Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 4/8 leq. 10
  • Lefatše le se Nang Lithethefatsi le Haufi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Lithethefatsi le Haufi
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
    Tsoha!—1988
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao Kateng
    Tsoha!—2003
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 4/8 leq. 10

Lefatše le se Nang Lithethefatsi le Haufi

Ak’u nahane feela ka lefatše leo ho lona ho se nang motho ea sebelisang lithethefatsi hampe!

MONGOLI-KAKARETSO oa Machaba a Kopaneng Kofi Annan o ile a ipiletsa lichabeng tsohle hore li sebeletse ho ba le lefatše le joalo. O ile a re: “Re tlameha ho nka mehato e mecha le e bontšang sebete ho loantša bobe bona; seoa sena se tšoasitseng bana ba rōna ba bangata.”

Le hoja baeta-pele ba ka lumela ho fokotsa tlhahiso ea lithethefatsi lefatšeng ka bophara le ho ajoa ha tsona, ke mosebetsi o boimahali. Hennadiy Udovenko oa Ukraine, ea sebeletsang e le mookameli oa karolo e itseng e khethehileng ea Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng, o ile a bolela hore “khoebo ea lithethefatsi ke e ’ngoe ea likhoebo tsa sekhukhu tse etsang phaello e ngata haholo, kaha ho hakanyetsoa hore ka selemo, e etsa libilione tse fetang $400 [liranta tse libilione tse 3,75], . . . e na le matla a ho silafatsa kapa ho hlokisa mebaraka ea lefatše ea lichelete botsitso.” O ile a phaella ka hore bothata ba lithethefatsi “bo fetohile ba lefatše lohle ’me ha ho sechaba se ka ikutloang se sireletsehile tšokelong ena.”

Ho thata ho nahana ka lefatše le se nang lithethefatsi tse kotsi. Ka sebele mebuso ea batho e ipakile e hlōleha ho li felisa. Leha ho le joalo, ha ho ea ka thibelang Molimo ea Matla ’Ohle hore a se ke a phethahatsa morero oa hae oa ho tlisa lefatše la paradeise leo ho lona ho tlang ho khotsofatsoa tlhoko ea maikutlo, ea nama le ea moea. (Pesaleme ea 145:16; Luka 23:43; 2 Petrose 3:13) Ho latela moprofeta Esaia, lentsoe la Molimo ‘le ke ke la khutlela ho eena le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo a se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo a le rometseng sona.’—Esaia 55:11.

Tšepo litšepisong tseo e ka hlahisa melemo e babatsehang le hona joale. Ka mohlala, Edmundo o ne a sebelisa lithethefatsi. Empa ho amohela ha hae tšepiso ea Bibele ea lefatše le lecha la ho loka ho ile ha mo etsa hore a hlahlobisise bophelo ba hae bocha. Hona joale Edmundo o re: “Ke bile sethoto hakaakang ka ho itšenyetsa nako!” Kaha o batla ho amoheloa ke Molimo, hona joale o ikemiselitse hore a ke ke a hlola a sebelisa lithethefatsi. E, ho tseba Molimo le litšepiso tsa hae ho ka re susumelletsa hona joale hore re “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”—Baefese 4:24.

Ba bang ba se nang palo ba kileng ba sebelisa lithethefatsi hampe le bona ba thabela kamano e haufi-ufi le ’Mōpi oa bona. Ho bana, mantsoe a mopesaleme a na le moelelo o khethehileng: “U se ke ua hopola libe tsa bocha ba ka le bofetoheli ba ka. Nkhopole ho ea ka mosa oa hao o lerato, ka lebaka la molemo oa hao, Jehova. Jehova o molemo ’me o lokile. Ke ka lebaka leo a rupelang baetsalibe tseleng.” (Pesaleme ea 25:7, 8) Ho tšelisa hakaakang ho batsoali ba bana ba tsoileng tseleng ho tseba hore bana ba bona ba ka fetoha! Ka boiteko bo matla, batsoali ba ka thusa bana ba bona ho hanela seoa sena sa ho sebelisa lithethefatsi hampe ’me ba “tšoara ka tieo bophelo ba sebele,” bo tlang ho ba teng lefatšeng le lecha la Molimo.—1 Timothea 6:19.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha la Molimo e susumelitse batho ba bangata ba sebelisang lithethefatsi hore ba fetole bophelo ba bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela