Na ho Nahana Lintho tse Iqapeloang ho Fosahetse?
Ntho ea ho qetela eo u e hopolang e ne e le molumo oa lentsoe la tichere ea hao ha e ne e ruta lipalo tsa algebra ka monyebe, empa kelello ea hao ha e sa le ka tlelaseng; e se e leleretse lebōpong la leoatle moo lelapa leno le neng le etetse teng lehlabuleng le fetileng. U ka utloa lehlabathe lane le chesang le letsatsi le futhumetseng. U ka utloa molumo oa maqhubu a otlang lebōpong, molumo oa bana ba bapalang, na ke molumo . . . oa ho keketeha ha liithuti-’moho le uena ka tlelaseng? E, ho lelera ha kelello ea hao ho monate ho felile ’me sebakeng sa hona ho eme tichere e halefileng, e itšoere thekeng, e batla karabelo ea potso eo u sa kang ua e utloa.
HO NAHANA lintho tse iqapeloang—ho tloaelehile har’a batho ba mefuta eohle, ba bacha le ba hōlileng, hoo mofuputsi ea tsebahalang ka ho fetisisa a ho bitsang “e ’ngoe ea litšobotsi tse ka sehloohong tsa bophelo ba motho.” Ba bang ba lumela hore karolo ea boraro ea lihora tseo re hlaphohetsoeng ka tsona re e qeta re nahana lintho tse iqapeloang ka tsela ena kapa eane. Bo-rasaense ha baa tiiseha hantle ka hore na ke hobane’ng hona ke joang menahano ena e fetang kapele e bang teng, leha e le hore ka kakaretso ba lumellana ka hore na ho nahana lintho tse iqapeloang ke eng. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa ho nahana lintho tse iqapeloang e le “pono ea kelello e thabisang . . . seo kelello e se qapang.” Leha ho le joalo, bafuputsi ba bangata ka ho pharaletseng ba hlalosa hore ho kopanyeletsa hoo e ka bang mofuta ofe kapa ofe oa mehopolo eo eseng ea sebele ha motho a hlaphohetsoe kapa monahano o itlelang feela—ho sa tsotellehe hore na oa thabisa kapa ha o thabise. Sehloohong sena, re tla sebelisa lentsoe lena ka kutloisiso ea lona e pharaletseng haholo, ho akareletsa eseng feela menahano e itlelang ka tšohanyetso e feta kapele empa hape le e hlileng e bang teng ka morero.
Kahoo, hase ho nahana lintho se iqapeloang hohle, ho fetelletseng hoo e leng mehopolo eo eseng ea sebele e thahasellisang. Boholo ba ho nahana lintho tse iqapeloang e mpa feela e le maeto a ho khutlela linthong tse fetileng. Sehloohong se seng makasineng oa Parents, Dr. James Comer o bua ka phihlelo ea hae ea ho nahana lintho tse iqapeloang—joaloka ho khanna koloi ho ea lapeng ka mor’a ho sebetsa ka thata ofising, kelello ea hae e khutlela morao hoo a hopolang ha a ne a kenya ntlha lebaleng papaling ea basketball ha e sa le mocha. Oa hlokomela: “Ho nahana ka sena mohlomong ha ho molemo, empa ho ntse ho nthusa hore ke ikutloe hamonate.” Leha ho le joalo ba bang ba sebelisa ho nahana lintho tse iqapeloang ho ba thusa ho rera bokamoso ba bona. Monna e mong, eo ruri, a ileng a fetoha moqapi le sebini sa jazz se ratoang haholo oa hopola: “Ke ne ke touta haholo ka ho fetoha sebini se hlaheletseng machabeng.”
Leha ho le joalo, boholo ba ho nahana lintho tse iqapeloang, ho bonahala eka ho lebisitse tlhokomelo liketsahalong tsa letsatsi le letsatsi tse tloaelehileng—sekolo, ’moka ea botsoalle, mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng. Ka linako tse ling ka morero batho ba ka ’na ba ba le mehopolo e joalo ho felisa ho tenoa ke thuto ea sekolo e tepeletsang kapa mosebetsi oa lelapa o boima. Ho nahana lintho tse iqapeloang ho hong hoa itlisa. Lentsoe, molumo, kapa pono ea kelello ka tšohanyetso li ba hopotsa ka seo ba amehileng ka sona ka nako eo, ntho e thabisang e fetileng, kapa ketsahalo e itseng ea nako e tlang, ’me likelello tsa bona li qala ho lelera. Bibele e re: “Toro e e-tsoa bongateng ba mesebetsi.” (Moeklesia 5:3) Ruri, motho ea amehileng haholo ka lintho tsa botho le litakatso a ka ’na a nkeha ka ho feletseng ke ho nahana lintho tse iqapeloang ka lintho tse bonahalang.
Leha ho le joalo, le hoja ho lelera ha mohopolo motšehare ho ka thabisa, ho ka boetse ha kena-kenana le ho tsepamisa monahano oa hao ha u le libokeng tsa Bokreste, sekolong, kapa mosebetsing. Mehopolo e meng eo eseng ea sebele e ka ’na eaba ke e sa lokelang—kapa e kotsi. Ka hona na ho nahana lintho tse iqapeloang ke tloaelo eo ho hlokahalang hore u e khaotse?
Na ho Kotsi Bophelong bo Botle ba Hao ba Kelello?
Linakong tse fetileng, ho nahana lintho tse iqapeloang ho ne ho nyelisoa ke basebetsi ba bophelo bo botle ba kelello, lingaka, le barupeli. Ka hona mohlankana e mong o ile a bolelloa ke ngaka ea mafu a kelello: “Re lokela ho u thusa ho khaotsa ho nahana lintho tse iqapeloang.” Ho latela mofuputsi Dr. Eric Klinger, keletso e joalo ka kakaretso e ne e thehiloe likhopolong tsa eo ho thoeng ke ntate oa phekolo ea mafu a kelello ka lipuisano, Sigmund Freud, ea neng a talima ho nahana lintho tse iqapeloang e le ho ferekana kelellong le maikutlong le ho bontša bosea. Ka hona buka e ’ngoe ea thuto ea kelello e boletse: “Hangata ho nahana lintho tse iqapeloang ke liphello tsa ho hlōleha kapa ho hloka thahasello tikolohong eo motho a leng ho eona, ’me ka sebele ke ho balehela boemo ba sebele.” Moloko oa barupeli le basebetsi ba bophelo bo botle ba kelello ba ile ba rutoa hore ho nahana lintho tse iqapeloang hohle ho lokela ho laoloa. Ho ile ha boleloa hore ho nahana lintho tse iqapeloang ka ho feteletseng ho ka ba ha fella ka lefu la schizophrenia.
Leha ho le joalo, likhopolo tsa Freud e ile ea e-ba tsa boleng bo ka tlaase ho linnete tsa phuputso e pharalatseng. Bukeng ea hae Daydreaming, Dr. Eric Klinger o hlokomela hore har’a lintho tse ling, bafuputsi ba bolela hore:
Ho nahana lintho tse iqapeloang ke ketso e atileng le e tloaelehileng.
Ka karolelano, batho bao hangata ba nahanang lintho tse iqapeloang hape ke ba phetseng hantle kelellong joaloka ba sa nahaneng lintho tse iqapeloang.
Ho nahana lintho tse iqapeloang ha ho lebise ho kuleng kelellong.
Ho nahana lintho tse iqapeloang ha ho lebise lefung la “schizophrenia.” Batho ba tšoeroeng ke lefu la “schizophrenia” ha ba sa sekametse ho nahaneng lintho tse iqapeloang ho fetang ha batho ba bang.
Ho Sebelisa Monahano oa Hao ka Tsela e Molemo
Ka hona, hase ho makatsang, ha ho se moo Bibele e nyatsang tšebeliso e molemo ea monahano oa motho. Ruri, matla a likelello tsa rōna a ho ba le pono le ho nahana ke bopaki ba hore ho latela mantsoe a mopesaleme, re ‘entsoe ka tsela e susumetsang tšabo.’ (Pesaleme ea 139:14, NW) Ha a sebelisoa ka mokhoa o molemo, matla ana a ho nahana e ka ba letlotlo. Bakreste ba bolelloa hore ‘ba se talime tse bonahalang, ba mpe ba talime tse sa bonahaleng.’ (2 Ba-Korinthe 4:18) Sena se ne se tla akareletsa ho leka ho ba le setšoantšo sa lefatše le lecha la ho loka la Molimo ka likelellong tsa rōna. Tlhaloso ea Bibele ea Paradeise ena ea lefatše lohle e tlang e susumetsa monahano oa rōna tabeng ena!—Esaia 35:5-7; 65:21-25; Tšenolo 21:3, 4.
Monahano oa hao le oona o ka ’na oa ipaka e le o thusang haeba u na le mosebetsi o thata oo u lokelang ho o etsa. Ka mohlala, ba bacha har’a Lipaki tsa Jehova ba atisa ho fuoa likabelo tsa lipuo Sekolong sa Boboleli sa Puso ea Molimo. Ntle le ho ikoetlisa ka ho bua ka lentsoe le phahameng, leka ho pheta-pheta nehelano ea hao ka hlooho. E-ba le pono ea kamoo bamameli ba itšoarang ka teng mabapi le boitsebiso le nehelano ea hao. Sena se ka u thusa hore u etse litokiso tse hlokahalang nehelanong ea hao le ho u neha kholiseho e eketsehileng.
Hape u ka nahanisisa ka hlooho taba ea ho sebetsana le maemo a thata. Mohlomong u hlokomela hore Mokreste-’moho le uena o na le ho hong khahlanong le uena, ’me u batla hore le buisane ka bothata boo. (Mattheu 5:23, 24) Ho e-na le ho atamela motho eo u sa lokisetsa, u ka ea ka tatellano ea liketsahalo ka hlooho, u sebelisa likatamelo tse fapaneng bothateng boo. Sena se lumellana le molao-motheo oa Bibele: “Pelo ea motho ea lokileng e nahana karabo.”—Liproverbia 15:28.
Na e mong o u khopisitse kapa o u halefisitse? Hlokomela keletso e fanoeng ho Pesaleme ea 4:4 (NW): “Tšoha, empa u se ke ua etsa sebe. U lose pelong ea hao, bolaong ba hao, ’me u khutse.” Sena hase bolele ho nahanisisa lintho tse utloisang bohloko u sa khaotse kelellong ea hao, leha e le hore ho bolela ho nahana kamoo u ka hlōlang e mong ka likarabo tsa hao. Leha ho le joalo, Jesu o lemositse hore “e mong le e mong ea tsoelang pele ho ba bohale ho moena oa hae o tla ikarabella” joalokaha “mang le mang ea buang polelo e lihlong ea nyeliso ho moena oa hae” a tla ikarabella. (Mattheu 5:22, NW) Empa ho nahanisisa kelellong ea hao seo u ka khethang ho se etsa—se ka ’nang sa akareletsa feela ho tšoarela mofosi—ho ka ’na ha u thusa ho rarolla litaba le eena ka mokhoa o khutsitseng, le o utloahalang.
Hape ho nahanisisa ho ka phetha karolo ea bohlokoa ho rarolleng mathata. Dr. Klinger o re: “Ho nahanisisa ka bohona ke tsela ea ho fumana tharollo e sebetsang mathateng. Batho ba nahanisisang ka linako tse ling ba ka fumana litharollo tseo ba neng ba ke ke ba nahana ka tsona haeba ba ne ba lokela ho sebetsana le mathata ba a luletse fatše.”
Ebile ho na le bopaki ba hore ho nahanisisa ho ka u thusa ho ntlafatsa tsela eo u etsang mesebetsi ea matsoho ka eona. Ka mohlala, morupeli e mong oa papali ea ho thelelisa lehloeng, o bolella liithuti hore li etse setšoantšo ka kelellong ea tsona sa metheo ea litselana tsa ho thelelisa, ba inahane ba tsoapela ka methinya le ho lepella metheong ea tsela. Bafuputsi ba lumela hore ho etsa joalo ha e le hantle ho matlafatsa karolo ea boko e laolang mesifa, ’me ho susumetsa boko bakeng sa ho nka khato. Ho hlakile hore, ha ho letho le ka nkelang boikoetliso sebaka, empa ho nahanisisa kelellong ea hao ho ka ’na ha u thusa ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho bapala seletsa sa ’mino kapa ho thaepa. Dr. James Comer, o re: “Ka bokhutšoanyane, ho nahana lintho tse iqapeloang hase tšenyo ea nako empa ho e-na le hoo ke thuso e hlokahalang ho re nolofaletsa ho sebetsa hamolemonyana.”
Likotsi
Leha ho le joalo, “ho na le nako e khethiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Moeklesia 3:1, NW) Le hoja ho nahana lintho tse iqapeloang ho ka ’na ha e-ba monate ha u phomotse ka kamoreng ea hao, ho na le liketsahalo tseo ho tsona ho sa lokelang kapa esita le ho ba kotsi. Na u ntse u khanna koloi? Joale ho hlokahala u hlaphoheloe haholo ’me u falimehele kotsi. Ho thoe’ng haeba u ngola tlhahlobo kapa u mametse puo ea Bibele? Joale ho hlokahala u be le “matla a ho nahana a hlakileng.”—2 Petrose 3:1, NW.
Hape Bibele e re lemosa khahlanong le ho nahanisisa mehopolo e fosahetseng ho sa hlokahale. Ke ha tlhaho ho ba le ho tšoenyeha ho itseng ha u tobane le tlhahlobo ea bohlokoa kapa tlhahlobo ea mosebetsi, empa u finyella ho fokolang ka ho etsa litšoantšo tse tšosang kelellong tsa ho hlōleha le ho se amoheloe. (Bapisa le Moeklesia 11:4.) Liproverbia 12:25 (NW) ea lemosa: “Ho tšoenyeha ha motho pelong ke hona ho tla e tepeletsa.” Jesu Kreste o elelitse bamameli ba hae: “Le se ke la tšoenyeha ka tsa hosasane, hobane hosasane ho tla ba le matšoenyeho a hona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bothata ba lona.”—Mattheu 6:34, NW.
Ho thahasellisang, ho nahana lintho tse iqapeloang ho feteletseng kapa ho sa lokelang ho ka hlahisa likotsi tse ling hape. Ka mohlala, bacha ba bang, ba hōlisa menahano e iqapeloang ea likamano tsa botona le botšehali. Ba bang ba hlokomela hore ho nahana lintho tse iqapeloang ho kena-kenana le ho tsepamisa menahano ea bona. Sehlooho sa rōna se latelang letotong lena se tla fana ka litlhahiso tse ling ho u thusa ho sebetsana le mathata a joalo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ho pheta-pheta ntho ka hlooho ho ka ntlafatsa boleng ba sebele ba mosebetsi oa motho