Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 7/8 maq. 8-10
  • Ho Thusa Bacha ho Baleha “Tloaelo ea ho Bolaea”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa Bacha ho Baleha “Tloaelo ea ho Bolaea”
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Batsoali ba ka se Etsang
  • Nakong eo ‘Lefu le sa Tl’o Hlola le E-ba Teng’
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 7/8 maq. 8-10

Ho Thusa Bacha ho Baleha “Tloaelo ea ho Bolaea”

Ke lintho life tse bonoang har’a bacha kajeno tse etsang hore ba haptjoe ke taba ea ho bolaea? Moemeli Henry Hyde, oa Illinois, U.S.A., o itse: “Ho na le lephaka la moea bacheng bana le tlatsoang ke tloaelo ea ho bolaea le pefo.”

’MALI oa Time o ngotse: “Batsoali ba botsoa, boithabiso bo mabifi le ho hloka mabaka a boitšoaro le a moea ke tsona lintho tse ikarabellang bakeng sa tloaelo ena ea ho bolaea e teng bacheng ba rōna ba bangata kajeno.”

Bolutu ke bo bong ba mathata a maholo a hlasetseng bacha. Ba bang ba lula malapeng ao batsoali ka bobeli ba sebetsang ’me ha ba eo boholo ba letsatsi; ba bang ba na le motsoali a le mong feela. Ho latela mohloli o mong, bacha ba United States ba qeta lihora tse ka bang 3,5 ba le bang letsatsi le leng le le leng ’me lihora tseo ba li qetang le batsoali ba bona beke e ’ngoe le e ’ngoe li fokotsehile ka tse 11 ha ho bapisoa le tseo bacha ba lilemong tsa bo-1960 ba neng ba li qeta le batsoali ba bona. Ha e le hantle, bacha ba bang ha ba ke ba e-ba le batsoali ba bona kapa hona ho fumana tšehetso ea bona maikutlong.

Seo Batsoali ba ka se Etsang

Ka lebaka la “lephaka la moea” leo bacha ba talimanang le lona, karolo e phethoang ke batsoali ke ea bohlokoa hakae? Batsoali ba bohlale baa utloisisa hore ka lehlakoreng le leng, bana ba bona ba hloka boithabiso bo hahang le hore ka ho le leng, ba hloka tšehetso ea botho ea kamehla. Ba susumetsoa ke thahasello e lerato, batsoali ba ka bua le bona ka ’mino oo ba o ratang, mananeo a thelevishene, livideo, libuka tsa lipale, lipapali tsa video le lifilimi. Le hoja bacha ba ka ’na ba se ke ba itlhalosa, bongata ba bona bo laba-labela boikutlo bo mofuthu le tataiso e lerato tsa batsoali ba bona. Ba hloka likarabo tse hlakileng hobane ba phela lefatšeng le tletseng ka lintho tse sa tsitsang. Batho ba baholo ba lokela ho utloisisa hore bacha ba tobane le lefatše le rarahaneng haholo ho feta kamoo le neng le le kateng ha bona e sa le bacha.

Batsoali ba ratang ho sireletsa bana ba bona ba tla bua le bona kamehla, ba ba mamele ka hloko le ho ba lemosa ka likotsi tse amehang tloaelong ea kajeno. Ha batsoali ba beha meeli e tiileng ’me e le ba tsitsitseng le ba nahanelang ebile e le ba ratang bana ba bona, ka tloaelo ba tla khola litholoana tse monate.—Matheu 5:37.

Batsoali bao e leng Lipaki tsa Jehova ba etsa boiteko ba ho buisana le bana ba bona kamehla, ba sebelisa Bibele le lingoliloeng le livideo tse thehiloeng Bibeleng.a Ba sebelisa linako tse joalo ho hlahloba lintlha tse hahang moeeng, eseng ho khalemela bana ba bona. Ha lelapa le kopane hammoho tjena, ba mamela mathata kapa liphephetso tse amang bana ba bona ka bomong e le hore bacha ba ka fumana monyetla oa ho fuoa tlhokomelo ka bomong.

Bacha ba sa fumaneng tataiso ea moea ho batsoali ba bona ba ka fumana khothatso ho Pesaleme ea 27:10, e reng: “Leha ntate le ’me ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” Jehova, Ntate oa mehauhelo e bonolo, o thusa bacha joang? Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova e ’nile ea e-ba setšabelo seo ho sona ba bangata ba fumaneng kameho e lerato ea batho ba bang ’me lipelaelo tsa bona tsa raroloha. Josías, mohlankana ea ileng a bona hore seo ke ’nete, oa hlalosa: “Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o phetha karolo ea bohlokoa. Ke ne ke nka bophelo e se ba bohlokoa. Ke ne ke phela ke se na morero, ke se na tšepo. Ho tseba hore ha ke mong ho ile ha fetola bophelo ba ka ka ho feletseng. Ke ile ka fumana ho barab’eso lelapa leo ke neng ke lahlehetsoe ke lona. Baholo le malapa ka phuthehong ba tšoana le ankora maikutlong.”

Ha e le hantle, bacha ba bangata le batho ba baholo ba ntlafalitse bophelo ba bona ba maikutlo le ba moea ka ho ba teng libokeng tsa phutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Setsebi sa thuto e mabapi le batho, Patricia Fortuny, se ile sa hlalosa phello ena e ntle tjena moqoqong oa sona o neng o na le sehlooho se reng, Los Testigos de Jehová: una alternativa religiosa para enfrentar el fin del milenio (Lipaki tsa Jehova: Bolumeli bo ka Khethoang Bakeng sa ho Tobana le ho Fela ha Lilemo tse Sekete): “Lipaki tsa Jehova li fana ka tsamaiso ea bophelo e hlakileng le e utloahalang e ka sebelisoang bophelong ba letsatsi le letsatsi, litekanyetso tse nepahetseng tse tataisang monahano le liketso.” “Tsamaiso ea bophelo” le “litekanyetso” tseo ho buuoang ka tsona mona li itšetlehile ka Bibele. Ka hona, le hoja Lipaki tsa Jehova li thulana le mathata le likhatello tse tšoanang le tse hlahelang baahisane ba tsona, li matlafatsoa ke bohlale bo ikhethileng ba buka eo ea khale. E, Lipaki li fumana setšabelo lithutong tse hlakileng le melao-motheo tse fumanoang ka Bibeleng.

Nakong eo ‘Lefu le sa Tl’o Hlola le E-ba Teng’

Thuto e fanoang Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova e hatisa ka makhetlo tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha le tla ba teng haufinyane, moo “ho loka ho tla aha” le moo ho seng ‘ea tla tšosa.’ (2 Petrose 3:13; Mikea 4:4) Ho feta moo, moprofeta Esaia o tlaleha hore ka nako eo, Molimo “o tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” Lefu le hlahela moloko oa batho ka lebaka la ho tlōla molao ha motho oa pele, Adama, empa tšepiso ea Molimo ke hore haufinyane “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Esaia 25:8; Tšenolo 21:3, 4; Baroma 5:12.

Haeba u mocha ea batlang thuso, re u khothalletsa hore u batle tšepo le lebaka la ho phela ka Bibeleng. Ka thuso ea Lipaki tsa Jehova, u ka ba le tšepo ea hore linako tse molemo ka ho fetisisa li larile ka pel’a rōna lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends?, e hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Hona joale e fumaneha ka Senyesemane ’me e fana ka thuso e sebetsang ho bacha.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Batsoali ba lokela ho nka nako ea ho mamela bana ba bona ka hloko le ho utloisisa mathata a bona

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

“Lipaki tsa Jehova li fana ka tsamaiso ea bophelo e hlakileng le e utloahalang e ka sebelisoang bophelong ba letsatsi le letsatsi”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela