Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/12 maq. 7-9
  • Ho Laola Khalefo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Laola Khalefo
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tlohela Bohale”
  • Fokotsa ho Tlalellana ke Bohale
  • Ithute ho Theola Maikutlo
  • U se ke Ua Lebella Lintho Tse Khōlō
  • Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?
    Tsoha!—1994
  • Bohale—Ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—1987
  • Bothata ba ho Halefa
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 3/12 maq. 7-9

Ho Laola Khalefo

LILEMONG tse fetang 2 000 tse fetileng, rafilosofi oa Mogerike e leng Aristotle o ile a sebelisa poleloana e reng “ho ikimolla kelellong” e le ha a hlalosa “ho ntša” kapa ho lokolla maikutlo a bakang khatello kelellong, ka ho shebella papali kapa tšoantšiso e sehlōhō. Khopolo eo e ne e le ea hore ha motho a ntšitse khatello kelellong, o tla ikutloa a imolohile a bile a khatholohile.

Qalong ea lilemo tse lekholo tse fetileng, ngaka ea Moaustria ea boloetse ba methapo, e leng Sigmund Freud o ile a ntšetsa pele khopolo e tšoanang. O ile a bolela hore haeba batho ba koalla kapa ba bipetsa maikutlo a mabe, hamorao a tla hlahella e se e le boloetse ba kelello, bo kang ho ba le tšabo e sa laoleheng. Kahoo, Freud o ile a tšehetsa taba ea hore motho o lokela ho bontša khalefo ho e-na le hore a e thibele.

Lilemong tsa morao tjena, bafuputsi ba ileng ba hlahloba khopolo-taba ena ea ho ikimolla kelellong e ’nileng ea sebelisoa ho pholletsa le lilemo tsa bo-1970 le 1980, ha baa ka ba fumana bopaki bo bokaalo bo tšehetsang taba ena. Liphuputso tsena li ile tsa etsa hore setsebi sa kelello, e leng Carol Tavris, se ngole tjena: “Ke nako ea hore re khaotse ho tšehetsa khopolo-taba ea ho ikimolla kelellong. Ho lumela hore ho shebella liketso tse mabifi ho felisa (kapa ‘ho kokobetsa’) lehloeo ha ho mohla ho kileng ha tšehetsoa ke liphuputso tse entsoeng.”

Setsebi se seng sa kelello, se bitsoang Gary Hankins, se itse: “Liphuputso li bontša hore ‘ho ntša’ khalefo eohle ka morero oa ho imolla kelello hangata ho etsa hore u ikutloe u halefile le ho feta.” Ke ’nete hore litsebi tsa mafu a kelello li ka ’na tsa se ke tsa fihlela tumellano tabeng ena ea ho ikimolla kelellong. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ruile molemo mohloling o mong oa bohlale, e leng Bibele.

“Tlohela Bohale”

Taba ea ho laola bohale e hlalositsoe ka bokhabane ke mongoli e mong oa Bibele, e leng mopesaleme Davida. O ile a re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; u se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.” (Pesaleme ea 37:8) Tsela eo u ka qobang ho bua kapa ho etsa lintho tseo u tla ikoahlaela tsona hamorao ke hore u tlohe linthong tse ka ’nang tsa u “halefisa.” Ke ’nete hore ha ho bonolo ho etsa joalo. Empa ke ntho e ka etsahalang! A re hlahlobeng litsela tse tharo tseo u ka li sebelisang hore u laole khalefo.

Fokotsa ho Tlalellana ke Bohale

E le hore u fokotse bohale, theola moea ’me u kokobetse maikutlo. Qoba ho bua ntho leha e le efe e tlang pele kelellong. Haeba u ikutloa u futhumala ’me ho bonahala eka u kotsing ea ho hlōleha ho laola maikutlo, sebelisa keletso ea Bibele e reng: “Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi; kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.”—Liproverbia 17:14.

Keletso eo, e ile ea thusa monna ea bitsoang Jack hore a hlōle bothata ba ho ba mabifi. Ho na le linako tseo ka tsona ntate oa Jack a neng a tahoa ’me a e-ba mabifi. Ha Jack a ntse a hōla, le eena o ile a ba mabifi. O re: “Ha ke halefa, ke ne ke ikutloa eka kea cha. Ke ne ke omana ke bile ke otla ka litebele.”

Leha ho le joalo, lintho li ile tsa fetoha ha Jack a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O ile a utloisisa hore ka thuso ea Molimo, a ka fetoha ’me a ithuta ho laola khalefo. O ile a fela a fetoha! Ha Jack a hlalosa kamoo a ileng a itšoara kateng ha mosebetsi-’moho le eena a mo rohaka a halefile, o re: “Ke ne ke thothomela ke bohale. Qalong ke ne ke batla ho mo tšoara ’me ke mo tabanye fatše.”

Ke’ng se ileng sa qetella se thusitse Jack hore a khobe matšoafo? Oa hlalosa: “Ke hopola ke rapela ke re, ‘Ka kōpo Jehova, nthuse hore ke khobe matšoafo!’ Eaba ka lekhetlo la pele, ke ikutloa ke apareloa ke khotso, ’me ka itsamaela.” Jack o ile a tsoela pele a ithuta Bibele. O ne a qeta nako e ngata a rapela le ho thuisa ka mangolo a kang Liproverbia 26:20, e reng: “Moo ho se nang patsi mollo oa tima.” Hamorao, Jack o ile a qetella a khona ho laola khalefo.

Ithute ho Theola Maikutlo

“Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” (Liproverbia 14:30) Ho sebelisa ’nete ena ea bohlokoa ea Bibele ho ka thusa motho hore a phele hantle maikutlong, ’meleng le moeeng. Qala ka ho ithuta mekhoa e bonolo ea ho theola maikutlo e ka u thusang hore u fokotse ho ikutloa u halefile. Mekhoa e latelang e ipakile e sebetsa tabeng ea ho loantša bohale bo bakoang ke khatello ea kelello:

● Ho hula moea o mongata, e leng tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa—le e potlakang—ea ho fokotsa ho tlalellana ke bohale.

● Ha u ntse u hula moea, pheta-pheta lentsoe kapa polelo e u thusang ho khoba matšoafo e kang, “theola maikutlo,” “tlohela taba ena,” kapa “khoba matšoafo.”

● Ho etsa lintho tseo u li ratang haholo—mohlomong ho bala, ho mamela ’mino, ho sebetsa serapeng kapa ho etsa ntho leha e le efe e u khathollang.

● Ho ikoetlisa kamehla le ho ja lijo tse nang le phepo.

U se ke Ua Lebella Lintho Tse Khōlō

U ka ’na ua sitoa ho qoba ka ho feletseng batho kapa lintho tse u halefisang, empa u ka ithuta ho laola tsela eo u itšoarang ka eona ha u halefisoa ke ba bang. Sena se akarelletsa hore u fetole tsela eo u nahanang ka eona.

Hangata batho ba lebellang lintho tse khōlō ba ba le bothata ba khalefo. Hobane’ng? Hobane haeba motho a sa etse lintho ka tsela ea bona, kapa lintho li sa etsahale ho ea kamoo ba lebeletseng kateng, baa soetseha ebe hang ka mor’a moo, baa halefa. E le hore u loantše maikutlo ana a ho batla hore lintho li etsoe ka tsela e phethahetseng, ke habohlokoa ho hopola hore “ha ho motho ea lokileng, esita le ea mong . . . Batho bohle ba khelohile, kaofela ha bona.” (Baroma 3:10, 12) Ka lebaka leo, re tla soetseha haeba re nahana hore rōna kapa motho leha e le ofe a ka etsa lintho ka tsela e phethahetseng.

Re tla be re etsa ka bohlale haeba re sa lebelle hore rōna kapa batho ba bang re etse lintho tseo re ke keng ra li khona. Bibele e re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng.” (Jakobo 3:2) Ka sebele, “ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moeklesia 7:20) Kahoo, haeba re leka ho iketsa seo re seng sona—re batla ho etsa lintho tseo re ke keng ra li khona—seo se tla etsa hore bophelo ba rōna bo tlale pherekano le khalefo.

Kaha re batho ba sa phethahalang, rea halefa nako le nako. Empa motho ka mong o ikhethela tsela eo a tla bontša khalefo ka eona. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Ka sebele, ha re laola khalefo, re ka ntša maikutlo ka tsela e nepahetseng, e leng tsela e tla ruisa batho bohle ba amehang molemo.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 8, 9]

ITHUTE HO THEOLA MAIKUTLO

Itloaetse ho hula moea o mongata

Etsa lintho tseo u li ratang haholo

Ikoetlise kamehla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela