KHAOLO EA 5
Matla a ho Bopa—“Ea Entseng Leholimo le Lefatše”
1, 2. Letsatsi le bonahatsa matla a Jehova a ho bopa joang?
NA U kile oa ema pel’a mollo bosiu ho bata? Mohlomong u ne u eme sebakeng se loketseng hantle u omositse matsoho mollong hore u futhumale hamonate. Haeba u o atamela haholo, mocheso o ne o u tlabola. Haeba u emella thoko haholo, moea o batang oa bosiu o ne o u puputla, u be u qhaqhasele.
2 Ho na le “mollo” o re futhumatsang motšehare. “Mollo” oo o tuka o le bohole ba likhilomithara tse ka bang limilione tse 150!a E tlameha ebe letsatsi le na le matla a makaakang, kaha u khona ho utloa mocheso oa lona le le hole hakaalo! Leha ho le joalo, lefatše le potoloha sebopi seo se hlollang sa mocheso oa matla a nyutlelie le le hole ka ho lekaneng. Haeba le ne le le haufi haholo, metsi a teng lefatšeng e ne e tla ba mouoane, haeba le ne le le hole haholo, a ne a tla fetoha leqhoa kaofela ha ’ona. Boemo leha e le bofe maemong ao a feteletseng bo ne bo tla etsa hore lefatše la rona le hloke bophelo. Khanya ea letsatsi ea hlokahala bakeng sa bophelo lefatšeng, hape e hloekile ’me e hlahisa liphello tse molemo, ho sa thoe letho ka ho rateha ha eona.—Moeklesia 11:7.
3. Letsatsi le paka ’nete efe ea bohlokoa?
3 Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nka letsatsi e se la bohlokoa hakaalo, le hoja bophelo ba bona bo itšetlehile ka lona. Kahoo, ha ba utloisise seo letsatsi le ka re rutang sona. Bibele e re ka Jehova: “U entse leseli le letsatsi.” (Pesaleme ea 74:16) E, letsatsi le tlotlisa Jehova, “ea entseng leholimo le lefatše.” (Pesaleme ea 19:1; 146:6) Ke se seng sa lihloliloeng tsa leholimo tse se nang palo tse re rutang ka boholo ba matla a Jehova a ho bopa. A re ke re hlahlobisiseng tse ling tsa tsona ebe joale re lebisa tlhokomelo ho lefatše le lintho tse phelang ho lona.
Jehova o “entse leseli le letsatsi”
“Phahamisetsang Mahlo Leholimong ’me le Bone”
4, 5. Letsatsi le matla ebile le leholo hakae, empa le bapisoa joang le linaleli tse ling?
4 E ka ’na eaba oa tseba hore letsatsi ke naleli. Le bonahala le le leholo ho feta linaleli tseo re li bonang bosiu hobane, ha le bapisoa le tsona, le batla le le haufi. Le matla hakae? Mocheso oa letsatsi e ka ba likhato tse 15 000 000 tsa Celsius khubung ea lona. Haeba u ne u ka nka phatsanyana ea khubu ea letsatsi e lekanang le hloohoana ea nalete, ’me oa e beha mona lefatšeng, u ne u ke ke oa ema u sireletsehile likhilomithara tse ka tlaase ho 140 thoko le mohloli oo o monyenyane oa mocheso! Ka motsotsoana o mong le o mong, letsatsi le ntša matla a lekanang le a ho qhoma ha libomo tsa nyutlelie tse limilione tse makholo.
5 Letsatsi le leholo hoo lipolanete tse 1 300 000 tse lekanang le lefatše la rona li ka fellang ka har’a lona. Na letsatsi ke naleli e kholo ka ho sa tloaelehang? Che, litsebi tsa linaleli li le bitsa naletsana e tšehla. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore “khanya ea naleli e ’ngoe ha e tšoane le ea naleli e ’ngoe.” (1 Bakorinthe 15:41) O ne a sa tsebe hore na mantsoe ao a bululetsoeng ke ’nete hakae. Ho na le naleli e ’ngoe e kholohali hoo haeba e ne e ka behoa moo letsatsi le leng teng, lefatše la rona le neng le tla ba ka har’a eona. Naleli e ’ngoe e kholohali haeba e ne e ka behoa moo letsatsi le leng teng e ne e tla fihla ho Saturn, le hoja polanete eo e le hole le lefatše hoo sefofa-sebakeng se mathang ka lebelo le fetang la kulo e betsoang ka sethunya se matla ka makhetlo a fetang a 40, se ileng sa nka lilemo tse ’nè ho fihla ho eona!
6. Bibele e bontša joang hore palo ea linaleli e kholo haholo ho ea ka pono ea batho?
6 Ho bileng ho hlollang le ho feta boholo ba linaleli ke palo ea tsona. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore linaleli li ngata hoo li se nang le palo, joalokaha ho le thata ho bala “lehlabathe la leoatle.” (Jeremia 33:22) Polelo ena e bontša hore ho na le linaleli tse ling tse ngata ho feta tseo mahlo a ka li bonang. Etsoe, haeba mongoli oa Bibele, ea kang Jeremia, a ne a ile a talima sepakapaka bosiu ’me a leka ho bala linaleli tseo a li bonang, o ne a ka bala tse likete tse tharo feela kapa ho feta-feta moo, hobane ke tsona tseo mahlo a motho a ka li bonang a sa sebelise sebonela-hole bosiu ha ho elile. Palo eo e ka ’na ea bapisoa le ea lehlabathe le tletseng seatla feela. Leha ho le joalo, ’nete ea taba ke hore palo ea linaleli e kholo haholo, e tšoana le ea lehlabathe la leoatle.b Ke mang ea ka balang palo eo?
“E ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa ka lebitso”
7. E ka ’na eaba ho na le linaleli tse kae sehlopheng sa rona sa linaleli le lihlopha tse kae tsa linaleli bokahohleng?
7 Esaia 40:26 ea araba: “Phahamisetsang mahlo leholimong ’me le bone. Ke mang ea bopileng lintho tsee? Ke ea li etellang pele joaloka lebotho a bile a li bala kaofela, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa ka lebitso.” Pesaleme ea 147:4 e re: “O tseba palo ea linaleli.” “Palo ea linaleli” e kae? Eo ke potso e thata. Litsebi tsa linaleli li hakantse hore ho na le linaleli tse fetang libilione tse 100 sehlopheng sa rona feela sa linaleli sa Milky Way.c Litsebi tse ling li re ho na le linaleli tse fetang palo eo. Empa sehlopha sa rona e mpa e le se seng sa lihlopha tse ngata tsa linaleli, ’me bongata ba tsona li na le linaleli tse ngata le ho feta. Ho na le lihlopha tse kae tsa linaleli? Litsebi tse ling tsa linaleli li hakanya hore ho ka ba le lihlopha tse libilione tse makholo tsa linaleli. Ho fihlela ha joale, ho bonahala motho a ka sitoa le ho lekanya palo ea lihlopha tsa linaleli, ho se ho sa thoe letho ka palo e tobileng ea linaleli tsohle tse teng ho tsona tse limilione tse likete. Empa Jehova o tseba palo eo. Ho feta moo, o reha naleli e ’ngoe le e ’ngoe lebitso!
8. (a) U ka hlalosa boholo ba sehlopha sa linaleli sa Milky Way joang? (b) Jehova o laola motsamao oa lihloliloeng tsa leholimo ka mokhoa ofe?
8 Ho hlolloa ha rona ho eketseha le ho feta ha re nahana ka boholo ba lihlopha tsa linaleli. Ho ’nile ha hakanngoa hore ho haola sehlopha sa linaleli sa Milky Way ho ka nka lilemo tse ka bang 100 000 tsa ho tsamaea ha leseli. Nahana ka khanya ea leseli e tsamaeang ka lebelo le phahameng la likhilomithara tse 300 000 ka motsotsoana. E ne e tla nka lilemo tse 100 000 ho haola sehlopha sa rona sa linaleli! ’Me lihlopha tse ling tsa linaleli li feta sa rona ka boholo ka makhetlo a mangata. Bibele e re Jehova o otlolla “maholimo” ana a maholo joalokaha eka ke lesela feela tjee. (Pesaleme ea 104:2) O laola le motsamao oa lintho tsena tse bopiloeng. Ho tloha tholenyaneng e teng linaleling ho isa sehlopheng se seholohali sa linaleli, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaea ho ea ka melao ea tlhaho eo Molimo a e behileng le eo a e sebelisang. (Jobo 38:31-33) Kahoo, bo-rasaense ba ’nile ba bapisa motsamao o phethahetseng oa lihloliloeng tsa leholimo le tlhophiso ea tantši e khahlehang! Joale, ak’u nahane ka ea bopileng lintho tsena. Na ha u tleloe ke tšabo e nang le tlhompho ha u nahana ka Molimo ea nang le matla a maholohali joalo a ho bopa?
“Ea Entseng Lefatše ka Matla a Hae”
9, 10. Jehova o behile lefatše joang, hona seo se re ruta’ng ka eena?
9 Matla a Jehova a ho bopa a bonahala lehaeng la rona, e leng lefatše. O behile lefatše ka hloko bokahohleng bona bo boholohali. Bo-rasaense ba bang ba lumela hore lihlopha tse ngata tsa linaleli li ne li ka ’na tsa se ke tsa lumella hore bophelo bo be teng lefatšeng haeba le ne le lutse ho tsona. Karolo e kholo ea sehlopha sa rona sa linaleli sa Milky Way e bonahala e ne e sa etsetsoa hore e be le bophelo. Khubu ea eona e tletse linaleli. E na le mahlaseli a mangata a kotsi, ’me linaleli li atisa ho batla li thulana. Meeli ea sehlopha sena sa linaleli ha e na lintho tsa motheo tse hlokahalang bakeng sa bophelo. Setsi sa rona sa lipolanete tse potolohang letsatsi se sebakeng se loketseng pakeng tsa maemo ao a feteletseng.
10 Lefatše le sireletsoa ke polanete e hole e kholo, e leng Jupiter. Jupiter e fetang Lefatše ka makhetlo a sekete, e ntša matla a hlollang a khoheli. Ka lebaka leo, e hula le hona ho khelosa lintho tse haolang ka lebelo sepakapakeng. Bo-rasaense ba bolela hore ha e ne e se ka Jupiter, lethala la lintho tse kholo tse tsoibiloang sebakeng le ne le tla ruthutha lefatše ho feta hona joale ka makhetlo a 10 000. Haufi le lona, lefatše la rona le rua molemo sathelaeteng e ’ngoe e ikhethang, e leng khoeli. Ntle le hore khoeli e ntle le hore e “khantša bosiu,” e boloka lefatše le sekame ka linako tsohle. Ho sekama hona ho etsa hore lefatše le be le linako tsa selemo tse tsitsitseng, tse ka tsejoang esale pele e leng molemo o mong oa bohlokoa bakeng sa bophelo mona.
11. Sepakapaka se etselitsoe ho ba thebe e sireletsang joang?
11 Matla a Jehova a ho bopa a bonahala tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe popong ea lefatše. Nahana ka sepakapaka, seo e leng thebe e sireletsang. Letsatsi le ntša mahlaseli a phelisang le a bolaeang. Ha mahlaseli a kotsi a fihla karolong e ka holimo ea sepakapaka sa lefatše, a fetola oksijene e tloaelehileng hore ebe ozone. Ka lehlakoreng le leng, lera leo la ozone le monya boholo ba mahlaseli ao. Ha e le hantle, polanete ea rona e entsoe e e-na le sekhele sa eona se e sireletsang!
12. Potoloho ea metsi sepakapakeng e bontša matla a Jehova a ho bopa joang?
12 Eo e mpa e le tšobotsi e le ’ngoe feela ea sepakapaka sa rona, seo e leng motsoako o rarahaneng oa meea e loketseng ho tšehetsa libopuoa tse phelang lefatšeng kapa tse haufi le lona. Har’a limakatso tsa sepakapaka ke potoloho ea metsi. Selemo le selemo letsatsi le nyolla metsi a fetang li-cubic kilometer tse 400 000 e le mouoane maoatleng a lefatše. Metsi ao a bopa maru, ao meea ea sepakapaka e a isang hole le haufi. Metsi ana, ao joale a seng a sefiloe le ho hloekisoa, a theoha e le pula, lehloa le leqhoa, a boela a tlatsa phepelo ea metsi. Ho joalo feela kaha Moeklesia 1:7 e re: “Linoka kaofela li phallela leoatleng empa leoatle ha le tlale. Li khutlela sebakeng seo li qalileng ho phalla li le ho sona e le hore li phalle hape.” Ke Jehova feela ea neng a ka qalisa potoloho e joalo.
13. Re bona bopaki bofe ba matla a ’Mopi limeleng le mobung?
13 Kae le kae moo re bonang bophelo teng, re bona bopaki ba matla a ’Mopi. Ho tloha ho li-redwood tse telele ho feta mehaho e phahameng ea mekato e fetang 30, ho isa ho limela tse nyenyane haholo tse runyang maoatleng le tse fanang ka karolo e kholo ea oksijene eo re e hemang, matla a Jehova a ho bopa aa bonahala. Mobu ka booona o tletse lintho tse phelang tse kang liboko, hlobo, le likokoanyana tse nyenyane hoo li sa bonahaleng, tsohle li sebetsa hammoho ka tsela e rarahaneng ho thusa limela ho hola. Ka ho loketseng, Bibele e re mobu o na le matla.—Genese 4:12, naletsana.
14. Athomo e nyenyane e na le matla a makae?
14 Ntle ho pelaelo, Jehova ke eena “ea entseng lefatše ka matla a hae.” (Jeremia 10:12) Matla a Molimo a bonahala esita le linthong tse nyenyane ka ho fetisisa tseo a li bopileng. Ka mohlala, liathomo tse milione tse pakiloeng nģa e le ’ngoe ha li lekane le moriri oa motho ka botenya. Esita leha athomo e ne e ka sarolloa ho fihlela e lekana le mohaho o mekato e 14 ka bolelele, khubu ea eona e ne e tla lekana le thollo ea letsoai feela e mokatong oa bosupa. Leha ho le joalo, khubu eo e nyenyane haholo ke oona mohloli oa matla a hlollang a lokolloang ha nyutlelie e phatloha!
“Lintho Tsohle Tse Phelang”
15. Ka ho bua ka liphoofolo tse sa tšoaneng tse hlaha, Jehova o ile a ruta Jobo thuto efe?
15 Bopaki bo bong bo hlakileng ba matla a Jehova a ho bopa bo liphoofolong tse ngata tse phelang lefatšeng. Pesaleme ea 148 e thathamisa lintho tse ngata tse rorisang Jehova, ’me temana ea 10 e akareletsa “liphoofolo tse hlaha le liphoofolo tsohle tse ruuoang.” Ha a bontša hore na ke hobane’ng ha motho a lokela ho tšaba ’Mopi ka tšabo e nang le tlhompho, Jehova o ile a bua le Jobo ka liphoofolo tse kang tau, qoaha, poho e hlaha, Behemothe (kapa kubu) le Leviathane (e leng koena, kamoo ho bonahalang kateng). E le ha a bontša’ng? Hore haeba motho a hlolloa ke libopuoa tsena tse matla, tse tšabehang le tse sa thapeng, o lokela ho ikutloa joang ka ’Mopi oa tsona?—Jobo, khaolo ea 38-41.
16. Ke’ng se u khahlang ka tse ling tsa linonyana tseo Jehova a li bopileng?
16 Pesaleme ea 148:10 e boetse e bua ka “linonyana.” Ak’u nahane feela ka mefuta ea tsona e sa tšoaneng! Jehova o ile a bolella Jobo ka mpshe, e ‘tšehang pere le motho ea e palameng.’ Ka sebele, le hoja e ka ’na eaba nonyana ena e bolelele ba limithara tse 2,5 ha e khone ho fofa, e khona ho matha likhilomithara tse 65 ka hora, e namalatsa limithara tse 4,5 ka nako e le ’ngoe! (Jobo 39:13, 18) Ka lehlakoreng le leng, nonyana e bitsoang albatross e qeta boholo ba nako ea eona ea bophelo e fofa holim’a maoatle. Nonyana ena eo ha e otlolotse mapheo a etsang bophara ba limithara tse tharo, e khona ho lelemela feela ha e fofa. E ka ’na ea qeta lihora e fofa e phukalalitse mapheo e sa a uputse. Ka lehlakoreng le leng, bee hummingbird ke nonyana e nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng, e bolelele ba lisenthimithara tsa hlano feela. E ka ’na ea uputsa mapheo ka makhetlo a isang ho a 80 ka motsotsoana! Li-hummingbird tse phatsimang tse kang mahakoe a manyenyane a nang le mapheo, li ka okaoka joaloka liroala-nkhoana esita le ho fofa ka santhao.
17. Leruarua le leholo hakae, hona re lokela ho etsa qeto efe e utloahalang ka mor’a ho nahana ka liphoofolo tseo Jehova a li bopileng?
17 Pesaleme ea 148:7 e re esita le “liphoofolo tse kholo tsa leoatle” li rorisa Jehova. Ak’u nahane ka phoofolo eo ba bangata ba lumelang hore ke eona e kholo ka ho fetisisa e kileng ea phela polaneteng ena, e leng leruarua le leputsoa. Leruarua lena le phelang ‘metsing a tebileng’ le ka ’na la e-ba bolelele ba limithara tse 30 kapa ho feta. Ka boima le ka ’na la lekana le mohlape oa litlou tse 30 tse kholo. Leleme la lona feela le lekana le tlou e le ’ngoe ka boima. Pelo ea lona e lekana le koloi e nyenyane. Setho sena se seholohali se otla ka makhetlo a 9 feela ka motsotso, ho fapana le pelo ea hummingbird, e ka ’nang ea otla ka makhetlo a ka bang 1 200 ka motsotso. Bonyane o mong oa methapo ea mali ea leruarua le leputsoa o moholo hoo ngoana a ka khasang ka har’a oona. Ka sebele lipelo tsa rona li re susumelletsa ho arabela khothatsong e qetellang bukeng ea Lipesaleme: “Lintho tsohle tse phelang li ke li rorise Jah.”—Pesaleme ea 150:6.
Ho Ithuta Matleng a Jehova a ho Bopa
18, 19. Jehova o bopile lintho tse ngata hakae tse phelang tse fapakaneng, hona popo e re ruta eng ka bobusi ba hae?
18 Re ithuta eng tseleng eo Jehova a sebelisang matla a hae a ho bopa? Re hlolloa ke mefuta e sa tšoaneng ea popo. Mopesaleme e mong o ile a re: “Jehova, lintho tseo u li entseng li ngata haholo. . . . Lefatše le tletse lintho tseo u li entseng.” (Pesaleme ea 104:24) Seo ke ’nete hakaakang! Litsebi tsa baeloji li fumane mefuta e fetang milione ea lintho tse phelang lefatšeng. Leha ho le joalo, maikutlo a tsona aa fapana tabeng ea hore na ebe ho ka ba le tse ling hape tse limilione tse ngata le ho feta. Motho ea etsang litšoantšo a ka ’na a iphumana ka nako e ’ngoe a feletsoe ke likhopolo tsa ho qapa. Ho fapana le hoo, likhopolo tsa Jehova tsa ho qapa kapa matla a hae a ho qapa le ho bopa lintho tse ncha tse fapa-fapaneng, ka ho hlakileng ke tse ke keng tsa fela.
19 Tsela eo Jehova a sebelisang matla a hae a ho bopa ho re ruta ho hong ka bobusi ba hae. Lentsoe “’Mopi” ka bolona le khetholla Jehova ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe bokahohleng, tseo kaofela ha tsona e leng “popo.” Esita le Mora oa Jehova ea mong, ea ileng a sebeletsa e le “mosebetsi ea hloahloa” nakong ea popo, ha ho mohla a bitsoang ’Mopi kapa ’Mopi-’moho ka Bibeleng. (Liproverbia 8:30; Matheu 19:4) Ho e-na le hoo, ke “letsibolo la popo eohle.” (Bakolose 1:15) Boemo ba Jehova e le ’Mopi bo mo fa tokelo ea motheo ea ho sebelisa matla a bobusi ka ho feletseng bokahohleng bohle.—Baroma 1:20; Tšenolo 4:11.
20. Jehova o phomotse ka kutloisiso efe ho tloha ha a qeta popo ea hae ea lefatšeng?
20 Na Jehova o khaolitse ho sebelisa matla a hae a ho bopa? Ha e le hantle, Bibele e bolela hore ha Jehova a qeta mosebetsi oa hae oa popo ka letsatsi la botšelela la popo, “Ka letsatsi la bosupa . . . a phomola ka mor’a mosebetsi oohle oo a o entseng.” (Genese 2:2) Moapostola Pauluse o ile a bontša hore “letsatsi” lena la bosupa le bolelele ba lilemo tse likete, kaha le ne le ntse le tsoela pele mehleng ea hae. (Baheberu 4:3-6) Empa na ho “phomola” ho bolela hore Jehova o khaolitse ho sebetsa ka ho feletseng? Che, ha ho mohla Jehova a khaotsang ho sebetsa. (Pesaleme ea 92:4; Johanne 5:17) Kahoo, e tlameha ebe ho phomola ha hae ho mpa ho bolela ho emisa mosebetsi oa hae oa ho bopa lintho tse bonahalang lefatšeng. Leha ho le joalo, mosebetsi oa hae oa ho phetha merero ea hae o tsoetse pele o sa sitisoe ke letho. Mosebetsi oo o ne o akarelletsa ho bululeloa ha Mangolo a Halalelang. Mosebetsi oa hae o bile oa akarelletsa ho hlahisoa ha “lintho tse ncha,” e leng ntlha e tla tšohloa Khaolong ea 19.—2 Bakorinthe 5:17.
21. Matla a Jehova a ho bopa a tla ama batho ba tšepahalang joang ka ho sa feleng?
21 Ha letsatsi la Jehova la phomolo le fela qetellong, o tla khona ho phatlalatsa mosebetsi oohle oa hae lefatšeng e le o “molemo haholo,” feela joalokaha a ile a phatlalatsa qetellong ea matsatsi a tšeletseng a popo. (Genese 1:31) Hore na a ka khetha ho sebelisa matla a hae a se nang moeli a ho bopa ka tsela efe ka morao ho moo, ha re tsebe. Boemong leha e le bofe, e se eka re ka kholiseha hore re tla ’ne re hlolloe ke tsela eo Jehova a sebelisang matla a ho bopa ka eona. Re tla ithuta ka Jehova ka ho eketsehileng popong ea hae, ka ho sa feleng. (Moeklesia 3:11) Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng ka eena, tšabo ea rona e nang le tlhompho e tla teba haholoanyane ’me re tla atamela haholoanyane ho ’Mopi oa rona e Moholo.
a Ho qaqisa palo ena e kholo, nahana ka sena: Ho tsamaea sebaka seo ka koloi le haeba u tsamaea ka lebelo la likhilomithara tse 160 ka hora, lihora tse 24 ka letsatsi, ho ne ho tla u nka lilemo tse fetang tse lekholo!
b Ba bang ba nahana hore e tlameha ebe batho ba boholo-holo ba mehleng ea Bibele ba ne ba sebelisa mofuta o sa tsoelang pele oa sebonela-hole. Ho ea kamoo ba nahanang kateng, haeba ho se joalo, ke joang batho ba mehleng eo ba neng ba ka tseba hore palo ea linaleli e kholo haholo, hore motho a ke ke a li bala? Monahano oo o se nang motheo ha o re letho ka Jehova, e leng eena Mongoli oa Bibele.—2 Timothea 3:16.
c Nahana hore na ho ne ho tla u nka nako e kae ho bala feela linaleli tse limilione tse likete tse 100. Haeba ka motsotsoana o mong le o mong u ne u ka bala e le ’ngoe ’me u bale joalo ka lihora tse 24 ka letsatsi, u ne u tla nka lilemo tse 3 171!