Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 7/15 maq. 4-6
  • U Batlela Bana ba Hao Bokamoso ba Mofuta Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Batlela Bana ba Hao Bokamoso ba Mofuta Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Batsoali ba Hlile ba Tsotella
  • Ba Thuse ho Khetha Mosebetsi o Loketseng
  • U ka Khotsofatsa Litlhoko Tsa Bona Tsa Maikutlo Joang?
  • Litsela Tsa ho Khahlametsa Litlhoko Tsa Bona Tsa Moea
  • Ha Bana Bohle ba Tla be ba Sireletsehile
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Batsoali, Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 7/15 maq. 4-6

U Batlela Bana ba Hao Bokamoso ba Mofuta Ofe?

NA U nka bana ba hao e le lefa la bohlokoahali? (Pesaleme ea 127:3) Kapa na u nka khōliso ea bona e le moroalo oa lichelete oo ho bileng ho se nang tiiso ea katleho ho oona? Ho e-na le ho tlisa phaello ea chelete, ho hōlisa bana ho hloka chelete ho fihlela mohla ba khonang ho itjara. Feela joalokaha ho hlokomela thepa e jeloeng lefa ho hloka moralo o motle, ho joalo le ka ho ba motsoali ea atlehang.

Batsoali ba tsotellang ba batla ho fa bana ba bona monyetla o motle bophelong. Le hoja lintho tse mpe le tse utloisang bohloko li ka ’na tsa etsahala lefatšeng lena, batsoali ba ka etsa ho hoholo ho sireletsa bana bona. Nahana ka boemo ba Werner le Eva, ba boletsoeng sehloohong se fetileng.a

Ha Batsoali ba Hlile ba Tsotella

Werner o bolela hore ho e-na le hore ba bone se etsahalang, batsoali ba hae ba ile ba bontša thahasello ea sebele ho se etsahalang sekolong. “Ke ile ka ananela haholo litlhahiso tse sebetsang tseo ba ileng ba mpha tsona, ’me ke ile ka hlokomela hore baa ntsotella le hore baa ntšehetsa. Joaloka batsoali, ba ne ba tiile, empa ke ne ke tseba hore ke metsoalle ea ka ea sebele.” ’Me ha Eva a hlonamisoa ke mosebetsi oa hae oa sekolo hoo a bileng a fihleloa ke ho nyahama le ho ba le bothata ba ho hlobaela, batsoali ba hae, Francisco le Inez, ba ile ba boela ba qeta nako e itseng ba buisana le eena ’me ba mo thusa hore a boele a be le botsitso kelellong le moeeng.

Francisco le Inez ba lekile ho sireletsa le ho lokisetsa bana ba bona bophelo ba ho ba batho ba baholo joang? Ha e le hantle, ho tloha boseeng ba bana bana, kamehla batsoali bana ba lerato ba ne ba ba kenyelletsa mesebetsing ea bona ea letsatsi le letsatsi. Ho e-na le hore ba thabele botsoalle le metsoalle ea bona ea batho ba baholo feela, Inez le Francisco ba ne ba tsamaea le bana hohle moo ba eang teng. Joaloka batsoali ba lerato, ba boetse ba file mora le morali oa bona tataiso e loketseng. Inez o re: “Re ba rutile ho hlokomela lelapa, ho baballa lintho le ho hlokomela liaparo tsa bona. ’Me re ile ra thusa e mong le e mong oa bona ho khetha mosebetsi oo a batlang ho ithutela ’ona le ho leka-lekanya mesebetsi ea bona le lithahasello tsa moea.”

Ke habohlokoa hakaakang ho tseba bana ba hao le ho ba fa tataiso ea botsoali! A re keng re hlahlobe likarolo tse tharo tseo re ka etsang sena ho tsona: (1) Thusa bana ba hao ho khetha mosebetsi o loketseng oa boipheliso; (2) ba lokisetse ho thulana ka katleho le khatello ea maikutlo ha ba le sekolong le sebakeng sa mosebetsi; (3) ba bontše tsela eo ba ka khotsofatsang litlhoko tsa bona tsa moea ka eona.

Ba Thuse ho Khetha Mosebetsi o Loketseng

Kaha mosebetsi oa motho oa boipheliso ha o ame boemo ba hae ba lichelete feela empa hape o hloka boholo ba nako ea hae, ho ba motsoali ea atlehang ho akarelletsa ho nahanela lithahasello le bokhoni ba ngoana ka mong. Kaha ha ho motho ea seli ea batlang ho ba moroalo ho ba bang, batsoali ba lokela ho nahanela ka ho teba kamoo ngoana oa bona a ka lokisetsoang ho itjara le ho jara lelapa kateng. Na mora kapa morali oa hao o tla hloka ho ithutela tsebo ea mosebetsi o itseng e le hore a phele bophelo bo hlomphehang? Joaloka motsoali ea hlileng a tsotellang, etsa boiteko bo tiileng ba ho thusa ngoana oa hao ho hlaolela botho bo kang ba ho thabela ho sebetsa ka mahlahahlaha, ho ikemisetsa ho ithuta le ho khona ho sebelisana hammoho le batho ba bang.

Nahana ka Nicole. O re: “Batsoali ba ka ba ile ba mpha mosebetsi oa hore ke sebetse le bona khoebong ea bona ea ho hloekisa. Ba ile ba nkhothalletsa hore ke ntše karolo e itseng ea chelete eo ke e fumanang bakeng sa ho tlatsetsa litšenyehelong tsa lelapa ’me ka e setseng ke ipatlele lintho kapa ke ipolokele eona. Sena se ile sa mpha boikutlo bo hlakileng ba boikarabelo e leng ho ipakileng ho le molemo haholo hamorao bophelong.”

Lentsoe la Molimo, Bibele, ha le bolele ka ho toba hore na ke mosebetsi ofe oa boipheliso oo motho a lokelang ho o khetha. Empa le fana ka tataiso e utloahalang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba leha e le mang a sa batle ho sebetsa, le se ke la mo lumella leha e le ho ja.” Ha a ngolla Bakreste ba Thesalonika, o ile a boela a re: “Re utloa hore ba bang ba itseng ba tsamaea ka mokhoa o sa laoleheng har’a lōna, ba sa sebetse ho hang empa ba kena-kenana le se sa ba ameng. Re fana ka taelo le keletso ho batho ba joalo ho Morena Jesu Kreste hore ka ho sebetsa ka khutso ba lokela ho ja lijo tseo bona ka bobona ba li fumanang ka ho li sebeletsa.”—2 Bathesalonika 3:10-12.

Empa ho fumana mosebetsi le ho etsa chelete hase sohle seo bophelo bo leng sona. Qetellong, batho ba nang le takatso e matla ea bophahamo ba ka ’na ba se ke ba khotsofala ’me ba ka fumana hore ba “lelekisa moea.” (Moeklesia 1:14, NW) Ho e-na le hore ba phehelle bana ba bona ho hahamalla botumo le leruo, batsoali ba etsa hantle ha ba thusa bana ba bona ho hlokomela bohlale ba mantsoe a moapostola Johanne a bululetsoeng: “Le se ke la ba ba ratang leha e le lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng. Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:15-17.

U ka Khotsofatsa Litlhoko Tsa Bona Tsa Maikutlo Joang?

Joaloka motsoali, ke hobane’ng ha u sa etsise mokoetlisi oa baatlelete? Ha a lebise tlhokomelo ea hae ho koetliseng baatlelete ba tlas’a tlhokomelo ea hae ho khona ho matha ka lebelo kapa ho qhomela holimo feela. Mohlomong o boetse o leka ka matla ho ba thusa ho hlōla boikutlo leha e le bofe bo fosahetseng, e leng ho ba matlafatsang maikutlong. Boemong ba hao, u ka khothatsa, ua haha le ho susumetsa bana ba hao joang?

Nahana ka Rogério, mocha ea lilemo li 13. Ntle le ho ferekanngoa maikutlo ke liphetoho tse etsahalang ’meleng, o ile a sithabetsoa ke ho se utloane ha batsoali le ho se fuoe tlhokomelo e lekaneng. Ke’ng se ka etsoang molemong oa bacha ba kang eo? Le hoja ho ke ke ha khoneha hore u sireletse bana ba hao matšoenyehong ’ohle le litšusumetsong tsohle tse mpe, le ka mohla u se ke ua inehela ho phetheng karolo ea hao joaloka motsoali. E le hore u se be ea sireletsang ka ho feteletseng, laea bana ba hao u bontša kutloisiso, kamehla u hopola hore ngoana e mong le e mong oa ikhetha. Ka ho bontša mosa le lerato, u ka etsa ho hongata ho etsa hore mocha a ikutloe a sireletsehile. Sena se tla boela se mo qobise ho hōla a hloka boitšepo le boitlhompho.

Ho sa tsotellehe hore na batsoali ba hao e bile ba atlehileng hakae ho khotsofatseng litlhoko tsa hao tsa maikutlo, ho na le lintho tse tharo tse ka u thusang hore u atlehe ho ba motsoali ea molemo ka sebele: (1) Qoba ho ameha ka ho feteletseng ka mathata a hao hoo u hlokomolohang mathata a ka ’nang a bonahala a fokola baneng ba hao; (2) leka ka matla ho ba le puisano ea kamehla e thabisang le e nang le morero le bona; (3) hlaolela boikutlo bo molemo tabeng ea ho rarolla mathata le ho sebelisana hammoho le batho.

Ha a hopola morao lilemong tsa bocha, Birgit, o re: “Ke ile ka tlameha ho ithuta hore u ke ke ua fetola batho hore ba be seo u batlang hore ba be sona. ’Mè o ile a mpolella hore haeba ke bona ntho eo ke sa e batleng ho ba bang, seo nka se etsang ke ho qoba ho tšoana le bona. Hape o ile a re nako e molemo ka ho fetisisa ea ho fetola litsela tsa ka e ne e tla ba ha ke sa le monyenyane.”

Leha ho le joalo, bana ba hao ha ba hloke mosebetsi le ho lula ba tsitsitse maikutlong feela. Ipotse, ‘Na ke nka ho ba motsoali e le boikarabelo bo fanoeng ke Molimo?’ Haeba ho joalo, u tla batla ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa bana ba hao.

Litsela Tsa ho Khahlametsa Litlhoko Tsa Bona Tsa Moea

Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu Kreste o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Matheu 5:3) Ke’ng se amehang ho khotsofatseng litlhoko tsa moea? Bana ba rua molemo o moholo ha batsoali ba beha mohlala o motle oa ho bontša tumelo ho Jehova Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka ntle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho . . . khahlisa [Molimo] haholo, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Leha ho le joalo, hore tumelo e be le morero oa sebele, ho hlokahala thapelo. (Baroma 12:12) Haeba u ela hloko tlhoko ea hao ea moea, u tla batla tataiso ea bomolimo, joalokaha ntate oa ngoana ea ileng a fetoha Moahloli ea tummeng Iseraeleng Samsone a ile a etsa. (Baahloli 13:8) Ha u na ho rapela feela empa u tla boela u ee Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng, e leng Bibele, bakeng sa thuso.—2 Timothea 3:16, 17.b

Ho sa tsotellehe mosebetsi oohle o thata o amehang tabeng ea ho fana ka tataiso e hlokahalang, tšehetso ea maikutlo le thuso ea moea, ho ba motsoali e ka ba ho putsang. Ntate e mong ea nang le bana ba babeli, Brazil, oa hlalosa: “Ke sitoa ho nahana hore ho ka be ho le joang ha ke ne ke se na bana. Ho na le lintho tse ngata tse molemo tseo re ka li arolelanang.” Ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha bana ba tsoela pele hantle ’mè oa phaella: “Re lula re le ’moho, ’me re leka ho etsa lintho hore e be tse nyakallisang le tse thabisang. ’Me habohlokoa ka ho fetisisa re lula re rapella bana bana.”

Priscilla o hopola lerato le mamello tseo batsoali ba hae ba neng ba mo bontša tsona neng le neng ha ho ne ho e-na le bothata. O re: “E ne e le metsoalle ea ka ea sebele ’me ba ne ba nthusa nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Joaloka ngoana, ka sebele ke ile ka ikutloa ke tšoeroe joaloka ‘lefa le tsoang ho Jehova.’” (Pesaleme ea 127:3) Joalokaha batsoali ba bang ba bangata ba etsa, ke hobane’ng ha u sa behelle ka thōko nako e itseng e le hore u ka bala Bibele le likhatiso tse ling tsa Bokreste hammoho le bana ba hao? Ho hlahloba litlaleho tsa Bibele hammoho le melao-motheo ea Bibele tikolohong e hahang ho ka thusa bana ba hao ho kholiseha le ho ba le tšepo ea sebele ka bokamoso.

Ha Bana Bohle ba Tla be ba Sireletsehile

Le hoja bokamoso bo bonahala bo le lerootho bakeng sa bana ba bangata kajeno, Lentsoe la Molimo le fana ka tiiso ea hore haufinyane lefatše e tla ba lehae le sireletsehileng la moloko oa batho. Nahana ka nako eo ka eona batsoali ba sa tl’o hlola ba tšoenyeha ka tšireletseho ea bana ba bona lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la Molimo! (2 Petrose 3:13) Leka ho bōpa setšoantšo se hlakileng kelellong sa phethahatso e khōlō ea boprofeta bona: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana.” (Esaia 11:6) Esita le kajeno, tšireletseho ea moea e hlalosoang ke mantsoe ana e phethahala ka tšoantšetso har’a ba sebeletsang Jehova. Har’a bona, u tla utloa tlhokomelo e lerato ea Molimo. Haeba u bontša hore u rata Molimo, u ka kholiseha hore o utloisisa maikutlo a hao joaloka motsoali le hore o tla u thusa ho tobana ka katleho le matšoenyeho le liteko tse ka ’nang tsa u tlela. Ithute Lentsoe la hae ’me u behe tšepo ea hao ’Musong oa hae.

Thusa bana ba hao tseleng e isang bophelong bo sa feleng ka ho ba behela mohlala o motle. Haeba u etsa Jehova Molimo setšabelo sa hao, bokamoso ba hao le ba bana ba hao bo ka fetela ka nģ’ane ho litebello tsohle tsa hao. U ka ba le kholiseho e tšoanang le ea mopesaleme ea ileng a bina: “U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, ’me o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.”—Pesaleme ea 37:4, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho sebelisitsoe mabitso a iqapetsoeng sehloohong sena.

b Bona khaolo ea 5 ho ea ho ea 7 bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela