Ke eng e ka sehloohong bophelong ba hao?
‘Ntšupise tsela ee ke tšoanetseng ho ea ka eona.’—PESALEME EA 143:8.
1. Morena Solomone o ile a etsa qeto efe ka mesebetsi ea motho le seo a se finyellang?
MOHLOMONG ua tseba hore bophelo bo tletse ka mesebetsi le lintho tseo batho ba amehileng ka tsona. Ha u nahana, u ka hlokomela hore tse ling tsa tsona lia hlokahala. Mesebetsi le lintho tse ling tseo batho ba amehileng ka tsona hase tsa bohlokoa hakaalo kapa ebile ha li na thuso. Hore ebe u hlokomela sena ho bolela hore u lumellana le e mong oa banna ba bohlale ka ho fetisisa ba kileng ba e-ba teng, Morena Solomone. Ka mor’a ho hlahlobisisa mesebetsi ea bophelo, o ile a etsa qeto ena: “Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.” (Moeklesia 2:4-9, 11; 12:13) See se bolela’ng ho rōna kajeno?
2. Batho ba tšabang Molimo ba lokela ho ipotsa potso efe ea bohlokoa, e lebisang lipotsong life tse amanang le eona?
2 Haeba u batla ho “tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona,” ipotse potso ena e phephetsang, ‘Ke’ng e ka sehloohong bophelong ba ka?’ Ke ’nete, ho ka etsahala hore u se ke ua nahanisisa ka potso eo letsatsi le leng le le leng, empa ke hobane’ng ha u sa e hlahlobe hona joale? Ha e le hantle, e hopotsa motho lipotso tse amanang le eona, tse kang, ‘Na mohlomong ke beha khatiso e sa hlokahaleng mosebetsing oa ka kapa tsebong e itseng kapa linthong tse bonahalang? Lehae la ka, lelapa le baratuoa li bohlokoa hakae bophelong ba ka?’ Mocha a ka ’na a botsa, ‘Thuto e hapa tlhokomelo le nako ea ka ho isa kae? Ka sebele, na ke thahasella haholo mosebetsi o etsoang ka morero oa ho phomotsa kelello, papali, kapa mofuta o itseng oa boithabiso kapa theknoloji?’ ’Me ho sa tsotellehe hore na re lilemo likae kapa boemo ba rōna ke bofe, re lokela hore ka nepo re botse, ‘Ho sebeletsa Molimo ho sebakeng sefe bophelong ba ka?’ Mohlomong u ka lumela hore ho hlokahala hore ho be le lintho tse tlang pele. Empa re ka fumana thuso ea ho li hlophisa ka bohlale joang hona hokae?
3. Ho hlophisa lintho tse tlang pele ho akarelletsa eng ho Bakreste?
3 “Ntho e ka sehloohong” e na le moelelo oa motheo oa ntho e tlang pele ho tse ling tsohle kapa litlhoko tse lokelang ho nahaneloa pele. Ebang u e mong oa Lipaki tsa Jehova kapa u har’a liithuti tsa Lentsoe la Molimo tse khothetseng tse limilione tse kopanelang le tsona, nahana ka ’nete ena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.” (Moeklesia 3:1) Ka nepo, seo se akarelletsa hore u bontše kameho e lerato bakeng sa kamano ea lelapa. (Bakolose 3:18-21) Se akarelletsa ho phelisa lelapa la hao ka ho loketseng ka mosebetsi oa boipheliso. (2 Bathesalonika 3:10-12; 1 Timothea 5:8) ’Me bakeng sa ho phomola, u ka ’na ua hlaphola kelello ka mosebetsi o etsoang ka morero oa ho phomotsa kelello kapa ka linako tse ling ka boithabiso kapa ka boikhathollo. (Bapisa le Mareka 6:31.) Leha ho le joalo, ha u nahana ka ho teba, na ha u bone hore ha ho le e ’ngoe ea tsee e leng ka sehloohong bophelong? Ho na le ntho e ’ngoe e leng bohlokoa haholoanyane.
4. Bafilippi 1:9, 10 e amana joang le ho hlophisa ha rōna lintho tse tlang pele?
4 Mohlomong ua hlokomela hore melao-motheo ea Bibele e tataisang ke lithuso tsa bohlokoa bakeng sa ho hlophisa lintho tse tlang pele le ho etsa liqeto tse bohlale. Ka mohlala, ho Bafilippi 1:9, 10, Bakreste ba phehelloa hore ‘ba ate ka ho eketsehileng haholoanyane tsebong e nepahetseng le temohong e feletseng.’ Ka phello efe? Moapostola Pauluse o ile a eketsa: “E le hore le ka nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane.” Na seo ha se utloahale? Motheong oa tsebo e nepahetseng, Mokreste ea nang le temoho a ka lekanyetsa se lokelang ho tla pele—se ka sehloohong—bophelong.
Mohlala oa se ka Sehloohong
5. Mangolo ha a hlalosa mohlala oo Bakreste ba o sietsoeng, a bontša joang se neng se le ka sehloohong bophelong ba Jesu?
5 Re fumana tšobotsi ea bohlokoa ea tsebo mantsoeng a moapostola Petrose: “Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) E, bakeng sa boitsebiso bo tšepahalang mabapi le hore na ntho e ka sehloohong ke efe bophelong, re ka hlahloba seo Jesu Kreste a neng a se nahana ka eona. Pesaleme ea 40:8 e itse ka eena ka tsela ea boprofeta: “Ho etsa ho ratoang ke uena, Molimo oa ka, ke sona seo ke se ratang, molao oa hao o ngoliloe pelong ea ka.” Ena ke tsela eo ka eona a ileng a fetisa mohopolo o tšoanang: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”—Johanne 4:34; Baheberu 12:2.
6. Re ka ba le litholoana tse tšoanang le tseo Jesu a bileng le tsona joang tabeng ea ho etelletsa thato ea Molimo pele?
6 Hlokomela senotlolo seo—ho etsa thato ea Molimo. Mohlala oa Jesu o hatisa seo barutuoa ba hae ba lokelang hore ka nepo ba se etse se ka sehloohong bophelong ba bona, hobane o ile a re “e mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.” (Luka 6:40) ’Me joalokaha Jesu a ile a tsamaea ka tsela eo Ntate oa hae a neng a rerile hore a tsamaee ka eona, o ile a bontša hore ho ne ho e-na le “ho nyakalla ho fellang ka khotsofalo” ka lebaka la ho etsa hore thato ea Molimo e be ka sehloohong. (Pesaleme ea 16:11; Liketso 2:28) Na ua bona hore na seo se bolela’ng? Ha balateli ba Jesu ba khetha ho etsoa ha thato ea Molimo e le eona ntho e ka sehloohong bophelong ba bona, ba tla thabela “ho nyakalla ho fellang ka khotsofalo” le bophelo ba sebele. (1 Timothea 6:19) Ka hona ho na le mabaka a fetang le le leng a ho etsa hore thato ea Molimo e be ka sehloohong bophelong ba rōna.
7, 8. Jesu o ile a talimana le liteko life, ’me re ka ithuta eng ho see?
7 Hang ka mor’a hore Jesu a tšoantšetse ho itlhahisa ha hae ho etsa thato ea Molimo, Diabolose o ile a batla ho mo khelosa. Joang? Ka ho mo leka libakeng tse tharo tse sa tšoaneng. Lekhetlo ka leng Jesu o ile a araba ka tsela e sa belaetseng ea Mangolo. (Matheu 4:1-10) Empa liteko tse eketsehileng li ne li mo letetse—e leng tlhoriso, ho songoa, ho ekoa ke Judase, liqoso tsa bohata, e ntan’o ba lefu thupeng ea tlhokofatso. Ho ntse ho le joalo, ha ho le e ’ngoe litekong tsena e ileng ea etsa hore Mora oa Molimo ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng a khelohe tseleng ea hae. Nakong e mahlonoko, Jesu o ile a rapela: “Eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena. . . . A ho etsahale thato ea hao.” (Matheu 26:39, 42) Na e mong le e mong oa rōna ha aa lokela ho angoa ka ho teba ke tšobotsi ee ea mohlala oo re o sietsoeng, o etsang hore re ‘phehelle thapelong’?—Baroma 12:12.
8 E, ha re hlophisa lintho tse tlang pele bophelong ba rōna, tataiso ea bomolimo e ka re thusa ka ho khethehileng, haholo-holo haeba re talimana le lira tsa ’nete le bahanyetsi ba thato ea Molimo. Hopola kōpo e tiileng ea tataiso ea Morena Davida ea tšepahalang ha a ne a thulane le khanyetso ea sera. Re tla bona sena ha re ntse re hlahloba karolo e itseng ea Pesaleme ea 143. Sena se lokela ho re thusa ho lemoha kamoo re ka matlafatsang kamano ea rōna ea botho le Jehova ’me re matlafaletsoe ho etsa hore thato ea Molimo e be ka sehloohong bophelong ba rōna.
Jehova o Utloa Lithapelo Tsa Rōna ’me oa li Araba
9. (a) Le hoja Davida e ne e le moetsalibe, mantsoe a hae le liketso li senola eng? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lesa ho etsa se nepahetseng?
9 Le hoja Davida e ne e le moetsalibe ea shoang, o ne a e-na le tumelo ea hore Jehova o ne a tla mamela kōpo ea hae e tiileng. O ile a kōpa ka boikokobetso: “Jehova, utloa thapelo ea ka; u sekehele thapelisiso ea ka tsebe. Nkarabe ka baka la botšepehi ba hao le la ho loka ha hao, u se ke ua isana nyeoeng le mohlanka oa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ea ka fumanoang a lokile pel’a hao.” (Pesaleme ea 143:1, 2) Davida o ne a ela hloko ho se phethahale ha hae, empa pelo ea hae e ne e feletse ho Molimo. Kahoo, o ne a kholisehile hore o ne a tla fumana karabo e molemo. Na see ha se re khothatse? Le hoja re haelloa ke ho loka ha Molimo, re ka kholiseha hore oa re utloa haeba lipelo tsa rōna li feletse ho eena. (Moeklesia 7:20; 1 Johanne 5:14) Ha re ntse re mameletse thapelong, re tlameha ho rera ho ‘hlōla bobe ka molemo’ matsatsing ana a khopo.—Baroma 12:20, 21; Jakobo 4:7.
10. Ke hobane’ng ha ho ne ho e-ba le linako tseo ka tsona Davida a neng a tšoenyeha?
10 Davida o ne a e-na le lira, joalokaha re e-na le tsona. Ebang ke ha a ne a baleha Saule, a tlameha ho batla setšabelo libakeng tse thōko, tseo ho leng thata ho fihla ho tsona, kapa ke ha e ne e le morena a hobosoa ke lira, Davida o ne a e-na le linako tsa ho tšoenyeha. O ile a hlalosa kamoo sena se neng se mo ama kateng: “Sera se lelekisitse moea oa ka . . . se entse hore ke lule libakeng tse lefifi . . . Moea oa ka o tepella ka ho ’na; pelo ea ka e bonahala e feletsoe ke matla ka hare ho ’na.” (Pesaleme ea 143:3, 4) Na u kile ua ba le lebaka la ho ikutloa ka tsela e tšoanang le ee?
11. Bahlanka ba Molimo ba kajeno ba ’nile ba talimana le linako life tsa ho tšoenyeha?
11 Khatello ea sera, liteko tse tlisoang ke mathata a boima a moruo, ho kula ho tebileng kapa mathata a mang a tšoenyang a ’nile a etsa hore ba bang ba batho ba Molimo ba ikutloe ba tepeletse. Ka linako tse ling ho ’nile ha e-ba joalokaha eka lipelo tsa bona le tsona li feletsoe ke matla. Ho joalokaha eka ba ’nile ba hooa ka bomong: “Uena ea re hlahiselitseng litsietsi tse ngata tse bohloko, u tla boela u re fe bophelo . . . U khutle, u ntšelise.” (Pesaleme ea 71:20, 21) Ba thusitsoe joang?
Tsela ea ho Talimana le Boiteko ba Sera
12. Morena Davida o ile a sebetsana ka katleho joang le kotsi le liteko?
12 Pesaleme ea 143:5 e bontša seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a oeloa ke kotsi le liteko tse khōlō: “Ke elelloa mehla ea khale, ke hopola tsee u li entseng kaofela, ka [lula ke amehile ka, NW] tsohle tseo matsoho a hao a li sebelitseng.” Davida o ile a hopola litšebelisano tsa Molimo le bahlanka ba Hae le kamoo eena ka boeena a neng a ile a pholoha. O ile a nahanisisa ka seo Jehova a neng a se entse ka lebaka la lebitso la Hae le leholo. E, Davida o ile a lula a amehile ka mesebetsi ea Molimo.
13. Ha re talimana le liteko, ho hopola mehlala ea boholo-holo le ea kajeno ea bahlanka ba tšepahalang ho tla re thusa joang ho mamella?
13 Na hase hangata re ’nileng ra hopola litšebelisano tsa Molimo le batho ba hae? Ho joalo! Sena se akarelletsa tlaleho e ileng ea etsoa ke ‘leru le leholo la lipaki’ mehleng ea pele ho Bokreste. (Baheberu 11:32-38; 12:1) Lekholong la pele la lilemo Bakreste ba tlotsitsoeng le bona ba ile ba khothalletsoa ho ‘tsoela pele ba hopola matsatsi a pele’ le seo ba ileng ba se mamella. (Baheberu 10:32-34) Ho thoe’ng ka liphihlelo tsa bahlanka ba Molimo mehleng ea kajeno, tse kang tse phetiloeng ho Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo?a Se tlalehiloeng moo le libukeng tse ling se re nolofalletsa ho hopola kamoo Jehova a thusitseng batho ba hae ho mamella lithibelo, ho kenngoa literonkong, mofere-fere oa sehlopha sa mahoo-hoo le likampo tsa mahloriso le tsa mosebetsi oa bokhoba. Ho ’nile ha e-ba le liteko linaheng tse tsekolotsoeng ke ntoa, tse kang Burundi, Liberia, Rwanda le moo pele e neng e le Yugoslavia. Ha khanyetso e ne e totobala, bahlanka ba Molimo ba ile ba mamella ka lebaka la ho boloka kamano e matla le Jehova. Letsoho la hae le ile la tšehetsa ba ileng ba etsa hore ho etsa thato ea hae e be ho ka sehloohong bophelong ba bona.
14. (a) Ke mohlala ofe o mong oa ha Molimo a tšehetsa motho boemong boo e ka ’nang eaba bo tšoana le ba rōna? (b) U ithuta eng mohlaleng oo?
14 Leha ho le joalo, u ka ’na ua arabela ka hore ha u e-s’o thulane le tlhekefetso e joalo e sehlōhō, ’me u ka ’na ua ikutloa hore ho ke ke ha etsahala hore le ka mohla u thulane le eona. Leha ho le joalo, tšehetso ea Molimo ho batho ba hae, hase kamehla e bileng maemong ao ba bang ba a talimang e le a tšosang. O ’nile a tšehetsa ‘batho feela ba tloaelehileng’ ba bangata maemong a “tloaelehileng.” Ona ke o mong oa mehlala e mengata: Na u hlokomela foto e ka holimo, ’me na e u thusa ho hopola litšebelisano tsa Molimo le batho ba hae? E ile ea hlaha ka har’a Molula-Qhooa oa December 1, 1996. Na u ile ua bala tlaleho eo Penelope Makris a e phetileng? Ke mohlala o motle hakaakang oa botšepehi ba Bokreste! Na u ka hopola seo a ileng a se mamella ho baahelani, kamoo a ileng a loana le ho kula ho matla, le boiteko boo a ileng a bo etsa ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng? Ho thoe’ng ka phihlelo ea hae e putsang Mytilene? Taba ke hore, Na u bona mehlala e joalo e le e thusang rōna bohle ha re hlophisa lintho tse tlang pele, re beha ho etsoa ha thato ea Molimo pele bophelong ba rōna?
15. Tse ling tsa liketso tsa Jehova tseo re lokelang ho nahanisisa ka tsona ke life?
15 E re matlafaletsa ho nahanisisa ka liketso tsa Jehova, joalokaha Davida a ile a etsa. Ha Jehova a lokisetsa morero oa hae, o ile a etsa tokisetso bakeng sa poloko ka lefu la Mora oa hae, tsoho ea hae le ho tlotlisoa ha hae. (1 Timothea 3:16) O thehile ’Muso oa hae oa leholimo, a tlosa Satane le bademona ba hae maholimong a ba a tsosolosa borapeli ba ’nete mona lefatšeng. (Tšenolo 12:7-12) O atolositse paradeise ea moea ’me o hlohonolofalitse batho ba hae ka keketseho. (Esaia 35:1-10; 60:22) Hona joale batho ba hae ba fana ka bopaki ba ho qetela pele matšoenyeho a maholo a qhoma. (Tšenolo 14:6, 7) E, ho na le ho hongata hoo re ka nahanisisang ka hona.
16. Re khothalletsoa ho ameha ka eng, ’me see se tla re tiisetsa eng?
16 Ho ipoloka re amehile ka mosebetsi oa matsoho a Molimo ho e-na le ho tšoareha ka ho feletseng boitekong ba batho, ho re tiisetsa hore matla ao Jehova a a sebelisang a ke ke a thibeloa. Leha ho le joalo, mesebetsi eo ha ea lekanyetsoa mesebetsing e bonahalang ea pōpo e hlollang maholimong le mona lefatšeng. (Jobo 37:14; Pesaleme ea 19:1; 104:24) Mesebetsi ea hae e hlollang e akarelletsa liketso tsa ho pholosa batho ba hae ho lira tsa bahatelli, joalokaha ho bontšitsoe liphihlelong tsa batho ba hae ba boholo-holo ba khethiloeng.—Exoda 14:31; 15:6.
Ho Tseba Tsela eo ho ka Tsamauoang ka Eona
17. Jehova e ne e le oa sebele hakae ho Davida, ’me re ka kholiseha joang ka see?
17 Davida o ile a rapella thuso esere a shoa: “Ke otlollela matsoho a ka ho uena, moea oa ka o nyoretsoe uena, joalo ka hoja ke mobu o omileng. Jehova, phakisa u nkarabe; moea oa ka oa tepella. U se ke ua mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tšoana le batho ba theohelang lebitleng.” (Pesaleme ea 143:6, 7) Davida, oa moetsalibe, o ne a tseba hore Molimo o elelloa boemo ba hae. (Pesaleme ea 31:7) Ka linako tse ling le rōna re ka ’na ra ikutloa hore bomoea ba rōna bo theohile. Empa boemo boo ha bo lahlise tšepo. Jehova, ea utloang lithapelo tsa rōna, a ka ’na a re tsosolosa ka potlako ka ho re khatholla ka baholo ba lerato, lihlooho tse ka har’a Molula-Qhooa, kapa likarolo tsa liboka tseo ho bonahalang li lokiselitsoe rōna ka ho khetheha.—Esaia 32:1, 2.
18, 19. (a) Kōpo ea rōna e tiileng ho Jehova e lokela ho ba efe? (b) Re ka kholiseha ka eng?
18 Tšepo ea rōna ho Jehova e re susumelletsa ho mo kōpa ka tieo: ‘Nkutloise lentsoe la mohau oa hao, hobane ke itšepetse uena. U ntšupise tsela ee ke tšoanetseng ho ea ka eona.’ (Pesaleme ea 143:8) Na o ile a soetsa Morali’abo rōna Makris, ea neng a le thōko sehleke-hlekeng sa Greece? Ka hona na a ka u soetsa ha u ntse u etsa hore ho etsoa ha thato ea hae ho be ka sehloohong bophelong ba hao? Diabolose le mahlahana a hae ba ne ba ka rata ho sitisa mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo kapa ho o thibela ka ho feletseng. Ebang re sebeletsa linaheng tseo ho tsona borapeli ba ’nete bo lumeletsoeng ka kakaretso kapa re sebeletsa moo bo thibetsoeng, lithapelo tsa rōna tse momahaneng li lumellana le kōpo e matla ea Davida: “Jehova, u ntopolle lireng tsa ka, hobane ke balehela ho uena.” (Pesaleme ea 143:9) Ho sireletseha ha rōna tlokotsing ea moea ho itšetlehile ka ho lula sephiring sa Ea Holimo-limo.—Pesaleme ea 91:1.
19 Kholiseho ea rōna tabeng ea hore na ke sefe se ka sehloohong e behiloe motheong o tiileng. (Baroma 12:1, 2) Joale, hanela boiteko ba lefatše ba ho u qobella ho etsa seo u nahanang hore ke sa bohlokoa mokhoeng oa motho oa ho etsa lintho. Tsoela pele ho etsa hore karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba hao e bontše seo u tsebang hore se ka sehloohong—e leng ho etsoa ha thato ea Molimo.—Matheu 6:10; 7:21.
20. (a) Re ithutile eng ka Davida ho Pesaleme ea 143:1-9? (b) Bakreste kajeno ba bonahatsa moea oa Davida joang?
20 Litemana tse qalang tse robong tsa Pesaleme ea 143 li hatisa kamano ea botho e haufi ea Davida le Jehova. Ha a pota-potiloe ke lira, ka bolokolohi o ile a kōpa tataiso ho Molimo ka tieo. O ile a ntša maikutlo a hae, a batla thuso mabapi le tsela e nepahetseng eo a ka tsamaeang ka eona. Hoa tšoana le kajeno ka masala a batlotsuoa lefatšeng le metsoalle ea ’ona. Ba nka kamano ea bona le Jehova e le ea bohlokoa ha ba ntse ba mo kōpa tataiso ka tieo. Ba etelletsa ho etsoa ha thato ea Molimo pele, ho sa tsotellehe likhatello tse tsoang ho Diabolose le lefatše lena.
21. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re behe mohlala o motle e le hore re ka ruta ba bang se lokelang ho ba ka sehloohong bophelong ba bona?
21 Ho hlokahala hore ba limilione ba ithutang Bibele le Lipaki tsa Jehova ba hlokomele hore ho etsoa ha thato ea Molimo ho ka sehloohong. Re ka ba thusa ho utloisisa sena ha re hlahloba khaolo ea 13 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisang melao-motheo e amehang tabeng ea ho mamela Lentsoe.b Ho hlakile hore ho rōna ba lokela ho bona mohlala oa seo re ba rutang sona. Ka mor’a nako e batlang e le khutšoanyane, le bona ba tla tseba tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona. Joalokaha bana ba limilione ka bobona ba hlokomela seo e lokelang ho ba sa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona, ba bangata ba tla susumelletseha ho nka mehato ea ho inehela le ho kolobetsoa. Ka mor’a moo, phutheho e ka ba thusa ho tsoela pele ba tsamaea tseleng ea bophelo.
22. Ho tla hlahlojoa lipotso life sehloohong se latelang?
22 Ba bangata ba hlokomela habonolo hore thato ea Molimo e lokela ho ba ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Leha ho le joalo, Jehova o ruta bahlanka ba hae joang ho etsa thato ea hae mohato ka mohato? See se ba tlisetsa melemo efe? Lipotso tsena li tla hlahlojoa hammoho le temana ea sehlooho, Pesaleme ea 143:10, sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ka 1993 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b E hatisitsoe ka 1995 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Karabo ea Hao ke Efe?
◻ Re ka hlophisa lintho tse tlang pele joang, ka ho sebelisa Bafilippi 1:9, 10?
◻ Jesu o ile a bontša se ka sehloohong bophelong ba hae joang?
◻ Re ka ithuta eng liketsong tsa Davida ha a ne a le tekong?
◻ Pesaleme ea 143:1-9 e re thusa joang kajeno?
◻ Ke’ng e lokelang ho ba ka sehloohong bophelong ba rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Liketso tsa Davida li ile tsa paka hore o itšetlehile ka Jehova
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Reproduced from Illustrirte Pracht - Bibel/Heilige Schrift des Alten und Neuen Testaments, nach der deutschen Uebersetzung D. Martin Luther’s