka la phihlelo, Solomone o ile a phaella: “Hape ke bone sena, ’na ka sebele, hore sena se tsoa letsohong la Molimo oa ’nete. Hobane ke mang ea jang ’me ke mang ea noang hamolemo ho mpheta?”—Moeklesia 2:24, 25, NW.
3. Ke lipotso life tse tsietsang tseo ba bangata ba hlokomelang hore ha li arabelehe?
3 Empa ua tseba hore bophelo hase feela ho ja, ho noa, ho robala le ho etsa ho hong ho molemo. Re utloa bohloko, rea nyahama le ho tšoenyeha. ’Me ho bonahala hore re tšoarehile haholo hoo re sitoang ho nahana ka morero oa bophelo ba rōna. Na ha ho joalo ka uena? Vermont Royster, eo e neng e le mohlophisi oa The Wall Street Journal, ka mor’a ho hlokomela tsebo ea rōna e pharaletseng le matla a ho e sebelisa hamolemo, o ile a ngola: “Ena ke ntho e hulang tlhokomelo ea rōna. Ha re nahana ka motho ka boeena, maqakabetsi a hae, sebaka sa hae bokahohleng bona, ha re tsebe ho eketsehileng ho feta nako ea ho qaleha ha bophelo. Re sa ntse re e-na le lipotso tsa hore na re bo-mang le hore na ke hobane’ng ha re phela le hore na bokamoso bo re tšoaretse eng.”
4. Ke hobane’ng ha e mong le e mong ho rōna a lokela ho batla hore a khone ho araba lipotso tse re amang?
4 U ne u tla araba lipotso tsee joang: Re bo-mang? Ke hobane’ng ha re phela? ’Me bokamoso bo re tšoaretse eng? Ka July selemong se fetileng, Mong. Royster o ile a shoa. Na u nahana hore ka nako eo o ne a se a fumane likarabo tse khotsofatsang? Ha re toba taba, Na ho na le tsela eo u ka li fumanang ka eona? ’Me see se ka u thusa joang ho ba le bophelo bo thabileng haholoanyane, bo nang le morero haholoanyane? A re boneng.
Mohloli o ka Sehloohong oa Temohisiso
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho talima ho Molimo ha re batla temohisiso lipotsong tse mabapi le morero oa bophelo?
5 Haeba motho ka mong a ne a batla ho iphumanela morero oa bophelo, re ne re ke ke ra atleha hakaalo kapa ra se ke ra atleha ho hang, joalokaha ho bile joalo ka banna le basali ba bangata, esita le ba rutehileng haholo le ba nang le phihlelo e ngata. Empa ha rea siuoa feela. ’Mōpi oa rōna o fane ka thuso. Ha u ho nahana, na hase eena Mohloli oa ho qetela oa temohisiso le bohlale, kaha o bile teng “ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng” a bile a e-na le tsebo e feletseng ea bokahohle le histori? (Pesaleme ea 90:1, 2) O bōpile batho ’me o lemohile phihlelo eohle ea batho, ka hona re lokela ho talima ho Eena bakeng sa temohisiso, eseng ho batho ba sa phethahalang, ka tsebo le temoho ea bona e lekanyelitsoeng.—Pesaleme ea 14:1-3; Baroma 3:10-12.
6. (a) ’Mōpi o lokiselitse temohisiso e hlokahalang joang? (b) Solomone o kenella joang?
6 Le hoja re ke ke ra lebella hore ’Mōpi ka boeena a re fe tšenolo e mabapi le morero oa bophelo, o lokiselitse mohloli oa temohisiso—Lentsoe la hae le bululetsoeng. (Pesaleme ea 32:8; 111:10) Buka ea Moeklesia ke ea bohlokoa ka ho khethehileng tabeng ena. Molimo o ile a bululela mongoli oa eona, hoo ‘bohlale ba Solomone bo ileng ba feta bohlale ba bana bohle ba Bochabela.’ (1 Marena 3:6-12; 4:30-34) ‘Bohlale ba Solomone’ bo ile ba khahla mofumahali ea etileng hoo a ileng a re ha aa ka a bolelloa le halofo le hore ba utloang bohlale ba hae ba ne ba tla thaba ruri.a (1 Marena 10:4-8) Le rōna re ka fumana temohisiso le thabo bohlaleng ba bomolimo boo ’Mōpi oa rōna a faneng ka bona ka Solomone.
7. (a) Solomone o ile a etsa qeto efe mabapi le mesebetsi e mengata e etsoang tlas’a leholimo? (b) Ke’ng se bontšang mohlala oa litekanyetso tsa Solomone tse bontšang ho talima litaba ka tsela ea sebele?
7 Moeklesia e bontša bohlale boo Molimo a faneng ka bona, bo ileng ba ama pelo le kelello ea Solomone. Kaha o ne a e-na le nako, matlotlo le temohisiso bakeng sa ho etsa seo, Solomone o ile a hlahloba “ntho tsohle tse [neng li entsoe] tlas’a maholimo.” O ile a bona hore boholo ba tsona “e ne e le lefeela le ho lelekisa moea,” e leng tekanyetso e bululetsoeng eo re lokelang ho e hopola ha re nahana ka morero oa rōna bophelong. (Moeklesia 1:13, 14, 16, bapisa le NW.) Solomone o ne a toba taba, a talima lintho ka tsela ea sebele. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a hae a fumanoang ho Moeklesia 1:15, 18. Ua tseba hore ho theosa le makholo a lilemo batho ba ’nile ba leka mefuta e sa tšoaneng ea mebuso, ka linako tse ling ka tieo ba leka ho rarolla mathata le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho. Leha ho le joalo, na ho na le ea kileng a hla a otlolla lintho tsohle tse “khopameng” tsa tsamaiso ee e sa phethahalang? ’Me e ka ’na eaba u bone hore ha tsebo ea motho e ntse e eketseha, o hlokomela habonolo haholoanyane hore nakong e khutšoanyane ea bophelo, ho lokisa lintho ka ho feletseng ha ho khonehe. Ho elelloa seo ho bakela ba bangata tsieleho, empa rōna ha ho re bakele tsieleho hakaalo-kaalo.
8. Ke letoto lefe la liketsahalo tse bileng teng ka nako e telele?
8 Ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho nahana ka eona ke letoto la liketsahalo tse ipheta-phetang tse re amang, tse kang ho chaba le ho likela ha letsatsi kapa motsamao oa moea le metsi. Li ne li le teng mehleng ea Moshe, Solomone, Napoléon le ea bo-ntat’a moholo-holo oa rōna. ’Me li tsoela pele. Ka ho tšoanang, “ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe.” (Moeklesia 1:4-7) Ponong ea motho, ha hoa ba le liphetoho tse khōlō. Batho ba boholo-holo le ba kajeno ba ’nile ba etsa mesebetsi e tšoanang, ba e-ba le tšepo e tšoanang, ba e-ba le litakatso tse tšoanang, ’me ba finyella lintho tse tšoanang. Esita le har’a batho haeba, motho ea itseng a ne a iketselitse botumo bo itseng kapa a ne a le botle bo tsotehang kapa a e-na le bokhoni bo khethehileng, motho eo o hokae hona joale? O shoele ’me mohlomong o lebetsoe. Pono eo hase ho ba le maikutlo a lahlisang tšepo. Batho ba bangata ha ba tsebe le mabitso a bo-ntat’a bona moholo-holo kapa ha ba khone le ho bolela hore na ba hlahetse hokae ’me ba patiloe hokae. U ka bona hore na ke hobane’ng ha ka ho talima litaba ka tsela ea sebele Solomone a ile a bona mesebetsi ea batho le boiteko ba bona e le lefeela.—Moeklesia 1:9-11.
9. Re ka thusoa joang ka ho fumana temohisiso ea sebele ea boemo ba moloko oa batho?
9 Ho e-na le ho re ferekanya, temohisiso ena ea bomolimo ea boemo ba motheo ba moloko oa batho e ka ba molemo, ea re susumelletsa ho qoba ho amahanya litekanyetso tse sa utloahaleng le lipakane kapa lintho tse phehelloang tseo kapele li tla be li le sieo li bile li lebetsoe. E lokela ho re thusa ho lekanyetsa seo re se fumanang bophelong le seo re lekang ho se finyella. Ka mohlala, ho e-na le ho itšoara ka thata, re ka fumana thabo ka ho ja le ho noa ho bontšang ho leka-lekana. (Moeklesia 2:24) ’Me joalokaha re tla bona, Solomone o fihlela qeto e nepahetseng haholo le e bontšang tšepo. Ka bokhutšoanyane, ke ea hore re lokela hore ka ho teba re ananele kamano ea rōna le ’Mōpi oa rōna, ea ka re thusang ho ba le bokamoso bo thabileng ka ho sa feleng, bo nang le morero. Solomone o ile a hatisa: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moeklesia 12:13.
Morero ha ho Nahanoa ka Letoto la Liketsahalo Bophelong
10. Solomone o ile a bapisa liphoofolo le batho ka tsela efe?
10 Bohlale ba bomolimo bo bontšoang ho Moeklesia bo ka re thusa ka ho eketsehileng tabeng ea ho nahana ka morero oa rōna bophelong. Ka tsela efe? Ka hore Solomone o ile a lebisa tlhokomelo ka tsela ea sebele linneteng tse ling tseo ho ka etsahalang hore re nahane ka tsona seoelo. E ’ngoe e akarelletsa ho tšoana pakeng tsa batho le liphoofolo. Jesu o ile a tšoantša balateli ba hae le linku, empa batho ka kakaretso ha ba thabele ho bapisoa le liphoofolo. (Johanne 10:11-16) Ho ntse ho le joalo Solomone o ile a phahamisa linnete tse itseng tse ke keng tsa latoloa: “Molimo oa ’nete o tla khetha [bara ba moloko oa batho], hore ba bone hore bona ka bobona ke liphoofolo. Hobane ho na le qetello mabapi le bara ba moloko oa batho le qetello mabapi le liphoofolo, ’me li na le qetello e tšoanang. Joalokaha e ’ngoe e e-shoa, e ’ngoe e shoa joalo; . . . e leng hore motho ha aa phahamela phoofolo, hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela. . . . Tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.”—Moeklesia 3:18-20, NW.
11. (a) Letoto la liketsahalo tsa sebele bophelong ba phoofolo le ka hlalosoa joang? (b) U ikutloa joang ka tlhahlobo e joalo?
11 Nahana ka phoofolo eo u thabelang ho e shebella, mohlomong pela kapa ’mutla. (Deuteronoma 14:7; Pesaleme ea 104:18; Liproverbia 30:26) Kapa u ka ’na ua nahana ka mosha; o na le mefuta e ka holimo ho 300 ho pota lefatše. Pale ea oona ea bophelo ke efe? Ka mor’a hore o tsoaloe, ’m’a oona o o hlokomela ka libeke tse itseng. O mela boea ka potlako ’me o ka leka ho tsoela ka ntle. U ka ’na ua o bona o tlōlaka o ithuta ho fumana lijo. Empa hangata ho bonahala eka o ipapalla feela, o thabela bocha ba oona. Ka mor’a ho hōla ka nako e etsang selemo kapa ho feta, o fumana molekane. Joale o tlameha ho etsa selao kapa letsaba ebe o hlokomela malinyane. Haeba o fumana likhunoane, linate le lijo-thollo tse lekaneng, lelapa la mosha le ka ’na la nona ’me la e-ba le monyetla oa ho atolosa lehae la lona. Empa ka lilemo tse seng kae feela, phoofolo ena ea tsofala ’me e pepesehela kotsi le boloetse haholoanyane. Ha e le lilemo tse ka bang leshome ea shoa. Ho na le phapang e nyenyane lipakeng tsa mefuta ea mosha, empa ka kakaretso lena ke letoto la liketsahalo bophelong ba oona.
12. (a) Ha ho talingoa litaba ka tsela ea sebele, ke hobane’ng ha letoto la liketsahalo bophelong ba batho ba bangata le tšoana le la phoofolo feela e tloaelehileng? (b) Re ka ’na ra nahana ka eng nakong e tlang ha re bona phoofolo eo re neng re nahanne ka eona?
12 Batho ba bangata ba ke ke ba hanyetsa letoto leo la liketsahalo bophelong ba phoofolo, ’me ho ke ke ha etsahala hore ba lebelle hore mosha o be le morero o utloahalang bophelong. Leha ho le joalo, bophelo ba batho ba bangata ha boa fapana hakaalo le boo, na ha ho joalo? Baa tsoaloa le ho hlokomeloa ha e sa le masea. Baa ja, baa hōla le ho bapala ha e se e le bacha. Ka mor’a nakoana e se e le batho ba baholo, ba fumana balekane ’me ba batla sebaka seo ba ka lulang ho sona le mokhoa oa ho lokisetsa lijo. Haeba ba atleha, ba ka ’na ba nona ’me ba atolosa lehae la bona (selao) leo ba tla hōlisetsa bana ho lona. Empa mashome a lilemo a feta ka potlako, ’me baa tsofala. Haeba ba sa shoe pele ho moo, ba ka ’na ba shoa ha ba se ba fetile lilemo tse 70 kapa 80 tse tletseng ka “khathatso le bomalimabe.” (Pesaleme ea 90:9, 10, 12) U ka ’na ua nahana ka linnete tsena tse etsang hore motho a nahane ka ho teba nakong e tlang ha u bona mosha (kapa phoofolo e ’ngoe eo u nahanneng ka eona).
13. Ke phello efe e ipakang e le ’nete bakeng sa liphoofolo le batho?
13 U bona lebaka leo ka lona Solomone a ileng a bapisa bophelo ba batho le ba liphoofolo. O ile a ngola: “Bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng, . . . nako ea ho tsoaloa le nako ea ho shoa.” Qetello eo ea ho qetela, e leng lefu, ea tšoana ho motho le ho phoofolo, “joalokaha e ’ngoe e e-shoa, e ’ngoe e shoa joalo.” O ile a phaella: “Tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.”—Moeklesia 3:1, 2, 19, 20, NW.
14. Batho ba bang ba leka joang ho fetola letoto le tloaelehileng la liketsahalo bophelong, empa ka phello efe?
14 Ha ho hlokahale hore re nke hore tekanyetso ena e talimang litaba ka tsela ea sebele ke monahano o nyahamisang. Ke ’nete hore ba bang ba leka ho fetola boemo, ka ho etsa lintho tse kang ho sebetsa ka ho eketsehileng ho ntlafatsa boemo ba bona ba lintho tse bonahalang e le hore ba ka ba le tse fetang tseo batsoali ba bona ba neng ba e-na le tsona. Ba ka ’na ba phehella thuto ka lilemo tse eketsehileng ba lokisetsa ho phela bophelo bo phahameng haholoanyane, ha ba ntse ba leka ho utloisisa bophelo haholoanyane. Kapa ba ka ’na ba tsepamisa mehopolo ea bona tlhakisong ea ’mele kapa mefuteng e itseng ea lijo bakeng sa ho ba le bophelo bo botle le bo boleletsana. ’Me boiteko bona bo ka ’na ba tlisa melemo e itseng. Empa ke mang ea ka tiisehang hore boiteko bo joalo bo tla atleha? Esita le haeba bo atleha, e tla ba ka nako e kae?
15. Ke tekanyetso efe e tobang taba e loketseng mabapi le bophelo ba batho ba bangata?
15 Solomone o ile a botsa: “Ho na le ntho tse ngata tse atisang lefeela; ha ho le joalo, motho a ka rua’ng ka tsona? Hobane ke mang ea tsebang se ka bang molemo ho motho bophelong ba hae, ka litšiu tsohle tsa bophelo ba hae ba lefeela, ha e le moo bo feta joalo ka lesoiti? Kapa ke mang ea tla senolela motho se tla ba teng tlas’a letsatsi, ha a se a le sieo?” (Moeklesia 6:11, 12) Kaha lefu le felisa boiteko ba motho kapele haholoanyane, na ka sebele ho na le molemo o moholo oa ho leka ka matla ho fumana lintho tse bonahalang tse eketsehileng kapa oa ho phehella ho kena sekolo ka lilemo tse telele haholo-holo bakeng sa ho fumana matlotlo a eketsehileng? ’Me kaha bophelo bo bokhutšoanyane haholo, bo feta joaloka seriti, ba bangata ba utloisisa hore ha ho na nako e setseng ea ho phehella pakane e ’ngoe esele ea botho ha ba hlokomela hore ba hlōleha ho finyella e ’ngoe; leha e le hona hore motho a ka tiiseha ka se tla etsahalla bana ba hae “ha a se a le sieo.”
Nako ea ho Etsa Lebitso le Letle
16. (a) Re lokela ho etsa eng eo liphoofolo li ke keng tsa e etsa? (b) Ke ’nete efe e ’ngoe eo re lokelang ho e hopola?
16 Ho fapana le liphoofolo, rōna batho re khona ho nahanisisa, ‘Morero oa bophelo ba ka ke ofe? Na ke feela letoto la liketsahalo tse tsitsitseng, le nang le nako ea ho tsoaloa le nako ea ho shoa?’ Tabeng eo, hopola ’nete e mantsoeng a Solomone mabapi le motho le phoofolo: “Tsohle li khutlela lerōleng.” Na seo se bolela hore lefu ke qetello e feletseng ea bophelo ba motho? Ha e le hantle, Bibele e bontša hore batho ha ba na moea o sa shoeng o pholohang ha ’mele o e-shoa. Batho ke meea, ’me moea o etsang sebe oa shoa. (Ezekiele 18:4, 20) Solomone o ile a qaqisa: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe. Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 10.
17. Moeklesia 7:1, 2 e lokela ho etsa hore re nahane ka eng?
17 Ka lebaka la ’nete eo e ke keng ea qojoa, nahana ka polelo ena: ‘[Lebitso le, NW] molemo ho e-na le oli e nkhang hamonate, le letsatsi la ho shoa ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa. Ho molemo ho ea ka tlung ea bofifi, ho e-na le ho ea ka tlung ea menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, ’me motho ea phelang o nahana teng.’ (Moeklesia 7:1, 2) Re tlameha ho lumela hore lefung e ’nile ea e-ba “moo ho fellang motho e mong le e mong.” Ha ho motho ea kileng a khona ho noa selelefatsa-bophelo sefe kapa sefe, ho ja motsoako ofe kapa ofe oa livithamine, ho ja lijo tsa mofuta ofe kapa ofe kapa ho kopanela boitlhakisong bofe kapa bofe ba ’mele ho fellang ka bophelo bo sa feleng. ’Me hangata ‘lebitso la bona le lebaloa’ nakoana ka mor’a lefu la bona. Ka hona ke hobane’ng ha lebitso le le ‘molemo ho e-na le oli e nkhang hamonate, le letsatsi la ho shoa ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa’?
18. Re ka tiiseha joang hore Solomone o ne a lumela tsohong?
18 Joalokaha ho bontšitsoe, Solomone o ne a talima litaba ka tsela ea sebele. O ne a tseba ka baholo-holo ba hae Abrahama, Isaka le Jakobo, bao ka sebele ba neng ba iketselitse lebitso le letle le ’Mōpi oa rōna. Ka ho tseba Abrahama hantle, Jehova Molimo o ile a tšepisa ho mo hlohonolofatsa le peō ea hae. (Genese 18:18, 19; 22:17) E, Abrahama o ne a e-na le lebitso le letle le Molimo, e ile ea e-ba motsoalle oa hae. (2 Likronike 20:7; Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Abrahama o ne a tseba hore bophelo ba hae le bophelo ba mora oa hae e ne e se feela karolo ea letoto la liketsahalo tse sa feleng tsa ho tsoaloa le ho shoa. Ka sebele bo ne bo e-na le morero o fetang seo. Ba ne ba e-na le tebello e tiisitsoeng ea ho phela hape, eseng hobane ba ne ba e-na le moea o sa shoeng, empa hobane ba ne ba tla tsosoa. Abrahama o ne a kholisehile hore ‘Molimo o ne a khona ho tsosa [Isaka] esita le bafung.’—Baheberu 11:17-19.
19. Re ka fumana temohisiso efe ho Jobo mabapi le moelelo oa Moeklesia 7:1?
19 Seo ke senotlolo sa ho utloisisa kamoo ‘lebitso le leng molemo ho e-na le oli e nkhang hamonate, le letsatsi la ho shoa ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa.’ Joaloka Jobo ea bileng teng pele ho eena, Solomone o ne a kholisehile hore Ea entseng bophelo ba motho a ka bo tsosolosa. A ka khutlisetsa batho ba shoeleng bophelong. (Jobo 14:7-14) Jobo ea tšepahalang o itse: “Uena [Jehova] o tla bitsa, ’me ’na ka bonna ke tla u araba. Hobane u tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:15, NW) Nahana ka seo! ’Mōpi oa rōna o “hloloheloa” bahlanka ba hae ba shoeleng ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng. (“U ne u tla batla ho bona mosebetsi oa matsoho a hao hang hape.”—The Jerusalem Bible.) A sebelisa sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, ’Mōpi a ka tsosa batho. (Johanne 3:16; Liketso 24:15) Ho hlakile hore batho ba ka fapana le liphoofolo feela tjee tse shoang.
20. (a) Ke neng ha letsatsi la ho shoa le le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa? (b) E tlameha ebe tsoho ea Lazaro e ile ea ama ba bangata joang?
20 Sena se bolela hore letsatsi la ho shoa le ka ba molemo ho feta letsatsi leo motho a tsoaloang ka lona, haeba ka nako eo motho a iketselitse lebitso le letle le Jehova, ea khonang ho tsosa ba tšepahalang ba shoang. Solomone e Moholoanyane, Jesu Kreste, o ile a paka seo. Ka mohlala, o ile a khutlisetsa Lazaro, monna ea tšepahalang, bophelong. (Luka 11:31; Johanne 11:1-44) Joalokaha u ka inahanela, ba bangata ho ba boneng tsoho ea Lazaro ka mahlo ba ile ba ameha haholo, ba lumela ho Mora oa Molimo. (Johanne 11:45) Na u nahana hore ba ile ba ikutloa ba se na morero bophelong, ba se na le tlhasenyana ea hore na ke bo-mang le hore na bokamoso bo ba tšoaretse eng? Ho fapana le hoo, ba ne ba ka bona hore ha ho hlokahale hore e be liphoofolo feela tjee tse tsoaloang, tse phelang ka nako e itseng, ebe lia shoa. Morero oa bona bophelong o ne o amana ka ho toba le ka tsela e haufi-ufi le ho tseba Ntate oa Jesu le ho etsa thato ea Hae. Ho thoe’ng ka uena? Na puisano ee e u thusitse ho bona, kapa ho bona ka ho hlakileng haholoanyane, kamoo u ka bang le morero oa sebele bophelong le kamoo u lokelang ho ba le oona?
21. Ke tšobotsi efe ea ho fumana morero bophelong ba rōna eo re sa ntseng re batla ho e hlahloba?
21 Empa, ho ba le morero oa sebele le o nang le moelelo bophelong ho bolela ho fetang hōle ho nahana ka lefu le ho phela hape ka mor’a moo. Ho akarelletsa seo re se etsang ka bophelo ba rōna letsatsi le leng le le leng. Solomone o ile a boela a hlakisa seo ho Moeklesia, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Tlaleho e mabapi le Mofumahali oa Sheba e hatisa bohlale ba Solomone, ’me hangata ho ’nile ha thoe taba ena ke tšōmo (1 Ma 10:1-13). Empa litemana tse potolohileng taba ena li bontša hore ketelo ea hae ho Solomone e ne e hlile e amana le khoebo ’me ka boeona ea utloisiseha; ha ho hlokahale hore bonnete ba eona litabeng tsa histori bo belaelloe.”—The International Standard Bible Encyclopedia (1988), Moqolong oa IV, leqepheng la 567.
Na U sa Hopola?
◻ Liphoofolo li tšoana le batho ka litsela life?
◻ Ke hobane’ng ha lefu le hatisa hore boholo ba boiteko ba motho le mosebetsi oa hae ke lefeela?
◻ Letsatsi la ho shoa le ka ba molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa joang?
◻ Ho ba ha rōna le morero o nang le moelelo bophelong ho itšetlehile ka kamano efe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Bophelo ba hao bo fapana ka ho hlokomelehang joang le ba liphoofolo?