Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng ka ho Khanna Nako le Lithaka tsa ka?
MEHAHO ea boithabiso moo ho bontšoang li-video, matlo a lijo, lihuku tsa literata, mabenkele a buloang nako e telele—libakeng tsa barui le mafutsana—li fetohile libaka tseo bacha ba kopanelang ho tsona moo ba khannang nako teng.
Ka ho khethehileng sebaka sa mabenkele ke se tloaelehileng bakeng sa ho khanna nako United States. Ke moo hangata lihlopha tsa bacha li ka bonoang li ntse li ea holimo le tlaase ka nako e telele. Ngoanana e mong ea lilemong tsa bocha oa bolela: “Libaka tsa mabenkele li tla lula e le libaka tsa ho eteloa, hobane ho etsahala lintho tse ngata, ’me ka mehla ho na le ntho e ka hapang tlhokomelo ea hao—joaloka bashanyana!”
Na sebaka sa mabenkele ha se eo haufinyane? Joale libaka tse loketseng e tla ba tse bulehileng kapa lihukung tsa literata. Tari ea lilemo li 15 o re: “’Na le metsoalle ea ka re ea thōko libakeng tse ling tse khōlō moo ho pakoang makoloi serapeng sa lifate se haufinyane, ebe re lula holim’a libonete tsa likoloi tsa rōna ’me re qoqe ka nako e telele.”—Makasine oa ’Teen oa September, 1990.
Ho hlakile hore ha ho hlile ha ho letho le lecha mabapi le ho khanna nako. Bibele e bua ka batho ba mehleng ea pele ba neng ba bokellana libakeng tsa sechaba ’me “ba sebelisa nako ea bolokolohi ba sa etse letho, haese ho bua ntho e itseng e ncha, kapa ho e mamela.” (Liketso 17:21, NW) Empa ke hobane’ng ha mokhoa oo oa ho fetisa nako o tloaelehile hakaale har’a bacha kajeno?
Ho latela buka The Adolescent, ea F. Philip Rice, bacha “ka ho eketsehileng ba ntse ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa ho ba karolo ea sehlopha. Ba batla ho ratoa ke lithaka tsa bona.” Ka hona ho khanna nako sebakeng se itseng le metsoalle ho bonahala ho khotsofatsa tlhoko le tšehetso ea metsoalle.
Bacha ba bang ba ho talima feela e le tsela ea ho loantša bolutu. Michelle e monyenyane oa hlalosa: “Ho lula hae bosiu hoa tena. U batla ho intša ho ea ithabisa hobane haeba u sa etse joalo u tla ba le mantsiboea a tenang.” Ed ea lilemo li 16 o bolela hore ho khanna nako ke “ntho e lokelang ho etsoa ’me ka tsela e itseng ho u sireletsa khathatsong.” Empa na ehlile ho joalo?
Ha Batho ba Khanna Nako
Bibele ha e nyatse ho ba le nako e monate le metsoalle. Leha ho le joalo, ea lemosa: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Joale, ke bacha ba bakae ba khannang nako ka ho ema lihukung tsa literata bao ho ka thoeng ke batho ba bohlale—ba nang le tlhompho ea sebele bakeng sa melao-motheo ea Bibele? Mohlomong hase hakaalo hore ke batho ba bakang likhathatso, empa sehlopha se seholo sa bacha ba jeoang ke bolutu, ba sa behoang leihlo ho akareletsa le nako e ngata e itjang feela habonolo li ka fella ka khathatso.
Ka lebaka lena Bibele ha e bue hantle ka ho khanna nako ka ho se etse letho. Hlokomela nakong eo ka eona moapostola Pauluse le Silase ba neng ba etetse motse oa Thessalonika. Bahanyetsi ba molaetsa oa Bokreste ba ile “ba tla le banna ba bang ba khopo, ba khannang nako ka ho lula ’marakeng ba sa etse letho [“malofa a se nang thuso,” Today’s English Version] ba iketsa sehlopha sa mahoo-hoo, ba ferekanya motse.” (Liketso 17:5, NW) Ho latela Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words, batho bana ba khannang nako ka ho lula ’marakeng ba sa etse letho e ne e le batho “ba neng ba atisa ho ea ’marakeng, kahoo ba khanna nako teng.” Na hoo ho utloahala ho tloaelehile? Leha ho le joalo, batho bana ba neng ba ntse ba khanna nako mohlomong ba ne ba na le thahasello e fokolang kapa ba se na eona molaetseng oa Pauluse, empa ka lebaka la ho hloka ntho e molemo eo ba ka e etsang, ba ne ba ka susumeletseha habonolo hore ba tsose mofere-fere.
Bokhopo le Pefo
Joale, nahana ka khathatso e ka bang teng ha sehlopha sa bacha ba sa etseng letho se le ’moho. Eseng hore ho na le ea rerang pefo. Ken ea lilemo li 16 ea khannang nako ka ho ba sebakeng sa sekolo seo ho pakoang likoloi ho sona oa bolela: “Ha ho etsahale lintho tse ngata. Re lula holim’a likoloi tsa rōna ’me re phete mesoaso e qabolang kapa re bue ka ho laetsana.” E, ka nakoana, moqoqo o potolohang taba ka lipapali, ’mino le ba batona kapa ba batšehali o ka ’na oa natefela e mong le e mong. Leha ho le joalo, hangata, bacha ba khathala kapele ke ho qoqa feela.
Bafuputsi Mihaly Csikszentmihalyi le Reed Larson baa tlaleha: “Nako le nako, [bacha] ba hlalositse liketsahalo tsena [tsa ho khanna nako] e le tse amanang le ‘ho khantša matla,’ ho ba lerata, ho hlanya, le ho ba hlaha. . . . Ho na le ho hong mabapi le ho kopana ha lithaka ka sehlopha ho bakang botlokotsebe, esita le haeba bacha ka bomong ba amehang ba se na tšekamelo ea bona. . . . Liketso tsa botlokotsebe li akaretsa ho rohakana ha ba ntse ba khanna makoloi, ho akhela makotikoti lijareteng tsa batho, le ho loana.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Being Adolescent.
Kannete, u ka ’na oa se sekamele ho etseng ntho e booatla hobane feela metsoalle ea hao e e etsa. Empa u ka ipeha tlas’a khatello e khōlō ea ho etsa phoso haeba u le har’a batho ba etsang liphoso. (1 Ba-Korinthe 15:33) Le haeba u qoba ho kopanela botlokotsebeng, boteng ba hao moo bo ka neha ba bang maikutlo a fosahetseng ka uena. Sena ke se ileng sa etsahalla ngoananyana ea bitsoang Dina, morali oa mopatriareka oa Moheberu Jakobo.
Dina o ne a hōliselitsoe ho ba morapeli oa Jehova Molimo, le hoja lelapa labo le ne le phela naheng ea Kanana—e neng e hlasetsoe ke boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le borapeli ba litšoantšo. Ka hona, ntat’ae Jakobo o ile a leka ka matla ho thibela ho kopana ha hae le batho ba Kanana ba boitšoaro bo hlephileng ka ho hloma liahelo tsa hae ka ntle ho motse oa Sikeme le ho hloma phepelo ea metsi e ka thōko. (Genese 33:18; Johanne 4:12) Leha ho le joalo, Dina “o ne a atisa ho tsoa ho ea bona barali ba naha eo,” mohlomong ka mehla. (Genese 34:1, NW) E ka ’na eaba Dina o ne a talima ho khanna nako le Bakanana e le boithabiso bo se nang kotsi. Empa basali ba Bakanana ba ne ba tumme ka boitšoaro bo bobe ba ho ba le likamano tsa botona le botšehali le batho ba bangata. Joale ha monna oa Mokanana ea bitsoang Sikeme a bona Dina a le sehlopheng sa basali ba joalo, “a mo nka, a robala le eena, a mo senya.”—Genese 34:2.
Ka tsela e tšoanang, ho khanna nako le sehlopha sa batho ba fosahetseng ho ka u kenya khathatsong ea sebele. Mohlankana ea bitsoang Leonard o hopola hore ho sa tsotellehe ’nete ea hore o ne a hōlisitsoe e le Mokreste, o ile a qala “ho khanna nako le sehlopha sa bofetoheli. Re ne re matha ’moho ’me re noa libiri—le hoja ka molao ke ne ke se lilemong tsa ho ikarabella. Ha ke le lilemo li 18, ke ne ke tsuba matekoane.”
Tšebeliso e Molemohali ea Nako
Phuputso e ’ngoe e fumane hore karolo ea 44 lekholong ea bacha ba ileng ba botsoa, ba qeta lihora tse tharo ho isa ho tse hlano kapa ho feta lekhetlong ka leng leo ka lona ba eang setsing sa mabenkele; karolo ea 14 lekholong e qeta lihora tse tšeletseng. Empa ho e-na le ho senya nako ka ho lula feela a sa etse letho mocha ea bohlale o ‘lopolla linako, hobane mehla e se e le mebe.’—Ba-Efese 5:15, 16.
Na mosebetsi oa hao oa sekolo le oa lapeng oa horeletsoa ka baka la nako eo u e sebelisetsang ho khanna nako le bacha? Ho thoe’ng ka mesebetsi ea hao ea moea—thuto ea botho ea Bibele, liboka tsa Bokreste, mosebetsi oa ho pakela ba bang? Na u hlokomoloha boikarabelo bo joalo? Ha u ‘ntse u eketsa ka mehla ho sebeletsa Morena,’ u ke ke ua ba le nako e ngata ea ho lula feela u sa etse letho.—1 Ba-Korinthe 15:58.
Lintho tse Molemo tse Emang Sebakeng
Boikhathollo ke karolo ea bohlokoa ea bophelo. (Moeklesia 3:4) Empa ho khanna nako hase eona feela tsela ea ho ba le nako e monate. Moroetsana ea bitsoang Lucy oa bolela: “Ke thabela ho ba boinotšing. Ke rata ho bala, ’me sena se nthusitse hore ke thahaselle histori, setso, le puo ea melata. Ke etela libaka tsa polokelo ea lintho tsa khale le matlong a lipontšo tsa mesebetsi ea matsoho, kea loha le ho pheha. Ke boetse ke thabela ho etsa litšoantšo le ho ngola mangolo, ’me ka nako e ’ngoe ke bile ke leka ho ngola lithothokiso.” Che, ho ba mong ha hoa lokela ho tena.
Lelapa leno e ka ’na ea e-ba mohloli o mong oa boikhathollo bo molemo. Hona joale, pele u qhelela maikutlo ana ka thōko, mamela mohlankana ea bitsoang Jack. Oa hopola: “Ka linako tsohle ho ne ho e-na le seo batsoali ba ka ba lokisetsang hore re se etse. Re ne re thelelisa leqhoeng le ho bapala roller-skating; re ea lirapeng tsa lifate le litsing tsa polokelo ea liphoofolo, le litsing tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa. Esita le ho hloekisa jarete kapa ntlo e ne e le monyaka ha re ho etsa re le lelapa.” Mohlomong butle-butle lelapa leno le se le khaolitse ho etsa lintho hammoho. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho itseng bakeng sa ho intša ha lelapa? U ka ’na oa ho thabela ho feta kamoo u neng u lebeletse ka teng!
Sena ha se bolele hore u ke ke oa thabela setsoalle sa lithaka—ho akareletsa linako tsa ho kopanela moqoqong o thabisang kapa ho khatholoha hammoho feela. Empa e-ba ea hloaeang ha u khetha metsoalle. Mohlankana ea bitsoang Enrique oa bolela: “Ke ne ke atisa ho khanna nako le bacha ba lefatše, empa hang ha ke nehetse bophelo ba ka ho sebeletsa Jehova, ke ile ka tloaelana le bacha ba ka phuthehong. Re ne re ea mosebetsing oa boboleli hammoho, re bapala bolo hammoho—ke ile ka leka kahohle kamoo nka khonang ho etsa lintho hammoho le bona.”
Shelleace le eena o ne a tloaetse ho khanna nako le sehlopha se fosahetseng. O hopola metsoalle ea hae ea nako e fetileng: “Bophelo ba bona bo ne bo se na morero le tataiso. Ho ile ha nkuka nako hore ke ba tlohele, empa ha ke arohana le bona, ke ile ka ipokella ka metsoalle e molemo. Ke nakong eo feela ke ileng ka hatela pele moeeng.”
Joale le hoja ho khanna nako ka linako tse ling ho ka ’na hoa nyakallisa kapa esita le ho thabisa, ho ke ke ha u thusa moeeng, ho ka mpa ha u ntša kotsi. E-ba bohlale. Fumana litsela tse molemonyana tsa ho sebelisa nako ea hao.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Na ho khanna nako ke tšebeliso e molemohali ea nako ea hao?