Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 9/1 maq. 4-6
  • Na Sephefumolohi se Tsoela Pele ho Phela ka Mor’a Lefu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Sephefumolohi se Tsoela Pele ho Phela ka Mor’a Lefu?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Thuto ea Bibele
  • Ho Etsahala’ng ka Mor’a Lefu?
  • Ho Tloha Thutong ea Bohetene ho ea Thutong ea Kereke
  • Tšepo Bakeng sa Bafu
  • Moea ho Latela Bibele
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Na U na le Moea o sa Shoeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Pono ea Hao ka Moea e Ama Bophelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Moea ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 9/1 maq. 4-6

Na Sephefumolohi se Tsoela Pele ho Phela ka Mor’a Lefu?

“SEPHEFUMOLOHI: Karolo ea motho ea moea e nkoang e le e tsoelang pele ho phela ka mor’a lefu le e ka fumanang thabo kapa mahlomola nakong e tlang.” (The Compact Edition of the Oxford English Dictionary) Malumeli a mangata a batla a lumellana le tlhaloso ena. New Catholic Encyclopedia e re: “Thuto ea hore sephefumolohi sa motho ha se shoe ’me se tla tsoela pele ho ba teng ka mor’a lefu la motho . . . ke o mong oa metheo ea filosofi ea Bokreste le thuto ea bolumeli.”

Mohlomong ho ka ’na ha u makatsa ho tseba hore tumelo ena ea motheo e nkiloe filosofing ea bohetene. Khale koana pele ho tsoalo ea Jesu, ho ne ho lumeloa hore sephefumolohi ke ntho e ’ngoe e sa tšoareheng e ka bang teng ka thōko ho ’mele. Kahoo se ne se ka tsoela pele ho phela ka mor’a lefu la ’mele, sa tsoela pele ho phela se le sebōpehong sa sethotsela kapa moea.

Bagerike ba ile ba kopanya tumelo ena le litlhaloso tsa filosofi. Socrates, rafilosofi ea tsebahalang haholo oa Mogerike, o ile a qotsoa moo a reng: “Sephefumolohi, . . . haeba se tsoa se hloekile, se sa tsamaee le letho la ’mele, . . . se ea ho se tšoanang le sona, se ea ho se sa bonahaleng, se nang le bomolimo, se sa shoeng, le se bohlale, ’me ha se fihla moo se thabile, se lokolohile thetsong le bokhopong le tšabong . . . le mahlomoleng a mang kaofela a batho, ’me . . . ka mor’a mona se phela ka ’nete le melimo nako eohle.”—Phaedo, 80, D, E; 81, A.

Hase Thuto ea Bibele

Joale ho tlile joang hore tumelo ena ea bohetene ea hore sephefumolohi ha se shoe e rutoe Bokreste-’mōtoaneng le Bojudeng?

New Catholic Encyclopedia e beha litaba ka mokhoa o bobebe ha e re: “Khopolo ea hore sephefumolohi se tsoela pele ho phela ka mor’a lefu ha e fumanehe habonolo ka Bibeleng.” E ne e tla ba ho nepahetseng haholoanyane ho bolela hore thuto ea hore sephefumolohi ha se shoe ha e fumanehe ho hang ka Bibeleng! Buka eo ea boitsebiso ea lumela: “Khopolo ea sephefumolohi sa motho ka boeona ka [Testamenteng ea Khale] ha e tšoane le filosofing ea Bagerike le ea kajeno.”

Ho se bitsoang Testamente ea Khale, lentsoe la Seheberu neʹphesh, leo ka tloaelo le fetoleloang e le “sephefumolohi,” le hlaha ka makhetlo a 754. Ho se bitsoang Testamente e Ncha, lentsoe la Segerike psy·kheʹ, leo ka tloaelo le fetoleloang ka ho tšoanang e le “sephefumolohi,” le hlaha ka makhetlo a 102. Ha re hlahloba kamoo mantsoe ana a sebelisitsoeng ka teng ka Bibeleng, ho hlaha khopolo e hlakileng ka ho makatsang.

Ho Genese 2:7 (NW) re bala hore Molimo o ile oa bululela phefumoloho ea ho phela linkong tsa Adama, ’me Adama “ea e-ba sephefumolohi [ka Seheberu, neʹphesh] se phelang.” Hlokomela: Adama ha aa ka a fuoa sephefumolohi se phelang; e ile ea e-ba sona. Ka mantsoe a mang, Adama ea sa tsoa bōptjoa e ne e le sephefumolohi! Ha ho makatse ha New Catholic Encyclopedia e fihlela qeto ea hore: “Sephefumolohi ka [Testamenteng ea Khale] ha se bolele karolo ea motho, empa motho ka ho felletseng—motho joaloka boleng bo phelang.”

Mangolo a mang a tiisa sena. Ka mohlala Levitike 11:20 (NW), e bua ka “sephefumolohi se jang nama ea sehlabelo se kopanetsoeng.” Levitike 23:30 (NW) e re: “Ha e le sephefumolohi sefe kapa sefe se tla etsa mosebetsi ofe kapa ofe.” Liproverbia 25:25 (NW) e re: “Tlaleho e ntle e tsoang naheng e hōle, e joaloka metsi a batang ho sephefumolohi se khathetseng.” ’Me Pesaleme ea 105:18 (NW) ea re bolella: “Ba hlokofalitse maoto a hae ka mahlaahlela; sephefumolohi sa hae se kene litšepeng.” Joale, ke’ng se ka jang nama, sa sebetsa, sa khatholloa ke metsi, ’me sa kenngoa litšepeng? Na ke karolo e arohileng ea moea ea motho, kapa ke motho ka boeena? Karabo e hlakile.

Ka ho thahasellisang, hase motho feela eo e leng sephefumolohi. Genese 1:20 (NW) e re bolella hore ka nako e ’ngoe pōpong, Molimo o ile oa re: “Metsi ha a hlahise ka bongata liphefumolohi tse ngata tse phelang.” E, esita le litlhapi ke liphefumolohi! Ka nako e ’ngoe pōpong, Molimo o ile oa bontša hore “likhomo le lihahabi, le liphoofolo tsa lefatše” ke liphefumolohi!—Genese 1:24; bapisa le New World Translation ho Levitike 11:10, 46; 24:18; Numere 31:28; Jobo 41:21; Ezekiele 47:9.

Ka baka leo, ka Bibeleng “sephefumolohi” ha se bolele boleng bo itseng ba moea bo kang seriti bo sieang ’mele ka mor’a lefu. Se bolela motho kapa phoofolo, kapa bophelo boo motho kapa phoofolo e bo thabelang.

Ho Etsahala’ng ka Mor’a Lefu?

Ka ho hlakileng, Bibele ha e lumellane le khopolo ea bohetene ea hore motho o na le sephefumolohi se sa shoeng. Ke mang eo u nahanang hore o rutile ’nete ntlheng ee? Na ke bo-rafilosofi ba bahetene ba Bagerike kapa ke batho bao Molimo o entseng selekane le bona? Ka sebele, ke batho ba Molimo, bao o ba fileng Lentsoe la oona le bululetsoeng.

Leha ho le joalo, potso e sa ntsane e sala, Ho etsahala’ng ka sephefumolohi ka mor’a lefu? Kaha sephefumolohi ke motho, sephefumolohi sea shoa ha motho a e-shoa. Ka mantsoe a mang, motho ea shoeleng ke sephefumolohi se shoeleng. Mangolo a mangata haholo a tiisa sena. Ezekiele 18:4 (NW) e re: “Sephefumolohi se etsang sebe—se tla shoa ka bosona.” Ho Baahloli 16:30 (NW) rea bala: “’Me Samsone a tsoela pele ho re: ‘Sephefumolohi sa ka ha se ke se shoe le Bafilista.’” Mangolo a mang a bontša hore liphefumolohi li ka timetsoa (Genese 17:14, NW), tsa bolaoa ka sabole (Joshua 10:37, NW), tsa khangoa (Jobo 7:15, NW), ’me tsa khangoa ke metsi (Jonase 2:5, NW). Sephefumolohi se timetseng, kapa sephefumolohi se shoeleng, ke motho ea shoeleng.—Levitike 19:28, NW; 21:1, 11, NW.

Joale, boemo ba liphefumolohi tse shoeleng ke bofe? Ka ho toba, lefu le fapane ka ho felletseng le bophelo. Likutlo tsohle tsa rōna li hokahantsoe le ’mele ea rōna ea nama. Matla a rōna a ho bona, ho utloa, le ho nahana a itšetlehile ka tšebetso e nepahetseng ea mahlo a rōna, litsebe, le boko. Ha re se na mahlo re ke ke ra bona. Ha re se na litsebe re ke ke ra utloa. Ha re se na boko re ke ke ra etsa letho. Ha motho a e-shoa, litho tsena tsohle tsa ’mele li khaotsa ho sebetsa. Re khaotsa ho ba teng.

Tumellanong le sena, Moeklesia 9:5, 10 e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.” Ka ho tšoanang, Pesaleme ea 146:3, 4 (BPN) ea bolela: “Le se ke la tšepa mahosana, leha e le motho ea se nang matla, matla a ho pholosa. Hoba a neele moea [matla a bophelo], motho o khutlela mobung; ka lona tsatsi leo merero ea hae ea fela.” Kahoo ha batho (liphefumolohi) ba e-shoa, ka ho toba ba khaotsa ho ba teng.

Ho Tloha Thutong ea Bohetene ho ea Thutong ea Kereke

Ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Empa na Testamente e Ncha ha e rute hore sephefumolohi ha se shoe?’ Le hanyenyane. New Catholic Encyclopedia ea lumela: “[Testamente e Ncha] e lula e tšepahala kutloisisong ena [ea Testamente ea Khale] ea lefu.” Ka mantsoe a mang, “Testamente e Ncha” e ruta hore sephefumolohi sea shoa. Jesu Kreste o ile a bontša hore ha a lumele hore sephefumolohi ha se shoe. O ile a botsa: “Na ka sabbatha molao o lumella ho etsa ketso e ntle kapa ketso e mpe, ho pholosa kapa ho bolaea sephefumolohi?” (Mareka 3:4, NW) Ka mokhoa o tšoanang moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a tiisa pono ea “Testamente ea Khale” ka sephefumolohi ka ho qotsa Genese 2:7 (NW): “Ebile ho ngotsoe tjena: ‘Motho oa pele Adama e ile ea e-ba sephefumolohi se phelang.’”—1 Ba-Korinthe 15:45, NW.

Joale, ho tlile joang hore khopolo ea Plato e fetohe thuto ea kereke? Encyclopœdia of Religion and Ethics, ea James Hastings, ea hlalosa: “Ha molaetsa o molemo oa Bokreste o tsoela ka ntle ho heke ea synagoge ea Bajode o kena tikolohong ea ’Muso oa Roma, khopolo ea sephefumolohi eo haholo-holo e neng e le ea Baheberu e ile ea fetisetsoa tikolohong ea khopolo ea Bagerike, ’me hoo ha ba le liphello tse khōlō ho fetoloeng ha eona.” Baruti ba kereke ba ile ba leka ho etsa hore molaetsa oa bona “o utloisisehe lefatšeng la khopolo ea Bagerike” ka ho sebelisa “mantsoe a hlomamisitsoeng le likhopolo tsa thuto ea kelello ea Bagerike.” Ka mokhoa o tšoanang baruti ba thuto ea bolumeli ba Bajode ba ile ba qala ho bontša “litšusumetso tse matla tsa Thuto ea Plato” mengolong ea bona.—Encyclopœdia Judaica.

Kahoo thuto ea Bibele mabapi le sephefumolohi e ile ea lahloa ’me ea nkeloa sebaka ke thuto eo ka ho hlakileng e neng e le ea bohetene. Ho hang sena se ke ke sa lokafatsoa ka mabaka a hore ho etsa joalo ho entse hore Bokreste e be bo ipiletsang haholoanyane ho batho ba bangata. Ha a bolela Athene, hona setsing sa moetlo oa Bagerike, moapostola Pauluse ha aa ka a ruta thuto ea Plato ka sephefumolohi. Ho fapana le hoo, o ile a ruta thuto ea Bokreste ea tsoho le hoja ba bangata har’a bamameli ba hae ba Bagerike ba ne ba thatafalloa ke ho amohela seo a neng a se bolela.—Liketso 17:22-32.

Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso e khahlanong le ho kopanngoa hofe kapa hofe ha ’nete e theiloeng Bibeleng le thuto ea bohetene ha a re: “Leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale?” (2 Ba-Korinthe 6:14, 15) Ha ho pelaelo hore ka ho lumella thuto ea bohetene ho fetoha o mong oa metheo ea filosofi le thuto ea bona ea bolumeli, Bokreste-’mōtoana bo hlomphollotse Molimo ka booona!

Tšepo Bakeng sa Bafu

Batho ba lokolohile ho lumela seo ba ikhethelang sona. Leha ho le joalo, ho ke ke ha latoloa hore thuto ea hore sephefumolohi ha se shoe hase ea Mangolo. Kahoo, na batho ha ba na tšepo ea bophelo ka mor’a lefu?

Ka mor’a hore Jobo a botse potso, “Na [motho] a ka phela hape?” o ile a tsoela pele ho fana ka karabo e bululetsoeng. O ile a re: “U [Jehova] tla bitsa, ’me ’na ka bonna ke tla araba. Hobane u tla laba-labela mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:14, 15, NW) E, Bibele e fana ka tšepo ea tsoho bakeng sa bohle ba khopolong ea Molimo. O laba-labela ho khutlisetsa bahlanka ba oona ba tšepahalang, ba kang Jobo, bophelong! Kreste Jesu o ile a tiisa ’nete ea tšepo ena, ka hore: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 5:28, 29.

Ha nako ea ho phethahatsoa ha boprofeta boo e fihla, Esaia 25:8 ea tšepisa, Molimo “o tla felisa lefu ka ho sa eeng kae.” Sena se bolela lefatše leo ho lona, joalokaha Tšenolo 21:4 e bolela, ‘lefu le seng le sa tl’o hlola le e-ba teng.’ Na u ne u tla rata ho phela lefatšeng leo ho lona ho se nang mapato kapa libaka tse khethehileng tsa litšebeletso tsa mapato, ho se majoe a mabitla kapa litša tsa mabitla, ho se ho se meokho ea bohloko empa e se e le meokho ea thabo feela?

Ke ’nete hore e ka ’na eaba u hōtse u lumela thuto ea hore sephefumolohi ha se shoe. Empa ka ho ithuta Bibele, u ka haha tumelo litšepisong tsa Bibele tse tlisang tokoloho.a Hape u ka ithuta seo u tlamehang ho se etsa hore u je lefa la tšepiso ea Bibele, eseng ea ho tsoela pele u phela u le sephefumolohi se sa shoeng, empa ea ho amohela “bophelo bo sa feleng” lefatšeng la Paradeise!—Johanne 17:3; Luka 23:43.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba u lakatsa ho etsa sena, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho ngolla bahatisi ba makasine ona kapa u ee Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela