Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 12/15 maq. 8-13
  • Jehova, Moetsi oa Lintho tse Hlollang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova, Moetsi oa Lintho tse Hlollang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Mahlomoleng empa oa Tšepahala
  • Botsoalle bo Haufi le Jehova
  • Molemo oa Jehova
  • Mesebetsi ea Jehova e ke Keng ea Lekanngoa
  • Boholo ba Jehova
  • Ho Tsamaea ka Pelo e Kopaneng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jehova o Lokeloa ke Thoriso e sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Jehova ke Mohlala o Phahameng ka ho Fetisisa oa Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lerato le Tšepahalang la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 12/15 maq. 8-13

Jehova, Moetsi oa Lintho tse Hlollang

“U moholo ’me u etsa lintho tse hlollang; u Molimo, uena feela.”—PESALEME EA 86:10, NW.

1, 2. (a) Lintho tse qapiloeng ke motho li amme lefatše joang? (b) Re ka fumana tšepo ea lintho tse molemonyana hokae?

MOTHO oa kajeno a ka ’na a ithorisa ka hore o qapa lintho tse hlollang—lisebelisoa tsa motlakase, mekhoa ea puisano, video, likoloi, maeto ka sefofane, le theknoloji ea computer. Lintho tsena li fetotse lefatše sebaka se atamelaneng. Empa ke sebaka se atamelaneng se nang le mathata a mangata hakaakang! Ho e-na le hore ho be le khotso, boiketlo, le nala bakeng sa bohle, moloko oa batho o hlasetsoe ke lintoa tse sehlōhō, tlōlo ea molao, botšosi, tšilafalo, mafu, le bofutsana. ’Me libetsa tsa nuclear tse tletsa-tletseng le lefatše, le hoja li fokolitsoe, li ka felisa moloko oa batho. Barekisi ba lefu, baetsi ba libetsa, ba tsoela pele ho etsa khoebo e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Barui ba ntse ba rua haholoanyane, ’me mafutsana a ntse a futsaneha ka ho eketsehileng. Na ho na le motho ea ka fumanang tharollo?

2 E! Hobane ho na le Ea fanang ka tšepiso ea poloko, “ea phahameng holimo ho ea phahameng,” Jehova Molimo. (Moeklesia 5:8) O ile a bululela hore ho ngoloe lipesaleme, tse fanang ka matšeliso le keletso e bohlale linakong tsa tsieleho. Har’a tsona ke Pesaleme ea 86, e nang le sehlooho: “Thapelo ea Davida.” Ke thapelo eo u ka e etsang ea hao.

O Mahlomoleng empa oa Tšepahala

3. Linakong tsena, Davida o re fa mohlala ofe o khothatsang?

3 Davida o ile a ngola pesaleme ena ha a le mahlomoleng. Le rōna bao kajeno re phelang “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ea Satane, e leng “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” re tobana le liteko tse tšoanang. (2 Timothea 3:1, NW; bona hape le Mattheu 24:9-13.) Joaloka rōna, Davida o ile a tšoenyeha ’me a tepella maikutlo ka baka la mathata a neng a mo ama. Empa ha ho mohla a kileng a lumella hore mathata ao a fokolise ho itšetleha ka ’Mōpi oa hae ka botšepehi. O ile a hooa: “Uena Jehova, sekeha tsebe ea hao. Nkarabe, hobane ke mahlomoleng ’me ke futsanehile. Lebela sephefumolohi sa ka, hobane kea tšepahala. Boloka mohlanka oa hao—u Molimo oa ka—ea u tšepileng.”—Pesaleme ea 86:1, 2, NW.

4. Re lokela ho bontša kholiseho ea rōna joang?

4 Joaloka Davida, re ka kholiseha hore “Molimo oa matšeliso ’ohle,” Jehova, o tla lebisa tlhokomelo ea hae lefatšeng lena ’me a mamele lithapelo tsa rōna tse etsoang ka boikokobetso. (2 Ba-Korinthe 1:3, 4) Ha re tšepa Molimo ka ho feletseng, re tla latela keletso ea Davida: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.”—Pesaleme ea 55:22.

Botsoalle bo Haufi le Jehova

5. (a) Liphetolelo tse ling tse entsoeng ka hloko li lokisitse liphoso tsa bangoli ba Bajode joang ho see? (b) Lipesaleme tsa 85 le 86 li phahamisa Jehova ka tsela efe? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

5 Ho Pesaleme ea 86 (NW) Davida o sebelisa polelo “Uena Jehova” ka makhetlo a 11. Thapelo ea Davida e tiile hakaakang ’me botsoalle ba hae le Jehova bo haufi hakaakang! Hamorao, tšebeliso e joalo e bontšang botsoalle ea lebitso la Molimo e ile ea fetoha e sa rateheng ho bangoli ba Bajode, haholo-holo Basofereme. Ba ile ba hōlisa tšabo ea tumela-khoela ea hore ba se sebelise lebitso lena hampe. E le ha ba iphapanyetsa ’nete ea hore motho o bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, ba ile ba hana ho fa Molimo litšoaneleho tseo le batho ba nang le tsona. Kahoo makhetlong a 7 ho a 11 ao lebitso la Molimo le hlahang ka oona tabeng e ngotsoeng ea Seheberu pesalememg ena e le ’ngoe, ba ile ba kenya tlotla ʼAdho-naiʹ (Morena) bakeng sa lebitso YHWH (Jehova). Re ka leboha hore ebe New World Translation of the Holy Scriptures, hammoho le liphetolelo tse ling tse ’maloa tse entsoeng ka hloko, li khutliselitse lebitso la Molimo sebakeng sa lona se loketseng ka Lentsoeng la Molimo. Ka baka leo, kamano ea rōna le Jehova e hatisitsoe ka ho loketseng.a

6. Re ka bontša ka litsela life hore lebitso la Jehova le bohlokoa ho rōna?

6 Thapelo ea Davida e tsoela pele: “Nkhauhele, Uena Jehova, hobane ke ntse ke bitsa ho uena letsatsi lohle. Thabisa sephefumolohi sa mohlanka oa hao, hobane ho uena, Uena Jehova, ke nyollela sephefumolohi sa ka.” (Pesaleme ea 86:3, 4, NW) Hlokomela hore Davida o ne a ntse a bitsa ho Jehova “letsatsi lohle.” Ka sebele, hangata o ne a rapela bosiu, joaloka nakong ea ha a ne a balehetse lefeelleng. (Pesaleme ea 63:6, 7) Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki tse ling ha li tšosoa ka peto kapa ka tlhaselo e itseng ea tlōlo ea molao li ile tsa hoeletsa ho Jehova. Ka linako tse ling li ile tsa makatsoa ke phello e thabisang ea seo.b Lebitso la Jehova ke la bohlokoa ho rōna, joalokaha le ne le le bohlokoa ho “Jesu Kreste, mor’a Davida,” ha a le lefatšeng. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapelle hore lebitso la Jehova le halaletsoe ’me ba tsebisoe hore na le bolela eng.—Mattheu 1:1; 6:9; Johanne 17:6, 25, 26.

7. Re na le mehlala efe ea ha Jehova a nyolla sephefumolohi sa bahlanka ba hae, hona re lokela ho arabela joang ho see?

7 Davida o ile a nyollela sephefumolohi sa hae, e leng eena ka boeena, ho Jehova. O re khothaletsa hore re etse se tšoanang, ho Pesaleme ea 37:5 o re: “U laeletse tsela ea hao ho Jehova, u mo tšepe; ho tla sebetsa eena.” Ka hona, kōpo ea rōna ho Jehova ea hore a thabise sephefumolohi sa rōna e tla utluoa. Bahlanka ba bangata ba Jehova ba bolokang botšepehi ba tsoela pele ho fumana thabo e khōlō tšebeletsong ea hae—ho sa tsotellehe mathata, mahloriso, le ho kula. Baena ba rōna ba leng libakeng tse rusolotsoeng ke ntoa Afrika, tse kang Angola, Liberia, Mozambique, le Zaire, ba ’nile ba tsoela pele ho beha tšebeletso ea Jehova pele bophelong ba bona.c Ka sebele o entse hore ba thabele kotulo e ngata ea moea. Joalokaha ba ile ba mamella, le rōna re tlameha ho mamella. (Ba-Roma 5:3-5) ’Me ha re mamella, re tiisetsoa hore: “Tšenolo eo e sa luletse nako e khethiloeng, ’me e ntse e iqekela pele ho ea qetellong . . . e ke ke ea lieha.” (Habakuke 2:3, NW) Kaha re kholisehile ka ho feletseng ’me re na le tšepo e feletseng ho Jehova, e se eka le rōna re ka ’na ra “iqekela pele ho ea qetellong.”

Molemo oa Jehova

8. Re ka ba le botsoalle bofe bo haufi le Jehova, hona o bonahalitse molemo oa hae joang?

8 Davida o boetse a etsa kōpo e etsoang ka maikutlo a tebileng: “Uena, Uena Jehova, u molemo ’me u lula u itokiselitse ho tšoarela; ’me ho uena mosa o lerato ho bohle ba bitsang ho uena o mongata. Utloa, Uena Jehova, thapelo ea ka; ’me u ele hloko lentsoe la likōpo tsa ka. Letsatsing la ho tsieleha ha ka ke tla bitsa ho uena, hobane u tla nkaraba.” (Pesaleme ea 86:5-7, NW) “Uena Jehova”—nako le nako re thabisoa ke botsoalle bo haufi bo bontšoang ke polelo ena! Ke botsoalle bo haufi boo ka linako tsohle bo ka hlaoleloang ka thapelo. Ka lekhetlo le leng Davida o ile a rapela: “Libe tsa bocha ba ka le bofetoheli ba ka Uena u se ke ua li hopola. Ho ea ka mosa oa hao o lerato u nkhopole, ka baka la molemo oa hao, Uena Jehova.” (Pesaleme ea 25:7, NW) Jehova ke boleng ba molemo—ka ho fana ka thekollo ea Jesu, ka ho bontša mohau ho baetsalibe ba bontšitseng pako, le ka ho bontša mosa o lerato ho Lipaki tsa hae tse tšepahalang le tse nang le kananelo.—Pesaleme ea 100:3-5; Malakia 3:10.

9. Baetsalibe ba bontšitseng pako ba lokela ho nahanisisa ka ho teba ka tiisetso efe?

9 Na re lokela ho ingama-ngama ka baka la liphoso tsa rōna tsa nakong e fetileng? Haeba hona joale re etsetsa maoto a rōna litsela tse otlolohileng, re tsoha molota ha re hopola tiisetso ea moapostola Petrose ho batho ba neng ba bontšitse pako hore “mehla ea khatholoho” e tla tsoa ho Jehova. (Liketso 3:19) E se eka re ka lula haufi le Jehova ka thapelo ka Morekolli oa rōna, Jesu, eo ka lerato a ileng a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sebetsang ka thata le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, hobane ke na le botho bo bonolo le pelo e ikokobelitseng, ’me le tla fumana khatholoho bakeng sa liphefumolohi tsa lōna.” Joalokaha kajeno Lipaki tse tšepahalang li rapela Jehova ka lebitso la bohlokoa la Jesu, ka sebele li fumana khatholoho.—Mattheu 11:28, 29, NW; Johanne 15:16.

10. Buka ea Lipesaleme e phahamisa mosa o lerato oa Jehova joang?

10 Buka ea Lipesaleme e bua ka “mosa o lerato” oa Jehova ka makhetlo a fetang lekholo. Ka sebele mosa o joalo o lerato o mongata! Pesaleme ea 118 (NW) litemaneng tsa eona tse qalang tse ’nè, e ipiletsa ho bahlanka ba Molimo hore ba lebohe Jehova, e pheta ka makhetlo a mane hore “hobane mosa oa hae o lerato ke oa ka ho sa feleng.” Pesaleme ea 136 (NW) e phahamisa tšoaneleho e ratehang ea “mosa oa hae o lerato” ka makhetlo a 26. Le haeba re ka fosa ka litsela leha e le life—joalokaha Jakobo 3:2 e re, “bohle re khopjoa nthong tse ngata”—e se eka re ka itokisetsa ho batla tšoarelo ea Jehova, re kholisehile ka mohau oa hae le mosa oa hae o lerato. Mosa oa hae o lerato ke pontšo ea lerato la hae le tšepahalang ho rōna. Haeba ka botšepehi re tsoela pele ho etsa thato ea Molimo, o tla bonahatsa lerato la hae le tšepahalang ka ho re matlafaletsa hore re sebetsane le teko e ’ngoe le e ’ngoe.—1 Ba-Korinthe 10:13.

11. Ke joang khato e nkoang ke baholo e ka thusang ho tlosa maikutlo a ho ba molato?

11 Ho ka ’na ha ba le liketsahalo tseo ho tsona re khopisoang ke ba bang. Ho utloisoa bohloko maikutlong kapa ’meleng ha re sa le bana ho siile ba bang ba na le maikutlo a ho ba molato kapa a ho ikutloa ba se na thuso ka ho feletseng. Motho ea joalo a ka ipiletsa ho Jehova, a kholisehile hore o tla arabela. (Pesaleme ea 55:16, 17) Moholo ea mosa a ka bontša thahasello ho motho ea joalo ka ho mo thusa hore a amohele ’nete ea hore e ne e se phoso ea hae. Ka mor’a moo, ha moholo a letsetsa motho eo thelefono ka linako tse ling ho ka mo thusa hore qetellong a khone ho ‘jara moroalo ona.’—Ba-Galata 6:2, 5, NW.

12. Ho tsieleha ho eketsehile joang, empa ke joang re ka sebetsanang ka katleho le hona?

12 Ho boetse ho na le maemo a mang a bakang tsieleho ao ho hlokahalang hore batho ba Jehova ba sebetsane le oona kajeno. Ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, litlokotsi tse khōlō li ile tsa qala ho hlokofatsa lefatše lena. Joalokaha Jesu a boletse esale pele, e ne e le “qalo ea bohloko ba tsieleho.” Tsieleho e ’nile ea eketseha ha re ntse re kenella hare ho “bofelo ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 24:3, 8, NW) “Nako e khutšoaane” ea Diabolose e ea tlhōrōng ea bofelo ba eona. (Tšenolo 12:12, NW) “Joale ka tau e purumang” e batlang phofu, Sera sena se seholo se sebelisa maqiti ’ohle ho re arola mohlapeng oa Molimo le ho re felisa. (1 Petrose 5:8) Empa se ke ke sa atleha! Hobane, joaloka Davida, re tiisitse tšepo ea rōna ka ho feletseng ho Molimo oa rōna a le mong, Jehova.

13. Batsoali le bana ba bona ba ka iphumanela molemo oa Jehova joang?

13 Ntle le pelaelo, Davida o ile a kenya pelong ea mora oa hae Salomone tlhoko ea hore a itšetlehe ka molemo oa Jehova. Ka hona, Salomone o ne a ka laea mora oa hae: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao. U se ke ua ipona bohlale. Tšaba Jehova, u sesefe bobe.” (Liproverbia 3:5-7) Ka ho tšoanang kajeno batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona ba banyenyane kamoo ba ka rapelang ka tsela e bontšang hore ba tšepa Jehova le kamoo ba ka sebetsanang ka teng le litlhaselo tsa lefatše le khopo—tse kang khatello ea lithaka sekolong le liteko tsa ho etsa boitšoaro bo bobe. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le bana ba hao letsatsi le letsatsi ho ka hatisa lipelong tsa bona tse nyenyane lerato la sebele ho Jehova le ho itšetleha ho eena ka thapelo.—Deuteronoma 6:4-9; 11:18, 19.

Mesebetsi ea Jehova e ke Keng ea Lekanngoa

14, 15. E meng ea mesebetsi ea Jehova e ke keng ea lekanngoa ke efe?

14 Ka kholiseho e tiileng Davida o re: “Ha ho ea tšoanang le uena har’a melimo, Uena Jehova, ’me ha ho mesebetsi e tšoanang le ea hao.” (Pesaleme ea 86:8, NW) Mesebetsi ea Jehova e meholo, e hlolla ka botle, e babatseha ho feta kamoo motho leha e le ofe a ka nahanang ka teng. Joalokaha ho bonoe hanyenyane ke saense ea kajeno, bokahohle bo bōpiloeng—boholo ba bona, ho lumellana ha bona, botle ba bona—bo ipakile hore bo hlolla ho feta ntho leha e le efe eo Davida a neng a ka nahana ka eona. Leha ho le joalo, esita le eena o ile a susumetseha hore a re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.”—Pesaleme ea 19:1.

15 Mesebetsi ea Jehova e boetse e bonahala ka ho hlollang ka tsela eo a behileng lefatše ka eona, ho le lokisa hore le fane ka motšehare le bosiu, linako tsa selemo, nako ea ho jala le ea ho kotula, le lintho tse ngata tse thabisang tse neng li tla etsa hore nakong e tlang batho ba thabe. ’Me rōna re entsoe ka ho hlollang hakaakang ’me re hlomeletsoe hakaakang hore re khone ho thabela mesebetsi ea Jehova e re pota-potileng!—Genese 2:7-9; 8:22; Pesaleme ea 139:13, 14.

16. Pontšo e khōlō ea molemo oa Jehova ke efe, ’me e lebisa mesebetsing efe e meng e ke keng ea lekanngoa?

16 Ka mor’a hore batsoali ba rōna ba pele ba bontše ho hloka kutlo ho Molimo, ka hona ba baka ho tsieleha ho hlasetseng lefatše ho fihlela kajeno, ka lerato Jehova o ile a etsa mosebetsi o hlollang ka ho romela Mora oa hae lefatšeng hore a tl’o bolela ’Muso oa Molimo le ho shoa e le thekollo bakeng sa batho. ’Me mohlolo oa mehlolo! Joale Jehova o ile a tsosa Kreste hore e be Morena hammoho le eena eo a mo khethileng. (Mattheu 20:28; Liketso 2:32, 34) Molimo o khethile “pōpo e ncha” har’a batho ba tšepahalang e leng ba tla busa le Kreste e le “maholimo a macha” a mosa a busang mokhatlo oa “lefatše le lecha” o tla kopanyeletsa batho ba limillione tse likete tse leshome ba tsositsoeng bafung. (2 Ba-Korinthe 5:17, NW; Tšenolo 21:1, 5-7; 1 Ba-Korinthe 15:22-26) Ka hona mesebetsi ea Jehova e tla fihla tlhōrōng e khanyang! Ka sebele re ka re: “Uena Jehova, . . . molemo oa hao o mongata hakaakang, oo o u boloketseng ba u tšabang!”—Pesaleme ea 31:17-19, NW.

17. Mabapi le mesebetsi ea Jehova, Pesaleme ea 86:9 e phethahatsoa joang hona joale?

17 Mesebetsi ea Jehova ea hona joale e kopanyeletsa seo Davida a se hlalosang ho Pesaleme ea 86:9 (NW): “Lichaba tsohle tseo u li entseng li tla tla, ’me li tla u khumamela, Uena Jehova, ’me li tla rorisa lebitso la hao.” Ka mor’a hore Jehova a bitse har’a batho ba setseng ba pōpo ea hae e ncha, “mohlatsoana” oa majalefa a ’Muso, o tsoela pele ho bokella har’a “lichaba tsohle” batho ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” ba limillione bao le bona ba bontšang tumelo maling a Jesu a tšolotsoeng. Bana o ba entse mokhatlo o matla o hlophisitsoeng, mokhatlo o le mong oa lefatše lohle oa batho ba ratang khotso lefatšeng kajeno. Mangeloi ha a hlokomela sena, a inama ka pel’a Jehova, a re: “Ho Molimo oa rōna e be poko, le khanya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le borena, le matla, mehleng le mehla.” Le bongata bo boholo bo rorisa lebitso la Jehova, bo mo sebeletsa “bosiu le motšehare,” ka tšepo ea ho pholoha bofelo ba lefatše lena le ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng.—Luka 12:32; Tšenolo 7:9-17; Johanne 10:16.

Boholo ba Jehova

18. Jehova o bonahalitse joang hore ke eena ‘feela Molimo’?

18 Joale Davida o re hlokomelisa ka Bomolimo ba Jehova, o re: “U moholo ’me u etsa lintho tse hlollang; u Molimo, uena feela.” (Pesaleme ea 86:10, NW) Ho tloha khale, Jehova o ’nile a bontša hore ka sebele, ke eena ‘feela Molimo.’ Ke Faro oa Egepeta oa mohatelli eo ka manganga a ileng a phephetsa Moshe: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae, ’me ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe.” Empa ka mor’a nako e khutšoaane o ile a tseba hore na Jehova o moholo hakaakang! Molimo ea Matla ’Ohle o ile a nyelisa melimo ea Egepeta le baprista ba sebelisang matla a boloi ka ho romela likotlo tse bohloko, ka ho bolaea bara ba matsibolo a Egepeta, le ho ripitla Faro le lebotho la hae le matla Leoatleng le Lefubelu. Ka sebele, ha ho molimo o tšoanang le Jehova!—Exoda 5:2; 15:11, 12.

19, 20. (a) Pina e ho Tšenolo 15:3, 4 e tla binoa ka mokhoa o matla neng? (b) Ke joang le hona joale re ka kopanelang mosebetsing oa Jehova?

19 Joalokaha Jehova e le eena feela Molimo, o tsoetse pele ho etsa lintho tse hlollang ha a lokisetsa ho lopolla barapeli ba hae Egepeta ea kajeno—lefatše la Satane. O ile a etsa hore likahlolo tsa hae tsa bomolimo li phatlalatsoe lefatšeng lohle e le bopaki ka ho sebelisa phutuho ea boboleli e pharaletseng ka ho fetisisa historing eohle, ka hona a phethahatsa boprofeta ba Jesu bo ho Mattheu 24:14. Nakoana ka mor’a moo, ‘bofelo bo tla tla’ ha Jehova a bonahatsa boholo ba hae ka tekanyo e ikhethang ka ho felisa bokhopo bohle lefatšeng. (Pesaleme ea 145:20) Joale pina ea Moshe le pina ea Konyana e tla fihla tlhōrōng: “E meholo, ea babatseha, mesebetsi ea hao, Morena Molimo o matla ’ohle! Oho, Morena oa lichaba, litsela tsa hao li lokile hakaakang, ke ’nete feela! Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang ke uena u ’notši.”—Tšenolo 15:3, 4.

20 E se eka le rōna re ka phetha karolo ea rōna ka ho chesehela ho bolella ba bang ka merero ena e tsotehang ea Molimo. (Bapisa le Liketso 2:11.) Jehova o tla tsoela pele ho etsa lintho tse khōlō le tse hlollang mehleng ea rōna le nakong e tlang, joalokaha sehlooho sa rōna se latelang se tla hlalosa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele ea 1874 e qotsa Andrew A. Bonar ha a re: “Bofelong ba Pesaleme ea ho qetela [ea 85] ho senotsoe haholo tšoaneleho e totobetseng ea Molimo, lebitso la hae le khanyang. Mohlomong sena se bakoa ke hore e lateloa ke e ’ngoe, ‘Thapelo ea Davida,’ eo le eona e hlalosang litšoaneleho tsa Jehova. ’Moko-taba oa Pesaleme ena [ea 86] ke lebitso la Jehova.”

b Bona leqephe 28 la tokollo ea June 22, 1984, ea Awake! e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

c Bakeng sa makolopetso, bona chate “Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1992 ea Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle” e tla hlaha tokollong ea Molula-Qhooa oa January 1, 1993.

Na U sa Hopola?

◻ Ke joang re ka etsang hore thapelo e Pesalemeng ea 86 e be thapelo ea rōna ea botho?

◻ Re ka ba le botsoalle bo haufi le Jehova joang?

◻ Jehova o bonahatsa molemo oa hae ho rōna joang?

◻ E meng ea mesebetsi ea Jehova e ke keng ea lekanngoa ke efe?

◻ Ke joang Jehova e leng eena ‘feela Molimo’ tabeng ea boholo?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

‘Lefatšeng le lecha’ le tlang, mesebetsi ea Jehova e hlollang e tla tsoela pele ho paka khanya ea hae le molemo oa hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela