Na Lipuo Tsa hao Lia Hlaba Kapa Lia Thoba?
LINAKONG tsena tse thata, ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ‘lipelo li robehileng’ ’me ba “meea e tetelitsoeng.” (Pesaleme ea 34:18) Kahoo, mantsoeng a moapostola Pauluse, ho na le tlhokahalo e tsoelang pele ea hore re “bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo” ’me re “tšehetse ba fokolang.” (1 Bathesalonika 5:14) Empa ho thoe’ng haeba motho e mong a re khopisa kapa a etsa ntho e ’ngoe e fosahetseng ka ho tebileng? Boemong bo joalo, re ka ’na ra ikutloa re loketse ho mo khalemela ka bohale. Leha ho le joalo, temoso e loketse. Keletso, esita leha e loketse, e ka ba kotsi ha e fanoa ka bohale. Liproverbia 12:18 e re: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene.”
Ka lebaka leo, ha re rera ho ea fana ka khalemelo kapa ho sebetsana le qabang, ke habohlokoa ho hopola karolo ea bobeli ea Liproverbia 12:18: “Molomo oa ea bohlale oa thoba.” Kamehla u ipotse, ‘Haeba ke ne ke hloka khalemelo, ke ne ke tla batla hore ho sebetsanoe le ’na joang?’ Bongata ba rōna re arabela hamolemo khothatsong ho feta ho tšoauoeng phoso. Ka hona e-ba ea seatla se bulehileng pabatsong. Hangata sena se tla fa ea sitiloeng khothatso ea ho ntlafatsa, ’me mohlomong o tla thabela haholoanyane thuso efe kapa efe e fanoang.
Ke habohlokoa hakaakang hore kamehla re nolofatse mantsoe a rōna! Mantsoe a thobang a tla siea momameli a ikutloa joaloka mopesaleme, ea ileng a ngola: “Ea lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaee, ke ole hloohong ea ka: hlooho ea ka e ke ke ea e hana.”—Pesaleme ea 141:5.