Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 4/8 maq. 5-9
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao Kateng
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Motsoalle ea Tšepeloang Makunutu”
  • Ha Mocha a Sebelisa Lithethefatsi
  • Ho Kenella ka Katleho
  • U se ke ua Tela!
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Bacha le Lithethefatsi
    Tsoha!—2003
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 4/8 maq. 5-9

Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao Kateng

“Batsoali ke bona ba bohlokoa ka ho fetisisa ba ka sireletsang bana ba bona ho sebeliseng lithethefatsi hampe. Ba lokela ho beha mohlala o motle le ho ruta bana ba bona.”—DONNA SHALALA, MONGOLI OA U.S. DEPARTMENT OF HEALTH AND HUMAN SERVICES.

JOALOKA MOTSOALI, u na le boikarabelo ba bohlokoa ka ho fetisisa ba ho sireletsa bana ba hao hore ba se ke ba sebelisa lithethefatsi hampe. Ka bomalimabe, hase batsoali bohle ba ka utloisisang bohlokoa ba ho etsa joalo. Ireneu, mocha e mong oa Brazil oa hopola: “Kamehla ntate o ne a phathahane. O ne a e-ba le moqoqo o mokhutšoanyane feela le rōna. Ha ho mohla re kileng ra fumana keletso leha e le efe ka lithethefatsi.”

Ka lehlakoreng le leng, nahana ka seo Alecxandros, mocha e mong oa Brazil, a se hopolang: “Ha ho ne ho e-na le mananeo a TV a buang ka batho ba lemaletseng lithethefatsi, ntate o ne a re bitsa, ’na le baena ba ka, hore re tl’o a shebella. O ne a re bontša boemo bo tšabehang boo ba lemaletseng lithethefatsi ba leng ho bona ka lebaka la ho sebelisa lithethefatsi hampe. Ka linako tse ling o ne a ee a sebelise monyetla oo hore a re botse hore na re ke re bone bacha ba bang sekolong ba sebelisang lithethefatsi. Ka tsela eo o ne a re lemosa ka likotsi tsa ho sebelisa lithethefatsi hampe.”

Na u se u kile ua buisana le bana ba hao ka likotsi tsa lithethefatsi? Hore u etse joalo, ho tla hlokahala hore u ithute ka likotsi tsena. Batsoali ba Bakreste ba ka thusa bana ba bona ho hlokomela hore ho sebelisa lithethefatsi tse seng molaong ho ba ntša kotsi moeeng. Bibele e re khothalletsa hore re boloke ’mele ea rōna e hloekile litšileng tsohle, ’meleng le moeeng. (2 Bakorinthe 7:1) Ho ithuta ha motho Bibele kamehla le bana ba hae e ka ba mokhoa o matla oa ho ba sireletsa.a

“Motsoalle ea Tšepeloang Makunutu”

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke hore u hahe kamano e ntle ea hore bana ba hao ba u tšepe. Jehova ke “motsoalle ea tšepeloang makunutu” ho bana ba hae ba lefatšeng. (Jeremia 3:4) Na u motsoalle ea tšepeloang makunutu ho ngoana oa hao? Na u hlile u mamela ngoana oa hao? Na ngoana oa hao o ikutloa a phutholohile ho u bolella mathata a hae? Na u potlakela ho mo nyatsa ho e-na le ho mo rorisa? Iphe nako ea ho tseba ngoana oa hao. Na o na le metsoalle? Ke bo-mang? Ho feta moo, Bibele ea lemosa: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) U se ke ua tšaba ho beha meeli e tiileng kapa ho fana ka taeo e lerato. Bibele e re: “Shapa mora oa hao ’me o tla u tlisetsa phomolo ’me a fe moea oa hao nyakallo e khōlō.”—Liproverbia 29:17.

Ho feta moo, u se ke ua nyenyefatsa likotsi tseo bana ba hao ba tobaneng le tsona. Batsoali ba bang ba ka ’na ba nka feela hore kaha bana ba bona ba tsoa malapeng a hlomphehang, ho hang hase mofuta o ka kenellang lithethefatsing. Empa, Dr. José Henrique Silveira oa hlalosa: “Morekisi oa lithethefatsi o rata ho etsa setsoalle le bana ba batho ba nang le tšusumetso hobane ba mo etsetsa phaello e ntle.” E, haeba mocha ea hlomphehang a ka hohelloa ho sebeliseng lithethefatsi, hangata bacha ba bang baa latela.

Kahoo, talima lintho ka tsela ea sebele. Tseba a mang a matšoao a pele a bonahalang ha ngoana a qala ho sebelisa lithethefatsi. Ka mohlala, na morao tjee ngoana oa hao o se a itšehla thajana, a tepelletse maikutlo, a le hlaha kapa a sa sebelisane le ba bang? Na o se a ikhutse metsoalleng ea hae ea khale kapa lithong tsa lelapa ka mabaka a sa tsejoeng? Joale u na le lebaka la ho tšoenyeha.

Ka masoabi, ho sa tsotellehe boiteko bo babatsehang ba batsoali, bacha ba bang ba ntse ba inehela khatellong ’me ba sebelisa lithethefatsi. U lokela ho etsa’ng haeba see se etsahalla ngoana oa hao?

Ha Mocha a Sebelisa Lithethefatsi

Ireneu o re: “Ha batsoali ba ka ba fumana, e ne e se e le likhoeli tse ’maloa moen’a ka a sebelisa lithethefatsi. Kaha ha ho mohla ba kileng ba nahana hore e mong oa bana ba bona a ka lemalla lithethefatsi, qalong ba ile ba tlala tšabo. Pele, ho ne ho se letho leo ntate a neng a ka le nahana ha e se ho sebelisa likhoka ho khalemela moena oa ka.”

Ha batsoali ba fumana hore ngoana oa bona o sebelisa lithethefatsi, ba ka qala ka ho ba bohale, ba ferekana le ho ikutloa ba hlōlehile. Leha ho le joalo, tokomane e fanang ka boitsebiso ea U.S. Department of Education ea eletsa: “U se ke ua tšoha! Hape u se ke ua ipeha molato. Ntho ea bohlokoa hona joale ke ho khoba matšoafo [le] ho fumana se etsahalang. . . . Ho sebelisa lithethefatsi ho ka khaotsoa. Ho lemalla lithethefatsi ke lefu le phekolehang.”

E, e-ba mosa empa u tiee e le hore boemo bo se ke ba tsoa taolong. Ho ba bohale bo feteletseng kapa ho ferekana ho ka thibela ngoana oa hao ho hlaphoheloa. Hape, u batla ho thusa ngoana oa hao hore e tle e be motho e moholo ea nang le boikarabelo ea inahanelang. Ka hona, iphe nako e lekaneng ea ho behelana mabaka ka tieo le mocha ho mo thusa hore a bone melemo ea ho se hlole a sebelisa lithethefatsi. Leka ho fumana se ka pelong ea ngoana ea tsoileng tseleng ’me u ikemisetse ho mamela.—Liproverbia 20:5.

Ireneu o boetse oa hopola: “Hamorao, batsoali ba ka ba ile ba fetola maoa ’me ba qala ho eletsa moen’a ka, ba mo behela meeli ea hore na a ka ea hokae, ba mo ntša tlelaseng eo a neng a le ho eona e le hore a qobe ho kopana le bana ba le bang letsatsi le leng le le leng. Ba ile ba qala ho laola hore na o tloaelana le bo-mang le ho mo fa tlhokomelo e eketsehileng, eena hammoho le ba bang lapeng.”

Bona kamoo batsoali ba bang ba ileng ba kenella ka katleho kateng ha ba fumana hore bana ba bona ba ne ba sebelisa lithethefatsi.

Ho Kenella ka Katleho

Marcelo, monna e mong ea lulang São Paulo, Brazil oa hlalosa: “Ena ke ntho e mpe ka ho fetisisa e re hlahetseng. ’Na le mosali oa ka re ne re e-s’o hlokomele letho le sa tloaelehang boitšoarong ba bara ba rōna ba babeli. Hangata ba ne ba jella lireschorenteng le sehlopha sa bacha ba bang bao re neng re nahana hore re ba tseba hantle. E bile ho re tšosang haholo ha motsoalle a re bolella hore bara ba rōna ba babeli ba tsuba matekoane. Leha ho le joalo, ha ba botsoa, kapelenyana ba ile ba lumela hore ba aa tsuba.”

Marcelo o ile a sebetsana le liketso tsa bara ba hae joang? Oa lumela: “’Na le mosali oa ka re ne re sitoa ho pata ho sithabela ha rōna. Empa le hoja re ne re nyatsa ho sebelisa ha bona lithethefatsi hampe, ha rea ka ra ba nka e se e le batho ba se nang thuso. Re ile ra lumellana hore pakane ea rōna ho tloha ka nako eo ho ea pele e tla ba ho thusa bara ba rōna hore ba hlaphoheloe tšebelisong e mpe ea lithethefatsi. Re ile ra ba bolella boikemisetso ba rōna ’me ka bobeli ba lumellana le seo re batlang hore ba se etse. Ba ne ba tla ’ne ba tsoele pele ho kena sekolo le ho sebetsa. Ba ne ba ke ke ba hlola ba intša ba le bang. Re ile ra ba bontša lerato letsatsi le leng le le leng, eseng feela liketsahalong tse khethehileng. Kaha ke sehahi, ke ne ke tsamaea le bona hangata kamoo nka khonang. Re ile ra qala ho thabela ho ba hammoho, ra qeta nako e ngata re bua ka bokamoso le bohlokoa ba ho ba le lipakane tse ntle bophelong.” Ka tsela eo, Marcelo le mosali oa hae ba ile ba khona ho thusa bara ba bona hore ba itokolle tšebelisong e mpe ea lithethefatsi.

Nahana ka phihlelo ea ntate e mong oa Brazil. Mora oa hae, Roberto, oa hopola: “Ha Ntate a tseba hore moen’a ka o sebelisa lithethefatsi, ho e-na le hore a mo halefele kapa ho mo laea ka ho mo khahlapetsa, o ile a iketsa motsoalle oa hae ’me a etsa hore moen’a ka a mo tšepe. O ile a tseba metsoalle ea moen’a ka le libaka tseo a atisang ho li etela, ’me a qala ho mo bontša hore ha a hloke ho sebelisa lithethefatsi le ho ba le metsoalle e joalo. Ntate o ile a mo bolella hore ha a batle ho qeta masiu a sa robala a batlana le eena.” Moo a lekang ho khutlisa mocha eo ea tsielehileng, ’mè oa hae oa bobeli o ile a tšehetsa monna oa hae ka hohle. Ka bobeli ba ile ba lumellana hore ba se hlole ba senya nako ’me ba etsa qeto ea ho mo thusa lapeng.—Bona lebokose le reng “Ho Fumana Thuso.”

U se ke ua Tela!

Ho hōlisa bana ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’ e ka ba ho khathatsang le ho thata. (2 Timothea 3:1) Leha ho le joalo, ha ua lokela ho hlokomoloha litlhoko tsa hao tsa maikutlo le tsa moea. (Matheu 5:3) Mantsoe a ho Liproverbia 24:10 ke ’nete hakaakang ha a re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Matla a mangata a ka fumanoa ka ho tloaelana le Bakreste ba ’nete. U ka fumana tšehetso le khothatso libokeng, Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova.—Baheberu 10:24, 25.

Ka sebele, ho ruta ba lelapa la hao hore ba be le tumelo ho Molimo e ka ba ntho e ntle ka ho fetisisa e ka ba sireletsang ho sebeliseng lithethefatsi hampe. Ke ’nete hore Molimo ha a qobelle bacha hore ba phele ka tsela e itseng. Empa o fana ka keletso e molemo. Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 32:8, Molimo o re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” E le Ntate ea lerato oa leholimo, Molimo o batla ho sireletsa bacha hore ba se tsoe kotsi maikutlong, ’meleng le moeeng. (Liproverbia 2:10-12) Hape kholiseha hore Molimo o tla thusa le ho tšehetsa batsoali ba ikemiselitseng ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling bothata ba ho hōlisetsa bana tikolohong ea kajeno e ka ba bo sithabetsang. Na ho bonahala eka ho ka ba le pheko?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipaki Tsa Jehova li hatisitse boitsebiso bo ka thusang batsoali hore ba buisane le bana ba bona ka litaba tse joalo tse kang likotsi tsa lithethefatsi. Ka mohlala, bona khaolo ea 33 le 34 ea buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Ho sebelisa lithethefatsi ho ka khaotsoa. Ho lemalla lithethefatsi ke lefu le phekolehang.”—U.S. DEPARTMENT OF EDUCATION

[Lebokose le leqepheng la 6]

Ho Fumana Thuso

Batsoali ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ho ka ba molemo ha ngoana oa bona a e-ba tlas’a leihlo la ngaka nakong eo a bang le liphello tsa ho tlohela ho sebelisa lithethefatsi. Ke qeto ea botho hore na batsoali ba tla batla phekolo ea mofuta ofe ka ho khetheha. Empa kaha boleng ba tlhokomelo eo ho fanoang ka eona litleliniking tsa phekolo e busetsang motho boemong ba pele bo fapana haholo, e ka ba hantle hore batsoali ba fuputse litaba hantle pele ba lumela phekolo. Ho ea ka ngaka ea mafu a kelello Arthur Guerra de Andrade, eo e leng moprofesa Univesithing ea São Paulo, Brazil, ke feela karolo ea 30 lekholong ea ba phekoloang litleliniking ba hlaphoheloang ho lemalleng lithethefatsi. Kahoo, batsoali ba tlameha ho thahasella ho hlaphoheloa ha bana ba bona, esita leha ho ameha litsebi tsa bongaka.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Ho Thusa ba Hlaphoheloang Tšebelisong e Mpe ea Lithethefatsi

Na u mocha ea lekang ho itokolla ho sebeliseng lithethefatsi hampe? Haeba ho joalo, u tla fumana hore ho bala Bibele le ho sebelisa seo u se balang ho ka u thusa boitekong ba hao ba ho li tsoela. U ka ’na ua fumana ho le molemo haholo-holo ho bala buka ea Lipesaleme, kaha e hlalosa haholo maikutlo a ho sithabela ao e ka ’nang eaba u na le ’ona hona joale. Ho rapela Molimo ka tieo, ho tšollela maikutlo a hao ka ho feletseng ho eena, le hona ho tla u thusa. (Bafilipi 4:6, 7) U tla qala ho ikutloa hore e hlile oa u tsotella le hore o batla hore u atlehe. Empa kaha Molimo ha a qobelle mang kapa mang hore a etse se khahlanong le boikhethelo ba hae, ke habohlokoa hore ebe u hlile u lakatsa ho itokolla lithethefatsing. Mopesaleme Davida, ea ileng a latsoa ho tšehetsoa ke Molimo ka makhetlo a mangata, o itse: “Ke ne ke tšepile Jehova ka tieo, kahoo a ntšekehela tsebe ’me a utloa mohoo oa ka o kōpang thuso. A boela a ’nyolla ka sekoting sa metsi a hoasang, tebetebeng ea seretse. Joale a phahamisetsa maoto a ka holim’a lefika; a tiisa mehato ea ka ka thata.” (Pesaleme ea 40:1, 2) Kajeno Molimo o tšehetsa ka tsela e tšoanang ba lakatsang ho itlhoekisa le ho mo sebeletsa.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

“Ntate o ile a re lemosa ka likotsi”—Alecxandros

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Iphe nako ea ho lemosa bana ba hao ka likotsi tsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ’meleng le moeeng

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Hlokomela metsoalle ea ngoana oa hao

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Ho sebetsa litaba ka tsela e bonolo ho ka thibela boemo hore bo mpefale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela