U ka Sireletsa Bana ba Hao Joang?
KA MOR’A ho qeta lilemo tse ’maloa a kena sekolo motseng oa habo, Wernera o ile a qala lithuto tse phahameng hammoho le bacha ba bang ba 3000, São Paulo, Brazil. O ile a qala ho bona ha liithuti-’moho li rekisa lithethefatsi ’me li li sebelisa. Kaha o ne a se na ’mele, kapelenyana o ile a fetoha phofu ea liithuti tsa khajana ka ho ntšoa boqai ka tsela e theolang seriti le e kotsi.
Khaitseli ea Werner, Eva, le eena o ile a ba le mathata. A batla ho etsa sohle se matleng a hae, o ile a ithuta ka thata hoo a bileng a tšoaroa ke mokhathala o feteletseng ’me a ba a ferekana kelellong. Joaloka bacha ba bang ba bangata, Werner le Eva ba ne ba hloka ho sireletsoa ’meleng le kelellong. Bana ba hao ba hloka thuso ea mofuta ofe? U ka ba lokisetsa joang bophelo ba ho ba batho ba baholo? Ha e le hantle, u batlela bana ba hao bokamoso ba mofuta ofe?
Ha ba Hloke Tsa ho Phela le Liaparo Feela
Ak’u nahane ka motsotsoana ka phephetso ea ho sireletsa bana eo batsoali ba tobanang le eona kajeno. Ka lebaka la ho nyehla ha litekanyetso tsa bophelo ba lelapa le ho eketseha ha bofutsana, linaheng tse ngata lenane la bana ba sollang seterateng lea eketseha. Ho sebelisoa ha bana ka thata ke phello ea ho hlōleha ho sireletsa bacha bana tšoarong e mpe. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le eona e bolaea bacha ba bangata. Ka mohlala, ha mocha e mong oa Brazil a fetoha lekhoba la lithethefatsi, khotso e ile ea senyeha ka lapeng habo. Ntle ho khatello ea maikutlo eo batsoali ba hae ba bileng le eona, ho bile thata ho lefa lichelete tsa hore a hlaphoheloe, ’me barekisi ba hlokang mohau ba lithethefatsi ba ne ba e-tla lapeng ha bona ho tla batla tefo ea bona.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe likhatello tsa bophelo, batsoali ba bangata ba tsoela pele ho loanela ho fa bana ba bona eseng lijo, liaparo le bolulo feela empa hape le ho ba sireletsa pefong, tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le mathateng a mang. Bona ke boikitlaetso bo babatsehang, empa na bo lekane? Ho thoe’ng ka ho ba sireletsa likotsing tsa maikutlo le tsa moea? Ba bangata baa hlokomela hore ho ba motsoali ea atlehang ho akarelletsa ho sebetsana le liphephetso tse amang khetho ea bana ba bona ea metsoalle le boikhathollo. Leha ho le joalo, batsoali ba ka qoba ho ba ba sireletsang ho tlōla kapa ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe joang? U mengoa hore u hlahlobe likarabo tse fumanoang sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho sebelisitsoe mabitso a iqapetsoeng sehloohong sena.