Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 8/1 maq. 12-17
  • Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonngoe Tumelong le Tsebong
  • Bonahatsa “Litholoana Tsa Moea”
  • Etsa Tsoelo-pele ka Morero oa ho Tlotlisa Molimo
  • Ho Amohela Phephetso ea Khōlo ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bacha—Etsang Hore Tsoelo-Pele ea Lōna e Bonahale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 8/1 maq. 12-17

Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale

“Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 TIMOTHEA 4:15.

1. U ka lemoha joang hore tholoana e butsoitse ’me e loketse ho jeoa?

NAHANA ka tholoana eo u e ratang haholo—perekisi, pere, mango, kapa e ’ngoe feela. Na u ka lemoha ha e se e butsoitse ’me e loketse ho jeoa? E, u ka lemoha. Monko oa eona, ’mala oa eona le ho tobosela ha eona li u lutlisa mathe. Hang ha u e shemola, u ka ba ua ’na ua itatsoa melomo ke monate oa eona. E hlabosa hakaakang! E monate o tsoang ka litsebe hakaakang! Ea u natefela ebile ea u thabisa.

2. Motho a ka bontša joang hore o hōlile ka ho feletseng, ’me hoo ho na le phello efe likamanong tsa batho?

2 Phihlelo ena e tloaelehileng empa e le e thabisang e tšoana le lintho tse itseng likarolong tse ling tsa bophelo. Ka mohlala, ho tšoana le ho butsoa ha tholoana, ho hōla ha motho ka ho feletseng moeeng ho totobala ka litsela tse sa tšoaneng. Re lemoha hore motho o hōlile ka ho feletseng ha re bona a e-na le temoho, kutloisiso, bohlale, joalo-joalo. (Jobo 32:7-9) Ka sebele hoa thabisa ho kopana le ho sebetsa le batho ba bontšang litšoaneleho tse joalo boikutlong ba bona le liketsong tsa bona.—Liproverbia 13:20.

3. Seo Jesu a ileng a se bua ha a hlalosa batho ba mehleng ea hae se senola eng ka ho hōla ka ho feletseng?

3 Ka lehlakoreng le leng, motho a ka hōla ’meleng empa lipuo tsa hae le liketso tsa hae li ka ’na tsa senola hore ha aa hōla ka ho feletseng maikutlong le moeeng. Ka mohlala, ha Jesu Kreste a bua ka moloko o tsoileng tseleng oa mehleng ea hae, o ile a re: “Johanne o tlile a sa je a sa noe, empa leha ho le joalo batho ba re, ‘O na le modemona’; Mor’a motho o ile a fela a tla a ja a noa, ho ntse ho le joalo batho ba re, ‘Bonang! Motho oa monyollo le ea ineheletseng ho noa veine.’” Esita le hoja batho bao ba ne ba hōlile ka ho feletseng ’meleng, Jesu o ile a re ba itšoere joaloka “bana ba banyenyane”—ho hang e ne e se batho ba hōlileng ka ho feletseng. Kahoo, o ile a phaella: “Leha ho le joalo, bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.”—Matheu 11:16-19.

4. Tsoelo-pele le khōlo e feletseng li bonahatsoa ka litsela life?

4 Mantsoeng a Jesu, rea bona hore ha motho a e-na le bohlale ba ’nete—e leng pontšo e hlakileng ea ho hōla ka ho feletseng—o bonahala ka mesebetsi ea hae le liphello tsa eona. Mabapi le sena, hlokomela keletso ea moapostola Pauluse ho Timothea. Ka mor’a ho thathamisa lintho tseo Timothea a lokelang ho li phehella, Pauluse o ile a re: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Timothea 4:15) E, ho tsoela pele ha Mokreste ho ea khōlong e feletseng hoa “bonahala,” kapa ho lemohuoa ka ho hlakileng. Khōlo e feletseng ea Bokreste, joaloka leseli le khanyang, hase tšoaneleho e sa bonahaleng kapa e ipatileng. (Matheu 5:14-16) Ka lebaka leo, re tla tšohla litsela tse peli tsa sehlooho tseo tsoelo-pele le khōlo e feletseng li ka bonahatsoang ka tsona: (1) ho hōla tsebong, kutloisisong le bohlaleng; (2) ho bonahatsa litholoana tsa moea.

Bonngoe Tumelong le Tsebong

5. Khōlo e feletseng e ka hlalosoa joang?

5 Lidikishinari tse ngata li hlalosa khōlo e feletseng e le ho hōla ka ho phethahetseng, ho hōla kamoo ho hlokahalang le ho finyella boemong ba ho qetela kapa bo batloang. Joalokaha re boletse qalong, tholoana e butsoitse haeba e finyeletse khōlo ea eona ea tlhaho ’me ponahalo ea eona, ’mala, monko le tatso li le boemong bo batlehang. Kahoo, khōlo e feletseng e tšoana le boemo bo phahameng ka ho fetisisa, ho fella esita le ho phetheha.—Esaia 18:5; Matheu 5:45-48; Jakobo 1:4.

6, 7. (a) Ke eng se bontšang hore Jehova o thahasella ka tieo hore barapeli bohle ba hae ba tsoele pele ho fihlela khōlong e feletseng ea moea? (b) Khōlo e feletseng ea moea e amana haufi le eng?

6 Jehova Molimo o thahasella ka tieo hore barapeli bohle ba hae ba tsoele pele ho fihlela khōlong e feletseng ea moea. Hore ho be joalo, o entse litokisetso tse babatsehang ka phuthehong ea Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Efese, a re: “O ile a fana ka ba bang e le baapostola, ba bang e le baprofeta, ba bang e le baevangeli, ba bang e le balisa le mesuoe, ka sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng, bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste, ho fihlela bohle re fihlela bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo, ho isa ho monna ea hōlileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste; e le hore re se ke ra hlola re e-ba bana, ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto ka ho qhekella ha batho, ka mano a ho qapa phoso.”—Baefese 4:11-14.

7 Litemaneng tsena, Pauluse o ile a hlalosa hore har’a mabaka a mang ao ka ’ona Molimo a faneng ka litokisetso tse ngata joalo tsa moea ka phuthehong, ke hore bohle ba ‘fihle bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng,’ ba fetohe ‘banna ba hōlileng ka ho feletseng,’ ’me ba be le ‘tekanyo ea boholo ba Kreste.’ Ke feela ka ho etsa joalo re tlang ho sireletseha hore re se ke ra akhotsoa joaloka masea a moea ke likhopolo le lithuto tsa bohata. Kahoo re bona kamano e haufi pakeng tsa ho tsoela pele ho ea khōlong e feletseng ea Bokreste le ho ba “bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo.” Ho na le lintlha tse ’maloa keletsong ea Pauluse tseo re lokelang ho li ela hloko.

8. Ho ba “bonngoeng” tumelong le tsebong e nepahetseng ho hloka eng?

8 Taba ea pele, kaha ‘bonngoe’ bo lokela ho bolokoa, Mokreste ea hōlileng ka ho feletseng o lokela ho ba bonngoeng le tumellanong e feletseng le balumeli-’moho le eena tabeng ea tumelo le tsebo. Ha a buelle maikutlo a hae kapa a tsitlelle ho ’ona kapa a be le maikutlo a hae a le mong tabeng ea kutloisiso ea Bibele. Ho e-na le hoo, o na le tšepo e feletseng ’neteng joalokaha e senoloa ke Jehova Molimo ka Mora oa hae, Jesu Kreste, le “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Ka ho iphepa kamehla ka lijo tsa moea tse fanoang “ka nako e tšoanetseng”—ka lingoliloeng tsa Bokreste, liboka, likopano tse khōlō le tse nyenyane—re ka kholiseha hore re boloka ‘bonngoe’ tumelong le tsebong le Bakreste-’moho.—Matheu 24:45.

9. Hlalosa se boleloang ke polelo e reng “tumelong” joalokaha e sebelisitsoe ke Pauluse lengolong la hae ho Baefese.

9 Taba ea bobeli, polelo e reng “tumelong” ha e bue ka kholiseho eo Mokreste ka mong a nang le eona, empa e bua ka sohle seo re se lumelang, “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba sona. (Baefese 3:18; 4:5; Bakolose 1:23; 2:7) Ha e le hantle, Mokreste a ka ba bonngoeng le balumeli-’moho le eena joang haeba a lumela kapa a amohela karolo e itseng feela ea ‘tumelo’? Sena se bolela hore ha rea lokela ho khotsofalla feela ho tseba lithuto tsa motheo tsa Bibele kapa ho ba le tsebo e fokolang feela kapa e nyenyane ea ’nete. Ho e-na le hoo, re lokela ho thahasella ho sebelisa hamolemo litokisetso tsohle tsa Jehova ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng bakeng sa ho etsa patlisiso e tebileng Lentsoeng la hae. Ka hohle kamoo ho ka khonehang, re lokela ho leka ho fumana kutloisiso e nepahetseng le e feletseng ea thato ea Molimo le morero oa hae. Sena se akarelletsa ho ipha nako ea ho bala le ho ithuta Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ho rapela Molimo re kōpa thuso ea hae le tataiso, ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste, le ho kopanela ka botlalo boboleling ba ’Muso le mosebetsing oa ho etsa barutuoa.—Liproverbia 2:1-5.

10. Mantsoe a reng “ho fihlela bohle re fihlela,” a bolela eng, joalokaha a sebelisitsoe ho Baefese 4:13?

10 Taba ea boraro, Pauluse o ile a eta pele tlhaloso ena ea pakane e hararo ka mantsoe a reng “ho fihlela bohle re fihlela.” Mabapi le polelo e reng “bohle re,” buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e fana ka moelelo oa “eseng bohle, a le mong ka nako, motho ka mong, empa bohle hammoho.” Ka mantsoe a mang, e mong le e mong oa rōna o lokela ho etsa boiteko bo lekaneng ba ho phehella pakane ea ho ba Mokreste ea hōlileng ka ho feletseng hammoho le mokhatlo oohle oa bara ba motho. The Interpreter’s Bible e re: “Katleho e feletseng ea moea e ke ke ea finyelloa ke motho ka mong a ikarotse ho ba bang, feela joalokaha karolo e itseng ea ’mele e ke ke ea hōla ka ho feletseng ntle leha ’mele oohle o tsoela pele ho hōla ka mokhoa oa oona o nepahetseng.” Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Efese hore ba ne ba lokela ho loanela ho utloisisa ka ho phethahetseng kelellong sohle se amang tumelo “hammoho le bahalaleli bohle.”—Baefese 3:18a.

11. (a) Ho etsa tsoelo-pele moeeng ha ho bolele eng? (b) Ho hlokahala hore re etse eng hore re etse tsoelo-pele?

11 Mantsoe ana a Pauluse a hlakisa hore ho etsa tsoelo-pele moeeng ha ho bolele ho tlatsa likelello tsa rōna ka tsebo le thuto e ngata. Mokreste ea hōlileng ka ho feletseng ha a iphahamisetse ba bang ka bohlale ba hae. Ho e-na le hoo, Bibele e re: “Tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” (Liproverbia 4:18) E, “tsela,” eseng motho, ke eona e ‘ntseng e khanya ka ho eketsehileng.’ Haeba re etsa boiteko bo sa khaotseng ba ho khema le kutloisiso e ntseng e khanya ka ho eketsehileng ea Lentsoe la Molimo eo Jehova a e fang batho ba hae, re tla be re etsa tsoelo-pele moeeng. Tabeng ena, ho khema ho bolela ho hatela pele, ’me ke seo bohle re ka se etsang.—Pesaleme ea 97:11; 119:105.

Bonahatsa “Litholoana Tsa Moea”

12. Ke hobane’ng ha ho bonahatsa litholoana tsa moea ho le bohlokoa ha re batla ho etsa tsoelo-pele moeeng?

12 Le hoja ho finyella “bonngoe tumelong le tsebong e nepahetseng” ho le bohlokoa, ho bohlokoa ka ho tšoanang hore re bontše litholoana tsa moea oa Molimo karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Hobane’ng? Lebaka ke hore joalokaha re se re bone, ho hōla ka ho feletseng ha ho ka hare ebile ha hoa ipata, empa ho tšoauoa ka litšoaneleho tse bonahalang ka ho hlaka tse ka tsoelang ba bang molemo le ho ba haha. Ka ho hlakileng, ho batla ha rōna ho etsa tsoelo-pele moeeng hase ho batla hore re tle re bonahale hore re balile kapa hore re tle re ikhohomose. Ho e-na le hoo, ha re ntse re hōla moeeng ’me re latela tataiso ea moea oa Molimo, boikutlo ba rōna le liketso tsa rōna li tla fetoha ka ho hlollang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Le ’ne le tsamaee ka moea ’me ho hang le ke ke la phetha takatso ea nama.”—Bagalata 5:16.

13. Ke phetoho efe eo e leng bopaki bo hlakileng ba tsoelo-pele?

13 Pauluse o ile a tsoela pele ho thathamisa “mesebetsi ea nama,” eo e leng mengata le e ‘bonahalang.’ Pele motho a utloisisa bohlokoa ba seo Molimo a se hlokang, o phela ka litsela tsa lefatše ’me ho ka etsahala hore ebe bophelo ba hae bo tletse tse ling tsa lintho tseo Pauluse a li boletseng: “bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, mohono, ho inehella botahoa, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena.” (Bagalata 5:19-21) Empa ha motho a ntse a hatela pele moeeng, butle-butle o hlōla ‘mesebetsi ena e sa rateheng ea nama’ ’me o e nkela sebaka ka “litholoana tsa moea.” Phetoho ena e bonahalang ka ntle ke bopaki bo hlakileng ba hore motho o nkile mehato e lebisang khōlong e feletseng ea Bokreste.—Bagalata 5:22.

14. Hlalosa lipolelo tsena tse peli, e leng “mesebetsi ea nama” le “litholoana tsa moea.”

14 Re lokela ho ela hloko lipolelo tse peli, e leng “mesebetsi ea nama” le “litholoana tsa moea.” “Mesebetsi” ke liphello tsa liketso tsa motho, litholoana tsa liketso tsa hae. Ka mantsoe a mang, lintho tseo Pauluse a li thathamisitseng a re ke mesebetsi ea nama, ke liphello tsa ntho eo motho a e khethang ka morero kapa tsa tšusumetso ea ho se phethahale ha motho. (Baroma 1:24, 28; 7:21-25) Ka lehlakoreng le leng, polelo e reng “litholoana tsa moea” e bolela hore litšoaneleho tse boletsoeng hase liphello tsa boiteko ba ho ntlafatsa botho kapa ho ba le botho bo ratehang, empa ke liphello tsa ho sebetsa ha moea oa Molimo ho motho. Feela joalokaha sefate se tla beha litholoana ha se hlokometsoe hantle, le motho o tla bonahatsa litholoana tsa moea ha moea o halalelang o sebetsa ka bolokolohi bophelong ba hae.—Pesaleme ea 1:1-3.

15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ela hloko lintho tsohle tseo e leng “litholoana tsa moea”?

15 Taba e ’ngoe eo re lokelang ho nahana ka eona ke ha Pauluse a sebelisa lentsoe “litholoana” ho akarelletsa litšoaneleho tsohle tse ntle tseo a li boletseng. Moea ha o hlahise litholoana tse sa tšoaneng tseo ho tsona re ka khethang eo re e ratang. Litšoaneleho tsohle tse boletsoeng ke Pauluse—lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro—ke tsa bohlokoa ka ho lekanang, ’me ha li kopane li etsa hore ho be bonolo ho ba le botho bo bocha ba Bokreste. (Baefese 4:24; Bakolose 3:10) Ka lebaka leo, le hoja re ka fumana hore tse ling tsa litšoaneleho tsena li bonahala ho feta tse ling bophelong ba rōna ka lebaka la botho ba rōna le lintho tseo re li ratang, ho bohlokoa hore re ele hloko lintho tsohle tse boletsoeng ke Pauluse. Ka ho etsa joalo, re ka bonahatsa botho bo kang ba Kreste ka ho eketsehileng bophelong ba rōna.—1 Petrose 2:12, 21.

16. Sepheo sa rōna ke sefe ha re phehella khōlo e feletseng ea Bokreste, hona re ka se finyella joang?

16 Thuto ea bohlokoa eo re ka ithutang eona ho seo Pauluse a se boletseng ke hore ha re phehella khōlo e feletseng ea Bokreste, sepheo sa rōna hase ho ba le tsebo e ngata kapa thuto e ngata ebile hase ho hlaolela ho ba le litšobotsi tse ntlafalitsoeng. Sepheo ke hore re fumane moea oa Molimo ka bolokolohi bophelong ba rōna. Tsela eo ka eona re etsang hore monahano le liketso tsa rōna li lumellane le tataiso ea moea oa Molimo, ke tsela eo re tla hōla moeeng ka eona. Re ka finyella sepheo see joang? Re lokela ho bula lipelo le likelello tsa rōna hore li susumetsoe ke moea oa Molimo. Sena se kopanyelletsa ho ba teng kamehla le ho kopanela kamehla libokeng tsa Bokreste. Hape re lokela ho bala le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo kamehla, re lumelle melao-motheo ea lona hore e re tataise litšebelisanong tsa rōna le ba bang, linthong tseo re li khethang le liqetong tseo re li etsang. Joale ka sebele, tsoelo-pele ea rōna e tla bonahala ka ho hlakileng.

Etsa Tsoelo-pele ka Morero oa ho Tlotlisa Molimo

17. Ho etsa tsoelo-pele ho amana joang le ho tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo?

17 Qetellong, ha re etsa hore tsoelo-pele ea rōna e bonahale, sena ha se tlise khanya le thoriso ho rōna, empa se e isa ho Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, ea re nolofaletsang ho hōla ka ho feletseng moeeng. Bosiung ba pele Jesu a bolaoa, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka.” (Johanne 15:8) Barutuoa ba ile ba tlisetsa Jehova thoriso ka ho bontša litholoana tsa moea le ka ho hlahisa litholoana tsa ’Muso tšebeletsong ea bona.—Liketso 11:4, 18; 13:48.

18. (a) Ke kotulo efe e thabisang e tsoelang pele kajeno? (b) Kotulo ee e hlahisa phephetso efe?

18 Kajeno, Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae ha ba kopanela kotulong ea moea ea lefatšeng ka bophara. Ka lilemo tse ngata joale, selemo le selemo batho ba bacha ba ka bang 300 000 ba inehetse ho Jehova ’me ba bontšitse boinehelo ba bona ka kolobetso ea metsing. Sena se re thabisa haholo ’me ntle ho pelaelo se thabisa le pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) Leha ho le joalo, hore sena e be mohloli o sa khaotseng oa thabo le thoriso ho Jehova, ho hlokahala hore bohle ba bacha ‘ba tsoele pele ba tsamaea bonngoeng le Kreste, ba metse ka metso ’me ba ntse ba hahuoa ho eena ’me ba ntse ba tsitsisoa tumelong.’ (Bakolose 2:6, 7) Sena se hlahisetsa batho ba Molimo phephetso e habeli. Ka lehlakoreng le leng, haeba u sa tsoa kolobetsoa, na u tla amohela phephetso ea hore u ikitlaetse e le hore “tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle”? Ka lehlakoreng le leng, haeba u bile ’neteng ka nako e telele, na u tla amohela phephetso ea ho jara boikarabelo ba ho hlokomela bomoea ba batho ba sa tsoa kopanela? Ebang u sa tsoa kolobetsoa kapa u bile ’neteng ka nako e telele, ho hlakile hore ho hlokahala hore u hatele pele ho ea khōlong e feletseng.—Bafilipi 3:16; Baheberu 6:1.

19. U ka fumana tokelo le litlhohonolofatso life haeba u etsa hore tsoelo-pele ea hao e bonahale?

19 Bohle ba sebetsang ka thata ho etsa hore tsoelo-pele ea bona e bonahale ba tla fumana litlhohonolofatso tse hlollang. Hopola mantsoe a khothatsang a Pauluse ka mor’a hore a khothalletse Timothea hore a etse tsoelo-pele: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16) Ha u khothalletse ho etsa hore tsoelo-pele ea hao e bonahale, le uena u ka kopanela tokelong ea ho tlotlisa lebitso la Molimo le ho fumana litlhohonolofatso tsa hae.

Na U sa Hopola?

•Khōlo e feletseng ea moea e ka bonahatsoa ka litsela life?

•Ke tsebo le kutloisiso tsa mofuta ofe tse bontšang khōlo e feletseng?

•Ho bonahatsa “litholoana tsa moea” ho bontša joang hore motho o entse tsoelo-pele moeeng?

•Re lokela ho amohela phephetso efe ha re ntse re hatela pele ho ea khōlong e feletseng?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho butsoa kapa ho hōla ka ho feletseng, ho bonahala ka ho hlakileng

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Re etsa tsoelo-pele moeeng ka ho khema le ’nete e senotsoeng

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Thapelo e re thusa hore re bonahatse “litholoana tsa moea”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela