U se ke Ua Tela!
“A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—BA-GALATA 6:9, NW.
1, 2. (a) Tau e tsoma ka litsela life? (b) Diabolose o thahasella ho hlasela bo-mang ka ho khethehileng?
TAU e tsoma ka litsela tse sa tšoaneng. Ka linako tse ling e lalla phofu ea eona liqanthaneng kapa litseleng tse phetheselang. Buka Portraits in the Wild, e re ka linako tse ling tau “e mpa feela e sebelisa hamolemo boemo bo itseng—ka mohlala, ha e fumana petsana ea qoaha e robetseng.”
2 Moapostola Petrose oa hlalosa: ‘Diabolose, e leng sera sa rōna, o ntse a lika-lika joalo ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.’ (1 Petrose 5:8) Ka ho tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane, Satane o hatella batho haholoanyane e le hore a ka ba thibela ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ‘tau ena e purumang’ e thahasella ka ho khethehileng ho hlasela bahlanka ba Jehova. (Tšenolo 12:12, 17) Mekhoa ea eona ea ho tsoma e tšoana le ea tau. Ka tsela efe?
3, 4. (a) Satane o sebelisa mekhoa efe ha a hlasela bahlanka ba Jehova? (b) Kaha tsena ke ‘linako tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ho phahamisoa lipotso life?
3 Ka linako tse ling Satane o leka ho sebelisa leraba—mahloriso kapa khanyetso e reretsoeng ho felisa botšepehi ba rōna e le hore re ka khaotsa ho sebeletsa Jehova. (2 Timothea 3:12) Empa, joaloka tau, ka linako tse ling Diabolose o mpa feela a sebelisa hamolemo boemo bo itseng. O emela hore re nyahame kapa re tepelle, ebe o leka ho fumana molemo ka boemo ba rōna ba ho hatelleha kelellong e le hore a ka etsa hore re tele. Re tlameha hore re se ke ra fetoha ba hlaselehang habonolo!
4 Empa, re phela nakong e thata ka ho fetisisa historing eohle ea motho. ‘Linakong tsena tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ bongata ba rōna re ikutloa re nyahame kapa re tepeletse maikutlo ka linako tse ling. (2 Timothea 3:1) Joale, re ka qoba joang hore re tepelle hoo Diabolose a ka nolofalloang ho re hlasela? E, ke joang re ka elang hloko keletso e bululetsoeng ea moapostola Pauluse e reng: “A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale”?—Ba-Galata 6:9, NW.
Ha ba Bang ba re Soabisa
5. Ke’ng se ileng sa tepeletsa Davida, empa ha aa ka a etsa eng?
5 Mehleng ea Bibele, esita le bahlanka ba Jehova ba neng ba tšepahala ka ho fetisisa e ka ’na eaba ba ne ba ee ba ikutloe ba tepeletse maikutlo ka linako tse ling. Mopesaleme Davida o ile a ngola: “Ke fela ke masisa-pelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa liphate tsa ka ka meokho, ke thoposetsa litao tsa ka ka eona. Mahlo a ka a fela ke mahlomola.” Ke hobane’ng ha Davida a ile a ikutloa ka tsela eo? O ile a hlalosa: “Ka baka la bohle ba ntlhorisang.” Liketso tse utloisang bohloko tsa ba bang li ile tsa etsa hore pelo ea Davida e utloe bohloko hoo meokho ea hae e ileng ea itsoela feela. Ho ntse ho le joalo, Davida ha aa ka a furalla Jehova ka lebaka la seo batho ba bang ba neng ba mo entse sona.—Pesaleme ea 6:6-9.
6. (a) Lipolelo tsa ba bang le liketso tsa bona li ka re ama joang? (b) Ba bang ba etsa joang hore Diabolose a nolofalloe ke ho ba hlasela?
6 Ka ho tšoanang, lipolelo kapa liketso tsa ba bang li ka ’na tsa etsa hore re tepeletsoe ke bohloko bo boholo ba pelo. Liproverbia 12:18 e re: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene.” Ha ea beberang e le moena kapa khaitseli ea Mokreste, ‘leqeba la tsenene’ le ka teba. Tšekamelo ea botho e ka ba ho khopeha, mohlomong ho jara motho eo ka pelo. Sena ke ’nete ka ho khethehileng haeba re ikutloa hore re tšoeroe ka tsela e seng mosa kapa ka leeme. Re ka ’na ra bona ho le thata ho buisa ea re khopisitseng; re ka ba ra mo koekoetla ka boomo. Ba bang ka lebaka la ho tepeletsoa maikutlo ke lehloeo, ba tetse ’me ba khaolitse ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ka masoabi, ka mokhoa oo ba “nea Diabolose sebaka” sa ho ba qhekella e le hore a ka ba hlasela habonolo.—Ba-Efese 4:27.
7. (a) Re ka qoba ho etsa seo Diabolose a batlang hore re se etse joang ha ba bang ba re soabisa kapa ba re utloisa bohloko? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho khaotsa ho jara motho ka pelo?
7 Re ka qoba ho etsa seo Diabolose a batlang hore re se etse joang ha ba bang ba re soabisa kapa ba re utloisa bohloko? Re tlameha hore re se ke ra ba jara ka pelo. Ho e-na le hoo, re nke bohato ba pele ba ho bōpa khotso kapa ho lokisa litaba kapele kamoo ho ka khonehang. (Ba-Efese 4:26) Ba-Kolosse 3:13 (NW) e-ea re phehella: “Tsoelang pele le . . . tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” Tšoarelo e loketse ka ho khethehileng ha ea khopisitseng a lumela phoso ’me a soabile e le kannete. (Bapisa Pesaleme ea 32:3-5 le Liproverbia 28:13.) Leha ho le joalo, ho hopola hore ho tšoarela hase ho bebofatsa kapa ho nyenyefatsa liphoso tseo ba bang ba li entseng, hoa re thusa. Ho tšoarela ho akarelletsa ho khaotsa ho jara motho ka pelo. Ho jara motho ka pelo ke moroalo o boima. Ho ka senya menahano ea rōna, ha re amoha thabo. Ho ka ba ha ama bophelo ba rōna ba ’mele. Ho fapana le hoo, ho tšoarela, moo ho loketseng, ho molemong oa rōna ka borōna. Joaloka Davida, e se eka le ka mohla re ke ke ra tela ’me ra suthela hōle le Jehova ka lebaka la seo batho ba bang ba re buetseng sona kapa ba re entseng sona!
Ha re Hlōleha
8. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba ikutloa ba le molato ka ho khethehileng ka linako tse ling? (b) Ho na le kotsi efe tabeng ea ho sithabetsoa ke ho ikutloa re le molato hoo re telang?
8 Jakobo 3:2 e re: “Bohle re khopjoa nthong tse ngata.” Ha re khoptjoa, ke ha tlhaho ho ikutloa re le molato. (Pesaleme ea 38:3-8) Boikutlo ba ho ba molato bo ka ba matla ka ho khethehileng haeba re loana le bofokoli bo itseng ba nama ’me bo re hlōla joalo-joalo.a Mokreste e mong ea ileng a talimana le ntoa e joalo o ile a hlalosa: “Ke ne ke sa batle ho tsoela pele ke phela, ke sa tsebe hore na ke entse sebe se sa tšoareloeng kapa che. Ke ile ka ikutloa hore ho molemo hore ke se ke ka ikitlaetsa tšebeletsong ea Jehova hobane mohlomong ha ho sa tla nthusa ka letho.” Ha re ikutloa re sithabetse ke ho ikutloa re le molato hoo ka borōna re telang, re fa Diabolose monyetla—’me a ka ’na a potlakela ho o sebelisa hamolemo! (2 Ba-Korinthe 2:5-7, 11) Mohlomong ho hlokahalang ke ho ba le pono e leka-lekaneng haholoanyane mabapi le boikutlo ba ho ba molato.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepela mohaung oa Molimo?
9 Ha re etsa sebe ho loketse ho ikutloa re le molato ho isa tekanyong e itseng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, boikutlo ba ho ba molato boa phehella hobane Mokreste a ikutloa hore a ke ke a hlola a tšoaneleha bakeng sa ho fumana mohau oa Molimo. Empa, Bibele ka mofuthu e-ea re tiisetsa: “Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe, ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.” (1 Johanne 1:9) Na ho na le lebaka leha e le lefe le utloahalang la ho lumela hore Molimo a ke ke a etsa joalo tabeng ea rōna? Hopola, Lentsoeng la hae, Jehova o re o “loketse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5, NW; 130:3, 4) Kaha a ke ke a thetsa, o tla etsa joalokaha Lentsoe la hae le tšepisa, hafeela re e-tla ho eena ka pelo e bakileng.—Tite 1:2.
10. Ke khothatso efe e thobang pelo eo Molula-Qhooa oa morao koana o ileng oa e hatisa mabapi le ho loantša bofokoli ba nama?
10 U lokela ho etsa’ng haeba u loana le bofokoli bo itseng ’me bo khutla hape? U se ke ua tela! Ho khutla ha bona hase hakaalo hore ho senya tsoelo-pele eo u seng u e entse. Tokollo (ea Senyesemane) ea February 15, 1954, ea makasine ena e ile ea fana ka khothatso ena e thobang pelo: “Re [ka ’na] ra iphumana hangata re khoptjoa le ho oela mokhoeng o itseng o mobe oo ho feta kamoo re neng re ile ra hlokomela kateng, o metseng ka metso tseleng ea rōna ea bophelo ea nako e fetileng. . . . U se ke ua felloa ke tšepo. U se ke ua etsa qeto ea hore u entse sebe se sa tšoareloeng. Ena ke eona tsela eo Satane a ka ratang hore u nahane ka eona. Taba ea hore u ikutloa u saretsoe u bile u tšoenyehile ka bouena, ka boeona ke bopaki ba hore ha u-ua ea hōle haholo. Le ka mohla u se ke ua tepella hoo u ke keng ua retelehela ho Molimo ka boikokobetso le ka tieo, u mo kōpe hore a u tšoarele a be a u hloekise le ho u thusa. E-ea ho eena joalokaha ngoana a e-ea ho ntate oa hae ha a tšoenyehile, ho sa tsotellehe hore na u ea hangata hakae ka bofokoli bo le bong, ’me Jehova ka mosa o tla u thusa ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang haeba u tiile, o tla etsa hore u be le letsoalo le hloekileng.”
Ha re Ikutloa Hore ha re Etse se Lekaneng
11. (a) Re lokela ho ikutloa joang ka ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso? (b) Bakreste ba bang ba loana le maikutlo afe mabapi le ho kopanela tšebeletsong?
11 Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba Mokreste, ’me ho kopanela ho oona ho tlisa thabo. (Pesaleme ea 40:8) Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba ikutloa ba le molato haholo mabapi le ho se khone ho etsa se eketsehileng tšebeletsong. Boikutlo bo joalo ba ho ba molato bo ka ba ba senya thabo ea rōna ’me ba etsa hore re tele, ka ho nahana hore Jehova o ikutloa hore ha ho mohla re etsang se lekaneng. Nahana ka maikutlo ao ba bang ba loanang le ’ona.
Khaitseli e mong oa Mokreste eo eena le monna oa hae ba hōlisang bana ba bararo o ngotse tjena: “Na u tseba kamoo bofutsana bo jang nako kateng? Ke tlameha ho baballa nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo nka khonang ho baballa ho eona. Sena se bolela ho sebelisa nako bakeng sa ho batla lintho mabenkeleng a lintho tse sebelisitsoeng, moo ho fantisoang liaparo, kapa esita le ho rōka liaparo. Hape ke qeta hora kapa tse peli ka beke ke sebetsa liteketeng tsa ho phatlalatsa [lijo tseo theko ea tsona e theotsoeng]—kea li seha, ke li kenye lifaeleng ke be ke li rekise. Ka linako tse ling ke ikutloa ke le molato haholo ha ke etsa lintho tsena, kaha ke nahana hore ke ne ke lokela hore ebe ke sebelisa nako eo ke le tšebeletsong ea tšimo.”
Khaitseli e mong ea nang le bana ba bane eo monna oa hae a sa lumelang o ile a hlalosa: “Ke ne ke nahana hore e tlameha ebe ha ke hlile ha ke rate Jehova ka ho lekaneng. Ka hona ke ile ka ikitlaetsa ka matla tšebeletsong ea ka ho Jehova. Ke ile ka hla ka leka ka matla, empa le ka mohla ha kea ka ka ikutloa hore ho lekane. Taba ke hore, ke ne ke sa ikutloe ke tšoaneleha le hanyenyane, ka hona ke ne nke ke ka nahana kamoo Jehova a neng a ka amohela tšebeletso ea ka ho eena.”
Mokreste ea ileng a bona ho hlokahala hore a tlohele tšebeletso ea nako e tletseng o itse: “Ke ne ke sitoa ho mamella maikutlo a hore ke ne ke hlōleha boitlamong ba ka ba ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. U ka inahanela hore na ke ne ke khathetse matla hakaakang! Hona joale ha ke hopola taba ena kea lla.”
12. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba ikutloa ba le molato haholo ha ba sa khone ho etsa se eketsehileng tšebeletsong?
12 Ke ha tlhaho ho batla ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo ho ka khonehang. (Pesaleme ea 86:12) Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ba bang ba ikutloa ba le molato haholo ha ba sa khone ho etsa se eketsehileng? Ho ba bang, ho bonahala eka sena se amana le boikutlo bo tloaelehileng ba hore motho a ikutloe e se oa bohlokoa, mohlomong bo bakoang ke liphihlelo tse bohloko bophelong. Maemong a mang, boikutlo bo sa lokelang ba ho ba molato bo ka ’na ba bakoa ke pono eo e seng ea sebele ka seo Jehova a se lebeletseng ho rōna. Mokreste e mong o ile a lumela: “Ke ne ke ikutloa hore ha u sa sebetse ho fihlela u khathetse haholo, e tlameha ebe ha u etse se lekaneng.” Ka lebaka leo, o ile a ipehela litekanyetso tse phahameng haholo—eaba o ikutloa a le molato le ho feta ha a sitoa ho li finyella.
13. Jehova o lebeletse eng ho rōna?
13 Jehova o lebeletse eng ho rōna? Habonolo feela, Jehova o lebeletse hore re mo sebeletse ka soule eohle, re etse seo maemo a rōna a re lumellang ho se etsa. (Ba-Kolosse 3:23, NW) Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba le phapang e khōlō pakeng tsa seo re neng re ka rata ho se etsa le seo re hlileng re ka se etsang. Re ka ’na ra khinoa ke maemo a kang lilemo, bophelo ba ’mele, matla a ’mele kapa boikarabelo ba lelapa. Leha ho le joalo, ha re etsa sohle seo re ka se etsang, re ka ikutloa re kholisehile hore tšebeletso ea rōna ho Jehova ke ea soule eohle—e seng ea soule eohle e phahametseng kapa e ka tlaase ho ea motho e mong eo bophelo ba hae ba ’mele le maemo a hae a mo lumellang hore a be tšebeletsong ea nako e tletseng.—Mattheu 13:18-23.
14. U ka etsa’ng haeba u hloka thuso mabapi le ho fihlela qeto ka hore na ke sefe seo ka sebele u ka se etsang?
14 Joale, u ka fihlela qeto joang ka hore na ke sefe seo ka sebele u ka se etsang? U ka ’na ua rata ho tšohla taba ena le motsoalle oa Mokreste ea hōlileng tsebong, eo u mo tšepang, mohlomong e le moholo kapa khaitseli ea nang le phihlelo, ea tsebang matla a hao, mefokolo le boikarabelo ba lelapa. (Liproverbia 15:22) Hopola hore mahlong a Molimo hore na u motho oa bohlokoa hakae ha ho lekanyetsoe ka hore na u etsa hakae tšebeletsong ea tšimo. Bahlanka bohle ba Jehova ke ba bohlokoa ho eena. (Haggai 2:7; Malakia 3:16, 17) Seo u se etsang mosebetsing oa ho bolela se ka ’na sa e-ba ka holimo ho seo ba bang ba se etsang kapa sa e-ba ka tlaase, empa hafeela e le sohle seo u ka se etsang, Jehova o-oa thaba, ’me ha ho hlokahale hore u ikutloe u le molato.—Ba-Galata 6:4.
Ha ho Batloa ho Hoholo ho Rōna
15. Ho hlokoa ho hongata ho baholo ba phutheho ka litsela life?
15 Jesu o itse: “E mong le e mong ea neiloeng haholo, ho tla batloa haholo ho eena.” (Luka 12:48) Ka sebele ‘ho batloa ho hoholo’ ho ba sebeletsang e le baholo ba phutheho. Joaloka Pauluse ba etsa sohle seo ba ka se etsang molemong oa phutheho. (2 Ba-Korinthe 12:15) Ba tlameha ho lokisetsa lipuo, ho etsa maeto a bolisa, ho sebetsa linyeoe tsa boahloli—ba etsa tsena tsohle ba sa hlokomolohe malapa a bona. (1 Timothea 3:4, 5) Baholo ba bang le bona ba tšoarehile ka ho thusa ho haha Liholo tsa ’Muso, ho sebeletsa Likomiting tsa Bohokahanyi le Lipetlele, le ho ithaopa likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Banna baa ba inehetseng, ba sebetsang ka thata ba ka qoba ho tepella joang ba jere moroalo oa boikarabelo bo bokaalo?
16. (a) Jethro o ile a fa Moshe tharollo efe e sebetsang? (b) Ke tšoaneleho efe e tla nolofaletsa moholo ho kopanela boikarabelo bo loketseng le ba bang?
16 Ha Moshe, motho ea neng a inyenyefalitse le ea neng a ikokobelitse, a ne a sebetsa ka thata ho rarolla mathata a ba bang, mohoe oa hae, Jethro, o ile a fana ka tharollo e sebetsang: kopanela boikarabelo bo bong le banna ba bang ba tšoanelehang. (Exoda 18:17-26; Numere 12:3) Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba ikokobetsang.” Ho inyenyefatsa ho bolela ho lemoha le ho amohela mefokolo ea hao. Motho ea inyenyefatsang ha a leqe ho abela ba bang boikarabelo, leha e le hona ho tšaba hore ka tsela e itseng o felloa ke matla ka ho kopanela boikarabelo bo loketseng le banna ba bang ba tšoanelehang.b (Numere 11:16, 17, 26-29) Ho e-na le hoo, o laba-labela ho ba thusa ho hatela pele.—1 Timothea 4:15.
17. (a) Litho tsa phutheho li ka bebofatsa moroalo oa baholo joang? (b) Basali ba baholo ba itela ka litsela life, hona re ka ba bontša joang hore ha re nke see habobebe?
17 Litho tsa phutheho li ka etsa ho hongata ho bebofatsa moroalo oa baholo. Kaha ba bang ba utloisisa hore baholo ba lokela ho hlokomela malapa a bona, ba ke ke ba nka nako ea baholo le tlhokomelo ea bona ntle ho mabaka a utloahalang. Hape ba ke ke ba nka habobebe ha basali ba baholo ka ho hloka boithati ba tela nako eo ba ka beng ba e qeta le banna ba bona hore ba e qete le phutheho. ’Mè e mong ea nang le bana ba bararo eo monna oa hae a sebeletsang e le moholo o ile a hlalosa: “Ntho eo le ka mohla ke e-song ho belaele ka eona ke moroalo o eketsehileng oo ka ho ithatela ke o jarang lapeng e le hore monna oa ka a ka sebeletsa e le moholo. Kea tseba hore tlhohonolofatso ea Jehova e enne lapeng la rōna ka lebaka la ho sebeletsa ha hae, ’me ha ke honohele seo a fanang ka sona. Empa, ka sebele, ke atisa ho etsa mosebetsi o eketsehileng jareteng ke bile ke fa bana ba rōna taeo e eketsehileng ho feta kamoo ke neng nka etsa tlas’a maemo a fapaneng hobane monna oa ka a tšoarehile.” Hoa soabisa hore ebe khaitseli enoa o ile a hlokomela hore ba bang, ho e-na le ho ananela moroalo oa hae o eketsehileng, ba bua lipolelo tse sa nahaneleng tse kang, “Ke hobane’ng ha u sa bule maliboho?” (Liproverbia 12:18) Ke ho molemo hakaakang ho babatsa ba bang ka seo ba se etsang ho e-na le ho ba tšoaea liphoso ka seo ba sa khoneng ho se etsa!—Liproverbia 16:24; 25:11.
Kaha Bofelo ha bo E-s’o Tle
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha ee e se nako ea ho khaotsa ho matha peisong ea bophelo bo sa feleng? (b) Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste ba Jerusalema keletso efe e nakong?
18 Ha semathi se tseba hore se haufi le ho qeta peiso e telele, ha se tele. ’Mele oa sona o ka ’na oa be o le makhatheng a ho felloa ke matla—o khathetse, o chesa haholo o bile o feletsoe ke metsi—empa hase nako ea ho khaotsa ho matha kaha se haufi le khole. Ka ho tšoanang, joaloka Bakreste re peisong ea moputso oa bophelo, ’me re haufi haholo le khole. Hona joale hase nako ea hore re khaotse ho matha!—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 9:24; Ba-Filippi 2:16; 3:13, 14.
19 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba talimana le boemo bo tšoanang. Hoo e ka bang ka 61 C.E., moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Jerusalema. Nako e ne e fela—“moloko” o khopo, tsamaiso ea lintho ea Sejode ea bokoenehi, o ne o le haufi le ho “feta.” Bakreste ba Jerusalema ka ho khetheha ba ne ba tšoanela ho falimeha le ho tšepahala; ho ne ho tla hlokahala hore ba balehe motseng ha ba bona o pota-potiloe ke mabotho a ntoa a hlommeng litente. (Luka 21:20-24, 32) Joale, keletso ea Pauluse e bululetsoeng e ne e le nakong: “Le se ke la khathala eaba le felloa ke matla lisouleng tsa lōna.” (Ba-Heberu 12:3, NW) Mona moapostola Pauluse o ile a sebelisa maetsi a mabeli a tobileng: “ho khathala” (kaʹmno) le “ho felloa ke matla” (e·klyʹo·mai). Ho latela setsebi se seng sa Bibele, mantsoe ana a Segerike a ile a “sebelisoa ke Aristotle bakeng sa limathi tse phomolang le ho oa ha li qeta ho feta khole. Babali [ba lengolo la Pauluse] ba ne ba ntse ba le peisong. Ha baa lokela ho tela pele nako e fihla. Ba tlameha hore ba se ke ba itumella ho akheha le ho oa ka lebaka la ho khathala. Ho boetse ho na le boipiletso ba ho mamella ha re talimane le mathata.”
20. Ke hobane’ng ha keletso ea Pauluse e le nakong bakeng sa rōna kajeno?
20 Keletso ea Pauluse e nakong hakaakang ho rōna kajeno! Kaha re talimane le likhatello tse eketsehang, ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona re ikutloang joaloka semathi se khathetseng seo maoto a sona a seng a tla felloa ke matla. Empa kaha re haufi haholo le khole, re tlameha hore re se ke ra tela! (2 Likronike 29:11) Sena ke sona seo Sera sa rōna, “tau e purumang,” se neng se ka batla hore re se etse. Hoa thabisa hore Jehova o entse litokisetso tse fang “ea khathetseng matla.” (Esaia 40:29) Sehloohong se latelang re tla hlahloba taba ea hore na tsena ke life le hore na re ka li sebelisa hamolemo joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba ikitlaetsa ka matla hore ba laole tšobotsi e itseng ea botho ba bona e metseng ka metso, e kang bohale, kapa ho hlōla bothata ba ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho ikhotsofatsa.—Bona Tsoha! ea June 8, 1988, maqepheng a 11-13; May 8, 1982, maqepheng a 20-4, tse hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania; le Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, maqepheng a 198-211, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bona sehlooho “Baholo—Abang Boikarabelo!” se ho Molula-Qhooa oa October 15, 1992, maqepheng a 20-3.
Karabo ea Hao ke Efe?
◻ Re ka qoba ho tela joang ha ba bang ba re soabisa kapa ba re utloisa bohloko?
◻ Ke pono efe e leka-lekaneng mabapi le boikutlo ba ho ba molato e tla re thibela hore re tele?
◻ Jehova o lebeletse eng ho rōna?
◻ Boinyenyefatso bo ka thusa baholo ba phutheho joang hore ba qobe ho khathala ho ntseng ho eketseha?
◻ Ke hobane’ng ha keletso ea Pauluse e ho Ba-Heberu 12:3 e le nakong bakeng sa rōna kajeno?