“Mosali oa Bocha ba Hao”
“BOFEBE bo bonahala joaloka ketsahalo ea letsatsi le leng le le leng.” Ke kamoo ho bolelang litsebi tse ngata, ho latela Los Angeles Times. Na polelo e joalo ea u makatsa? Leha ho le joalo, ngaka ea mafu a kelello Frank Pittman o hakanya hore hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea banna le ho tloha karolong ea 30 lekholong ho ea ho 40 lekholong ea basali e ne e sa tšepahale. Haeba seo ke ’nete, hoo e ka bang halofo ea banyalani bohle e ea feba!
Na sena se bolela hore boitšoaro bo bobe bo lokile? Le hanyenyane! Ho ja setsi ha ho se tšepahale lenyalong ha ho ho etse ho lokileng—joalokaha ho ja setsi ha tlōlo ea molao seterateng ho sa etse hore ho utsoetsa motho e mong e be ho lokileng. Boitšoaro bo bobe bo utloisa bohloko. Ka mohlala, kajeno batho ba hlasetsoe ke seoa sa maloetse a kotsi a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a neng a ka thibeloa habonolo haeba batho ba ne ba phela bophelo ba boitšoaro bo botle. Boloetse bo bolaeang ba AIDS bo ne bo ke ke ba tsoela pele kamoo bo entseng haeba batho ba ne ba sa phele bophelo ba boitšoaro bo hlephileng hakaale bophelong ba bona ba likamano tsa botona le botšehali.
Ho feta moo, esita le batho ba bohlale le ba nang le “tsebo” ba utloa bohloko bo boholo ha balekane ba bona ba sa tšepahale. Ketso e le ’ngoe ea ho se tšepahale lenyalong e ka baka maqeba a ka nkang halofo ea nako ea bophelo bohle hore a fole.
Leha ho le joalo, ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ho bapala ka litlamo tsa lenyalo ke ho se hlomphe Molimo ho tšabehang, kaha ke eena Moqapi oa lenyalo. Bibele e re: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle.” Hape rea lemosoa: “Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.”—Ba-Heberu 13:4.
Kahoo, batho ba bohlale ba mamela mantsoe a bululetsoeng: “U thabele mosali oa bocha ba hao.” (Liproverbia 5:18) Ba batla khotsofalo le thabo le balekane ba bona ba lenyalo. Ka ho etsa joalo ba sireletsa bophelo ba bona bo botle ba ’mele le maikutlo, ’me habohlokoa ka ho fetisisa, ba tlisa tlhompho ho Moqapi e moholo oa lenyalo, Jehova Molimo.