“Ke Mang ea Tsoetseng Marotholi a Phoka?”
MOQOLOTSI oa litaba oa lekholong la bo19 la lilemo o ile a hlalosa marotholi a phoka e le “mabenyane a lefatše a metsi, a etsoang ke moea.” ’Mōpi oa rōna o ile a botsa mopatriareka oa boholo-holo Jobo: “Ke mang ea tsoetseng marotholi a phoka?” (Jobo 38:28, NW) Molimo o ne a hopotsa Jobo hore mohloli oa phoka eo ea bohloka ke Molimo.
Ntle le ho phatsima ha eona, ho ba le botle bo kang ba mabenyane, ka Bibeleng phoka e amahanngoa le tlhohonolofatso, matla a ho beha litholoana, chai le ho bolokoa ha bophelo. (Genese 27:28; Deuteronoma 33:13, 28; Zakaria 8:12) Nakong ea selemo e chesang, e se nang pula Iseraele, “phoka ea Hermone” e ne e boloka limela tsa naha li phela, ka lebaka leo e ne e boloka batho ba teng ba phela. Meru ea Thaba ea Hermone le litlhōrō tsa eona tse lehloa li ntse li hlahisa meholi ea bosiu e hoamang ho etsa phoka e ngata. Mopesaleme Davida o ile a bapisa khatholoho e tlisoang ke phoka ena le phihlelo e monate ea ho lula bonngoeng le bao a rapelang Jehova hammoho le bona.—Pesaleme ea 133:3.
Litaelo tsa moprofeta Moshe ho Iseraele li ne li le mosa li bile li khatholla, joaloka marotholi a phoka. O itse: “Lipolelo tsa ka li tla qhitsa joalo ka phoka, li be joalo ka pula e tšesane e kolobisang joang bo bocha, le joalo ka marotholi a nelang joang.” (Deuteronoma 32:2) Kajeno, Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tse fanang ka bophelo ho isa lipheletsong tsa lefatše. (Matheu 24:14) Molimo o atolosa memo ena: “‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) Batho ba limilione ba lichaba tsohle ba amohela mpho ena ea khatholoho ea moea e tsoang ho Molimo, e ka bolokang bophelo ka ho sa feleng.